’Muso le “Nqalo e Halalelang”
“Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang. Joale, etlare ha le bona manyala a bofeliso, a boletsoeng ke moprofeta Daniele, a eme nqalong e halalelang, (ea balang a lemohe;) mohlang oo, ba leng Judea ba balehele lithabeng.”—Mattheu 24:14-16.
1. Baboleli ba mafolo-folo ba ’muso o hlonngoeng oa Molimo ba thahasella eng kajeno?
NA U e mong ea ileng a kopanela ka cheseho ho boleleng “evangeli ena ea ’muso”? Haeba ho joalo, u lebelletse ka mafolo-folo ‘ho tla ha bofelo.’ Ebile, u thahasella haholo ho lemoha se boleloang kajeno ke “manyala a bofeliso” le “ho ema ha oona nqalong e halalelang.” Hape u tla rata ho tseba phethahalo ea kajeno ea seo moprofeta Daniele a se boletseng ka lintho tsena, le hore ke joang, kajeno ba bang har’a ba fumanang poloko ka “ho balehela lithabeng.”—Mattheu 24:3-16.
2. (a) Ke mangolo afe a mang a ka re thusang ho tseba “bahalaleli” ba boprofeta ba Daniele? (b) Ke sehlopha sefe se seng se ileng sa bonahala haufinyane, ’me lihlopha tsena tse peli li thahasella eng e tšoanang?
2 Boprofeta ba Daniele bo bolela ho hongata ka “bahalaleli” ba ruang ’muso. (Daniele 7:27) Bana ba etsa sehlotsoana sa Bakreste ba “tsoetsoeng bocha,” Baiseraele ba moea, ba bolokileng botšepehi litlhaselong tsa Satane, ’me ba ipakile ba lokeloa ke tulo ’musong oa maholimo. (Johanne 3:3; Luka 12:32) Lilemong tse fetileng, “bongata bo boholo . . . ba lichaba tsohle,” bo nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng paradeiseng lefatšeng bo ile ba kopanela le masala a tlotsitsoeng a Lipaki tsena tsa Molimo. Na u sehlopheng se seng sa tsena? Haeba ho joalo, u na le tokelo ea ho neela Molimo “tšebeletso e halalelang” mabaleng a tempele ea oona ea moea e leng lefatšeng. Ena ke tšebeletso e halalelang, e etsetsoang “nqalong e halalelang” e tšoanang hantle le mabala a tempele ea Jehova ea Jerusalema ea boholo-holo.—Tšenolo 7:4, 9, 15; Ba-Roma 12:1, 2.
3, 4. (a) Ke ‘Jerusalema’ life tse tharo tseo joale li tlang hlokomelong ea rona? (b) Lentsoe la Molimo le hlalosa joang ‘Jerusalema’ ka ’ngoe?
3 Ka baka la bokoenehi ba Bajode, ba ileng ba bolaea Mora oa Molimo, Jerusalema ea lefatšeng e ile ea felisoa, Molimo oa e lahla. (Mattheu 23:37, 38) Leha ho le joalo, Jehova a ’na a rata Jerusalema e moholo. Ba-Galata 4:26 e e bitsa “Jerusalema ea holimo.” Ke “mosali” oa Jehova, phutheho ea hae ea leholimo e kang mosali. Ke Jerusalema ena e tsoetseng Mora oa Molimo oa moea Jesu Kreste, eo ka selemo sa 33 CE, a “neetseng bophelo ba hae” bakeng sa batho.—Mattheu 20:28.
4 Hoba Jesu a tsosoe ka moea, o ile a phahamisetsoa letsohong le letona la Ntat’ae oa leholimo. Ka nako e beiloeng, ka 1914 CE, Jehova a ’mea ’musong oa hae oo Ba-Heberu 12:22 e o amahanyang le lebitso Jerusalema, ’me o bitsoa “Jerusalema oa holimo.” Ka nako e loketseng, ’muso ona o tla felisa tsamaiso e khopo ea Satane ’me o hlome paradeise lefatšeng la rona.—Mattheu 6:9, 10.
