Ho Senngoa ha ‘Nqalo e Halalelang’—Seo ho se Bolelang Kajeno
“MEHAHO EA LIKEREKE LE LITEMPELE E KA HAR’A NAHA EOHLE E SENTSOE NTOENG E MABIFI E LOANTŠANG BOLUMELI!”
BATHO ba bangata ba ne ba tla nyaroha hakaakang ka letsatsi le leng haeba ho ne ho ka hlaha lihlooho tse joalo li boleloa ke mecha ea litaba! Empa hoo hase feela ntho e ka ’nang ea etsahala, ke ntho e ke keng ea qojoa!
Hona ho ka etsahala joang? Hobane boprofeta ba Bibele bo bontša ka ho hlakileng hore ke ho tla etsahala haufinyane linaheng tsohle. Ka mohlala, boprofeta bo ho Mattheu khaolo ea 24 bo bolela ho senngoa ha ‘nqalo e halalelang.’ Le hoja hona ho ile ha phethahala lekholong la pele la lilemo la Mehla e Tloaelehileng ea rōna, ho tla phethahala haholoanyane nakong ea rōna.
Boprofeta ka lekhetlo la pele bo ne bo tobisitsoe Jerusalema le tempele ea eona e ntle, eo Bajode ba neng ba e sebelisa borapeling ba bona. Ka lekhetlo le leng ha Jesu Kreste a ne a buisana le barutuoa ba hae o itse ka mehaho ea tempele: “Ka ’nete ke re ho lōna: Ha ho ka ke ha lesoa teng lejoe holim’a lejoe le leng, le sa heletsoang.”—Mattheu 24:2.
Ke hobane’ng ha Molimo o ne o tla ahlola tempele eo e “halalelang” ea lekholo la pele la lilemo le tsamaiso ea bolumeli e neng e o emela ka mokhoa o hananang le oona joalo? Hobane Bajode ba ne ba koenehile. Ba ne ba furaletse melao ea Molimo eo ba e neiloeng ke Moshe. Ho feta moo, ba ne ba lahlile baemeli ba Molimo ba neng ba rōmeloa ho ea ba lemosa, ba bile ba tšolla mali a bona. Ke kahoo Jesu a itseng: “Jerusalema, Jerusalema, ea bolaeang baprofeta, ea tlepetsang ka majoe ba rongoang ho uena, . . . Bonang, ntlo ea lōna e tla sala e le lesupi.”—Mattheu 23:37, 38.
‘Balehelang Lithabeng’
Ho ba rapelang Molimo ka tieo, Jesu a lebisa mantsoe ana: “Joale, etlare ha le bona manyala a bofeliso, a boletsoeng ke moprofeta Daniele, a eme nqalong e halalelang—ea balang a lemohe! mohlang oo, ba leng Judea ba balehele lithabeng; ea leng holim’a ntlo, a se ke a theohela ho nka ntho tlung ea hae; le ea leng masimong, a se ke a khutlela hae ho ea nka kobo ea hae. Ho tla ba malimabe basali ba baimana, le ba anyesang mehleng eo.”—Mattheu 24:15-19.
Ke hobane’ng ha Jesu a ile a qophella balateli ba hae hore ba potlake hakaalo ‘ha ba balehela lithabeng’? O itse: “Hobane mohlang oo, mahlomola a tla ba maholo, ha e sa le tšimolohong ea lefatše, ho fihlela joale, tsietsi e kalo ha e e-so ho ka e e-ba teng, ’me ha e ka ke ea boela ea e-ba teng le ka mohla o le mong. Le hojane matsatsi ao a se ke a khutšofatsoa palo, ho no ho ke ke ha phonyoha motho; empa ka baka la bakhethoa, matsatsi ao a tla khutšofatsoa.”—Mattheu 24:21, 22.
Empa Jesu o ne a hlile a bolela eng ha a bua ka ‘manyala a bofeliso . . . a emeng nqalong e halalelang’? O ne a bolela eng ka ‘mahlomola a maholo,’ le ka ‘batho’ ba neng ba tla pholoha? Ke hobane’ng ha mahlomola a ne a tla ‘khutsufatsoa’ “ka baka la bakhethoa”?
Phethahatso ea Lekholong la Pele la Lilemo
Ke eng e ileng ea ipaka e hlile e le phethahatso ea boprofeta bona lekholong la pele la lilemo? Pele ho tsohle, hlokomela temoso e potlakileng ea hore ho baleheloe lithabeng ‘ha ho bonoa manyala a bofeliso . . . a eme nqalong e halalelang.’
Manyala a felisang e ne e le eng? Pale e re bolella hore na ke eng e hlileng ea timetsa Jerusalema: Ke mabotho a ’Muso oa Roma. Ha mabotho ao a hlaha ka lekhetlo la pele ho lika-liketsa Jerusalema, eo e bile pontšo ho motho ‘ea lemohang’ hore a tlohe sebakeng seo. ’Me hona ho etsahetse ka selemo sa 66 CE. Ka nako eo, mabotho a Roma tlas’a Molaoli Cestuis Gallus a lika-liketsa Jerusalema, a ba a hlasela lerako la tempele, a le fata. Ho ne ho se bothata ba letho hore a hape motse kaofela.
Kahoo, mabotho a Roma ke ao a ne a eme “motseng o halalelang.” (Bapisa Mattheu 4:5; 27:53.) Le bona Bajode ba koenehileng ba ne ba nka Jerusalema le mathōko a eona e “halalela.” Boteng ba mabotho ao ‘nqalong ena e halalelang’ e ne e le manyala ho Bajode.
Empa, joale, ka lebaka le sa hlakelang bangoli ba lipale, Molaoli Gallus a phutha mabotho a hae ’me a checha. Ke eona pontšo eo Jesu a neng a hlile a e bolela. Ho ne ho fihlile nako ea hore “bakhethoa,” balateli ba hae, ba balehe. Ha ba hlokomela hore nako e potlakile, ba potlakela ho tsoela ka ntle ho Jerusalema le hohle Judea, joalokaha Jesu a laetse. Mongoli oa lipale Eusebius o bolela hore ba ile ba balehela ka mose ho Nōka ea Jordane haufi le Pella lithabeng tsa Gileade.
Ho Ripitloa Jerusalema
Lilemo hamoraonyana, ka 70 CE, mabotho a Roma a khutla tlas’a Molaoli Tite, a kena Judea ’me a lika-liketsa Jerusalema. Empa ka nako eo “bakhethoa” bohle, Bakreste, ba ne ba se ba tsoile “motseng o halalelang.” Ka baka leo, ha Baroma ba lika-liketsa Jerusalema ka nako eo, ho ne ho se ho se sebaka sa hore mang kapa mang a ka balehela polokehong.—Luka 19:43, 44.
Kamor’a ho thibella ka nako e khutšoanyane ea likhoeli tse ’ne le matsatsi a mashome a mabeli a metso e mehlano, mabotho a Roma a ripitla motse le tempele. Mongoli oa lipale Josephus, paki e boneng ka mahlo, o re palo ea ba shoeleng ebile 1 100 000 ha batlamuoa ba bile 97 000. Lipalo li ile tsa ba joalo hobane Bajode ba sa tšepahaleng ha baa ka ba ela hloko temoso ea Jesu ea hore ba balehe. Ba etsa ho fapaneng le hoo. Ka nako ea mokete oa bolumeli ba khobokana Jerusalema ’me ba tšoasoa kaofela ha Baroma ba lika-liketsa motse ka tšohanyetso.
’Nete ea hore Bakreste ba “bakhethoa” ba ne ba se ba tsoile Jerusalema ea bolela hore Molimo o ne o ke ke oa tšoenyeha ka hore na o ba sireletsa joang. Ba ne ba se ba pholohile. Kahoo Molimo o ne o ka tlohella Baroma hore ba kene ka hare ho Jerusalema ’me ba phethahatse kahlolo ea Oona ka potlako holim’a motse. Kahoo ka lebaka la hore Bakreste ba khethiloeng ba ne ba se ba tsoile Jerusalema, matsatsi ao a mahlomola a fela ka potlako, a ‘khutsufalitsoe.’ Hona ha fana ka sebaka sa hore ‘batho’ ba bang, ba ka bang 97 000 ba pholohe.
‘Mahlomola ao a maholo’ a 70 CE ke tlokotsi e kholo ho feta tsohle tse neng li kile tsa oela Jerusalema. A felisa ho hang motse o neng o hahiloe ke Bajode, tempele ea oona le tsamaiso ea bolumeli e neng e theiloe moo.
Empa na pale eo ea boholo-holo ho na le moo e amang rōna ba phelang lekholong lee la mashome a mabeli la lilemo? Haholo.