Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 10/1 maq. 6-7
  • Na Molimo o Mamela Lithapelo Tsa Hao?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Molimo o Mamela Lithapelo Tsa Hao?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mocha o Nepahetseng
  • Ho se Phete Ntho e le ’Ngoe Feela
  • Tumellanong le Thato ea Molimo
  • Atamela ho Molimo ka Thapelo
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Ke Lithapelo Tsa Bo-mang Tse Arabeloang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lithapelo Tse Arabeloang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Mpho eo Jehova a re Fileng Eona
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 10/1 maq. 6-7

Na Molimo o Mamela Lithapelo Tsa Hao?

HO ’NILE ha lebisoa ho Molimo lithapelo tse baloang ka limillione e sa le Jesu a ne a fane ka Thapelo ea Mohlala ho barutuoa ba hae. Ba bangata ba pheta thapelo ena lentsoe ka lentsoe. Empa boikutlo bo atileng ke hore boholo ba lithapelo ha bo arabeloe. Na Molimo o sa ntsane o mamela lithapelo tsa rōna? Ke eng e etsang hore thapelo e amohelehe ho Molimo?

Pele, re lokela ho lumela hore Molimo o tla arabela lithapelo tsa rōna. “Ea atamelang Molimo e ka khona a lumele hobane o teng, le hoba ke oona moputsi oa ba o batlang.”—Ba-Heberu 11:6.

Joale re ka lebisa lithapelo tsa rōna ho Molimo ka tieo eohle. Na hoo ho utloahala ho makatsa? Empa Jesu o lemositse hore: “Leha le rapela, le se ke la ba joale ka baikaketsi, ba ratang ho rapela ba eme masynagogeng le likoung tsa literata, hore ba bonoe ke batho. Ka ’nete kea le bolella, ke re: Ba se ba nkile moputso oa bona.” (Mattheu 6:5) Kahoo, lithapelo tse telele le tse etsoang ka mantsoe a reketlang tse etsoang pontšeng e le hore ho khahlisoe ba mametseng ha li khahle Molimo. Ha o utloe lithapelo tse joalo.

Hape, ha rea lokela ho atamela Molimo ka ho ipatla. Molimo o mamela lithapelo tsa baikokobetsi ba batlang ho etsa se nepahetseng le ba lumelang hore ke baetsalibe.—Luka 18:9-14; 1 Petrose 3:12.

Na ho hlokahala hore motho a be boemong bo itseng ba ’mele ha a rapela? Tlalehong ea Bibele bahlanka ba Molimo ba bile boemong bo sa tšoaneng ha ba rapela, empa lithapelo tsa bona tsa utluoa. Ba bang ba ne ba khumama; ba bang ba ema. Nehemia o ile a rapela a eme ka pel’a morena oa Persia. Jonase a hooa a le mpeng ea tlhapi e khōlō, ’me ho ka ba thata ho bolela hore na o ne a le boemong bofe ka nako eo. (Daniele 6:10; 1 Marena 8:22; Nehemia 2:1-5; Jonase 2:1, 2) Kahoo le hoja re ka lakatsa ho ba boemong bo itseng ba ’mele bo tla re thusa hore re tebise maikutlo, ntho ea bohlokoa ke ho ba le takatso e tiileng ea ho atamela Molimo ka thapelo. Hona re ka ho etsa ka nako efe kapa efe, sebakeng sefe kapa sefe le tlas’a maemo afe kapa afe.—Ba-Efese 6:18.

Mocha o Nepahetseng

Jehova Molimo o theile mocha oo re ka mo atamelang ka oona. Jesu o hlalositse: “Ke ’na tsela, . . . ha ho motho ea ka tlang ho Ntate, ha e se ka ’na.”—Johanne 14:6.

Ba bangata ba lumela hore ho lokile ha ba rapela ka lebitso la “mohalaleli,” kapa leha e le ka lebitso la Maria, ’mè oa lefatšeng oa Jesu. Empa haeba kannete re batla hore “Ntat’a Rōna” a arabele lithapelo tsa rōna, ka sebele re lokela ho feta ka mocha oo a o khethileng. Ke oona mokhoa feela oa ho atamela Molimo. Joalokaha Jesu a itse: “Ntho tsohle tsee le tla li qela ho Ntate ka lebitso la ka, o tla le fa tsona.”—Johanne 16:23.

Ho se Phete Ntho e le ’Ngoe Feela

Jesu ha a ne a bua Thapelo ea Mohlala, na o ne a rerile hore balateli ba hae ba phete mantsoe a hae joalokaha a le joalo nako le nako ha ba rapela Molimo? Hantle-ntle o kenyellelitse thapelo ka hore: “Joale lōna, rapelang joalo,” e seng ‘ka mantsoe ana.’ (Mattheu 6:9) Ka lekhetlo le leng balateli ba Jesu ba re ho eena: “Morena, re rute ho rapela.” Ha a arabela, Jesu a etsa thapelo e tšoanang ka mohopolo le Thapelo ea Mohlala, empa a sebelisa mantsoe asele. A re: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao a le ke le khethehe; ho tle ’muso oa hao, thato ea hao e etsoe lefatšeng joale ka ha e etsoa leholimong; u re fe, ka matsatsi ’ohle, bohobe ba rōna, bo lekanang letsatsi le leng le leng; u re tšoarele libe tsa rōna, hobane le rōna re tšoarela bohle ba re sitetsoeng; u se ke ua re isa molekong; u mpe u re loele ho e mobe.” Kahoo, Thapelo ea Mohlala e ne e le mohlala oa tsela eo re lokelang ho rapela ka eona. E re bontša hore na re ka rapella lintho tsa mofuta ofe le hore na li latellana joang ka bohlokoa.—Luka 11:1-4.

Ha ho le joalo, na Molimo o ka utloa lithapelo tseo re li balang bukeng ea lithapelo? Haeba u na le ngoana, na u ka rata ha a bua le uena ka mantsoe ao a a balang bukeng e lokiselitsoeng ke motho e mong? Kapa na u rata ha a bua se tsoang pelong ea hae? Ruri Jehova Molimo o rata ha re bua le eena ka se tsoang lipelong tsa rōna, e seng bukeng ea thapelo. Morena Davida o itse: “Le tšollele lipelo tsa lōna pel’a oona [Molimo].” (Pesaleme ea 62:8) Ho feta moo, Jesu o re lemositse hore: “Ha le rapela, le se ke la touta [la pheta-pheta ntho e le ’ngoe].”—Mattheu 6:7.

Tumellanong le Thato ea Molimo

Moapostola Johanne o re boleletse hore: “’Me tšepo e tiileng eo re nang le eona ho eena [Molimo], ke hobane, ha re kōpa ntho ka ho rata ha hae, oa re utloa.” (1 Johanne 5:14) Ho hong ho hlokahalang hore Molimo o utloe lithapelo tsa rōna ke hore li be tumellanong le thato ea oona. Ho feta moo, hang ha re rapela re tiise hore re sebetsa tumellanong le lithapelo tsa rōna.

Kornele, molaoli oa sesole oa Motaliana oa lekholong la pele la lilemo “o na a sa phetse ho rapela Molimo.” Jehova a utloa lithapelo tsa hae ’me a mo fa thuso hore a ithute haholoayane ka thato ea bomolimo. Na u rata ha Molimo o utloa lithapelo tsa hao? Ak’u bale Bibele ’me u fumane hore na thato ea Molimo ke efe e le hore lithapelo tsa hao li ka ba tumellanong le eona. Tlas’a tataiso ea Molimo, Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u thusa ka tsela e tšoanang le eo moapostola Petrose a ileng a thusa Kornele ka eona.—Liketso 10:2-5.

“Nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Molimo ka thapelo.” (Ba-Filippi 4:6, 7) U ’ne u kōpe—u qale ka lintho tse amanang le Molimo: lebitso la oona, ’muso oa oona le thato ea oona. E be joale u kōpa lintho tse amanang le seo uena u se hlokang le se hlokoang ke motho ea kang uena. Etsa joalo tumellanong le seo Jesu a se boletseng Thapelong ea Mohlala. Lumellana le lintho tse hlokoang ke Molimo bakeng sa thapelo, ’me e se e ka Jehova a ka mamela ka mohau lithapelo tsa hao.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela