Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 11/1 maq. 17-21
  • Hora ea Tlokotsi e Haufi!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hora ea Tlokotsi e Haufi!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U tla Ela Temoso Hloko?
  • Mohoo o Potlakileng ho Baikokobetsi
  • Moo u ka Batlang Thuso
  • Moroallo Temoso e Tsoang Nakong e Fetileng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Hona Joale ho Potlakile Haholo Hore re Lebele
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Na u Ahlola Lefatše ka Tumelo ea Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Re Tla Tsamaea ka Lebitso la Jehova Molimo oa Rōna
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 11/1 maq. 17-21

Hora ea Tlokotsi e Haufi!

1. (a) Ke hobane’ng ha merero ea batho ba fokolang e ahloletsoe ho hlōleha? (b) Ke morero ofe oa Molimo o tla phethahatsoa haufinyane?

HO SA tsotellehe temoso e hlakileng le ho hlōleha ho hoholo ha mebuso ea batho ka makholo-kholo a lilemo, batho ba sa phethahalang le ba fokolang ba iketellelitse pele ka boiphahamiso ka merero ea bona. Empa ba ke ke ba hlola ba ho etsa halelele. Le ka mohla re se ke ra belaela matla a Molimo oa rōna le Ntate oa Morena oa rōna Jesu Kreste ho phethahatsa morero oo a o boletseng ka moprofeta oa hae: “Empa mehleng ea marena ao [a tla beng a busa ‘mehleng ea bofelo’), Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae, ’me borena ba oona bo ke ke ba fetela ho sechaba se seng; o tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.”—Daniele 2:44, 12:9.

2. (a) Jesu o bapisitse boemo bo talimaneng le batho hona joale Joang? (b) Ho fanoe ka temoso efe, hona ka liphello life?

2 Jesu a re nea pontšo e ’ngoe ea ho atamela ha hora eo ea tlokotsi. A bua ka maemo a lefatše mehleng ea Noe ’me a hopotsa balateli ba hae hore ka nako eo batho ba ne ba tšoarehile ka matla mereronyaneng ea bona e menyenyane le ho phela bophelo bo loketseng, kamoo ba neng ba ka bo bitsa kateng. Jesu a re: “Joale ka ha ho bile mehleng ea Noe, le ho tleng ha Mor’a motho ho tla ba joalo. Hobane joale ka mehleng e bileng teng pele ho moroallo oa metsi, ha batho ba ne ba e-ja, ba e-noa, ba nyala, ba nyalisa, ha ba ha fihla tsatsi leo Noe a keneng arekeng ka lona; ha ba ka ba lemoha, ha ba ha fihla moroallo, ’me ba nkoa bohle ke oona: ho tla ba joalo le ho tleng ha Mor’a motho.” (Mattheu 24:37-39) Batho bao ba ne ba lemosoa ka molaetsa oo Noe ea lokileng a neng a o bolela selemo le selemo. (2 Petrose 2:5) Empa batho ba bangata ba ne ba nka molaetsa oo joang? Jesu o itse, “Ha ba ka ba lemoha.” Ba ne ba sa thahaselle Noe le molaetsa oa hae. Ke ka hoo ho ileng ha “sala Noe feela, le tsohle tsee a neng a na le tsona arekeng” batho ba robeli kaofela.—Genese 7:23.

Na U tla Ela Temoso Hloko?

3. Batho ba nka bohato joang ka temoso kajeno?

3 Na kannete re ka bolela hore ha rea lemosoa? Ka pel’a rōna lintho li bonahala hantle joaloka molokong oa Noe. Hlokomela kamoo bongata bo hlokomolohang, bo somang kapa bo tšehang molaetsa o boleloang ke Lipaki tsa Jehova kajeno. Ba bangata ba nkehile ke bophelo ba bona ba letsatsi ka letsatsi le litokisetso tsa nako e telele. Molimo le merero ea oona mabapi le motho le lefatše lena ha a tle le menahanong ea bona feela. Batho ba bangata ba ipolela hore ke Bakreste ’me ke litho tsa phutheho e ’ngoe ea bolumeli, empa feela bakeng sa monate, le bakeng sa tlhompheho eo ho thoeng ho ba fa eona tsamaisong ea kajeno. Ho hang ‘ha ba lemohe’ temoso ’me ka baka leo ba tla amohela liphello. Uena? Na ka bohlale u tla lemoha lipontšo tsa mehla?

4. Pauluse le Petrose ba hlile ba bolela boemo ba hona joale joang?

4 U hlokometse, na ha ho joalo, kamoo mebuso e meholo le mebuso e nang le marena a tsoalo e tsekolohang likotoana, kamoo mekhatlo ea bolumeli le bopolotiki e ikarolang lihlopha-hlopha, kamoo ba bangata ba batlang ho ikela ka tsela ea bona, e nepahetse kapa e fosahetse. Na hona ha ho supe ‘mehla ea qetello’ e boletsoeng ke moapostola Pauluse? O ngolile: “Tseba hona: mehleng ea bofelo ho tla ba le linako tsa bothata. Batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, baithorisi, baikhantši, banyefoli, ba sa utloeng batsoali, ba hlokang teboho, ba sa halaleleng. E tla ba batho ba se nang lerato, ba hanang ho boelanngoa le ba bang, ba buang batho hampe, ba hlokang boitšoaro, ba hlaha, ba hloileng tsohle tse lokileng, mahlabaphieo, ba sōrō, baikhōhōmōsi. Ba tla rata menate ea lefatše, ho e-na le Molimo.” (2 Timothea 3:1-4, phet. e ncha) Ka sebele, ha re phaella phethahatso ena ea boprofeta linthong tse ling tsohle tse hlileng tsa boleloa ke Jesu Kreste, lipontšo tsa mehla li bolela ntho ea bohlokoa haholo. Ka sebele, re ‘mehleng eo ea bofelo,’ ’me khaello ea taeo e bonahala kahohle—likolong, khoebong, mesebetsing, tsamaisong ka kakaretso.—Bapisa 2 Petrose 3:3-7.

5. (a) Joale re lokela ho nahana ka lipotso life? (b) Tebello ea rōna e fapane joang le ea batho ba lefatše?

5 Kajeno, ha batho ba meharo le baeta-pele ba lichaba ka ho tšoanang ba bontša ho haelloa ke kutloisiso ba bile ba hlōleha le ho lokisa lipolelo tsohle tsa bona tse loantšanang ’me ka manganga ba qobella ho tsoela pele ka litokisetso tsa bona tsa ho ntlafatsa lefatše, u tla etsa joang? Lipontšo tsa mehla li supa eng ka ho toba e le tsela e molemo eo u ka e nkang? Na u tla hlalefa u be u utloisise haholoanyane ho feta batho baa ba tumileng? Ha ba nke lefu la sehlabelo la Kreste Jesu e le la bohlokoa ba letho. Ba hana ho amohela ’nete ea hore ha a ka a shoela feela hore bohle ba phele empa hape le hore ho be teng ’muso oa hae o khanyang oo a tla timetsa ka oona matla a molimo oa lefatše lena, Satane Diabolose. (Ba-Heberu 2:14) Empa u ka bontša hore u lumela litšepiso tse tiileng tsa ’Mōpi. U ka lebella phello e babatsehang eo Jehova a e tiisetsang e mong le e mong ea mo tšepileng.—Pesaleme ea 37:3, 4, 28, 29, 39, 40.

Mohoo o Potlakileng ho Baikokobetsi

6. Ke mohoo ofe o potlakileng o utloahalang joale, hona hobane’ng?

6 Moprofeta oa Jehova Molimo o hoa ka potlako ho uena le bohle ba balang lipontšo tsa mehla ka nepo: “Ha ho e-so ho tle holim’a lōna ho tuka ha bohale ba Jehova, ha le e-so ho tle ho lōna, tsatsi la bohale ba Jehova! Batlang Jehova, baikokobetsi bohle ba lefatše, ba etsang ka taelo ea hae; batlang ho loka, le batle boikokobetso, ekaba le ka tšoha le patoa tsatsing la bohale ba Jehova.” (Sofonia 2:2, 3) Ka ho hlakileng, Jehova o tla lokisetsa barati ba ho loka le khotso hore ba fumane monyetla oa ho pholoha tsamaisong ea lintho e ahlotsoeng.

7. Ke lipotso life tseo re ka li arabelang ka E, molemong oa rōna?

7 Ho e-na le ho ba manganga le ho iphahamisa har’a lipontšo tsena tsohle (joaloka baeta-pele ba bangata hakana ba lefatše ba lipolotiki le bolumeli), na u moikokobetsi, u-ua ruteha ’me u itokiselitse ho mamela ka cheseho tokisetso ea Molimo bakeng sa ho u sireletsa? Na u kile ua leka ho phela ka melao ea Bibele ea ho loka—“taelo” ea Jehova? Na pelo ea hao e makukuno ke lintho tseo u li bonang le tseo u li utloang tse etsahalang lefatšeng, e, le hona moo u phelang teng? Ho sa tsotellehe baikhabi ba sa tsotelleng hore na ho etsahala joang ka ba bang hafeela ba fumana seo ba se hlokang bophelong, na maemo a mathata, khatello le tlala ao batho ba kang uena ba limillione ba tlamehang ho a phelela ha a u susumetse ka matla? Haeba u arabela lipotso tsena ka E, mohlomong u ka ipaka hore u har’a bao Jehova a tšepisang ho ba pata letsatsing la bohale ba hae.—Esaia 26:20, 21; Ezekiele 9:4-7.

8. Re ka batla ‘boikokobetso le ho loka’ joang?

8 Haeba u moikokobetsi, u potlakela ho mamela thuto ea Molimo, mohlomong potso e kelellong ea hao ke hore na, ‘boikokobetso le ho loka’ u tla li batla joang? Jesu ea ikokobelitseng le ea bonolo o u mema hore u be morutuoa oa hae ka ’nete. Hoo ho u hloka hore u ithute mohlala oa hae, mosebetsi oo a phetseng ka oona ha a le lefatšeng, ’me u leke ho mo etsisa. Hlokomela hore o ne a tsamaea a etsa hantle, ho se mohla a etsang bahanyetsi ba hae hampe. (Liketso 10:38) Hangata sehlooho sa thuto ea hae, litšoantšo tsa hae le lithapelo tsa hae e ne e le ’muso oa Molimo. (Mattheu 4:17; Luka 8:1) Ho ne ho se moo a amanang teng le mebuso ea bopolotiki ea lefatše lena. (Johanne 18:36) A bontša hore tumelo ea hae ha e thekesele matleng a Molimo hore o phethahatse sohle seo O se tšepisitseng bahlanka ba Oona lefatšeng. Jesu o ne a hana ba ipolelang hore ba sebeletsa Molimo empa ba ntse ba ruta lithuto tse sa tšehetsoeng ke Lentsoe le ngotsoeng la Molimo. (Mareka 7:5-8) Na u ikemiselitse ho mo etsisa litabeng tsee tsohle?

9. Jesu o re beetse mohlala ofe o motle?

9 Ha ho mohla Jesu a kileng a sebetsa ka ntle ho Ntate oa hae oa leholimo. Ha e le hantle, o itse: “Mora o sitoa ho etsa letho a ’notši, ha a sa ka a le bona le etsoa ke Ntat’ae; hobane tsohle tse etsoang ke Ntate, Mora o li etsa joalo le eena.” (Johanne 5:19; 7:16-18) A boela a re: “Ea nthomileng o na le ’na. Ntate ha a ka a ntlohela ke ’notši, kahobane ke ntse ke etsa ka mehla se mo khahlisang.” (Johanne 8:29) Ha a ka a bontša tšekamelo ea ho phela bophelo ba hae ka tsela ea hae ho ikhotsofatsa boeena le thato ea hae. A hla a hana bobusi ba lefatše le botumo boo Satane Diabolose a neng a mo nea bona. (Luka 4:5-8) Na u tla amohela u be u latele mohlala oa Jesu e le hore u ka amoheloa ke Jehova Molimo le ho hlohonolofatsoa ke eena?

Moo u ka Batlang Thuso

10. (a) Molimo o fane ka thuso efe e totobetseng, ’me re ka iphumantša eona joang? (b) Mantsoe a Johanne 17:3 a na le tlhaloso efe ho rōna?

10 Ha ho bonolo hore u latele tsela eo ka matla a hao, sera se seholo se na le mekhoa e bolotsana le e thetsang haholo. U hloka thuso eohle eo Molimo o faneng ka eona ho u thusa hore u atlehe. Thuso e khōlō eo o faneng ka eona ke Bibele e Halalelang. (2 Timothea 3:16, 17) Joalokaha u tseba, motho a ke ke a ithuta se ka Bibeleng ka hore feela a mamele polelo e khutšoanyane beke le beke ’me a kopanele litšebeletsong le meketeng e sa tšoaneng. Ho hlokahala kemiso ea thuto ea Bibele, e seng bakeng sa hao fela empa le bakeng sa lelapa la hao. Hopola, ke eona feela Buka e ka ipolelang ka nepo hore ’Mōpi oa leholimo le lefatše ke Moqapi oa eona. Ha ho buka e ’ngoe kapa motheo oa thuto o ka neang liithuti tsa eona hlompho ea seo Jesu a se bontšitseng, hore: “Bophelo bo sa feleng ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.” (Johanne 17:3) Ho na le banna le basali ba nang le tsebo ea Bibele ba itokiselitseng ho u thusa ntle ho tefiso kapa tlamo. Ho hlokahala hore feela u kōpe Lipaki tsa Jehova ’me u tla fumana thuso e hlokahalang hore u qalise.

11, 12. (a) Jehova o na le tšepiso efe bakeng sa bao ka boikokobetso ba ithutang Lentsoe la hae? (b) Re ka etsa joang hore mabitso a rōna a ngoloe ‘bukeng ea khopotso’ ea Molimo?

11 Molimo o na le tšepiso e babatsehang hakaakang bakeng sa ba nahanang le ba buisanang ka molemo o teng oa ho ithuta seo Molimo le Kreste ba itšenotseng hore ba sona. Hlokomela kamoo ho hlalosoang ke e mong oa baprofeta ba Jehova ba khale: “[Ha Jehova a khaola khang le lira tsa hae tse ikhohomosang tse neng li hopola hore li tla tsoella ka ho sa feleng ka bokhopo] ba tšabang Jehova ba buisana hammoho, e mong le e mong le ngoan’abo, ’me Jehova a theetsa tsebe, a mamela; buka ea khopotso ea ngoloa pel’a hae, ea ngolloa ba tšabang Jehova le ba hlokomelang lebitso la hae.”—Malakia 3:16.

12 Hona ho bolela ho fetang ho phela bophelo bo botle le bo hlomphehang ho latela melao ea lefatše lena. Ho bolela ho fumana tsebo e nepahetseng ka merero ea Molimo ka motho, ho ithuta hore na o lebelletse eng ho rōna, e be joale re neela bophelo ba rōna ho mo sebeletseng le ho etseng thato ea hae bophelong bohle ba letsatsi le letsatsi. E be ke ka tsela efe hape re neng re ka lebella hore Jehova a ngole mabitso a rōna ‘bukeng ea hae ea khopotso’? A ka re hopola ka botle joang haeba re sitoa ho bontša tšabo e hlomphang Lentsoe la hae le lebitso, ’me re sitoa ho buisana ka tsona le batho ba bang neng le neng ha monyetla o itlhahisa?—Ba-Roma 10:10.

13. (a) Ke keletso efe ea Jesu le Pauluse eo re ka e sebelisang bophelong ba rōna? (b) Re ka iponahatsa hore re batho “ba bohlale” joang?

13 Mohoebi, seithuti sa sekolo, kapa mosali oa lelapa ea tšoarehileng ba ka fihlela qeto ea hore mohlomong ba tšoarehile haholo ho fana ka nako ea thuto e joalo. Empa ho hotle ho hopola mantsoe a mosa a Jesu a temoso ka ho se tsitse ha litokisetso, litakatso le bona bophelo ka bobona: “Leha motho a ka rua lefatše lohle, ha a timeletsoe ke moea oa hae [bophelo], ekaba o ruile’ng ka lona na?” (Mattheu 16:26) Hape re na le mantsoe a moapostola Pauluse a sebetsang ka ho toba mehleng ena e potlakileng ea ha re likiloe ke lipontšo tsa bohaufi ba ho fela ha tsamaiso ea lintho e khopo: “Ha ho le joalo, iponeleng hore le tsamaee ka kelello, e seng joale ka maoatla, e mpe e be joale ka ba bohlale. Lopollang linako, hobane mehla e se e le mebe. Ka baka leo, . . . le mpe le tsebisise hantle ho ratoang ke Morena.” (Ba-Efese 5:15-17) Ha ho talingoa tlokotsi eo Jehova a tlohang a e lihela lefatše lena lohle le khopo, ho hotle ho ela hloko keletso ea hae e fanoeng ka baprofeta ba hae: “Batlang Jehova ha a sa fumanoa.” “Mpatleng, le tle le phele.”—Esaia 55:6; Amose 5:4.

14. (a) Ba bangata ba etsa phoso efe kajeno, hona hobane’ng? (b) Ntlheng ena, ke keletso efe e utloahalang e fumanoang ho Jakobo 4:13-16?

14 Ho na le ba phelang hamonate ’meleng le ba matla kelellong le ’meleng, ’me ka baka leo ha ba ikutloe hore hoa hlokahala hore ba itšetlehe ka ’Mōpi. Kahoo ba tloaetse ho lokisetsa nako ea bona e tlang ’me ba nahane hanyenyane ka sebaka sa Molimo bophelong ba bona. Pono ea bona ba e bea leruong kapa ho tuma har’a batho kapa boqheku bo lokolohileng le bo mofuthu. Molimo ha o eo mehopolong eohle ea bona le litokisetso. Ka bohlale mongoli ea bululetsoeng oa Bibele o lemosa ho re: “Joale, ke bua le lōna ba reng: Kajeno, kapa hosasane, re tla ea motseng oa hore hoitseng, re tla lula teng selemo se le seng, re tla hoeba teng, re tla rua; athe ha le tsebe se tla hlaha hosasane. Hobane bophelo ba lōna ke’ng? Ke moholi feela o bonahalang ka motsotso o se okae, o ntoo nyamela [kapa hamolemo, bophelo ba lōna bo bokhutšoanyane haholo]. Empa joale le ka be le re: Ha Morena a rata, ha re sa le teng, re tla etsa hore le hore. Joale, le ithabela meithorisong ea lōna; ho ithorisa hohle ho joalo ho hobe.”—Jakobo 4:13-16.

15. Ka baka la lipontšo tsa mehla, ke tlhokahalo efe e potlakileng eo re lokelang ho e hlokomela kajeno?

15 Kahoo, ho sa tsotellehe hore na u boemong bofe ba bophelo hona joale, ho na le lebaka le potlakileng hore u tloaelane le batho ba fetang limillione tse peli lefatšeng lohle ba lichaba tse ngata le lipuo, ba tsebisahalang hohle e le liithuti tsa Bibele le ba bolelang molaetsa oa eona, ’me haholo-holo ba khetholloa ka ho pakela lebitso la Jehova le ’muso.—Esaia 43:10, 12; Mattheu 24:14.

Ke keletso efe ea bohlokoa eo le leng le le leng ho mangolo a latelang le re neang eona bakeng sa nako ee?

□ Mattheu 24:37-39

□ 2 Timothea 3:1-4

□ Sofonia 2:2, 3

□ Ba-Efese 5:15-17

□ Jakobo 4:13-16

[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 19]

Joaloka Jesu, re lokela ho bontša hore tumelo ea rōna matleng a Molimo a ho phethahatsa litšepiso tsohle tsa oona ha e sisinyehe

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Ha letsatsi la ho tumisoa ha Jehova le atamela, na lebitso la hao le ngotsoe bukeng ea hae ea khopotso?

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela