Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 3/15 maq. 14-20
  • Re ka ‘Thaba ka Matsatsi ’Ohle a Rōna’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re ka ‘Thaba ka Matsatsi ’Ohle a Rōna’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thabo ka Lapeng
  • Ho Boloka Thabo ho sa Tsotellehe Bafosi
  • Na u ka Thabela Tsietsi ea Sera?
  • Pelo e Thabileng ke Lehlohonolo
  • Ho Thaba ‘Mosebetsing o Halalelang’
  • Sebeletsa Jehova ka Pelo e Thabileng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Sebeletsa Jehova ka Pelo e Thabileng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Ithabeleng ho Jehova!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Thabo ea Jehova ke Qhobosheane ea Rōna
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 3/15 maq. 14-20

Re ka ‘Thaba ka Matsatsi ’Ohle a Rōna’

“U re khorise ka mohau oa hao e sa le ka meso, re tle re nyakalle, re thabe ka matsatsi ’ohle a rōna.”—Pesaleme ea 90:14.

1. Jehova o bontša joang hore o batla ha batho ba hae ba thabile?

JEHOVA MOLIMO o batla ha batho ba hae ba thabile. O tseba hore thabo e tlohang botebong ba pelo ke ea bohlokoa bophelong bo khotsofetseng le bo hlasimolohileng. (Liproverbia 17:22) Ka baka leo, joaloka Molimo o lerato le mosa, Jehova o fane ka tataiso e tla tlamella boikutlo ba thabo haeba e sebelisoa bophelong.

2. Ke hobane’ng ha Bakreste ba ’nete ba ka tšepa ha ba rapella thabo ea ’nete?

2 Li talimane le boima ba ho phela tsamaisong ea lintho eo e seng ea bomolimo, Lipaki tsa Jehova, joaloka Bakreste ba ’nete li ka rapella thabo. Ke tholoana ea moea o halalelang oa Molimo, ’me moea oo o o nea batho ba hae ba ineetseng ba tšepahalang ba o kōpang. (Luka 11:13; Ba-Galata 5:22, 23) Le bona ba ka itlhalosa joalokaha ho entse moprofeta Moshe ho Molimo ka thapelo: “U re khorise ka mohau oa hao e sa le ka meso, re tle re nyakalle, re thabe ka matsatsi ’ohle a rōna.” (Pesaleme ea 90:14) Ba tšepileng Jehova ba ka tšepa hore o tla arabela likōpo tse tiileng joalo.—1 Johanne 5:13-15.

3. Haeba re tla ‘thaba ka matsatsi ’ohle a rōna,’ ke mabaka afe a mabeli a sehlooho ao re lokelang ho a ela hloko?

3 Leha ho le joalo, ntle ho thapelo ho lokela hore ho hopoloe mabaka a mabeli a ka sehloohong haeba re tla ‘thaba ka matsatsi ’ohle a rōna.’ Ana a ile a phahamisoa ha batho ba Molimo ba boholo-holo ba bolelloa hore lithohako li tla ba oela holimo haeba ba sa; ‘utloe lentsoe la Jehova, . . . le ho boloka litaelo tsa hae,’ leha ba ne ba sa ‘sebeletse Jehova . . . ka thabo le ka pelo e monate.’ (Deuteronoma 28:45-47) Kahoo, haeba re tla thaba bophelong bohle ba rōna, re tlameha (1) ho utloa Jehova le (2) ho mo sebeletsa ka thabo.

4. (a) Jehova o fana ka eng e le hore batho ba hae ba ka mo sebeletsa ka pelo e thabileng? (b) Ke lipolelo life tsa maele tseo re ka nahanang ka tsona, ho fella ka eng?

4 Jehova o fana ka tšusumetso le thuso tseo batho ba hae ba li hlokang hore ba mo sebeletse ka pelo e thabileng. Ho feta moo, ka mosa o fana ka tataiso e tšepahalang e eketsang thabo. Ka mohlala, hlokomela hore na lipolelo tse kenyellelitsoeng likarolong tse ling tsa buka ea Bibele ea Liproverbia ke tse bohlale hakaakang bakeng sa ho thabisa ka mokhoa o tebileng. Ka sebele, ha keletso e joalo e sebelisoa bophelong e ka re etsa hore re “thabe ka matsatsi ’ohle a rōna.”

Thabo ka Lapeng

5. (a) Jehova o lebelletse eng ho batsoali? (b) Ka kutlo, ke phello efe eo bana ba ka bang le eona ka lapeng?

5 Ho finyella le ho boloka thabo ka lapeng, hoa hlokahala ho utloa Molimo, ho nka bohato ka keletso e fumanoang Lentsoeng la oona. Ka mohlala, Jehova o lebelletse batsoali hore ba etse sohle se matleng a bona ho ruta bana ba bona. Ho sena ntate ke eena ea lokelang ho etella pele, empa ’mè o lokela ho kopanela ho hona ka mafolo-folo. (Liproverbia 22:6; 31:1) Bana bona ho thoe’ng ka bona? Ngoana “ea somang ntat’ae, ea nyelisang thuto ea ’m’ae” ruri a ke ke a atleha ’me o tla tlisetsa batsoali ba hae masoabi. (Liproverbia 30:17; 17:21) Ka lehlakoreng le leng, bara le barali ba bohlale bao ka kutlo ba amohelang khalemelo e fanoang ke batsoali ba barapeli le ba phelang tumellanong le melao ea motheo ea Mangolo ba tlisetsa lelapa thabo le hlompho.—Liproverbia 10:1; 15:20; 23:15, 16.

6, 7. (a) Ke keletso efe e fa noeng ho Liproverbia 23:22-25, ’me ho hlaha eng ha e lateloa? (b) Keletso ea ho ‘rua tsebo u se ke ua e rekisa’ e bolela eng?

6 Batsoali ba barapeli ba hōlisang bana ba bona ka tsela e ba khannelang ho phehella tsela e lokileng ba na le lebaka la sebele la thabo. Ka sena rea bolelloa ka Mangolong: ‘‘Mamela ntat’ao ea u tsoetseng, u se ke ua nyelisa ’m’ao, ha a tsofetse. Rua ’nete, u se ke ua rekisa ka eona’, le bohlale, le thuto, le kelello. Ntat’a ea lokileng o tla nyakalla haholo; ea tsoetseng ngoana ea bohlale o tla thaba ke eena. A a ke a thabe, ntat’ao, le eena ’m’ao; a nyakalle, ea u belehileng.”—Liproverbia 23:22-25.

7 Ngoana ea bohlale o tla ela hloko thuto ea ntat’ae ea moea ’me a ke ke a hlokomoloha seo ’m’ae oa morapeli a se buang, le haeba a se a hōlile. Ha e le hantle, motho ea moholo ea nang le boikarabelo a ka ’na a ithuta ho hong ho batsoali ba hae ba seng ba tsofetse. Keletso ea hore “rua ’nete, u se ke ua rekisa ka eona” ka ho hlakileng e bolela ho tšoarella melaong ea motheo ea ’nete e le tataiso bophelong. Ngoana ea sekametseng ho lokeng a ke ke a tela ’nete ka baka la menyaka, maruo kapa hlompho. ’Me ruri lelapa leo ho lona bohle ba itšoarelletseng ka Jehova le tla ba le thabo ka mehla.—Deuteronoma 10:20, 21.

Ho Boloka Thabo ho sa Tsotellehe Bafosi

8, 9. Joalokaha ho bontšitsoe ho Liproverbia 2:10-14, ho sebelisa bohlale ba Molimo ho re sireletsa Joang ho ba babe?

8 Ho utloa keletso ea Jehova ho re thusa ho thaba tlas’a maemo a sa tšoaneng. Ka mohlala, ka ho sebelisa bohlale ba Molimo, re ka sireletsoa ho bafosi. Mangolo a re: “Hobane bohlale bo tla kena pelong ea hao, tsebo e khahlise moea oa hao; masene a u lebele, kutloisiso e u boloke; ho u phemisa tsela ea bobe, ho u khelosa ho bao ba buang tse khopo, ba furaletseng tsela ea ho loka, ba tsamaeang ka tsela ea lefifi, ba thabelang bolotsana, ba iketekang ka liketso tse mpe.”—Liproverbia 2:10-14.

9 Jehova o amohela ba nkang bohlale ba ’nete e le ntho ea bohlokoa ’me ba tlohella lipelo tsa bona hore li susumetsoe ke bona. Ka bohlale ba phema mang kapa mang ea “buang tse khopo,” ke hore, lintho tse hananang le se nepahetseng le sa ’nete. Matla a loketseng a ho nahana le temoho e nepahetseng li sireletsa ho ba hanang bohlale ba bomolimo, ba nyakallisoang ke liketso tse mpe le ba batlang ho silafatsa ba bang.—Bapisa Liproverbia 4:16.

10. Sebe sa motho e mobe se mo tšoasa joang?

10 Mofosi a ka ’na a ‘thabela liketso tse mpe,’ empa thabo ea sebele ke ea mang? Maele a mang aa arabela: “Sebeng sa motho e mobe sefi se teng, empa ea lokileng o’a bine, o’a thabe.” (Liproverbia 29:6) E, libe tsa motho e mobe lia mo tšoasa. Sebe se seng se ka ’na sa isa ho se seng, ’me a ka ’na a oeloa ke bomalimabe bo sa lebelloang. Ka mohlala, a ka ’na a rerela e mong bobe, empa bobe ba hae ba boeana le eena. Iseraeleng ea boholo-holo, paki ea lehata mohlomong e ne e batla ha ho bolaoa e mong ho batho ba se nang molato ka ho mo etselletsa ka leshano. Empa molotsana ka boeena o ne a bolaoa haeba leshano la hae le fumanoa.—Deuteronoma 19:16-21.

11. Ke hobane’ng ha motho ea sekametseng ho lokeng a ka ‘hooa ka thabo’?

11 Kabelo ea ea lokileng ke e molemo hakaakang! Ha a rerele eo a ahisaneng le eena bolotsana kapa hona ho itloaetsa sebe. Kahoo, o qoba ho pitloa ke tlōlo ’me ha a mahlomoleng a tšoenyang ba fosang kapa liphello tse tlang e le kotlo ea ho fumanoa u rera bolotsana. Kahoo motho ea sekametseng ho lokeng ‘o hooa ka thabo ’me o thabile.’ Taba ea bohlokoa, ha a khathatsoe ke letsoalo le molato. Ho feta moo, o thabela mohau oa Molimo, hobane “ho Jehova motho ea khopo ke manyala, empa ea lokileng o na le lekunutu la hae.”—Liproverbia 3:32.

Na u ka Thabela Tsietsi ea Sera?

12. Mokreste o lokela ho itšoara joang haeba sera se oela tsietsing? Hobane’ng?

12 Empa Mokreste a ka itšoara joang ha sera se le tsietsing? Maele a mang a re: “U se ke ua thabela ho oa ha sera sa hao: ha se khopjoa, pelo ea hao e se ke ea hlasimoloha.” Hobane’ng? “E se re mohlomong Jehova a bona hoo, a ho fumana ho le hobe, ’me a khaotsa bohale ho eena.” (Liproverbia 24:17, 18) Hona ho hanela seo re ka reng ke thabo ea bokhopo ha sera sa motho se oela kotsing. Kaha ekaba phoso ho lakaletsa sera sa motho tlokotsi feela hore motho a khotsofale, kahoo motho ea thabang ka baka leo o tla tlameha ho ikarabella ho Jehova ka baka la sebe sa hae. Ebile, Molimo o ka bala lipelo ’me ka baka leo o tseba haeba ka lenyele re thabela tlokotsi ea motho e mong. Kahoo, moea oo o fosahetseng, le hoja o patehile mahlong a batho ba bang, Jehova o-oa o bona, eena ea reng: “Phetetso e tla ba ea ka, le eona tefetso.” (Deuteronoma 32:35; Ba-Heberu 10:30) Kahoo, Molimo o ka ’na oa otla ea nahanang bobe joalo ka tsela eitseng.—Bapisa Liproverbia 17:5.

13. Liproverbia 11:10 e bolela eng?

13 Ka lehlakoreng le leng, rea bolelloa: “Ha ba lokileng ba atleha, motse oa thaba; empa mohla ho timelang ba babe, ke litlatse feela.” (Liproverbia 11:10) Hona ho lokela ho utloisisoa joang? Ha e le hantle, batho ba lokileng ka kakaretso baa ratuoa ’me ba nyakallisa bao ba ahisaneng le bona. Empa ha ho ea ratang “ba babe.” Motho ea sehlōhō o itlisetsa lehloeo. (Liproverbia 11:17) Ho phaella moo, ha ba babe ba shoa ha ba lleloe ke batho ka kakaretso, ’me ka sebele masoabi a ke ke a e-ba teng ha Jehova a timetsa bafosi bana. Ho e-na le hoo, thabo e tla ba teng hobane ba tla be ba tlositsoe. Na re itšoara ka mokhoa o thabisang kapa o ‘nyakallisang’ ba bang?

Pelo e Thabileng ke Lehlohonolo

14. Joalokaha ho buisanoe ho tla fihlela mona, ho mamela Jehova ho tla re nolofaletsa ho ‘thaba ka matsatsi ’ohle a rōna’ joang?

14 Ho utloa Jehova ho re nolofaletsa ho ‘thaba ka matsatsi ’ohle a rōna.’ Joalokaha ho se ho hlokomelehile, ha ho sebelisoa keletso ea Molimo bophelong kamano ea batsoali le bana ke e thabileng. Ho amohela tataiso ea Molimo ho re sireletsa tšusumetsong e mpe ea bafosi ’me hoa re thabisa. Ho feta moo, ho khomarela litaelong tsa Jehova ho re sitisa ho ba le boikutlo bo bobe ka bomalimabe ba ba bang ba khopo, ’me kahoo re nolofalloa ke ho thaba. E, ka ho utloa Jehova Molimo re tla ba le lipelo tse thabileng. Hona ka bohona ke lehlohonolo.

15. Ho e-na le ho lumella “masoabi” hore a ‘fifatse’ lipelo tsa rōna, re lokela ho etsa joang, hona hobane’ng?

15 Morena Salomone ea bohlale o itse: “Pelo e thabileng e elisa sefahleho, empa moea o khathala ke bohloko ba pelo.” (Liproverbia 15:13) Ka sebele, boikutlo ba thabo le masoabi bo bonahala sefahlehong sa motho. Koana, lipelaelo li ngata bophelong, ’me tsena li ka re soabisa haholo. “Masoabi a fifatsa pelo ea motho,” kamoo maele a bolelang, “empa puo e molemo ea e thabisa.” (Liproverbia 12:25) Ka hona ho e-na le ho lumella “masoabi” hore a ‘fifatse lipelo tsa rōna,’ ke bohlale hakaakang hore re atamele haufi le Jehova ka ho nahanisisa ka lethotlo leo la lintho tse molemo, Lentsoe la hae le bululetsoeng! Ka sebele, hona ho ka khutlisetsa thabo pelong e soabileng empa e le e lokileng.

16. (a) Tlaleho e monate e “nontša masapo” joang? (b) Le hoja ‘pelo e thabileng e le sehlare se setle,’ nyakallo e feteletseng ea kamehla re lokela ho e talima joang?

16 Salomone a boela a re: “Ho ela ha mahlo ho thabisa pelo, ho beheloa tse monate ho nontša masapo.” (Liproverbia 15:30) Litaba tse monate li “nontša masapo,” ke hore, li a tlatsa moko. Kahoo ’mele kaofela o-oa hlasimolloa, ’me pelo e thabileng e bonahala ka mahlo a phatsimang. Leha ho ngongoreha kapa “moea o hlomohileng” o e-na le pheletso e mpe ’meleng, “pelo e thabileng ke sehlare.” (Liproverbia 17:22; bapisa The Amplifïed Bible.) Ka ho totobetseng, leha ho le joalo, pelo e se ke ea neeloa ka mehla nyakallong e se nang kelello, hobane Salomone o itse: “Ka ba ka bolela litšeho, ka re: Ha li tsebisahale; ka bolela le thabo, ka re: E thusa’ng?” (Moeklesia 2:2) Leha ho le joalo, ruri motho o fumana molemo ka pelo e nyakallisoang ke ho etsa thato ea Molimo.

17, 18. (a) Ke hobane’ng ha motsoalle ea tšepahalang a lokela ho tšoantšoa le ‘oli le mokubetso o nkhang hamonate tse thabisang pelo’? (b) Jesu Kreste e bile Motsoalle oa leholimo ea buang a sa koekoetle taba joang? (c) Ho botsoa potso efe ea botho?

17 A supa ho hong hape ho fellang ka thabo, maele a mang a re: “Oli le tse nkhang hamonate li thabisa pelo, ho joalo keletso e tsoang pelong ea motsoalle ea mosa.” (Liproverbia 27:9) Joalokaha oli e thoba ’me tse nkhang hamonate li thabisa, motsoalle ea nang le botšepehi ea fanang ka keletso ka sepheo sa ho thusa o thabisa pelo ea ea amohelang keletso. Monate o teng setsoalleng se joalo, hobane ba sa koekoetleng taba ba ka thusana hore ba ntlafatse, hore ba lokise le ho matlafatsana libakeng tsa bophelo tseo ba fokolang ho tsona. Ka sebele, ho ba le motsoalle ea motle ea nahanang le ea sa koekoetleng taba ekaba lebaka la thabo.

18 Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng ke Motsoalle oa leholimo ea buang ka kotloloho ea ileng a tobisa melaetsa likerekeng tse supileng tse boletsoeng ho Tšenolo, likhaolo ea bobeli le ea boraro. Ho ne ho babatsoa ha ho loketse, empa ho bile joalo le ka keletso. Ka mohlala, kereke ea Efese e ne e se e se na lerato la Bokreste bakeng sa Jehova leo e neng e e-na le lona qalong. Empa Jesu a batla mokhoa oa ho tsosolosa lerato leo. (Tšenolo 2:1-7) Mokreste ofe kapa ofe oa Efese ea neng a batla ka thapelo ho nahana ka keletso ea Motsoalle enoa oa leholimo le ea neng a nka mehato ea ho lokisa o ne a ka ’na a tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka pelo e thabileng. Na uena ka bouena u bona moo ho hlokahalang hore u nke mehato ea pheko e le hore u ka paka lerato la hao ho Molimo ka tšebeletso e ntlafalitsoeng ho Jehova?

Ho Thaba ‘Mosebetsing o Halalelang’

19. Ke hobane’ng ha motho e mong le e mong ea ineetseng ho Jehova a lokela ho kopanela ka mehla ‘litaba tse molemo’ le ba bang?

19 Potso e ’ngoe: Na ka pelo eohle, ka mehla le ka thabo ‘u kopanela mosebetsing o halalelang oa litaba tse molemo tsa Molimo?’ (Ba-Roma 15:16, NW) Ha ho tšebetso leha e le efe e ’ngoe ea kajeno e o khurumetsang. E, ke lona lebaka la pele la boteng ba phutheho ea Bokreste! (Mattheu 24:14; 28:19, 20) Kahoo motho e mong le e mong ea ineetseng ho Jehova o lokela ho kopanela ‘litaba tse molemo’ le ba bang ka mehla. ’Me baboleli ba mafolo-folo ba ’muso ba atisa ho ba le liphihlelo tse putsang le mahlohonolo tšebeletsong ea Jehova hoo ba susumeletsehang hore ‘ba nyakalle.’—Pesaleme ea 90:14; Malakia 3:10.

20. Hangata, ke joang bahoeletsi ba chesehang ba ’muso ba nang le boikarabelo bo boima ba Mangolo ba eketsang thabo ea bona tšebeletsong ea Jehova?

20 Bahoeletsi ba chesehang ba phutheho ba nang le boikarabelo bo boima ba Mangolo hangata ba eketsa thabo ea bona ka tšoaneleho e ntlafalitsoeng ea tšebeletso ea bona ho Jehova. Ho feta moo, malapa a mang a Bakreste a fumane khotsofalo ea sebele ho sebeletseng moo bahoeletsi ba ’muso ba hlokahalang haholo. Ba bang ba thabetse mosebetsi oa bopaki ba nako e tletseng ka likhoeli tse itseng tsa selemo, ha ba bang ba bile le hona ho kopanela ka mehla tšebeletsong ea nako e tletseng. Ka boiteko bo joalo bo tiileng le ba pelo eohle Jehova o khahlisoa hantle.—Mareka 12:29, 30.

21. Liithuti tsa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower li na le lebaka lefe la ho thaba?

21 Banna le basali ba bangata ba Bakreste ba fetile sekolong sa Gileade sa Bibele sa Watchtower, ’me ba thabela hore ba sebelisa matla a bona ho sebeletseng Jehova likarolong tse sa tšoaneng tsa lefatše. Ba thabela hore ke basebeletsi ba nako e tletseng ba ka thusang ba bangata ho ithuta ka Jehova Molimo le merero ea hae e babatsehang. Ka mohlala, hoba a qete lilemo tse fetang mashome a mabeli e le moromuoa Afrika-Bophirima moo ho chesang haholo, e mong oa bona a ngola hore: “Na ke ikutloa hore ke nako ea hore ke tlohele bacha ba nke marapo? Che, ha ke bona mahlohonolo le ho hōla ha phutheho ea Jehova ho nketsa hore ke ikutloe joaloka Kalebe, kamor’a ho bolokoa ka lilemo tse fetang mashome a mane a metso e mehlano leetong la lefeelleng le ho kena Lefatšeng la Pallo. A re: ‘Ke sa na le matla le kajeno, joale ka mohla Moshe a nthomang; joale ka ha matla a ka a na le joalo mohlang oo, le kajeno.’ (Joshua 14:11) Ho sa tsotellehe litšitiso le mathata, lilemo tse fetileng e bile thuto e babatsehang le ho lokisetsoa nako e tlang.”

22. Tšebeletso ea Bethele ke eng, ’me mosali e mong ea nang le tokelo o ile a itlhalosa joang?

22 Tokelo e ’ngoe e thabisang, e bulehetseng ba tšoanelehang, ke ho sebeletsa Bethele. Hona ho amana le mosebetsi o amang ka ho toba ho hatisoa ha libuka tse buang ka Bibele le ho tsoela pele ha likhahleho tsa ’muso. Ba neoang tokelo e joalo ba ka sebeletsa e le karolo ea basebeletsi ba Bethele ea Watch Tower Society e Seterekeng sa New York, kapa le malapa a joalo a libakeng tsa liofisi tsa makala lefatšeng. Mosali e mong, ea qalileng tšebeletso ea hae ea nako e tletseng Switzerland ka Pherekhong 1924 ’me hona joale a sebeletsa e le setho sa lelapa la Bethele Jeremane, o ile a ngola hore: “Ke lakatsa ho leboha Jehova ka molemo ’ohle oa hae ho ’na, ho ntumella ho ba le bophelo bo thabileng le bo enneng ka menyetla e babatsehang ea tšebeletso ea hae.” E, o nyakalla tšebeletsong ea Jehova.

23. U ka paka joang ka Mangolo hore ba etelletsang tšebeletso ea Molimo pele bophelong ba na le lebaka la ho thaba?

23 Ka sebele, ba etellelitseng tšebeletso ea Molimo pele bophelong, kamehla ba bile le lebaka la ho thaba, Ke ’nete, bophelo ba bona bo ’nile ba e-ba le mathata a tloaelehileng ho batho. Empa Jehova o ba tšehelitse litekong tsa bona. (1 Ba-Korinthe 10:13; 2 Ba-Korinthe 4:8, 9) Ba tsoelletse hantle hobane ‘thabo ea Jehova ke matla a bona.’ (Nehemia 8:10) Nahana: Moshe ‘a ikhethela ho tšoenngoa le batho ba Molimo’ ’me a hlohonolofatsoa ka tokelo tse khōlō. (Ba-Heberu 11:23-29) Ruthe oa Moabe a sia batho bahabo le melimo ea habo, a ikhethela ho sebeletsa Jehova, ’me a putsoa ka hore e be moholo-holo oa Jesu Kreste. (Ruthe 1:14-17; 4:13-17; Mattheu 1:1, 5) Ka baka la ho ameha ha bona ka borapeli ba ’nete le ho ba kamehla tempeleng, Simeone ea holileng le Anna ea tšepahalang ba barapeli ba bile le thabo ea ho bona lesea Jesu moo.—Luka 2:25-38.

24. Ke motheong ofe moo re ka ‘thabang ka matsatsi ’ohle a rōna’?

24 Kahoo re ka kholoa hore litokelo tse kholo le mahlohonolo e tla ba kabelo ea rōna haeba re etelletsa borapeli ba Jehova le tšebeletso ea hae pele bophelong. (Mattheu 6:33) ’Me le haeba ho thulanoa le mathata ha ho etsoa sena, rea tseba hore Jehova ‘lintho tsohle li sebelisana hammoho molemong oa ba ratang Molimo.’ (Ba-Roma 8:28) Ka baka leo, e se eka re ka ikemisetsa ho utloa Ntate oa rōna oa leholimo le ho mo sebeletsa ka pelo e thabileng. Ka sebele, haeba re e-na le lerato le feletseng ho Jehova, re na le mabaka a utloahalang a ho ‘thaba le ho nyakalla ka matsatsi ’ohle a rōna.’—Pesaleme ea 90:14.

Na u sa Hopola?

◻ Haeba re tla ‘thaba ka matsatsi ’ohle a rōna,’ ke mabaka afe a mabeli a sehlooho ao re lokelang ho a hopola?

◻ Batsoali le bana ba lokela ho etsa joang haeba thabo e tla ba teng ka lapeng?

◻ Bakreste ba ka thaba joang ho sa tsotellehe liketso tsa bafosi?

◻ Pelo e thabileng ke lehlohonolo joang?

◻ Tse ling tsa litokelo tse thabisang ke life tšebeletsong ea Jehova, ’me kahoo re lokela ho ikemisetsa ho etsa joang?

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Bakeng sa thabo e telele ea lelapa, batsoali le baba ba lokela ho latela keletso e fumanoang Lentsoeng la Molimo

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Tlhonamo e ka nkeloa sebaka ka thabo haeba ka botšepehi re etsa thato ea Jehovah

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ba nakong e fetileng le hona joale ba bile le lebaka la ‘ho thaba ka matsatsi ’ohle a bona’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela