Ho Bososella Basele
Kazuhiko Nagoya, moqolotsi oa litaba oa Daily Yomiuri ea Tokyo o ile a ngola tjena karolong ea hae ea “Spice of Life,” “Ha basali ba babeli ba bososella mongoli enoa, ka ipotsa ka motsotsoana hore na e be nkile ka teana le bona pele ho moo. Tsela eo ba ileng ba bososela ka eona, e ne e bonahala eka ba nkhopola ka baka la ho teana le ’na nengneng ’me ba thabetse ho mpona hape.” Empa ho ne ho se joalo: “Ka ba shebisisa lifahlehong empa ka bona hore ho hang ha ke ba tsebe.” Eare ha batho ba bang ba babeli ba etsa joalo, a re, “ka ikutloa ke thabile haholo. Ke tsela eo ka eona batho bao ba bososellang basele, ha ba ba bona ho sefe kapa sefe sa liboka tsa bona.”
Ke batho bafe ba amohelang basele ka mofuthu o mokaalo? Monghali Nagoya o re, “E ne e le Okoku Kaikan (Holong ea ’Muso), se seng sa libaka tse ngata tsa Japane moo [Lipaki tsa Jehova] li bokanang hammoho.” A boela a re: “Ntho e ’ngoe e tsotehang ka batho ba bokanang holong ka makhetlo a mararo ka beke ke hore kaofela ha bona ke balateli ba chesehang ba Bokreste ’me ha ho lea mong ho bona ea tlang libokeng ka ho iqobella kapa ka baka la tloaelo feela. Matla a tumelo a kopanya banna, basali le bana hammoho, ba bitsanang ‘kyodai’ (moena) kapa ‘shimai’ (khaitseli). ’Me matla a tumelo a ’nile a hohela batho ba bangata mokhatlong ho theosa le lilemo.”
Ha a phetha mongoli a ngola ka leeto le leng Holong ea ’Muso: “Ha ke tla tloha ke tloha kamorao ho seboka, moshemane, ea ka bang lilemo li 10, a tla ho ’na ’me a re: ‘Re thabetse ha u tlile kajeno. U khutle.’ Sefahlehong sa hae o ne a e-na le pososelo eane e khethehileng. Ke ne ke thabile hobane e ne e le ka lekhetlo la pele ngoana oa lilemo tseo eo ke sa mo tsebeng a tla ho mpososella le ho bua le ’na ka tsela e joalo.”