Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 12/1 maq. 10-16
  • Bosooa—Melemo ea Bona le Menyetla

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bosooa—Melemo ea Bona le Menyetla
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Menyetla e Eketsehileng
  • Takatso e Matla Hakaalo Molato?
  • Fumana Matla ka Khothatsano
  • Fumana Matla ho a Tsoang Holimo
  • Boitšoaro
  • Boiteko boa Tšoaneleha!
  • Sebelisa Nako ea Bosoha ka Tsela e Molemo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Bosoha—Monyako o Lebisang Tšebetsong e se Nang Litšitiso
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Keletso e Bohlale Mabapi le Bosoha le Lenyalo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Nako eo Bosoha e Leng Mpho
    Tsoha!—1995
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 12/1 maq. 10-16

Bosooa—Melemo ea Bona le Menyetla

1. Maikutlo a ba bangata ka bosooa ke afe, hona ke hobane’ng ha ba bang ba ikutloa ka tsela ee?

MOSUOETSANA oa sekolo ea lilemo li 21 o ile a botsoa ke motsoalle e moholoanyane oa hae oa ngoanana: “Na ha u rate ho nyaloa?” Mosuoetsana enoa ea neng a ananela melemo ea bosooa ba hae, a arabela: “Ke lumela hore ha kea s’o ho nahane ka botebo.” A maketse ke karabelo ea hae, motsoalle a re: “Ha u hōla ho feta mona, u tla lakatsa eka u ka be u ile ua nyaloa. E mong le e mong o lokela ho kena lenyalong.” Ha u nahana ka letšoele la bahlanka ba Molimo ba nyetsoeng le ba nyetseng u utloisisa hore na ke hobane’ng ha ba bangata ba kang motsoalle enoa ea neng a bua ka maikutlo ’ohle a hae, ba ikutloang hore bosooa ke boemo bo sa lakatseheng, bo etsang hore bophelo ba motho e be bo sa fellang.

2. Ke hobane’ng ha Bakreste ba masooa le ba lenyalong ba lokela ho thahasella taba ea rōna?

2 Motho e ka ’na ea e-ba lesooa hobane a le monyenyane haholo kapa ntle ho moo a se na hona ho jara boikarabelo ba lenyalo. Ba bang ba lahlehetsoe ke balekane ka tlhalano kapa lefu. United States hona joale lelapa le le leng ho a mang le a mang a mararo le kalosong ea motho a le mong. Ka lilemo tse 10 feela batho ba phelang ba le bang ba eketsehile ka ba 64 lekholong. Kahoo ho bonahala hore le hoja u se lesooa, e mong ea haufi le uena ke lona. Uena joaloka Mokreste ea lenyalong u ka ‘hauhela’ masooa a mangata a ka tlung ea Molimo joang? Haeba u lesooa u tseba mathata a ho thaba le ho ba lesooa sebakeng seo ho nkoang lenyalo e le tlamo. U lokela ho talima bosooa ba hao joang?—1 Petrose 3:8.

3. (a) Mehleng ea Jesu, bosooa bo ne bo talingoa joang? (b) Jesu o ne a nka bosooa “ka baka la ’muso” joang?

3 Jesu Kreste o senotse hore bosooa bo etsoang “ka baka la ’muso oa Molimo” ke neo e tsoang ho Molimo. Ana ho hang e ne e le maikutlo a macha, hobane har’a Bajode ba mehleng ea hae lenyalo le ne le nkoa e le “tlamo e akaretsang” ’me bosooa e le lihlong. E ’ngoe ea lipolelo tsa bo-rabbi ba Bajode e ne e le hore, “Ea se nang mosali hase monna ea tšoanelehang.” Leha ho le joalo, Jesu o ile a khothalletsa barutuoa ba hae ho ‘bula monyetla’ bakeng sa neo ea bosooa e seng ba ikutloe ba tlamehile ho kena lenyalong.—Mattheu 19:10-12, NW.

4. Tsela ea Bakreste ba bangata e bile efe, ’me bana ba ikutloa joang ka maemo a bona?

4 Kahoo lenyalo le bosooa ke lineo tse tsoang ho Molimo. Qalehong ea Bokreste, hammoho le mehleng ea rōna, ba bangata ba phehelletse bophelo ba bosooa ‘ka baka la ’muso.’a Ho e-na le ho ikutloela bohloko ka maemo a bona, ba bangata ho bona ba ikutloa joaloka mosali e mong oa Mokreste ea lilemo li 41 eo ho seng mohla a kileng a nyaloa ea sa tsoa re: “Ha ke llele letho bakeng sa lilemo tseo ke li qetileng ke le lesooa.” Ke hobane’ng ha ba bangata ba ikutloa ka tsela eo?

Menyetla e Eketsehileng

5. Bakreste ba seng lenyalong ba ka fumana molemo ka menyetla e lumelloang ke maemo a bona joang?

5 Mehlala ea Bakreste ba lenyalong ba kang baapostola ba Jesu, hammoho le Akila le Priska, e bontša hore batho ba nyalaneng ba ka tlatsetsa hamolemo tšebeletsong ea Molimo. (Liketso 18:26-28; 1 Ba-Korinthe 9:5) Leha ho le joalo moapostola Pauluse o bontšitse hore motho oa lesooa o na le monyetla oa tšebeletso e eketsehileng ea tšimo. A ngola: “Ea sa nyalang [kapa ea sa nyaloang] o hlokomela tseo e leng tsa Morena, le kamoo a ka khahlisang Morena kateng. Empa ea nyetseng [kapa ea nyetsoeng] o hlokomela tsa lefatše lena, le kamoo a ka khahlisang mosali [kapa monna] oa hae kateng.” (1 Ba-Korinthe 7:32-34) Motho oa lesooa ha a arohana ka baka la boikarabelo ba lenyalo, bo tlisang “matšoenyeho nameng,” ’me kahoo a ka chesehela litaba tsa moea. Hlokomela lebokoseng kamoo mesebetsi e halalelang e ileng ea koala likheo bophelong ba ba thathamisitsoeng. Matla a ho kena ‘ntle ho khoreletso’ tšebeletsong ea Molimo eo pele ho tsohle e akarelletsang mosebetsi oa ho bolela, ke letlotlo le leholo. Masooa hangata a na le nako e ngata ea ho ithuta le ho nahanisisa. Hona ho ka ntlafatsa “moea,” kapa tšusumetso e ka hare, ho atametsa motho haufi haholo le Jehova ha a ineela ka kelello ho ‘halaleleng ’meleng le moeeng.’ Ka baka la ho hloka molekane oa lenyalo, ba bangata ba ithuta ho itšetleha ka matla ka Molimo, ba lebelletse tsamaiso ea oona le keletso. Bakreste ba seng lenyalong hangata ba tseba ho amohela litokelo tsa tšebeletso tse sitang batho ba lenyalong. Hase feela Jesu a ileng a bitsa tokelo ena ea bosooa ba Bokreste e le ‘neo’!—Mattheu 28:19, 20; 1 Ba-Korinthe 7:28, 35.

6, 7. (a) Na ho ba le neo ea bosooa ho bolela hore motho ha a sa hoheloa ke ba batona kapa ba batšehali ’me ha ho mohla a tla kena lenyalong? (b) Ho boleloa eng ka ‘ho tiea pelong’? (c) Ke potso efe e ka ’nang ea e-ba mohopolong oa masooa?

6 Ba ‘bulang monyetla oa neo’ ena ha ho hlokahale hore e be ke batho ba nang le “neo” e khethehileng kahehong ea boikutlo ba bona eo ka eona ba seng ba sa khahloe ke ba batona kapa ba batšehali ho fapana le bona. Bana ha baa nka kano ea hore e tla ba masooa, joalokaha eka ha ho mohla ba rerileng hore ba tla nyala kapa ba nyaloe, empa ba entse “qeto,” kapa boikahlolelo lipelong tsa bona hore ba atlehise boemo ba bona ba bosooa.b (1 Ba-Korinthe 7:37) Batho bana ba methile lipelong tsa bona melemo ea bosooa. Motheong oa bopaki bona lipelo tsa bona tsa qala ho ‘ahlola’ bosooa joaloka “neo” ’me ba bo ‘bulela monyetla.’—1 Ba-Korinthe 7:38.

7 Empa ho thoe’ng haeba u e-na le takatso e matla ea ho nyala kapa ho nyaloa? Na Pauluse ha a ka a re ho molemo ho kena lenyalong ho e-na le ho cha ke takatso?—1 Ba-Korinthe 7:9.

Takatso e Matla Hakaalo Molato?

8. (a) Ke hobane’ng ha masooa a mang a manyenyane a ka ’na a e-ba le takatso e matla ea ho nyala? (b) Ke melemo efe e teng ea ho chechisa lenyalo ho fihlela motho a ‘fetile palesa ea bocha’?

8 Ke tlhaho ho rata ho kena lenyalong. Molimo o re bōpile ka takatso eo. (Genese 2:18) Empa na takatso e matla e bakoa ke hore motho o har’a “palesa ea bocha,” ha ho qaleha tšusumetso ea botona kapa botšehali? Pauluse o khothallelitse hore ho emisoe lenyalo ho fihlela ha nako ena e “feta.” Ho ka ’na ha bonahala ho le thata hore motho e mocha a eme joalo. Ba bang lekholong la pele la lilemo ba ne ba ikutloa le bona hore ho hang ba tlameha ho kena lenyalong. Leha ho le joalo ha bana ba batla “mosali,” ba bang ba lenyalong ba ne ba batla ‘ho lokoloha’ boemong ba bona! Lenyalo, le hoja le ka sebeletsa e le tšireletso ea boitšoaro bo bobe, ha le rarolle mathata ’ohle. Mokreste e mong oa lesooa ea lilemo li 35 o itse: “Joaloka moholo ha ke bona bophelo ba batho bo robakoa ke lenyalo le bosula, kelello ea ka e-ea ela. Ha ke hanane le lenyalo empa ke ikutloa hore ha ho hlokahale ho potlaka.” Boithuto ba liphuputso bo bontša hore basali ba Amerika ba nyaloang pele ho lilemo tse 18 ba phahametse ba bang ka makhetlo a mararo ho oela tlhalong ho feta ba ileng ba ema ho fihlela ba le lilemo li 24! Tekanyo ea tlhalo ea banna ba tlase lilemong United States e phahame ka makhetlo a mararo ho feta ea batho ka kakaretso. Lilemo tsa bocha tsa bosooa li ka sebelisoa ka bohlale ho hōliseng kamano e ntle le Jehova hammoho le litšoaneleho le matla a hlokahalang ho ba molekane ea motle.—1 Ba-Korinthe 7:27, 36.

9. (a) Ba bang ba ’nile ba etsa Joang ka baka la ho lakatsa bolekane, ’me hangata ka liphello life? (b) Ke potso efe mona e thulanang le masooa?

9 Bakreste ba bangata ba se ba le baholo empa ba s’o kene lenyalong. Kamor’a nako, ba bang ho bona, ka baka la takatso e matla ea botsoalle, ba phosumela lenyalong le motho ea sa lumelang, ba nahana hore molekane ofe kapa ofe o molemo ho feta ha motho a mo hloka. Empa mohlomong u tseba ka ba bang ba entseng joalo e le hore feela ba iphumane ba hlorile ba e-na le molekane eo ba sa khoneng ho buisana le eena. Leha ho le joalo, motho oa lesooa a ka lula a ‘tiile pelong’ joang?—1 Ba-Korinthe 7:28, 37, 39.

Fumana Matla ka Khothatsano

10. Ho latela Ba-Roma 1:11, 12, takatso ea moapostola Pauluse e ne e le efe, ’me o ile a fumana molemo joang?

10 Bakreste ba atlehileng ba masooa ke batho ba etsang hore ba lumellane le boemo ba bona. Moapostola Pauluse, e le lesooa ka boeena, o ile a ngola hore: “Ke hlolohetsoe ho le bona, ke tle ke le sitse ka molemo o mong oa Moea, le tle le tiisoe; ke ho re. ha ke e-na le lōna, re tšelisane.” (Ba-Roma 1:11, 12) Pauluse o ne a thahasella batho ka botebo ’me a batla ho fetisetsa ho balumeli bahabo ‘neo ea moea.’ Le eena a khothatsoa ka baka leo. Ho joalo ke ’nete le kajeno.

11. Ke phihlelo efe e bontšang kamoo motho a ka khothatsoang ke ho fana ka ‘neo ea moea’?

11 Mosali ea lilemo li 28 oa lesooa a memela bo-khaitseli ba banyenyane ba bangata ka phuthehong ho ea lapeng ha hae bakeng sa ’mokanyana, a lakatsa ho kopanela ‘neo ea moea’ ka botsoalle bo hahang. Ka letsatsi le latelang mocha e mong a kopa khaitseli enoa ka liatla ’me a re: “U ke ke ua utloisisa kamoo ’moka oane o nketselitseng ho hoholo kateng le kamoo ke neng ke hloka ho khothatsoa. Ke ne ke ikutloa hore nke ke ka hlola ke buisana mathata le mosali oa ntate e mocha. Joale ke ikutloa hore ke tla loana le bothata ka katleho.” Ha khaitseli oa lesooa a pheta taba ena ka meokho, o itse: “Ha nke be ke ho lebale. Qetellong o ile a nketsetsa mohau oa sebele, hobane ke ile ka ikutloa ke thabile haholo ke seo a se buileng.” Ho hlaolela thahasello ea botho ho ba bang ba ka ‘lelapeng labo rōna la moea,’ kamoo ho loketseng, ho ka thusa ho loantša bolutu. Empa, ho hlokahala boiteko ho holisa setsoalle se setle.c—Mareka 10:29, 30.

12. Mosebetsi oa ho etsa barutuoa o bula menyetla efe?

12 Leha ho le joalo, ha ba etsa ho fetang menyetla e ka phuthehong ea Bokreste ho fana ka ‘lineo tsa moea,’ ho na le ba ahlameng ka mosebetsi oa ho etsa barutuoa. Hangata ea fanang o khatholloa ke ho bona tsoelopele ea ea ithutang le ho hlokomela matšeliso a ka ho sa feleng ao ’nete ea Bibele e a tlisang. Kahoo ha u etella pele ho bontša lerato ho ba ka ntle le ba kahare ho ntlo ea Molimo, bophelo ba hao bo ena haholoanyane ’me u tla ho fumana ho le bonolo haholo ho lula u ‘tiile pelong.’—Ba-Roma 12:2; Moeklesia 11:1; Luka 6:38.

Fumana Matla ho a Tsoang Holimo

13. 2 Timothea 4:17 ekaba khothatso e khōlō joang ho Bakreste ba masooa?

13 Ha a le litlamong Roma, moapostola Pauluse o ile a tlameha ho thulana le boemo bo thata a le mong. A ngola: “Empa Morena a nkemela, ’me a nkenya matla.” (2 Timothea 4:17) Ka matla ana Pauluse a tšepahala ’me a lopolloa ka mokhoa oa sebele kapa oa tšoantšetso “molomong oa tau.” Ha “litau” tsa tšoantšetso li kenella bophelong ba hao, na u ee u retelehele ho Ntate oa hao ea mohau bakeng sa thuso? Na u tšollela pelo ea hao ho eena, u tseba hore le haeba mang kapa mang a ka emella thoko, eena o-oa utloisisa hore na u hloka eng ’me o tla bapa le uena?—1 Petrose 5:6-9.

14. (a) Khaitseli e mong oa lesooa o ile a thulana le khatello efe, ’me a hlohonolofatsoa joang? (b) 1 Ba-Korinthe 10:13 e lokela ho re nea tšepo efe?

14 Khaitseli e mong ea lilemo li 53 oa lesooa o ile a utloa bohloko haholo ha a senyeheloa ke mosebetsi. “Ka qela Jehova hore a nthuse hore ke fumane mosebetsi o mong e le hore feela ke ’ne ke phele. Pele ho fela beke ke ne ke fumane mosebetsi o mong! Ho tloha ka nako eo ho ea pele ka ikemisetsa ho ba le letsatsi ka nako le ho itšetleha ka tlhokomelo ea Jehova. Ha ho mohla a kileng a ntšoetsa.” Ka 1982, kamorao ho lilemo tse 26 tsa bopula-maliboho, thapelo ea hae bakeng sa molekane ea tšoanelehang moeeng ea arabeloa ha e e-ba mosali oa molebeli ea tsamaeang oa mohlolohali. Ke ’nete, hase kamehla Jehova a arabelang lithapelo tsa rōna ka tsela e joalo hantle, empa o tla re matlafatsa hore re sebetsane le mathata leha e le afe a phehellang.—1 Ba-Korinthe 10:13.

Boitšoaro

15. (a) Ho hlōla litakatso tsa botona le botšehali motho o lokela ho hlokomela eng? (b) Hona ho bontšoa joang ho Liproverbia khaolo ea 7?

15 Mosali e mong oa Mokreste o ile a ngola hore: “Ke ikutloa hore nke ke ka hlola ke tsoella ke le mong. Ke iphumana ke e-na le tšusumetso e matla ea likamano tsa botona le botšehali ’me ho lilemo joale ke sitoa ho fumana monna ea tšoanelehang oa Mokreste. Ke ’nile ka bolelloa hore ke khutlele lapeng ’me ke itšoare. Empa joang?” Ho loana ka katleho le maikutlo a joalo ha ho bonolo. Ho laola litakatso tsa botona kapa botšehali motho oa lesooa o tlameha ho hlokomela ha ho hlokahala hore eena ka boeena a mamelle ka boikhalemelo. Ka mohlala, ho Liproverbia 7:6-23, mohlankana o felloa ke boitšoaro ’me ha a ferekane ke takatso ea botona o ‘latela’ letekatse. Leha ho le joalo, ha a ka a fihla bohatong boo hang-hang. Mehato ea pele e ne e akarelletsa (1) ho tsamaea tseleng ea moo le leng teng bosiu, (2) ho le lumella hore le mo ake, le (3) ho mamela litlhahiso tsa lona tsa boitšoaro bo bobe. Bohato bo bong le bo bong ba thatafatsa hore boitšoaro bo be teng ho fihlela ha ho se mokhoa oa ho checha. Hang feela ha a ipona hore o phehella bohato ba pele, ho ne ho hlokahala hore a khaotse!—Ba-Galata 5:22, 23.

16. Le hoja ho se Mokreste oa sebele ea ka latelang tsela ea mohlankana ea boitšoaro bo bobe, a ka ’na a etsa joang?

16 Ha ho Mokreste lea mong oa sebele ea ka latelang mehato ea sebele ea mohlankana enoa, empa ho thoe’ng ka mehopolo ea motho? Na ka kelello motho a ka qalisa ‘ka tsela ea kou ea ntlo ea hae’ ka ho touta ka boitšoaro bo bobe? Hona moo feela u be u se u tšoara mariki! Ho sitoa ho etsa joalo ho ka fella ka ho tsoela pele kelellong ho ea mehatong e eang pele e kang ho pholla litho tsa botona le botšehali ho li khotsofatsa kapa ho qetella ka likamano tsa botona le botšehali tsa boitšoaro bo bobe.

17. (a) Ke hobane’ng ha ho hlokahala ho thakhisa nama le litakatso tsa eona? (b) Hona Mokreste o ho etsa joang?

17 Kaha litakatso tse fosahetseng li natefela nama ea rōna e sa phethahalang, ha ho bonolo ho li leleka. “Bao e leng ba Kreste, ba thakhisitse nama, le lithato, le litakatso tsa eona.” (Ba-Galata 5:24) Ho thakhisoa e ne e le polao e bohloko le e khohlahetseng. Kahoo u itšoare ka thata e le uena ho bolaea litakatso tse sa tšoaneleheng joalo—qalehong feela pele li teba. Haeba lenaneo la TV le qala ho tsosa takatso ea likamano tsa botona le botšehali, e time kapa u bulele lenaneo le leng hang-hang. U khethe ka bohlale libaesekopo tseo u li shebellang kapa libuka tseo u li balang. Alosa meqoqo ea hao le hore na u talima ba batona kapa ba batšehali ho fapana le uena joang.—Mattheu 5:28-30; Ba-Kolosse 3:5.

18. Bakreste ba bang ba masooa ba entse joang ho bolaea litakatso tse sa lokelang tsa botona le botšehali, hona ka phello efe?

18 Ha e le nako ea boithuto ba botho kapa ba phutheho ba Bibele, na re hanela eng kapa eng e re phehellang hore re bo hlokomolohe? Mokreste e mong, ka boiteko ba ho thakhisa litakatso tse sa hloekang ha litakatso tsena li le matla haholo, o ne a iqobella ho tsoa liphateng bosiu e be o bala Bibele ka lentsoe le phahameng ’me a akaretse serapa se seng le se seng ka molomo ho fihlela takatso e kokobela. Ka linako tse ling Bakreste ba ’nile ba itlamella ho rapela Jehova ka matla hore a ba thuse hona hoo. Hafeela Mokreste ka tieo a loanela ho thakhisa ‘takatso ea botona kapa botsehali’ ha ho bonolo hore a ka fetela bohloleng.—Ba-Heberu 4:16.

Boiteko boa Tšoaneleha!

19. Na kamano ea rōna le Molimo e itšetlehile ka hore na re lenyalong kapa re masooa?

19 Bosooa “ka baka la ’muso” le lenyalo—ke lineo tse tsoang ho Molimo ka bobeli. Empa ka bobeli li hloka boiteko haeba Mokreste a tla atleha. Ho sa tsotellehe boemo ba rōna, re ka haha kamano e haufi le Molimo oa rōna ’me ra phetha ho hong bophelong. Leha u ‘bula monyetla’ oa neo ea bosooa ka nakoana feela, ntho ea bohlokoa ke hore u bo sebelise ka bohlale.

20. (a) Bakreste bohle ba hōlileng tsebong ba lokela ho talima bosooa joang? (b) Masooa a tiisetsoa eng ka nako e tlang?

20 Hlokomela hore Jesu o beile neo ea bosooa bo ithaopeloang boemong bo phahameng haholo. Mokreste e mong le e mong ea hōlileng tsebong o lokela ho ikutloa joaloka Jesu, a se ke a bo nahana e le boemo bo hlomolanang. Jehova o nka mahlabelo a etsoang ke batho ba masooa ba ikhethetseng ho etsa se mo khahlisang e le a bohlokoa. (Bapisa Esaia 56:4, 5.) Jehova a ke ke a ba lebala. Ba bang ba pholohelang taolong e ncha mohlomong ba tla thabela tokelo tsa lenyalo, ’me joaloka bana ba Noe kamorao ho moroallo oa lefatše, ba be le monyetla oa ho ba le karolo thomong ea bomolimo ea ho ‘tlatsa lefatše. (Genese 9:1) Hoo e ka ba lehlohonolo ho phaella ho a seng a ntse a thabeloa ke Bakreste ba masooa. Taolong e ncha ea Molimo o tla ‘khotsofatsa takatso ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang’ ’me a nee bohle ‘se batloang ke lipelo tsa bona.’ Kahoo u tiisetsoa hore bohle ba tla thaba ka ho feletseng tumellanong le thato ea Molimo ka nako eo.—Pesaleme ea 37:3, 4; 145:16.

21. (a) Mosuoetsana ea ileng a boleloa pele o sebelisitse bophelo ba hae e le lesooa Joang? (b) Bakreste ba bang ba masooa ba ka ikutloa joalo joang?

21 Eane eo e neng e le mosuoetsana eo ho boletsoeng ka eena serapeng sa pele sa sehlooho sena hona joale o lilemo li 83 ’me e ntse e le lesooa. O qetile lilemo tse 57 tšebeletsong ea nako e tletseng ea ’Muso, ho akarelletsa lilemo tse 56 ntlokholo ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova. O ikutloa joang ka bophelo ba hae? Mosali enoa oa Mokreste ea tletseng bophelo o itse: “Ke ikutloa ke khotsofetse ka ho feletseng ka bophelo ba ka le mosebetsi oa ka. Hona joale ke tšoarehile haholo ho feta neng kapa neng mosebetsing oo ke o ratang haholo. Ha ke ikoahlaee ka letho. Ke ne ke tla etsa qeto eona ena hape.” E, le uena haeba u lesooa, u ka khotsofala joalo ka ho atlehisa bosooa—u kotula ka ho feletseng melemo ea bona le menyetla ea bona.

□ Bosooa “ka baka la ’muso” bo lokela ho talingoa joang?

□ Bakreste ba masooa ba na le menyetla efe e eketsehileng?

□ Ke hobane’ng ha e se molemo ho tela bosooa kapele?

□ Ho ‘tiea pelong,’ lesooa le hloka lintho life tse tharo?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Athenagoras ea ipolelang hore ke mongoli oa Mokreste o ngotse tjena hoo e ka bang ka 175 C.E.: “Har’a rōna u ne u tla fumana ba bangata, banna le basali, ba holang ba sa kena lenyalong, ka tšepo ea ho phela kopanong e haufi le Molimo.”—A Plea for the Christians, khaolo ea 33.

b Lentsoe la mathomo la Segerike le fetoletsoeng e le “qeto,” krino, le bolela “ho ahlola, ho hlahisa maikutlo.” Lentsoe le sebelisitsoe ho Johanne 7:51 moo Nikodema a bolelang hore pele motho a ahloloa, ho molemo ho mamela bopaki. Hona ho ne ho tla hloka nako.

c Ka kopo bona lihlooho “But What Do I Say?—Developing the Art of Conversation” le “How Can I Make Real Friends?” litokollong tsa January 22 le March 22, 1982, tsa makasine e tlatsanang le ena ea Awake!

[Lebokose le leqepheng la 11]

MASOOA A MANG A KA BIBELENG

Jesu: “Sejo sa ka ke ho etsa thato ea ea nthomileng, le ho phetha mosebetsi oa hae.”—Johanne 4:34.

Pauluse: ‘Ke sebelelitse Morena ’me ke beile bopaki bo phethahetseng. Bophelo ba ka ha kea bo hlokomela.’—Liketso 20:19-24.

Jeremia: “Oho Jehova, matla a ka, le qhobosheane ea ka, le setšabelo sa ka tsatsing la tlokotsi.”—Jeremia 16:19.

Morali oa Jafeta: ‘Ha a ka a tseba monna. Ka lilemo tsohle, baroetsana ba Iseraele ba ea selemo se seng le se seng ho mo babatsa.’—Baahloli 11:39, 40.

Anna: “E ne e se e le mohlolohali oa lilemo tse batlileng ho ba mashome a robileng meno e le ’meli a metso e mene; o na a sa tlohe tempeleng, empa o na a sebeletsa Molimo ka ho itima lijo le ka ho rapela bosiu le motšehare.”—Luka 2:37.

Dorkase: “O na a tletse mesebetsi e metle le lithuso tseo a neng a li etsa.”—Liketso 9:36.

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

HO TIEA PELONG

1. Bulehela ba bang moeeng

2. Fumana matla a tsoang holimo ha ho hlaha mathata

3. Hanela litakatso tse fosahetseng hang-hang

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela