Tsoho, Letsatsi la Kahlolo le Bokoenehi
LIKEREKE tsa Roma K’hatholike, “Orthodox” le Boprostanta li furaletse linnete tse totobetseng tsa Bibele mabapi le boemo ba bafu le tšepo ea bophelo kamorao ho lefu. Li ikhethela tumelo ea boholo-holo eo e seng ea Mangolo ea hore moea ha o shoe. Joalokaha re bone, tumelo ena e simolohile Babylonia ’me ea neoa sebopeho ke mohlalefi oa Mogerike Plato lekholong la bone la lilemo B.C.E.
Baruti ba bolumeli ba Bojakane ba bolela hore monna, mosali le ngoana kaofela ba kileng ba phela ba na le moea o tsoang ’meleng ha motho a e-shoa. Ho bula monyetla oa thuto ena, ba qapile libaka tse kang “limbo,” pelekatori le lihele tsa mollo. Mona ho boleloa hore ho ea meea e tsoileng ’meleng e sa lokeleng “paradeise” eo ba reng e leholimong.
Hape likereke li bolela hore bafu ha ba hlile ha baa shoa. Ho e-na le hoo, li bolela hore moea o ntse o phela. Kahoo li ke ke tsa ruta thuto ea ’nete ea Bibele ea tsoho, e hlalosoang e le ‘ho khutlela bophelong.’ Ke kahoo baruti ba bona ba bolumeli ba qapileng seo ho thoeng ke tsoho ea ’mele, ba bolela hore ka Letsatsi la Kahlolo ’mele ea ba lokileng le ba khopo e tla kopanngoa le meea ea eona ho kopanela lehlohonolong la leholimo kapa tsuong ea mollo oa lihele. ’Me kaha ba lumela hore “meea” e joalo ha ho hlokahale hore e emele Letsatsi la Kahlolo hore e abeloe “leholimo,” “lihele” kapa “li-waiting room” tse joaloka “limbo” kapa “pelekatori,” baruti ba bolumeli ba Bojakane ba boetse ba qapile thuto ea likahlolo tse peli. Ea pele e bitsoa Kahlolo e Khethehileng, e leng eo ho hopoloang hore “moea” o tlohela ’mele ka eona lefung. Ea bobeli e bitsoa Kahlolo e Akaretsang, e leng ha ’mele e “tsosoa” ’me ho boleloa hore e kopanngoa le “meea” ka Letsatsi la Kahlolo.
Tsoho le Bokoenehi
Lintho tsena tsohle tse seng li boletsoe tse qapiloeng ke baruti ba thuto ea bolumeli li hlahile hobane Kereke e K’hatholike e ile ea lateloa lintlheng tse itseng tsa bohlokoa ke likereke tsa “Orthodox” le tsa Boprostanta, ha e ka ea tšoarella lithutong tse hlakileng tsa Bibele ka tsoho le litaba tse amanang le eona tsa lefu, moea oa motho le kahlolo ea ho qetela.
Bokoenehi tabeng ena bo hlile ba qaleha qalehong ea pale ea Bokreste. Nako e ka feta-fetang lilemo tse 20 kamorao ho lefu le tsoho ea Jesu, moapostola Pauluse a ngolla phutheho e nyenyane ea Bakreste e Korinthe, Greece a le Efese hore: “Ekare ha ho rutoa hore Kreste o tsohile bafung, ana ba bang har’a lōna [Bakreste ba tlotsitsoeng] ba bolela joang hore tsoho ea bafu e sieo?”—1 Ba-Korinthe 15:12.
Ho ka ’na ha etsahala hore ba bang har’a Bakreste bao Pauluse a neng a ba ngolla Korinthe ba ne ba ntse ba le tlas’a tšusumetso ea bohlale ba Bagerike. Lilengoana pelenyana Pauluse o ne a boletse “ka Jesu le tsoho ea bafu” ho bahlalefi ba Bagerike Athene. Empa “eare ha ba utloa taba ea tsoho ea bafu, ba bang ba soma.” (Liketso 17:18, 32) Baepikure le Bastoike ba ne ba e-na le likhopolo tsa bona ka se etsahalang ka moea kamorao ho lefu. Bahlalefi ba bang ba Bagerike ba neng ba latela Socrates le Plato, ba ne ba lumela hore moea ha o shoe. Ha ho lea mong ho bona ea neng a lumela tsoho, joalokaha e rutoa ke Bibele.
Hape ho ka ’na ha etsahala hore Bakreste ba bang ba Korinthe ba ne ba e-na le maikutlo a bokoenehi ka tsoho ao moapostola Pauluse a ileng a a nyatsa lilemo tse 10 hamorao. Hopola ha Pauluse a ngolla Timothea, eo mohlomong a neng a le Efese ka nako eo, a lemosa hore: “U hane mesoaso ea lipolelo tsa lefeela; hobane ba tsamaeang ka tsona ba tla ’ne ba fetele nyefolong e fetisang; ’me litaba tsa bona li tla tsoela pele joale ka seso se kekang; har’a bona ho na le Hymenea le Filete, ba khelohileng ’nete, ka ho re, tsoho ea bafu e setse e etsahetse, ’me ba liha tumelo ea ba bang.”—2 Timothea 2:16-18.
Ka ho bolela hore “tsoho . . . e setse e etsahetse,” bakoenehi bana ba ne ba sa bolele hore Bakreste ba shoeleng ba se ba tsositsoe bafung. Ho bonahala ba ne ba lumela hore Bakreste ba phelang ba se ba tsositsoe, tsoho e le ea tšoantšetso, ea moea feela. Ba latola tsoho leha e le efe ea nakong e tlang ea bafu. Maikutlo a Joalo a ne a “liha tumelo ea ba bang,” hoo moapostola Pauluse a neng a fana ka temoso e matla khahlanong le baruti bao ba bakoenehi.
Bokoenehi bo “Tsoela Pele Joale ka Seso se Kekang”
Hymenea enoa ntle ho pelaelo ke eena eo Pauluse a mo bolelang lengolong la hae la pele le eang ho Timothea. Monna enoa o ne a khaotsoe phuthehong ea Bokreste, hammoho le e mong ea bitsoang Alexandere, ka baka la hobane ‘tumelo ea bona e ne e senyehile joale ka sekepe ha se senyeha.’ Pauluse a eletsa Timothea hore ‘a ’ne a loane ntoa e molemo’ khahlanong le bakoenehi ba joalo.—1 Timothea 1:18-20.
Ha baapostola ba sa ntsane ba phela, ba ne ba beile mohlala oa ho loantša bokoenehi. Empa ha ba se ba le sieo ho sebetsa e le ‘lithibelo,’ seo Pauluse a neng a se tšohile se ile sa tiisoa, ’me “lentsoe” la bokoenehi la “tsoela pele joale ka seso se kekang.”—2 Ba-Thessalonika 2:3-12; Liketso 20:29, 30.
Maikutlo a tsoho ea tšoantšetso ka ho feletseng a kang a neng a rutoa ke Hymenea le Filete Efese, hamorao a ntšetsoa pele ke Bagnostic. Lekholong la bobeli le la boraro a lilemo C.E., Bagnostic (le tsoang lentsoeng la Segerike gnoʹsis, “tsebo”) ba tsoaka Bokreste bo koenehileng le bohlalefi ba Bagerike le mehlolo ea Bochabela. Ba ne ba bolela hore ntho eohle e bonahalang e na le bobe ’me ba hatisa hore poloko e tla ka “tsebo” ea mehlolo e seng ka ho lumela ho Kreste e le molopolli.
Empa Bognostic hase bona feela bokoenehi bo ileng ba “tsoela pele joale ka seso se kekang.” Lekholong la bone la lilemo Bokreste ba ’nete joalokaha bo ne bo rutoa ke Kreste le baapostola le barutuoa ba hae ba tšepahalang bo ne bo silafalitsoe ke banna ba bang ba ‘neng ba khelohile ’nete.’ New International Dictionary of New Testament Theology e lumela hore ‘ha tsela ea pale ea kereke e ntse e tsoela pele likotoana tse ngata tse sa tsoeng ka Bibeleng, litšoantšo le maikutlo li ile tsa kenyelletsoa maikutlong a paradeise.’ Buka ena e hlalosang mantsoe a Bibele e tsoela pele ho bua ka ‘’nete ea hore thuto ea ho re moea ha o shoe e tlile ho tla nka sebaka sa thuto ea Testamente e Ncha ea hore na qetello ea batho le lefatše ke efe ka tšepo ea eona ea tsoho ea bafu.’
Joalokaha re bone kaholimo le sehloohong se fetileng, ho latola bonnete ba lefu le ho amohela maikutlo a bohetene a tsoho e itlisang ea moea o sa shoeng li isitse likereke tsa K’hatholike le “Orthodox” hole haholo le lithuto tse hlakileng tsa Bibele ka tsoho le kahlolo. Ha isa thutong e tlontlollang Molimo ea mollo oa lihele le pelekatori le maikutlo a se nang kelello a ’mele ea nama e tsosoang hore e ’ne e solle ho potoloha leholimong kapa ho hlorisoa ka ho sa feleng “liheleng.”
“Seso se kekang” ha sea ka sa emisa moo. Kamorao ho makholo a lilemo balokisi ba Maprostanta ba phaella likhopolo tsa bona tseo e seng tsa Bibele lefung, tsohong le kahlolong ea ho qetela. Boholong ba taba, ba latela thuto ea K’hatholike ka tlhaho ea moea o sa shoeng, e ileng ea ba tlama hore le bona ba amohele thuto ea “tsoho ea ’mele.” Likereke tse ngata tsa Bojakane le tsona li ruta ka mollo oa lihele. Empa baruti ba bolumeli ba Maprostanta le bona ba pakile ho iqapela ha bona ka ho qalisa lithuto tse ling tse sa rutoeng ke Bibele. Likereke tse ling tsa Bocalvine, ka mohlala, li ruta hore Molimo o lokisetsa e sa le pele hore meea e meng e bolokehe ’me e meng e be tsuong ka ho sa feleng. Maprostanta a mang a lumela polokeho ea bokahohle, ke hore, hore qetellong meea eohle e tla bolokeha, le ea ba khopo.
Ho Tšoarella ’Neteng ea Bibele
Hoba a lemose ka bokoenehi ba Hymenea le Filete ka tsoho, Pauluse a eketsa: “Motheo oa Molimo o ntse o tiile, o na le tiiso e reng: Morena o tseba bao e leng ba hae.”—2 Timothea 2:19.
Ha u hlahlobile pale ka tsoelopele ea maikutlo a bokoenehi ka moea, lefu, tsoho le kahlolo ea ho qetela, hape u bone pherekano ea litumelo tsa kajeno ka litaba tsena tsa bohlokoa, u tla etsa joang? Mokreste ea nang le ’nete o tla bona bohlokoa ba ho tšoarella ‘motheong o tiileng oa Molimo’ litabeng tsena, joalokaha o thathamisitsoe Lentsoeng la Hae, Bibele.
Leha ho le joalo, le hoja Bakreste ba bang ba amohela thuto e hlakileng ka moea oa motho, lefu le tsoho, ho ka ’na ha etsahala hore ka mabaka a boikutlo ba botho ba be le maikutlo ka kahlolo ea ho qetela ao ho bonahalang a phahamisa mosa o lerato oa Jehova empa ha e le hantle a hlahisa lipelaelo ka toka ea hae le tokelo ea hae ea ho timetsa ba khopo. Ka maikutlo a ho hlakisa lipotso tse joalo, lihlooho tse latelang li tla hlahloba seo Bibele e se buang ka tšepo ea ’nete ea tsoho kamoo e amanang kateng le ’muso oa Molimo le letsatsi la Molimo le kahlolo. Re u mema hore u bale ho ea pele.
[Lebokose le leqepheng la 13]
Seo Bibele e se Buang ka Moea, Lefu, Tsoho le Kahlolo ea ho Qetela
Motho ha a na moea; KE moea.—1 Ba-Korinthe 15:45.
Moea, kapa motho kaofela ha hae, o-oa shoa.—Ezekiele 18:4.
Lefu ke sera, e seng motsoalle.—1 Ba-Korinthe 15:26.
Bophelo kamorao ho lefu bo ka tla feela ka tsoho.—Johanne 5:28, 29.
Moputso oa botšepehi ke bophelo bo sa feleng.—Johanne 10:27, 28.
Kahlolo ea sebe sa ka boomo ke lefu la ka ho sa feleng, e seng tlhokofatso ea ka ho sa feleng.—Ba-Roma 6:23.
[Lebokose le leqepheng la 14]
Thuto ea Molao ea Likereke tsa Bojakane
Tumelo ea Athanasia e amoheloang ka molao ke likereke tsa Roma K’hatholike, Chache le tse ling tsa Boprostanta, e re: ‘Eena [Jesu] o nyolohetse leholimong, o lutse ka letsohong le letona la Ntate, Molimo o matla ’ohle. O tla khutla moo ho tla ahlola ba phelang le ba shoeleng. Ke eo ho tleng ha hae batho bohle ba tla tsoha ka ’mele ea bona, ’me ba tla ikarabella ka mesebetsi ea bona. ’Me ba entseng hantle ba tla kena bophelong bo sa feleng, ’me ba entseng hampe ba ee mollong o sa feleng.”
[Lebokose le leqepheng la 15]
Pono ea Kereke ka Tsoho
‘Tsoho ka kakaretso ho hang e ke ke ea pakoa ka ho utloahalang le hoja re ka bontša ho lokela ha eona. (a) Kaha moea ka tlhaho o itšetlehile ka ’mele, ho arohana ha oona ka ho sa feleng le ’mele ho ka bonahala e se ntho ea tlhaho. (b) Kaha ’mele ke ’mate ho tlōleng molao ha moea, le molekane oa lintle tsa oona, ho bonahala toka ea Molimo e hloka hore ’mele o kopanele kotlong le moputsong oa moea. (c) Kaha moea o arohaneng le ’mele ka tlhaho ha o-oa phethahala, ho felella ha thabo ea oona ka ho phethahetseng hantle, ho bonahala o hloka tsoho ea ’mele.’—Catholic Encyclopedia (Mongolo o motenya ke oa rōna).