Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 4/1 maq. 3-4
  • Nako—Ke Eng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nako—Ke Eng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lintlha ka Nako
  • Oache e Emisoang Fatše e Tšoarang Nako
    Tsoha!—2011
  • Ke Hobane’ng ha Nako e le Khutšoanyane Hakaale?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Bona ’me U Utloe “Nkokonono ea Lioache”
    Tsoha!—2010
  • Ke Nako Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 4/1 maq. 3-4

Nako—Ke Eng?

NAKO ke mang? U botsitse potso eo hangata hakae? Mohlomong ha u bala leqephe lena u ikutloa u susumeletseha hore u qekotse sesupa-nako se letsohong ho uena kapa u shebe se seholo leboteng. Hobane’ng? Hobane motho o hlile o falimehetse nako haholo, joalokaha eka o sitoa ho phela a sa tsebe hore na nako ke mang.—Pesaleme ea 90:12; Moeklesia 3:11.

Boholo ba rōna re tsamaisoa ke sesupa-nako letsatsi le leng le le leng. Rea robala, rea tsoha, rea ja, rea sebetsa le ho ithabisa, e seng neng le neng ha re ikutloa hore re etse joalo, empa ka nako eo re khannoang ke manaka a sesupa-nako. ’Me ka lebaka la ho rata ho rua tsebo, ha re sheba sesupa-nako mohlomong ha re thahaselle hakaalo-kaalo ho tseba hore na nako ke mang ho feta ho tseba hore na re saletsoe ke nako e kae pele ho etsahala hona le hoane.

Lintho tsohle tse phelang ho bonahala li e-na le sesupa-nako ka hare ho tsona. Ka mohlala, limela tse ngata le liphoofolo ka hare ho tsona li na le mokhoa oa ho metha nako ea ho hlahisa lipalesa le ho falla, kamoo e-bang hoa hlokahala. Re sa hlokomele, ka hare ho rōna ho tsoa metsoako ’me e laola tšebetso ea ’mele ea ho otla ha lisupa-nako tsa ’mele. Na hona ha ho re hopotse ka polelo ea maele, e reng: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e na le sebaka sa eona, ’me nako e teng ea tsohle tse etsoang tlas’a letsatsi”?—Moeklesia 3:1.

U ka hlalosa nako joang? Bang ba ka re nako ke tsela ea ho talima lintho kapa hore ke sebaka se lipakeng tsa liketsahalo. Ka baka leo, haeba ho se letho la mofuta ofe kapa ofe le etsahalang nako e ne e ke ke ea e-ba teng. Empa ho hlalosa seo nako e hlileng e leng sona ke ntho e tsietsang joaloka ho hlalosa hore na sepaka-paka sa bokahohleng ke eng. Empa ho na le litšobotsi tse itseng tsa nako tse tsejoang.

Lintlha ka Nako

Rea tseba hore na nako e leba kae—pele. E leba nqa e le ’ngoe feela. Nako ha e fetile e fetile, e ke ke ea hlola e khutlela morao. Liphoso tsa rōna le liketso tsa rōna tse ntle li siile mophula lehlabatheng la nako. Kamehla re phela kajeno ’me re leba nakong e tlang, empa ha ho mohla re tla khutlela morao e be re etsolla liphoso tsa rōna. Kahoo, ho molemo ha re etsa liqeto tse ntle hona joale e le hore re ka thabela bokamoso bo molemo ho e-na le boo re tla ikoahlaea ka bona.—Liproverbia 3:1, 2.

Rea tseba hore na nako e methoa joang. Khale-khale motho o ne a khotsofalla hore letsatsi, khoeli le linaleli li mo bolelle nako. Ho ba bangata, ha letsatsi le chaba hoseng e ne e le nako ea ho sebetsa, ’me ha letsatsi le likela mantsiboea e ne e le nako ea ho robala.

Ha batho ba ntse ba tsoela pele ’me ba qala ho leba koana le koana, motho a tšoareha haholo ke ho metha nako. Ka bohlale ba motho ba ho qapa lintho ha qaptjoa lintho tse ngata ntlheng ena—meriti, ho hotetsoa ha likerese, galase e methang lihora, sesupa-nako se sothoang ’me, kajeno, sesupa-nako sa athomiki. Tsena tsohle li sebeletsa ho metha molatsoana o sa bonahaleng o bitsoang nako. Ka baka la ho ngongorehela ha motho ho boloka nako e otlolohileng, batho ba bangata ba se ba fetohile ba tšoarehileng haholo ka nako ho feta mosebetsi.

Empa ke hobane’ng ha ho bonahala nako e potlaka ka lekhetlo le leng ’me e lieha ka le leng? Lebaka ke hobane nako e ka ’na ea methoa ka liketsahalo. Nako eo ho sa sebetsoeng letho ka eona e bonahala e le telele ho feta nako eo ho sebetsoang ka eona, ’me ha thahasello ea rōna e le kholo ho seo re se etsang nako e bonahala e feta ka potlako. Haeba mosebetsi o re tenne, ho bonahala nako e lieha ho tsamaea. Na ho na le mohla u keng u lule feela u emetse motho e mong? Hora e feela eo u e qetang ka tsela eno e bonahala e sa fele. Empa ha re re mohlomong ka hora eona eo u ne u tlameha ho etsa mesebetsi e mengata e kolokileng, e kang ho lokisa lijo bakeng sa baeti ba neng ba sa lebelloa (ho ebola litapole, ho butsoisa nama ka ontong, ho pheha meroho, ho lokisa tafole, ho tlosa lerole ka potlako ka tlung le ho itlhopha hore baeti ba fumane u boheha). Hora eo e ne e tla bonahala e feta ka lebelo le leholo, kaha e tletse ka liketsahalo tse ngata.

Ho hlokomela ha rōna nako e fetileng, ea hona joale le e tlang ho re khetholla ho liphoofolo. Liphoofolo ha li nahane ka nako e tlang, kapa e fetileng empa batho, le hoja ba phela hona joale, ba ka hopola ka liphihlelo tsa nakong e fetileng ho lebella hore na ba tla hloka eng nakong e tlang. ’Me ha lilemo li ntse li feta ’me re ntse re bokella tsebo bophelong, nako e bonahala e feta ka potlako ho rōna. Ka baka leo, ha re ntse re hola ’me re elelloa habohloko boemo ba rōna ba ho shoa, na ha rea lokela ho nahana haholoanyane ka bophelo le hore na re bo phela joang?—Pesaleme ea 90:10.

Lipolelo tsa seroki Henry Austin Dobson ka nako ke tsa ’nete haholo:

“Na u re ho tsamaea nako? Che!

Jo, nako e eme, ke rōna ba eang.”

Empa na ho lokela hore ho be joalo kamehla? E seng haeba re tseba hore na ke “nako” efe. Motho o tseba ho sebetsa nako, a be le mehopolo ka nako, a hle a methe hore na ke nako efe, empa na o tseba nako ea Molimo? Re hokae mabapi le kemiso ea Oona ea liketsahalo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela