Ho Nyarela ka Litabeng
Ho Korotla ka Bolumeli
Ho futuhela ha Iseraele Lebanone ka ntoa ho ile ha mema litlhaloso tse ngata ka hore na ke eng se hlileng se hlohlelletsang lehloeo leo ho bonahalang le busa Bochabela bo Hare. “Kotsi e khōIō,” kamoo ho hlokometseng Dennis Braithwaite oa The Toronto Sun, “ke hore Maiseraele le Mapalestina, ka bobeli e le bana ba tsoileng ho Sema, e be ba ka loanela sebaka seo e leng lehae la bona ka bobeli ’me ka ho utloahalang ba ka le kopanelang ka khotso.” Maikutlong a Braithwaite, “ho hlileng ho ba arohanyang ke bolumeli; ho hong ke Iiketselletso, mashano, botumo bo bobe. . . . Tlosa cheseho e se nang kelello ea bolumeli, ekaba ho tla beng ho setse hore Moarabia le Mojode ba ho loanele ke hofe?”
Empa mongoli oa litaba o hlokomela hore lehloeo la bolumeli ha lea fella feela Bochabela bo Hare: “Hlokomela bohlanya bo Ireland Leboea, moo maikutlo a mabeli a bolumeli ba Bokreste a entseng hore batho ba tšoanang, ba buang ka ho tšoanang le ba tsoang mobung o le mong, ba ikhame ka ntoa e bolaeang e makatsang ba ka thōko. Ke eng ha e se bolumeli bo etsang hore IRA le Ulster Defence League Ii chee maraba a polao le ho iphetetsa? Ha ba botsoa lipotso thelevisheneng, u ke ke ua ba khetholla.”
Braithwaite a tsoela pele ho bolela hore “bolumeli e mpa e le mofuta o mong oa bochaba, maikutlo a ‘rōna’ le ‘bona,’ . . . kotsi e mpe ka ho fetisisa bokamosong ba batho bohle.” Na ha hoa hlaka hore mokhoa ona oa ho hlokomela hore bolumeli ke “kotsi” o tla ’ne o hlokomelehe ’me qetellong ho tla bo lihela bohale ba lichaba? Boprofeta ba Bibele bo hlakisa hore lichaba tsa sesole li tla tloha li fetohela bolumeli le ho bo timetsa joaloka seotsoa se hloiloeng seo e leng khale se ikatlehisa ka tsona.—Tšenolo 17:1, 2, 5, 15, 16.
“Bakreste” ba Kotsi
“Le hoja ke le moruti le seithuti sa Bibele se chesehang, ha ho mohla nkileng ka fumana ka Mangolong a Halalelang tšenolo le e nyenyane feela e buang ka hore ho lahloe lihlomo kapa ka khotso ea machaba,” ke tiiso ea moruti oa Lutere ea Mafora Michel Viot, ha a ngola ho Le Monde e tsoang ka letsatsi ea Paris. “Kapa hore nkile ka bala hore ho ntša marumo le hona hoa nyatseha, . . . ’me kaha ho molaong ho jara lihlomo, Mokreste a ke ke a potlakela ho suthisa pheko ea sesole bakeng sa ho boloka khotso.”
Tataiso ea mofuta ona ea bolumeli e tlatselitse ho ithaopeleng ha Bakreste ’mōtoana ho jara lihlomo ho loantša balumeli bahabo bona le ba bang ka cheseho ea mapolotiki. Ka sebele “seithuti sa Bibele” se ka fumana molemo ka ho hlahloba bocha Bibele hore se fumane boholo ba ‘tšenolo ea eona ka ho lahloa ha lihlomo le khotso ea machaba.’ Baprofeta Esaia le Mikea ba itse: “Ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.”—Esaia 2:4; Mikea 4:3.
Ka ho lumella ha Mangolo ‘ho ntša sabole,’ Jesu Kreste o itse “bohle ba tšoereng sabole, ba tla bolaoa ka sabole.” (Mattheu 26:52) Ka lehlakoreng le leng, Bakreste ba tsokotsa lihlomo tsa moea tse lumelloang ke Molimo.—2 Ba-Korinthe 10:4, 5.
“Ntho” e Shoang
Boithuto bo tsoa senoloa haufinyane ke ntlo-kholo ea Lekhotla la Sechaba la Likereke New York bo senotse liphetho tsa liphuputso tse matla bolumeling ba America. E mong oa batsamaisi ba boithuto, Moprofesa William Newman oa Univesithi ea Connecticut, o boletse hore “moloko oa hona joale oa batho ba baholo ba lilemong tse bohareng ka kakaretso o sebelisa ntho [bolumeli] hanyenyane.” Hape a hlokomela hore, Maamerika ka kakaretso “a khahloa hanyenyane ke bolumeli.” ’Me The New York Times e tlalehile ka boithuto e phaella ka hore: “Litho tsa kereke ho tloha ka 1971 ho ea ho 1980 li hlōlehile ho ipapisa le keketseho ea baahi sechabeng, ho fetola mokhoa oa nala ea kereke oa lilemong tse fetileng tse mashome a mabeli.” Hona joale ke karolo e ka tlase ho halofo ea batho bohle ba baholo e kenang kereke kapa synagoge.
Ke kahoo ‘ho psha’ ho profetiloeng ke Bibele ha ho tšehetsoa ha bolumeli ho ntseng ho tsoela pele, joalokaha metsi a nōka ea Eufrate a ile a epsha ho lokisetsa ho timetsoa ha Babylona ea boholo-holo. Kajeno, “Babylona e moholo,” ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, le eona e felloa ke “metsi” a eona, ho bontšang phello e tšoanang.—Tšenolo 16:12; 17:1, 5, 15, 16.