Lilemo Tse Mashome a Tšeletseng ke le ’Moleli oa ‘Litaba Tse Molemo’
Kamoo bo boletseng Martin Wenderqvist
NKE ke ka lebala mohla lehloa le khethehang ka matla ’me re bokanetse lebitla le ahlameng re le leshome le metso e ’meli, re bina pina. Eaba ke bua mantsoe a seng makae ka ho kopana hape ha nako ea khathatso e se e fetile lefatšeng.
Ntate oa ngoana a otla ka mangole fatše, a nka lekese le lenyenyane la bafu le lesoeu ka matsoho a hae ’me ka hloko a le theolela ka lebitleng. Re ne re batla re sekisitse meokho kaofela ha re fohla har’a moru ho khutlela hae. Ha re ntse re buisana ka setsoalle mantsiboea, bohle ba tšelisoa ke seo ke ileng ka se bolela se tsoa Lentsoeng la Molimo.—Johanne 5:28, 29; Ba-Roma 15:4.
Ho tšelisa ba lahlehetsoeng ka lefu ke bile ke phetha litšebeletso tsa lepato ke ntho eo ke e entseng ka makhetlo a fetang 600 libakeng tse fapaneng Sweden le Finland ka lilemo tse 60 ke le ’moleli oa litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo. Empa pele ke le phetela ka seo ke fetileng ho sona, e re ke hlalose pele hore na ke bile mosebeletsi joang.
Se Ntšusumelitseng
Ka letsatsi le leng ka 1908, ha ntate a khutlela lapeng a tsoa mosebetsing Stockholm, a fumana pampitšana e maqephe a mane ka tereneng. Pampitšana eo e ne e re “Bafu ba Kae?” e hatisitsoe ke Mokhatlo oa Lichaba Tsohle oa Liithuti tsa Bibele. Batsoali ba ka ka bobeli ba ne ba kholoa Bibele ’me ho bala ha bona pampitšana ena ha etsa hore ba ithute Lentsoe la Molimo ka botebo haholoanyane.
Batsoali ba ka ba phakisa ba iteanya le Liithuti tsa Bibele tse tsejoang e le Lipaki tsa Jehova kajeno. Ba qala ho ea libokeng tse neng li tšoareloa holong e nyenyane ea Stockholm le batho ba bang ba ka bang 50 ka Sontaha se seng le se seng mantsiboea. Ka Phato 1912 Charles Taze Russell, mookameli oa Watch Tower Society e le sebui se seholo kopanong ea Stockholm eo ho eona ho neng ho le teng batho ba fetang 100 ba Liithuti tsa Bibele tse tsoang hohle Sweden. Le hoja ke ne ke sa utloisise hakaalo-kaalo se boleloang ke le ngoana ea lilemo li 10, ho bona se etsahalang ha ngoleha ka botebo ho ’na.
Hoba ke qete sekolong sa mathomo se phahameng, leha ke ntse ke sebetsa le feme ea liroki Västeras, ka qala ho nahana ka botebo ka mathata a bophelo ’me mantsiboea ke ne ke atisa ho bala Bibele. Ka selemo se hlahlamang sa 1920, ka kopanela ka lekhetlo la pele le sehlotsoana sa thuto ea Bibele ho bolela ‘litaba tse molemo tsa ’muso’ ho ba bang.—Mattheu 24:14.
Hamorao selemong seo A. H. Macmillan oa sehlopha se sebetsang ntlo-kholo ea Mokhatlo e Brooklyn, New York, a etela Sweden, a bea puo “Limillione tse Phelang Hona Joale Li ke ke tsa Shoa.” Ra sebetsa ka thata re le leshome ho tsebahatsa taba ena, ’me holo e nang le sebaka sa batho ba 350 ea tlala haholo. Ba bangata ba sitoa ho kena ka hare; eaba ke nka sehlopha sa libukana tse buang ka taba ena ke li nea batho ba makholokholo ho ea bala puo mahaeng a bona!
Ho Rera Hore na ke tla Phela Joang
Ka buisana le A. H. Macmillan ka ho kopanela tšebeletsong ea nako e tletseng, empa ha bonahala a tsila-tsila ka boikemisetso ba motho ea lilemo li 18. A hla a re: “Ho sa na le ho hongata hoo u tlamehang ho ithuta hona.” Leha ho le joalo, selemong se latelang ka khetheloa ho ba ’moleli oa nako e tletseng. Ra tloha le moena e mong ho ea kabelong ea rōna Gotland. Ka nako eo ho ne ho se baboleli ba ’Muso sehleke-hlekeng seo.
Letsatsi la pele la bopaki leo ke bileng le lona Visby e bile ka ho etela ntlo ea polokelo ea bafu. Na nka ea ’me ka fana ka bukana Limillione tse Phelang Hona Joale Li ke ke tsa Shoa? Mohlomong mong a teng o tla tšoha ho felloa ke mosebetsi. Leha ho le joalo, a nka buka hang-hang. Buka ena e ne e hlokoa hoo ka linako tse ling re neng re tlameha ho li romella ka mohala. Ra khutsufatsa lebitso re le etsa “Limillione,” ’me ba sebetsanang le mehala ba ne ba makatsoa ke ho fetisa molaetsa, “Romelang Limillione tse 500 kapele”!
Ha e mong oa libui tsa Mokhatlo a kula ka Pherekhong 1922, ka kopuoa ho fana ka puo ea hae libakeng tse ngatanyana. Leha ke se ke ipelaelitse hore nke ke ka tseba ho bua pontšeng, ka ’na ka fuoa kabelo, e qala Flen. Khaitseli oa moo o ne a memme makholo a ’maloa ho ea mamela puo mantsiboeeng ao. Boholo e ne e le banna baholo le basali ba baholo ba nang le tsebo ea bophelo—ba neng ba bonahala ba maketse le ho nahana ka matla nakong ea puo. Ba ne ba sa leballa sebui se lilemo li 20 ho hang! Leha ho le joalo, hoba ke bue motseng o mong, banna ba baholo ba sehlotsoana ba tla kamor’a puo ho tla ntšoara ka letsoho ba nteboha ka seo ba se utloileng. Hona ha nkhothatsa haholo.
Ka tsoela pele ke le sebui se tsamaeang ka lilemo tse telele, libaka tseo ke li etelang li hlaha le tsa baemeli ba bang ba kamehla ba tsamaeang ba Mokhatlo ho Molula-Qhooa. Rōna batsamai re ne re hlile re amoheleha haholo ho baahi ba Lapland. Lipaki tse ngata tsa kajeno li hlahile sebakeng seo sa lithaba, ’me likopanong ba bang ba ee ba ntumelise ’me ba bolele hore ba ile ba utloa puo ea phatlalatsa ka lekhetlo la pele ha ke ne ke etetse batsoali ba bona lilemong tse fetileng khale.
Liphihlelo Sethalleng sa Pontšeng
Ka tloaelo batho ba bangata ba ne ba ba teng lipuong tsa rōna tsa Bibele ka bo-1920 ba bile ba mamela ka hloko. Leha ho le joalo, ka lekhetlo le leng motho ea tsebisahalang haholo a ema ’me a tlerola: “Mashano. Liphoso. Tlong re tsamaeeng!” Empa a sareloa ha a lateloa feela ke batho ba bararo kapa ba bane.
Ka lekhetlo le leng sehlopha sa bacha sa kena ka holong se bina “The Internationale” (pina e sebelisoang ke Makomonisi). Ba lula ka pele ka boikemisetso bo totobetseng hore ba nkhopise le ho sitisa seboka. Hoba ke bue ka mathata a hlileng a tloaelehileng haholo moo, ka tsoela pele ka puo “Ke Mang ea tla Tlisa Khotso Lefatšeng?” Eaba bacha ba qala ho rola likatiba ka bonngoe ba mamela ka hloko. Kamorao ho moo ba tloha ka khotso ba bang ba bile ba ea libukeng ho ea fumana libuka tse ling tsa rōna.
Ha ke tsoa etela sehleke-hleke sa Seskarö Gulf of Bothnia ka lekhetlo le leng ka fumana lepolesa le le teng le nkemetse koung. La nkisa sepoleseng moo mookameli a ileng a nqosa ka ho fana ka puo ea bopolotiki e amanang le Bokomonisi. A phaella: “U boletse hore tsamaiso eohle e tla felisoa ’me moeta-pele e mocha ea bitsoang Jehova o tla nka puso.” Feela ha lokisoa litaba ha ho hlalosoa hore Jehova ke lebitso la Molimo le hore ’muso oa hae ke oona oo ho neng ho boleloa ka oona puong.
Likabelo Tse Ncha
Ho tšoara molepo ha ka ke le sebui se tsamaeang ha tsoela pele ho fihlela ka 1925, ha ke qala ho sebetsa ofising ea lekala ea Mokhatlo. Ka nyala ka 1934. Ke thabetse ho tšehetsoa ka botšepehi ke mosali oa ka Elna hakaakang! Le eena o ne a sebelitse ofising ea Mokhatlo ka lilemo.
Ka lekhetlo le leng ka bo-1930 ka tsamaea limaele tse ngata ho etela batho ba phelang matlong a thoko a pel’a seporo sa terene se ka leboea haholo Sweden, ho feta “Arctic Circle.” Batho bana ha ba fumane baeti hangata ka baka lena ba ne ba batla ha re lula nako e telele le ho buisana le bona ka mathata a bophelo.
Ha Lefatše le Boela Ntoeng
Sweden ea qoba ho kenella Ntoeng ea II ea Lefatše, empa bohlanya ba khohlano eo ba nea baeta-pele ba kereke monyetla oa ho leka ho thibela mosebetsi oa rōna. Mobishopo e mong oa Sweden ka leshano a tiisa hore Lipaki li itokiselitse “ho futuha ntoeng e tlang ho loantša Satane ka taelo e tsoang ho Jehova” ’me li lihe lira tsohle tsa Molimo ka mabotho a hlometseng. Hoba ntoa e lale, bahanyetsi ba rōna ha baa ka ba rata ho hopotsoa ka mofere-fere oo ba neng ba ikarabella ka oona lilemong tseo.
Ke e mong oa ba ileng ba biletsoa tšebeletso ea sesole ka makhetlo a mangata. Hoba re ahloloe, re ile ra lokoloha ho fihlela ho laeloa sepolesa hore se re ise chankaneng. Ka lekhetlo le leng ke le haufi le ho tšoara tšebeletso ea phupu ea mong ka ’na ha mapolesa a mabeli a kena ka holong moo ho neng ho bokane batho ba lekholo.
Ba boholong ba tla ho ’na ’me ba re ke lokela ho tšoaroa ’me ke lokela ho tsamaea le bona hona hoo. Empa mora oa mofu a ba hoehla ka lenyele ’me a ba sebela hore: “Le utloisise hore le ke ke la sitisa seboka sena ka tsela ena. Ea tšoereng tšebeletso o lokela ho phetha mosebetsi oa hae pele a tsamaea. Ho seng joalo, beng ka mofu le metsoalle ba tla nahana joang?”
Eaba mapolesa aa tloha, a emisa koloi ea teronko kamor’a lesaka la likhomo a nkemela moo. Ka ho soaba a mpolella hore a laetsoe ’me a tlameha ho nkisa chankaneng ea Linköping pele shoalane e tšoara.
Bolokolohi ba ho Bolela ‘Litaba tse Molemo’
Motho ea feletsoeng ke bolokolohi ba hae ka nakoana o ananela melemo ea ho kopana le batho le ho bua le bona ka ‘litaba tse molemo,’ leha e le sethalleng kapa ka monyako le monyako.
Kamorao ho lilemo tse 60 ke le ’moleli oa ‘litaba tse molemo,’ ke leboha melemo e mengata ea ho ba har’a barapeli ba ineetseng ba Jehova, le hoja e se e se ka ’mele o matla oa lilemong tsa pelenyana. Hape ke leboha Ea matla ’ohle le mosali oa ka, ’me hangata ke ee ke ikhopotse botsoalle bo molemo boo re nang le bona har’a batho ba baikokobetsi le ba nang le khopolo e nepahetseng bao e leng khale ba lebelletse ’muso oa lefatše oo Morena oa khotso a tla tsokotsa lere la hae ho oona.—Esaia 9:6, 7.
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 25]
Ntate oa ngoana a otla ka mangole fatše, a nka lekese le lenyenyane le lesoeu ka matsoho ’me ka hloko a le theolela ka lebitleng