Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 12/1 maq. 26-29
  • Lipaki Tse Sebete Tsa Jehova Ketsong!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipaki Tse Sebete Tsa Jehova Ketsong!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Petrose—Paki e Sebete le e Tšepahalang
  • Maeto a Mararo a Pauluse a Boevangeli
  • Mahloriso ha a Emise ho Paka ka ’Muso
  • Buka ea Bibele ea 44—Liketso
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Ho Isa “Karolong e Hole-hole ea Lefatše”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • Lipaki Tse Chesehang Tsa Jehova li Hatela Pele!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Tsoelang Pele ho Bolela Lentsoe la Molimo ka Sebete
    Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 12/1 maq. 26-29

Lipaki Tse Sebete Tsa Jehova Ketsong!

Katoloho ea Bokreste Joalokaha e Tlalehiloe Bukeng ea Liketso

JESU KRESTE o ne a boletse litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo ka lilemo tse tharo le likhoeli tse tšeletseng. O ne a khothallelitse balateli ba hae hore ba khantše leseli la bona. Empa ba ne ba fokola ka palo, ’me Jesu o ne a boletse ka mosebetsi oa boboleli ba lefatše lohle. (Mattheu 5:14-16; 24:14) Na barutuoa ba hae ba ne ba ka phethahatsa boboleli bo joalo? Le haeba ba ne ba ratile ho bo etsa, ba ne ba tla ba le thuso efe?

Morutuoa ea tšepahalang Luka, ngaka e rutehileng, o fane ka likarabelo lipotsong tsena le tse ling bukeng e bululetsoeng ea Molimo e nang le sehlooho se reng: “Liketso tsa Baapostola.” (Bapisa Luka 1:1-4; Liketso 1:1, 2.) Bopaki bo hlahang ka ntle le kahare bo supa Luka e le eena mongoli oa Liketso. Eka o e ngoletse Roma hoo e ka bang ka 61 C.E.—Ba-Kolosse 4:14; 2 Timothea 4:11.a

Liketso e qala ka ho nyolohela ha Jesu leholimong ’me e qetella ka ho kenngoa ha Pauluse teronkong Roma. Kahoo, e nka litaba tsa lilemo tse 28 ho tloha ka 33 C.E. ho ea ho 61 C.E. Tlaleho ea eona e pharaletseng ea Bokreste ba pele, ka sebele ke tlaleho e hlasimollang ka Lipaki tsa Jehova tse sebete ketsong.

Buka ea Liketso e ka re tsoela molemo joang? Har’a lintho tse ling, (1) e ka re bontša hore letsoho la Jehova le na le lipaki tsa hae tse tšepahalang, (2) e ka re hlokomelisa ka matla le tšusumetso tsa moea o halalelang, (3) e ka matlafatsa tšepo ea rōna boprofeteng bo bululetsoeng ba Molimo, (4) e ka re thusa ho eteletsa Molimo pele nakong ea liteko tsa tumelo, (5) e ka re khothatsa hore re be sebete ha re fana ka bopaki bo phethahetseng, (6) e ka re thusa ho mamella har’a mahloriso, (7) e ka re susumelletsa ho itela tšebeletsong ea Molimo, (8) e ka re khothalletsa ho ba liithuti tse thahasellang tsa Lentsoe la Molimo ’me (9) e ka susumelletsa tumelo ea rōna tšepong e babatsehang ea ’Muso.

Petrose—Paki e Sebete le e Tšepahalang

Ha buka ea Liketso e qala, Jesu o makhatheng a ho salisa barutuoa ba hae hantle. Na o tla tsosolosa ’muso oa Iseraele ka nako ee? Ba rata ho tseba. Empa o ba bolella hore ‘ha hoa ba lokela ho tseba mehla, leha e le linako tseo Ntate a itaoletseng tsona a ’notši.’ Leha balateli ba Jesu ba ile ba fokolloa ke kutloisiso e feletseng ea ’Muso, a ba laela hore e be lipaki tsa hae Jerusalema, Judea le Samaria, “le ho isa pheletsong ea lefatše.” Ba tla khona ho etsa mosebetsi oo joang? Ka matla a moea o halalelang!—Liketso 1:6-8.

Ka letsatsi la Pentekonta ba ka bang 120 ho barutuoa ba Jesu ba bōkane ka tlung e kaholimo Jerusalema ha ba tlala moea o halalelang. Hona ha ba nolofaletsa ho paka ka sebete ka lipuo tse fapaneng tsa Bajode le balichaba ba neng ba e-tsoa libakeng tse hole ho tla keteka Pentekonta Jerusalema. Moapostola Petrose a nka ketello pele bopaking. O hlalosa hore ho tšolloa ha moea ke ka phethahatso ea boprofeta ba Joele. (Liketso 2:14-21; Joele 2:28-32) Ka tsatsi lona leo ba 3 000 ba ‘amohela lentsoe ka thabo ’me ba kolobetsoa.’ (Liketso 2:41) Ho totobetse hore letsoho la Jehova le holim’a lipaki tsa hae. Matla le tšusumetso tsa moea o halalelang li totobetse. Ho feta moo, lentsoe la Petrose le matlafatsa tšepo ea rōna phethahatsong ea boprofeta bo bululetsoeng.

Hape, ho phekoloa ka mohlolo monna ea holofetseng litho, ho fanoa ka bopaki bo eketsehileng ba matla a moea o halalelang oa Molimo. Joale Petrose le Johanne ba fana ka bopaki bo sebete bo amanang le Jesu. Hona ho pipitlela baeta-pele ba bolumeli, ba ileng ba tšoara baapostola ’me ba ba qosa ka letsatsi le hlahlamang. Phatlalatsa, Petrose le Johanne ba supa hore pholoho e teng feela ka Jesu Kreste. Ha ba laeloa ho emisa ho bolela, baa hana. Kamor’a hore ba tšosoe le ho lokolloa, ba kopana le balumeli hammoho le bona ’me joale bohle ba kopana ba kōpa Molimo hore o ba thuse “ho bolela lentsoe la [oona] ba sa tšabe letho.” Kamorao ho moo, “bohle ba tlala moea o halalelang ’me ba bolela lentsoe la Molimo ka [sebete].” Ha ba boetse ba laeloa hore ba emise ho bolela, ntle ho tšabo baa araba: “E ka khona re utloe Molimo ho e-na le batho.”—Liketso 4:19, 20, 29-31; 5:29.

Hoo ho lokela ho thusa Lipaki tsa Jehova tsa kajeno hakaakang ho etelletsa Molimo pele nakong tsa liteko tsa tumelo! ’Me ho lokela ho re khothatsa hakaakang ho fana ka bopaki bo matla le haeba re hlorisoa!

Setefane, e mong oa banna ba supileng ba khethiloeng ke moea o halalelang ho aba lijo, o boetse o fana ka bopaki bo matla ha a tlisoa ka pele ho Lekhotla le Phahameng. Ha a supa hore baahloli ba molato ka lefu la Jesu, ba tlala khalefo ’me ba mo tlepetsa ka majoe ho fihlela a e-shoa. Ho tiea hoa Setefane ho sena sohle ke mohlala o motle, ho khothatsa Lipaki tsa Jehova tsa kajeno ho mamella har’a mahloriso.—Liketso 6:1–7:60; bapisa Ba-Filippi 4:6, 7, 13.

Mahloriso aa eketseha, empa ha a thibele barutuoa. Ho e-na le hoo, hohle moo ba qhalanyetsoang ba tsoela pele ‘ba bolela litaba tse molemo,’ ka tšehetso le tlhohonolofatso ea Jehova. (Liketso 8:4-8) Hang-hang, mohlorisi ea sehlōhō Saule oa Tarese o-oa sokolloa ha Jesu ka seqo a itlhahisa ho eena ka khanya e khōlō, ’me Saule a foufatsoa ke khalalelo ea eona. Ananiase a tutubolla mahlo a Saule, ’me enoa eo e neng e le mohlorisi, eo hamorao a ileng a tsejoa e le moapostola Pauluse, ea e-ba paki e sebete ea Molimo le Kreste.—Liketso 9:1-30; 22:6-11.

Joale phutheho ‘e lutse ka khotso; e ea hahisoa; ’me ha e tsamaea ka tšabo ea Jehova; e-ea anafala ka tšeliso ea Moea o Halalelang.’ (Liketso 9:31) Petrose o tsosa bafung Tabitha (Dorkase) ea ratoang. Hamorao, o amohela pitso ea ho ea Sesarea, moo a bolelang ‘litaba tse molemo’ ho Kornele le ba ntlo ea hae. Ea e-ba balumeli ’me moea o halalelang oa tšolleloa holim’a bona. Hoba a lemohe hore “Molimo ha o ee ka tšobotsi ea batho, empa har’a lichaba tsohle, ea o tšabang, le ea etsang ho lokileng, ke eena ea o khahlisang,” Petrose o-oa ba kolobetsa ’me ea e-ba balichaba ba pele ba sa bollang ho ba barutuoa ba Jesu.—Liketso 10:1-48.

Nakoana kamorao ho moo, Heroda Agrippa I a bolaea moapostola Jakobo ’me a tšoara Petrose ka morero oa ho tla mo bolaea le eena. Empa moapostola a lokolloa ke lengeloi teronkong. Ho feta moo, ho sa tsotellehe mathata le mahloriso, letsoho la Jehova le na le lipaki tsa hae ’me ‘lentsoe la Jehova le ntse le ata, le anafala.’—Liketso 11:19-21; 12:24.

Maeto a Mararo a Pauluse a Boevangeli

Ka moea o halalelang, Barnabase le Saule ba rongoa ho tloha Antioke, Syria. (Liketso 13:2, 3) Sehleke-hlekeng sa Cypera ba bangata baa lumela, ho akarelletsa le ’Musisi Sergiuse Pauluse. Nako le nako lipaki tsa ’Muso li tlameha ho siea metse ka baka la mahloriso a sehlōhō. Ka mohlala, motseng oa Lystra, Pauluse o tlepetsoa ka majoe ’me o siuoa a le makhatheng a lefu. Empa, ha a hlaphoheloa, o boela mosebetsing oa hae oa ho paka le ho khothatsa ba bang ho tiea tumelong, a re: “E ka khona re kene ’musong oa Molimo ka matšoenyeho a mangata.” (Liketso 14:22) Lintho tsee tsohle li khothatsa Lipaki tsa Jehova tsa kajeno hakaakang ho mamella har’a mahloriso!

Seboka sa baapostola le baholo Jerusalema se rarolla qaka ea lebollo. (Liketso khaol. 15) Che, lebollo ha le hlokahale ha Molichaba a sokolohela Bokresteng. Moea o halalelang o nka karolo ho sena, hobane lengolo le rōmetsoeng ka taba ena karolo ea lona e re: “Ho hopotsoe ke moea o halalelang le ke rōna, hore re se ke ra le jarisa boima bo fetisang, ha e se ba litaba tsena tse tšoanelang, e leng ho tela tse hlabetsoeng melimo, le mali, le tse fenethiloeng, le bofebe.”—Liketso 15:28, 29.

Silase o tsamaea le Pauluse leetong la hae la bobeli la boevangeli, ’me ha ba le tseleng Timothea o imatahanya le bona. Ponong, Pauluse o rapeloa hore a tšelele Macedonia ho ea fana ka thuso. Bonneteng, boikutlo ba ho itela ba moapostola le metsoalle ea hae, bo nka sena joaloka kabelo ea bona tšebeletsong ea Molimo. Na rōna ka ho tšoanang rea susumeletseha ha re fuoa monyetla oa ho itela tšebeletsong ea Jehova?—Liketso 16:9, 10.

Filippi bopaki ba ’Muso bo fella ka ho luma-luma, ’me Pauluse le Barnabase ba kenngoa teronkong. Tšisinyeho ea lefatše e-ea ba lokolla, empa ha ba balehe. Ho e-na le hoo, ba bolella molebeli oa teronko le ba ntlo ea hae, ha ba utloa tsena bohle ba fetoha balumeli ba kolobetsoang.—Liketso 16:11-34.

Hape, ba leba Thessalonika le Berea. Ba Berea “ba fetisa ba Thessalonika ka bokhabane, ba amohela lentsoe ka cheseho e kholo, ba botsisisa Mangolo ka matsatsi ’ohle, ho tseba hore na litaba tseo li joalo ruri na?”(Liketso 17:10, 11) Na hoo ha hoa lokela ho re khothaletsa ho ba liithuti tse masene tsa Lentsoe la Molimo—ba ka bitsoang Baberea ba kajeno?

Ha a fihla Athene, Pauluse o paka ka sebete lepatlelong ’me o isoa Areopago ke bahlalefi. Moo o fana ka bopaki bo boholo ka ’Mōpi Jehova, bonngoe ba lelapa la motho, le tsoho ea Jesu Kreste. Phello? Ba bang baa lumela. (Liketso 17:16-34) Ha a ea Korinthe, moapostola o fumana thahasello e khōlō lentsoeng la Molimo hoo a lulang moo ka likhoeli tse 18.—Liketso 18:1-17.

Ha a khutlela Antioke ’me a lula moo ka nakoana, Pauluse o qala leeto la hae la boraro la boevangeli. O paka Efese ka sebete, ’me Molimo o etsa mehlolo e makatsang ka eena. Efese boboleli bo ipaka bo bea litholoana, empa bo boetse bo isa ho luma-lumeng motseng ona o phetheselang ka barapeli ba molimo Diana. Empa moapostola o tsamaea a sa tsoa kotsi.—Liketso 19:8–20:1.

Ha a le tseleng a khutlela Jerusalema, Pauluse o bitsa baholo ba phutheho ea Efese. O ba hopotsa ka tšebeletso ea hae e itetseng ha a ntse a le har’a bona. O ne a tšoarehile joaloka ’moleli oa ’muso ’me o ne a ka supa ho ba ‘ruta ha hae pontšeng le ka matlung a bona.’ Ke mohlala o motle hakaakang bakeng sa bao ba jarang boikarabelo har’a batho ba Jehova kajeno!—Liketso 20:17-35.

Mahloriso ha a Emise ho Paka ka ’Muso

Leha Pauluse a lemosoa hore a se hlole a bea leoto Jerusalema, ha a cheche. (Liketso 21:10-14) Jakobo le baholo ba bang ba phutheho ba thaba haholo ha Pauluse a ba bolella ka mahlohonolo a Molimo holim’a boboleli ba hae har’a balichaba. Empa ha moapostola a hlaha tempeleng, o fumana kamohelo e fapaneng hakaakang! Bajode ba naha ea Asia ba fuluoa motse ’ohle khahlanong le eena, empa masole a Roma a mo pholosa ka nako. Hamorao, lekhotleng le arohaneng la Bafarisi le Basaduse, Pauluse o phahamisa potso ea tsoho, a ba qabanya. Ha mofere-fere o ntse o tota, masole a Baroma a hloibila Pauluse aa ’malehisa. Ka lekunutu a isoa ho ’Musisi Felixe Cesarea. Ka pel’a ’Musisi o itšireletsa khahlanong le banqosi ba hae. Empa moapostola o bolokoa litlamong ka lilemo tse peli. Hamorao a hlaha ka pel’a Porciuse Festuse, a fana ka bopaki bo sebete, ’me o ipiletsa ho Sesare. (Liketso 25:11) Hamorao hape, Pauluse o hlaha ka pel’a Morena Heroda Agrippa II. Leha Agrippa a hlokomela ho hloka molato ha Pauluse, moapostola o ipiletsa ho Sesare ’me ka hona o isoa Roma.

Leeto la ho ea Roma la sitisoa ke sefefo se sebe. Sekepe sea teba ’me sea robeha, empa, joalokaha lengeloi le ile la tiisetsa Pauluse, bohle ba neng ba le sekepeng ba fihla lebopong la sehleke-hleke sa MaIta ba bolokehile. Likhoeli tse tharo hamorao Pauluse le metsoalle ea hae e tsamaeang ba sesisetsa Roma. Pauluse o hlola motse-moholo oa Roma ka lilemo tse peli ‘ka tlung eo a e alimileng, a ntse a amohela ka mosa bohle ba tlang ho eena.’ Ka morero ofe? E le hore a ka ba pakela, hobane re bolelloa hore o ne a tšoarehile “a bolela ’muso oa Molimo, a ruta le tsa Morena Jesu Kreste ka ho tiea hohle, a se ke a thibeloa ke motho.”—Liketso 28:30, 31.

Ka hona ke Liketso tseo tse koalang ka tlaleho ea bopaki bo tšepahalang ba ’Muso. E, buka ea Liketso e totobatsa tšepo e khōlō ea ’Muso. ’Me tlaleho ena e bululetsoeng e lokela ho susumelletsa bahlanka ba Molimo ba kajeno ho tšoana le metsoalle ea bona ea pele ea lekholo la pele la lilemo—Lipaki tsa Jehova tse sebete ketsong!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa lintlha tse qaqileng, bona Aid to Bible Understanding, leqephe la 32, le “All Scripture Is Inspired of God and Beneficial,” maqephe a 198, 199. Libuka ka bobeli li hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Joaloka Petrose ka Pentekonta, Bakreste bohle ba tšepahalang ke Lipaki tsa Jehova tse sebete

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela