Ho Soma ho Hotle Kapa ho Hobe?
HO NE ho e-na le lelapa le leng la Majeremane le nang le batsoali le bana ba bahlano. Oa matsibolo le oa ho fela e le banana, ka bashemane ba bararo lipakeng. Moshemane e moholo o ne a rata ho soma ka bosoasoi khaitseli oa hae e moholo. Neng le neng ha khaitseliee a ipiletsa ho ’m’ae hobane a hlora, le hoja ’mè a ne a khalemela ka thata, matšeliso feela ao ngoanana a neng a a fumana ke hore a hopotsoe maele a Sejeremane a reng, Was sich liebt, das neckt sich (‘Motho o soma eo a mo ratang’) Ka mantsoe a mang, ho soma ke bopaki ba lerato. ’Me mohlomong ho ka ’na ha e-ba joalo.
Leha ho le joalo, ho na le ho soma ka bosoasoi ha mofuta o mong. Mohlanka e mong ea moholo oa Mokreste, ha a buisana le mohlankana le moroetsana bao a neng a ba chatisa, a ba eletsa ka mantsoe ana: ‘Le se ke la somana ka bosoasoi, haholo ha le le har’a batho. Ho ka ’na ha bonahala eka ke boithabiso bo sa reng letho, empa kamehla ho sia ea songoang a utloile bohloko, a soabile a le mosesaane.’
Ka ho totobetseng, ho na le ho soma ho hotle le ho hobe. Hona ho bonoa ka mehlala e kaholimo le ka mantsoe a hlalosang. Har’a oona ke: ‘ho khopisa motho; ho tšehisa motho ka batho ba bang; ho qabola ka motho ntle ho ho khopisa; ho khopisa kapa ho tšoenya ka mesoaso; ho emella; ho tšoenya.’ Kahoo hore na ho soma ka bosoasoi ho hotle kapa ho hobe, le hore na u lokela ho ho etsa kapa che, ho itšetlehile ka maemo le hore ho etsoa ka mokhoa ofe.
Ha Bana ba Somana
Ka lebaka la ho se nahanele, bana ba bangata ba tloaetse ho soma ba holofetseng kapa ba masoabing a itseng, mohlomong ka baka la ho hlaha ba holofetse kapa ka kotsi. Kapa mohlomong bana ba somana ka baka la merabe kapa bochaba bo sa tšoaneng. Hangata, joaloka mehlaleng e boletsoeng, ke bashemane ba somang, mohlomong ka baka la hore ba rata merusu ho feta banana. Empa e ka ba phoso ho batsoali hore ba se ke ba hlokomela hore na bosoasoi ke ba mofuta ofe le ho bo hanela haeba e le bo fosahetseng kapa bo bontša ho haelloa ke mosa.
Hangata ho soma ho bontša ho haelloa ke ho ipea sebakeng sa motho e mong, hobane ntle ho khethollo ho atisa ho akarelletsa ho qaboha ha motho e mong eena a utloa bohloko. Ha e le hantle, ba baholo kapa ba banyenyane ba rata ho tšoaroa ka hlompho, na ha ho joalo? Bibele e bolela ka ho se thabele ha Molimo basomi ba banyenyane. Ka lekhetlo le leng, bashemane ba banyenyane ba soma moprofeta ea tšepahalang oa Jehova Elisha ka ho mo tšeha ka hore ke “lefatla.” Ha baa ka ba phonyoha, hobane libere tse peli li ile tsa hlaha morung ’me tsa bolaea ba mashome a mane a metso e ’meli ho bona.—2 Marena 2:23, 24.
Bana ba rata ho soma ha mofuta o mong, haeba batsoali ba ho lumella. Baa soma, ha e le hantle ka ho emella ntat’a bona kapa ’m’a bona ho fihlela ngoana a neoa seo a se kōpang. Leha ho le joalo, ntho e joalo e ka ’na ea e-ba molato oa batsoali kapa oa bana. Joang? Ngoana ka potlako a ka ithuta hore ha ho letho le fumanoang ka ho emella batsoali ba hae ka boiteko ba ho fetola maikutlo a bona haeba batsoali ba le hlokolosi ho nahana litaba ’me ka tieo ba tiea taelong ea Mangolo, e reng: “Puo ea lōna e be e, e; che, che.”—Mattheu 5:37.
Ho Somana ha Batho ba Baholo
Banna ba bang ba thabela ho soma basali ba bona kapa beng ka bona ba basali kapa metsoalle. Hona ke hona ho soma ho neng ho boleloa ke mohlanka ea holileng ea boletsoeng pelenyana. Ho qabola motho ea ho etsang, ’me mohlomong le ba bang ba shebelletseng. Empa ho soma ka tloaelo ho utloisa bohloko kapa ho baka lihlong ka tsela eitseng. Ka ho totobetseng, batho ba barapeli ba etelloang pele ke moea o halalelang oa Jehova le ba bontšang tholoana ea oona ea lerato, thabo, khotso, sebete, khauho, molemo, botšepehi, bonolo le boitšoaro ba ke ke ba boela ea e-ba ba hlokang lerato, ba seng mosa le tse joalo. (Ba-Galata 5:22, 23) Ba ka soma ba bang kapa ba ba qala joang e le hore feela ba “qabohe”?—Bapisa Liproverbia 26:18, 19.
Ka linako tse ling, leha ho le joalo, ho ka ’na ha e-ba le ho soma ho molemo le ho hahang—ho tsoaloang ke lerato la sebele. Ho soma hona ho nahanela boikutlo ba ba bang; hoa nahanela. Monna a ka ’na a soma mosali oa hae ka bonolo ha a ja lintho tse tsoekere haholo, a mo hopotsa hore o tla nona. Ka mokhoa o bonolo o tšehisang, a ka ’na a hlakisa taba hamolemo ho feta ka ho belaela, ho halefa kapa ho nyatsa.
Ho Soma ho se Nang Boitšoaro
Leha ho le joalo, ho na le ho soma ha mofuta o mong hoo ho seng molemo oa letho o ka boleloang ka hona. Ke hofe? Ke ho soma ho etsoang ka ho nka habobebe se ratehang kapa ka maikutlo a ba bang, joaloka ho nkana ka lefereho le enoa le eane ntle ho sepheo, kapa ho apara le ho itšoara ka tsela e lokiselitsoeng ho tsosa boikutlo bo bobe. Hona hona ke boithati bo feteletseng, le hoja ka linako tse ling ho etsoa motho a sa hlokomele hore na ke eng e amehang.
Ho ke ke ha latoloa hore ho na le banna ba bangata bao ka baka la ho se itšetlehe ka metheo ea Bibele, ba thabelang ho phephetsoa botoneng, hobane hona ho tsosa takatso ea bona ea bootsoa. Empa banna ba Bakreste, ba ikemiselitseng ho phela ka metheo e beiloeng ka Lentsoeng la Molimo, ha ba ananele ho pepesetsoa moleko joalo. Pele ho tsohle, ha ba batle ho oela tsuong e mantsoeng a Jesu: “Empa ’na, ke re ho lōna: Motho, leha e ka ba mang le mang, ea talimang mosali ho mo lakatsa, o se a mo febile pelong ea hae.” (Mattheu 5:28) Ho feta moo, banna le basali ba barapeli ha ba batle ho lekoa ho oela bofebeng kapa bohloleng, ba tseba kamoo Jehova Molimo a talimang phoso e joalo. Lentsoe la Jehova le bolela hore: “Lenyalo a le ke le hlomphehe har’a batho bohle, le liphate li hloke litšila; hobane Molimo o tla ahlola babōki le bafebi.”—Ba-Heberu 13:4.
Kahoo, ho na le ho soma ho seng kotsi le ho bileng ho hahang, pontšo ea lerato. Empa ho soma ho hong ho ka baka kotsi ’me ho ka ba ha leka ba bang ho inehela maikutlong le liketsong tseo e seng tsa Bokreste. Na joale u rata ho soma ba bang? Haeba ho joalo, u se ke ua lebala hore le hoja ho soma ho ka ’na ha e-ba hotle, hangata ho hobe.