Ho Felisa “Nqalo e Halalelang”
5. (a) Jesu o boletse eng ka Jerusalema oa lefatšeng? (b) ’Me sena se lebisa potsong efe le boprofeteng bofe?
5 Joale na re ka bula Libibele tsa rona ho Mattheu, khaolo 23 vs. 38? Temaneng ea 38 u tla hlokomela mantsoe a Jesu a reng ntlo ea Jerusalema “e tla sala e le lesupi.” Eaba Jesu o bua le barutuoa ba hae ba maketseng, mantsoe a Mattheu 24 temana ea 2, mabapi le tempele eo ea Jerusalema oa lefatšeng: “Kannete ke re ho lona; ha ho ka ke ha lesoa teng lejoe holim’a lejoe le leng, le sa heletsoang.” Sena sa etsa hore barutuoa ba bane ba Jesu ba botse potso e hlahang ho Mt 24 temana 3: “Re bolelle nako eo tseo li tla etsahala ka eona, le ntho eo e tla ba pontšo ea ho tla ha hao, le ea ho fela ha lefatše.” Kamor’a moo Jesu a fana ka boprofeta ba hae bo tsebisahalang haholo bo tsoelang pele ho fihla qetellong ea Mattheu, khaolo 25.
6, 7. (a) Phethahalong ea boprofeta, ho sokeloa eng? (b) “Manyala a bofeliso” a ile a bonoa a “eme nqalong e halalelang” joang?
6 Se ileng sa khahla barutuoa ba Jesu morao koo ka 33 CE ebile ho fela ha tsamaiso ea Sejode, eo setsi sa eona se neng se le tempeleng ea lefatšeng ea Jerusalema, tsamaiso ea bolumeli e ileng ea koeneha. Empa ho sa tsotellehe bokoenehi ba eona Jerusalema ea ’na ea tsejoa e le “motse o halalelang,” esita le kamor’a lefu la Jesu. (Mattheu 27:53) Ha boprofeta ba Jesu bo phethahala, mahlomola a ile a ata Jerusalema le Judea le linaheng tse haufi. Eaba ka 66 CE, makhotla a Baroma tlas’a Molaoli Gallus a hlasela Jerusalema. Joaloka ha Jesu a profetile (ho ea ka Luka 21:20), Jerusalema “a teeloa hare ka makhotla a lira.” Joaloka ha ho boletse ralipale Josephus, a ile a hlasela motse le mekhoa ea oona ea borapeli ba litšoantšo ’me a qalella ho cheka lerako la tempele.
7 Ka sebele makhotla ao a Baroma a ne a eme “nqalong e halalelang.” A ne a ikemiselitse ho felisa “motse oa Jehova” motse oo ka makholo a lilemo o ileng oa amahangoa le borapeli ba Jehova. (Pesaleme 101:8) Ka sebele, hoo e ne e le “manyala” ho Bajode ba bakoenehi le ho Bakreste ba Bajode! Leha ho le joalo, ebile Bakreste feela ba ileng ba hlokomela hore ena ke taba eo Jesu a profetileng ka eona. Ha se feela “motse o halalelang” le tempele ea ’ona ea borapeli tse ileng tsa sokeloa esita le Bakreste ba tšepahalang ho Jehova le Lentsoeng la hae la ’nete ba neng ba le ka har’a oona ba ile ba ameha. Ba ne ba tla pholoha joang?
8. Jehova a tsamaisa lintho joang, ka phello efe?
8 Jehova a tsamaisa lintho ka mohlolo. Ka tšohanyetso makhotla a Baroma a tlohela motse, a bula tsela hore Bakreste ba mamele boprofeta ba Jesu. Ba fela ba mamela, “ba balehela lithabeng” tsa Gileade! Eaba ka 70 CE, “manyala” a khutla. Ka likhoeli tse ’ne feela, makhotla a Baroma tlas’a Molaoli Tite a felisa Jerusalema, a fetola ‘nqalo ea ’ona e halalelang’ lesupi. Bajode ba fetang millione ba e-shoa kolueng eo, ha phonyoha ba seng bakae. (Daniele 9:26) Empa Bajode ba fetohileng Bakreste ba ile ba bolokeha! Hobane’ng? Hobane ba ile ba mamela Lentsoe la ’nete la boprofeta joaloka ha le ile la boleloa ke mosuoe e moholo, Jesu Kreste—Mareka 13:1, 2, 14.
Ho Tšoana ha Mehleng ea Kajeno
9. Hobane’ng liketsahalo tseo tsa lekholo la pele la lilemo li lokela ho re thabisa kajeno?
9 Liketsahalo tseo tsa lekholong la pele la lilemo li bolela ho hoholo ho rona kajeno. Hobane’ng? Hobane li tšoana hantle le tsa lekholo lena la mashome a mabeli la lilemo. Boprofeta bo boholo ba Jesu bo tla fella mehleng ea rona, ka phethahalo e sisinyang lefatše! Leha ho le joalo, nakong ena ha se feela motse oa Jerusalema le naha ea Juda empa lefatše lohle, ka likete-kete tsa metse ea lona, lihlopha tsa lona tsa bochaba le merabe tse makholo-kholo le ka batho ba lona ba limillione tse 4 400—tsamaiso eohle ea lefatše ea lintho—ea ameha.
10. (a) Ke nako efe e ileng ea fella ka 1914, ’me joang? (b) Hobane’ng ho na le “malimabe” a neng a sa lebelloa lefatšeng?
10 Esita le baeta-pele ba lefatše ba hlokometse hore selemo sa 1914 CE se tlisitse phetoho e kholo. Ka sebele, “mehla ea lichaba” e felile ka selemo seo. (Luka 21:24-28) Jehova a ke ke a boela a lumella mebuso ea Balichaba ho busa joaloka ha e rata. Ke ka baka leo boprofeta bo ileng ba phethahala ho Morena Jesu: “Jehova o ea otlolla Sione [“Jerusalema oa leholimo,” ’muso oa messia], molamu oa matla a hao: ‘Hloma ’muso oa hao har’a lira tsa hao.’” (Pesaleme ea 110:2) Ka kutlo, morena ea beiloeng teroneng a tebela Satane le makhotla a hae a bademona leholimong a a lahlela haufi le lefatše. Kahoo, “ka nako e seng kae,” “ho malimabe ba ahileng lefatšeng.” (Tšenolo 12:7-12) Joale, ho tloha ka 1914 ho ea pele boprofeta bo boholo ba Jesu ba Mattheu likhaolo 24 le 25 bo phethahala lefatšeng lohle.
11. Ke eng seo uena ka bouena u se hlokometseng ho phethahaleng ha boprofeta bo boholo ba Jesu?
11 Na kaofela ha rona ha re Lipaki tse boneng ka mahlo “pontšo . . . ea ho fela ha lefatše”? Na rona ka borona ha rea bona lintoa tse kholo, khaello ea lijo, mafu a akaretsang, litšisinyeho tsa lefatše le “matšabeho” ao Jesu a a boletseng e sa le pele? Na ha rea bona ho hlorisoa ha Bakreste, ’me ra kopanela ho bolela “evangeli ena ea ’muso . . . lefatšeng lohle e tle e be bopaki ho lichaba tsohle”? Ka sebele boholo ba rona re bone lintho tseo! (Mattheu 24:3-14; Luka 21:10-12) Empa ho thoe’ng ka mantsoe a Jesu, ho Mattheu 24:15, 16 a buang ka “manyala a bofeliso”?
Phethahalo ea Lefatše Lohle
12. “Mahlomola a maholo” a tla fapana joang le pheliso ea Jerusalema?
12 Ho phethahala ha boprofeta bona lekholong la pele la lilemo ho fana ka mohlala oa seo re lokelang ho se lebella kajeno. Empa liketsahalo tse ling ha li tšoane hantle. Ka mohlala, litemaneng tsa 21 le 22 Jesu o itse: “Hobane mohlang oo, mahlomola a tla ba maholo, haesale le tšimolohong ea lefatše, ho fihlela joale, tsietsi e kaalo ha e-so ka e ba teng, ’me ha e ka ke ea boela ea e-ba teng le ka mohla o le mong. Le hojane matsatsi ao a se ke a khutsufatsoa palo, ho ne ho ke ke ha phonyoha motho; Empa ka baka la bakhethoa, matsatsi ao a tla khutsufatsoa.” “Mahlomola a maholo” a bofelo a ke ke a fella Jerusalema feela kapa motseng o mong o itseng. E tla ba tlokotsi e kholo ka ho fetisisa e kileng ea otla lefatše la rona. ’Me e tla akaretsa lefatše lohle.—Jeremia 25:30-33; Mattheu 24:30.
13. Ho fapana le “batho” ba ileng ba phonyoha bofelo ba Jerusalema, ke “batho” bafe ba tla phonyoha “mahlomola a maholo”?
13 Ho feta moo, “batho” ba tla phonyoha e ke ke ea e-ba sehlotšoana se itseng sa Bajode ba bakoenehi, ba isoang bokhobeng, joaloka ha ho ile ha etsahala ha ho felisoa Jerusalema oa lefatšeng. Ho e-na le hoo, “batho” bao e tla ba “bakhethoa,” ba emelang lefatšeng “Jerusalema oa leholimo,” hammoho le “batho” bao e leng metsoalle ea bona ea “bongata bo boholo” bo tsoang lichabeng tsohle, boo Tšenolo 7:14 e reng ka bona: “Ke ba tsoang mahlomoleng a maholo; ba hlatsoitse liaparo tse telele tsa bona, ba li soeufalitse maling a Konyana.” Re ka utloisisa joang, he, Mattheu 24:15, 16 phethahalong ea eona ea kajeno?
“Ea Balang a Lemohe”
14, 15. Ke lintho life tseo ‘ea balang a li lemohang’ ha a bala Daniele likhaolo 7 le 8?
14 Mona Jesu o ne a lebisitse ho “moprofeta Daniele,” ’me a phaella: “Ea balang a lemohe.” E bile “ka selemo se qalang puso ea Belshatsare, morena oa Babylona” ha Daniele a ne a bontšoa Moholo oa Matsatsi, Jehova Molimo, le ho ahlola ha hae lichaba tsa lefatše ka ’muso oa Messia. Sena se ne se tla etsahala “mohla bahalaleli ba amohelang ’muso.”—Daniele 7:1, 9-14, 21, 22, 27.
15 Daniele o ile a bona pono e ’ngoe selemong sa boraro sa puso ea Belshatsare. Ho Daniele 8:3-9, moprofeta o sebelisa puo ea tšoantšetso ha a hlalosa tatellano ea “libatana” le “manaka” a matla a neng a mela lihlohong tsa “libatana” tseo. Daniele 8:20-25 e re thusa ho tseba libatana tsena e le mebuso ea lefatše ho tloha lilemong tse fetileng tse 2 500, ho qala ka Medo-Persia, ho latele Greece, Roma ’me qetellong—ha ‘lenakana’ le hola ho fihlela ha matla a lona a eketseha haholo—’Muso oa Manyesemane, oo hamorao o ileng oa kopana le ’muso o kopaneng oa Amerika. Ka tsela e joalo ha hlongoa mebuso e ’meli e matla ea lefatše.
16. (a) Ke ‘nako efe e ileng ea fihla’ ’me “bahalaleli” ba ile ba hlaheloa ke eng? (b) Ke ka baka la’ng ha litokollo tsa The Watchtower ea June 1938 li ne li le bohlokoa ho batho ba Molimo?
16 Ka 1918 CE ‘nako e beiloeng ea fihla’ hore “bahalaleli” ba amohele ’muso. Ho tloha ka 1919 ke ha “bahalaleli” ba setseng lefatšeng ba hlophisetsoa ho etsa khoeletso e kholo lefatšeng lohle ka ho hlongoa ha ’muso oa Messia. (Mattheu 24:14) Kapele-pele ba ile ba tsejoa lefatšeng lohle e le “Lipaki tsa Jehova” ’me “bongata bo boholo” ba metsoalle ea basebetsi ea qala ho kopanela le bona. (Esaia 43:10, 12; Tšenolo 7:9) Leha ho le joalo, lilemong tsa bo-1930 ha tsoha mahloriso a maholo. Jehova a nea batho ba hae matla hore ba thulane le tšokelo ena ka ho ba hlophisa hape pusong ea leholimo. Litokollo tsa Watchtower tsa June 1 le 15, 1938, tsa e-ba le lihlooho tse buang ka “phutheho” tse ileng tsa nea batho ba Molimo tsela ea puso ea leholimo e neng e tla sebetsa e le motheo bakeng sa mosebetsi oa bona ntoeng ea bobeli ea lefatše.—Esaia 60:17.
17. Daniele 8:10, 11 e phethahalitsoe ho bomang?
17 Daniele 8:10, 11 e ile ea phethahala nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. ‘Lenakana’ la nyefola Jehova Molimo, “Morena oa makhotla.” “Makhotla” ana ke afe? Na ke lekhotla le leholo la batho le itšoarelletseng lithutong tsa bolumeli ba Bojakane? Che. Hobane tsona ha li ea “hlouoa,” hobane li ikentse karolo ea lefatše la Satane. (Mattheu 24:9; Johanne 15:18-20) Mona Daniele o bua ka lekhotla le lenyenyane, le tšoanang le lekhotla la Gidieone la ntoa le neng le le lenyenyane haholo ha le bapisoa le makhotla a Mediane. (Baahloli 7:8, 12) Ke masala a lefatšeng a “lekhotla” la 144 000 la “bahalaleli” ba tla busa le Konyana, Kreste Jesu thabeng ea Sione ea Jerusalema oa leholimo.”—Tšenolo 14:1-15.
Ba Lulang “Nqalong e Halalelang”
18. (a) Mangolo a bontša hore “nqalo e halalelang” e lokela ho ba tulong efe? (b) Ho ea ka Daniele 8:12, ho etsahala’ng tulong eo?
18 Kajeno masala a lula “nqalong e halalelang” ’me a emela “Jerusalema oa leholimo” lefatšeng le tokisetso ea ’ona ea tempele. Daniele o e hlalosa (ho Da 8 temana 11) e le “moaho oa sehalalelo sa [Jehova] “bonamelong ba maoto a hae,” e leng lefatše. (Esaia 66:1) O re: “La mo amoha sehlabelo sa ka [Jehova] ka mehla, ’me moaho oa sehalalelo sa hae oa ripitloa. Makhotla a hlōloa ke lona le sehlabelo sa ka mehla ka baka la sebe, la lahlela ’nete fatše, la ba la atleha ho tse etsoang ke lona.” (Daniele 8:11, 12) Hona ho ile ha phethahala joang?
19. (a) Re utloisisa eng mona ka sa lenakana’? (b) Ke joang le ileng la ’na “la lahlela ’nete fatše”?
19 Ha e le hantle, liithuti tsa Bibele tse tšepahalang—Lipaki tsa Jehova—li ile tsa hlaheloa ke eng nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše? Mahloriso a bohloko! Sena sa isa “sebeng” le boitekong ba ho felisa sehlopha sa “sehalalelo” le ho tlosa “sehlabelo sa ka mehla” ho Jehova, le ho mo sebeletsa letsatsi le leng le le leng. Hona ho qalehile linaheng tsa bo-Nazi. ’Me kapele-pele ‘’nete ea hatakeloa ka maoto’ hohle moo ho busang ‘lenakana’ leo matla a lona a bileng maholo.’ “Lekhotla” la baboleli ba ’muso le mosebetsi oa bona oa ho bolela ’nete ea ’muso le ile la thibeloa ho e ka bang linaheng tsohle tsa ’muso oa Manyesemane. Ha lichaba tsena li biletsa batho ba tsona bosoleng tsa hana ho nea Lipaki tsa Jehova tumello ea ho ba basebeletsi; tsa hlompholla ho khethoa ha tsona ka tokisetso ea puso ea leholimo joaloka basebeletsi ba Molimo. Pefo le lintho tse ling tse mpe tsa beoa holim’a bahlanka ba Jehova ba tšepahalang ho la United States.
20. (a) Daniele 8:14 e re tiisetsa eng? (b) Ke joang ‘sehalalelo se ileng sa hlōla’? (c) Ha Ntoa ea II ea Lefatše e atamela bofelo ke liphetoho life tse ileng tsa etsahala phuthehong ea Jehova?
20 Leha ho le joalo, ho ea ka Daniele 8:13, 14, kamor’a nako ea ‘matsatsi a likete tse peli tse nang le makholo a mararo’ (lilemo tse tšeletseng, likhoeli tse ’ne le matsatsi a mashome a mabeli), “sehalalelo” se tla “hloekisoa,” kapa “se tla hlōla” (New English Bible.) Ka sebele, Lipaki tsa Jehova li ile tsa hlorisoa habohloko ka baka la ho tiisetsa ha tsona ho ‘utloa Molimo ho e-na le batho.’ (Liketso 5:29) Empa mahareng a likhoeli tse qetellang Ntoa eaII ea Lefatše li ile tsa tiisa hape boikemisetso ba tsona ba ho phahamisa bobusi ba Jehova, le ho itšoarella ka bona liphuthehong tsa bona. Ka baka leo, ho hlophisoa hape ha mosebetsi le tsamaiso ea Lipaki tsa Jehova ho ile ha boela ha hlongoa hape ka 1944. The Watchtower ea October 15, 1944, ea e-ba le sehlooho “Ho Hlophisetsoa Mosebetsi oa ho Qetela.” Sehlooho sena le lihlooho tse ling tse amang le tšebeletso ka nako e tšoanang tsa bontša hore “nqalo e halalelang” e ne e boetse e “hloekisitsoe” ponong ea Jehova.a
21. Ho tla fihlela mona, ’muso o hlōtse joang?
21 Boiteko bo sa lokang ba sera ho felisa le ho etsa “nqalo e halalelang” lesupi bo hlōlehile. Masala a “bahalaleli” a lefatšeng, hammoho le metsoalle ea bona ea “bongata bo boholo,” a hlōtse. ‘Muso oa ’Musi ea Phahameng, Jehova, le oa Kreste oa hae, o hlōtse! Ho tla latela eng, ho ea ka lentsoe la boprofeta ba Jehova? Re tla bona.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa hlaloso e eketsehileng ea Daniele likhaolo 7 le 8 bona Molula-Qhooa, oa July 1, 1972 maqephe 291-297.
U ‘UTLOISISA’ ENG KA–
Daniele 7:22: NW “ho fihlela nako e beiloeng e fihla”?
Daniele 7:27: “bahalaleli,” “’muso”?
Daniele 8:9: “lenakana”?
Daniele 8:10: “makhotla a leholimo”?
Daniele 8:11: “Morena oa makhotla”?
Daniele 8:12: “la lahlela ’nete fatše”?
Daniele 8:14, NEB: “sehalalelo se tla hlōla”?
[Lebokose le leqepheng la 12]
Ka 1965 Mokanseliri Konrad Adenauer oa Jeremane o ile a re: “Menahano le litšoantšo li tla kelellong ea ka, . . . menahano ea pele ho selemo sa 1914 ha ho ne ho e-na le khotso ea ’nete, khutso le tšireletseho lefatšeng lena—nakong eo re neng re sa tsebe tšabo. . . . Tšireletseho le khutso li nyametse bophelong ba batho ho tloha ka 1914.”
[Lebokose le leqepheng la 13]
Ka 1980 tona kholo ea Brithani ea nakong e fetileng Harold Macmillan o boletse hore: “Lintho li tla ’ne li ntlafale butle-butle. Ke hlahetse lefatšeng lena. . . . Ka tšohanyetso, ho sa lebelloa, hoseng ho hong ka 1914 ntho eohle ea fela.”