Moea oa Tšebeletso ea Bokreste
“Le be le cheseho moeeng; le sebeletse Morena.”—BA-ROMA 12:11.
1. Motho ka mong o ipaka joang hore ke ministara?
TSELA e ’ngoe feela eo ka eona motho ka mong a ka pakang hore ke ministara oa Mokreste—ka liketso tsa hae. Hona re ho bona hona tlhalosong ea lentsoe le Segerike bakeng sa mohlanka, di·aʹko·nos. Setsebi se seng se re: “Di·aʹko·nos e bolela mohlanka tšebetsong ea hae ea mosebetsi . . . Lentsoe le bolela ea phethang litaelo tsa e mong, haholo-holo, tsa monghali.” (Studies in the Vocabulary of the Greek New Testament, ea Kenneth S. Wuest) Mongoli mona o hatisa hore ho ba ministara hase hakaalo-kaalo ho ba setulong ha e se ho tšoareha ho etseng ho hong.
2. Ho ne ho e-na le bopaki bofe ba hore Timothea le Pauluse ke liministara tsa ’nete tsa Molimo?
2 Ka mohlala, moapostola Pauluse o itse ka Timothea: “Empa eena, le tseba liketso tsa hae, kamoo a ntšebelelitseng Evangeling, joale ka ngoana ha a sebeletsa ntat’ae.” (Ba-Filippi 2:22) Timothea o sebelitse ka thata tšebeletsong. Ha ho motho ea boneng mosebetsi oa hae o se nang boikhabi ea neng a ka belaela hore kannete ke ministara oa Molimo. Pauluse a boela a ngolla Bakreste ba Korinthe: “Ke lona le leng lengolo la rōna [le re buellang], le ngoliloeng ka lipelong tsa rōna, le tsejoang, le baloang ke batho bohle. Lea bonahala hoba le lengolo la Kreste, le lokisitsoeng ke tšebetso ea rōna, le ngoliloeng, e seng ka enke, empa e le ka Moea oa Molimo o phelang.” (2 Ba-Korinthe 3:2, 3) Ke mang, eo ha a bona phutheho ena e atlehang le ea tsebang hore Molimo o e hlahisitse ka tšebeletso ea Pauluse, ea neng a ka belaela hore Pauluse ke ministara oa Molimo?
3. Hlalosa moea oa ministara oa ’nete oa Mokreste.
3 Hopola, leha ho le joalo hore ho ba ministara hase pontšo feela. Ho hlokahala re hōlise moea oa tšebeletso ea Bokreste. Timothea o ‘sebelelitse’ a ipapisitse le Pauluse. Moapostola ka boeena a re: “Ho malimabe ’na ha ke sa bolele Evangeli!” (1 Ba-Korinthe 9:16) Ho phaella moo, o ngolile: “Ha re lihele batho le ka nthoana e nyenyane, tšebeletso ea rōna e tle e se ke ea nyatsuoa. Re mpa re iketsetsa ka hohle kemelo e loketseng bahlanka ba Molimo, ka tiisetso e kholo mahlomoleng, le bofumeng, le litsietsing.” E, Pauluse o bontšitse boineelo, cheseho, ho potlaka le boithaopo ba ho mamella eng le eng e hlokahalang, le ‘ho lahleheloa ke tsohle,’ e le hore a finyelle tšebeletso ea hae e le Mokreste. (2 Ba-Korinthe 6:3-10; Ba-Filippi 3:8) Bahlanka bohle ba ’nete ba Bakreste ba lokela ho ba le moea o joalo.—Luka 9:23, 24.
4. Motho e ka ba ministara joang haeba a sebelisa boholo ba nako ea hae ho phethahatsa litlameho tse ling?
4 Joaloka mehleng ea baapostola, liministara tse ling kajeno ke banna le basali ba malapa ba sebetsang hore ba phele. Ba bang ke liithuti likolong. Ba ka bolela joang hore ke liministara? E, ba phethahatsa litšoanelo tse ling tsa bona ba bile ba thabela le boikhathollo bo itseng. Empa tšebeletso ea bona ke ea bohlokoa ho feta lintho tsena tse ling ho bona. Leha e le hore ba e sunya hamolemo feela moo ba ka khonang boikhathollong ba bona kapa hona hore ba sebelisa nako e nyenyane feela khoeli ka ’ngoe e le ho etsa pontšo feela. Ba ‘ntse ba batla ’muso pele le ho loka ha oona.’—Mattheu 6:33.
Bopula-maliboho le Tšebeletso ea Bokreste
5. Tsela e ntle ea ho bontša moea oa tšebeletso ea Bokreste ke efe?
5 Ba bontšang moea o joalo ke bahlanka ba ’nete ba Bakreste, le haeba ba na le boikarabelo ba malapa kapa litšoaneleho tsa ho iphelisa. Empa ba bang ba na le hona ho bontša moea oa tšebeletso ka tsela e khethehileng ka moputso. Joang? Ka ho bula maliboho (ho kena mosebetsing oa boboleli oa nako e tletseng), leha e le ka nako e lekanyelitsoeng e le bo-pula-maliboho ba thusang kapa ka nako e teletsana. Mohlomong ba ka ba ba sebetsa ho e ’ngoe ea liofisi tsa makala tsa Watchtower Society kapa ba kenya letsoho mosebetsing oa boromuoa kapa tšebeletsong e tsamaeang, ba etela le ho haha liphutheho tse sa tšoaneng.
6. Ke mabaka afe a mang a utloahalang ao paki e ’ngoe le e ’ngoe ea Jehova e boemong ba ho etsa joalo e lokelang ho ba pula-maliboho? (Luka 6:46-49)
6 Ke hobane’ng ha ba bangata ho Lipaki tsa Jehova ba bula maliboho empa haeba ba ne ba sebetsa nako e khutšoanyane feela tšebeletsong ea Molimo ba ne ba ka ikatlehisa haholoanyane? Hobane ba batla ho rorisa Jehova le ho bolella ba bang ka merero ea hae. Hape, baa tseba hore “lefatše lea feta, le eona takatso ea lona; empa ea etsang thato ea Molimo, o hlola ka ho sa feleng.” (1 Johanne 2:17) Ho lumela hona ka tieo le litšepiso tsa Molimo, ba chesehela ho sebelisa nako e ngata kamoo ba ka khonang ho bolela evangeli ho ba bang, e le hore ba nkang bohato ba ka etsa thato ea Molimo ’me ba fumana bophelo bo sa feleng. Ho feta moo, baa tseba hore re phela nakong eo ka eona “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” (Mattheu 24:14) Baa hopola hore Jesu o boleletse balateli ba hae hore: “Kotulo e kholo ruri, empa basebetsi ha ba bakae. Rapelang ke hona Morena oa kotulo, hore a romele basebetsi kotulong ea hae.” (Mattheu 9:37, 38) Ba hlokomela hore thapelo ena e loketse haholo kajeno le ho feta mehleng ea Jesu. Empa ba ka etsa thapelo ee ka tieo joang haeba bona ka bobona ba checha ho kopanela ka botlalo kamoo ba ka khonang tšebeletsong ea Bokreste?
7. Ke potso efe eo ministara e mong le e mong oa Mokreste a lokelang ho ipotsa eona?
7 Ka sebele, mohlanka e mong le e mong oa Mokreste o lokela hore ka thapelo a nahane hore na a ka bula maliboho kapa che. Banyalani ba babeli ba Afrika Boroa ba neng ba butse maliboho ka lilemo tse leshome le metso e mehlano ba itse: “Ke hobane’ng ha re bula maliboho? Na re ne re ka ikemela ho Jehova haeba re sa ho etse?” Ba bangata bao e seng bo-pula-maliboho ke hantle ha ba ka ipotsa potso e amanang le eo: ‘Na kannete nka ikemela pel’a Jehova hore na ke hobane’ng ha ke se pula-maliboho?’
Ho Sebelisa Lineo Tsa Rōna
8. Ho tšoana le Timothea, batho ba bangata ba bacha ba ka ba boemong ba ho bula maliboho joang?
8 Timothea o ne a e-na le neo e khethehileng ea moea eo a neng a tseba ho e sebelisa hamolemo tšebeletsong ea hae. (2 Timothea 1:6) Kajeno ha re amohele lineo tse khethehileng tsa moea, empa re na le lineo tse ling, ’me hangata lineo tsena li phetla tsela ea ho bula-maliboho. Ka mohlala, bacha ba qetileng sekolong ba na le lineo. Ba na le thuto. Hape, joaloka Timothea, ba na le bocha. Ba phela hantle ’meleng, ba matla, hape ba na le boikutlo bo bulehileng le bo hlaphohileng. Mohlomong neo e kholo ho tsohle, ba na le nako. Ka kakaretso, re ka re ha ba imeloa ke boikarabelo bo bongata. Kahoo bocha ke nako e ntle haholo ea ho nahana ka ho bula-maliboho.—Moeklesia 12:1.
9. Ke lineo life tseo batho ba baholo le ba bang ba ka bang le tsona tse ka ba nolofaletsang ho bula maliboho?
9 Batho ba baholo le bona ba na le lineo. Banyalani bao bana ba bona ba seng ba phuruselitse le ba seng ba phomotse mosebetsing oa lefatše le bona ba ka ba le nako e ka sebelisoang ho bula maliboho. Hangata ba eme hantle licheleteng, ba fumane tsebo ea bohlokoa bophelong ’me ba hahile tlaleho e telele ea tšebeletso e tšepahalang. (Liproverbia 16:31) Tsena tsohle ke hantle ha li ka sebelisoa ho buleng maliboho. Ba bang le bona ba ka ’na ba e-ba le lineo. Basali ba bang ba malapa ba na le neo ea ho hlophisa, e le hore ba ka sebetsa boikarabelo ba bona ba lelapa ba ba ba bula maliboho. Banna ba bang ba malapa ba nang le lineo tse joalo ba tseba ho bula maliboho le ho sebeletsa malapa a bona moeeng le nameng. Na u na le neo ea ho bua, ho ruta, kapa ho sebelisana hantle le batho? Nahana hore na lineo tse joalo li ka finyella ho hoholo hakaakang tšebeletsong ea bopula-maliboho.
10. (a) Ke hobane’ng ha ba bang ba checha ho bula maliboho, empa ba bang ba neng ba lebeletsane ba bacha ba ile ba sebetsa bothata joang? (b) Tšebeletso ea ho bula maliboho e ka ruisa motho ea fumanang boboleli bo le thata molemo joang?
10 Ba bang ba ’nile ba checha ho bula maliboho, ba ipotsa hore na ba ka khona licheleteng. Ba babeli ba lebeletsaneng ba buisana ka tšabo ena. “Ra fihlela qeto ea hore ke ho haelloa ke ho tšepa matla a Jehova a ho lokisetsa. Hoba re hlahlobe Mattheu 6:25-33, moo Jesu a rutileng hore haeba re batla ’muso pele lintho tsohle tse hlokahalang li tla fanoa, ra ho etsa pakane ea rōna ho bula maliboho ka mehla.” Nakoana kamorao ho moo ba nyalana, ba tlohela mesebetsi e neng e ba lefa hantle ’me ea e-ba bo-pula-maliboho. Ba bang ba fumana mosebetsi oa ho bolela ka booona o le thata. Uena na u ho fumana ho le joalo? Haeba ho joalo, ho bula maliboho ho ka thusa. Ha e le hantle, tsela e molemo haholo ea ho phuthuloha tšebeletsong ea ntlo le ntlo ke ho sebelisa nako eitseng ho bula maliboho. Mohlanka e mong ea ileng a kenya letsoho bopula-malibohong bo thusang o itse: “Ha e-ba le tlhohonolofatso e ’ngoe. Ka khatholoha haholo mosebetsing oa ka oa ntlo le ntlo. Ho e-na le ho tšaba monyako o mong le o mong, ka qala ho lebella ho bua le batho.”—Bona Ba-Filippi 4:13.
Bopula-maliboho—Taba ea Lelapa
11. Timothea o ile a hlohonolofatsoa joang thutong eo a e fumaneng “bonyenyaneng”?
11 Timothea o ne a ile a lokisetsoa tšebeletso mohato ka mohato ho tloha “bonyenyaneng.” (2 Timothea 3:14, 15) ’M’ae le nkhono’ae ka ho bonahalang ba ne ba e-na le moea oa tšebeletso ea Bokreste ’me ba o kenya ho eena. Ha Pauluse a fihla Lystra, Timothea, ho se letho le mo thibelang, o ne a thabela ho ikopanya le eena mosebetsing oa boboleli ba nako e tletseng.—Liketso 16:1-5.
12. Batsoali ba bangata ba bontšitse joang hore ba na le moea oa tšebeletso ea Bokreste?
12 Kajeno Bakreste ba bangata ba thabetse hore batsoali ba bona ba bontšitse moea o joalo. Alice, ministara oa Ghana, o itse: “Hoo e ka bang Lipaki tsohle tse neng li lula lapeng e ne e le baboleli ba nako e tletseng. . . . Ke bile le tokelo e kaakang ho hōlela lelapeng la puso ea leholimo joalo! Ntate a kenya ka ho bana bohle ba hae takatso ea mosebetsi oa boboleli ba nako e tletseng, a supa mohlala oa baena le likhaitseli ba etsang mosebetsi o joalo. E ne e le ho utloahalang feela hore ha ke qeta sekolo ke ile ka potlakela ho ngolisa ke le pula-maliboho ea kamehla.” Ed, ministara e monyenyane United States, o itse: “Ke lumela hore ho ileng ha nthusa haholo ke ’nete ea hore batsoali ba ka ka bobeli e ne e le baromuoa Amerika Boroa ka lilemo tse leshome le metso e ’meli ’me pele ho moo e ne e le bo-pula-maliboho. Kahoo ka mehla ba ne ba bea ka pel’a ka thabo le litokelo tsa ho bula maliboho, le mahlohonolo ao Jehova a a tšollelang bo-pula-maliboho. . . . Hona ke hoo batsoali bohle ba lokelang ho ho etsa hobane ruri ho nthusitse. Ba ka khothalletsa bacha ho sebeletsa Jehova ka moea ’ohle le haholo kamoo ho ka khonehang.”
13. Bo-pula-maliboho ba thusoa joang ho hlōla mathata?
13 Ho bula maliboho ho ka ’na ha ama boitelo, empa liministara tsa ’nete li utloisisa ho itela joalo ka baka la lerato la tsona ho Jehova. Ntle ho moo, meputso e meholo. Michaele le Theresa, banyalani ba United States, ba itlhalositse ka tsela ena: “Haeba u batla ho ba matla haholoanyane moeeng, sebaka seo u ka bang ho sona ke mosebetsing oa bopula-maliboho. U itšetleha haholoanyane ka Jehova le ho itlhokomoloha matla a hao. Le hoja re ’nile ra ba le mathata a lichelete, ha re ntse re bula maliboho, ka mehla Jehova o lokisetsa seo re se hlokang. Ke sebaka se sireletsehileng haholo ho ba ho sona.”
14, 15. (a) Ka linako tse ling batsoali ba bo-pulamaliboho ba ka itela joang le bona? (b) Re na le mehlala efe ea see mehleng ea Bibele? (c) Batsoali ba ka bontša moea oa tšebeletso ea Bokreste joang kajeno?
14 Batsoali ba bo-pula-maliboho le bona ba ka ’na ba itela. Ho ka ’na ha e-ba thata ho bona ho bona bana ba bona “ba tloha sebesong” ’me ba ea ho ea bula maliboho sebakeng se seng, mohlomong e bile e le naheng esele. Ka litsela tse ling batsoali ba joalo ba tšoana le Anna le Elkana, ba ileng ba rōmela letsibolo la bona, Samuele, ho ea sebeletsa Jehova tabernakeleng e Shilo. (1 Samuele 1:1-3, 24-28) Kapa re ka ba tšoantša le Jafeta, ea ileng a tela morali ea mong oa hae tšebeletsong ea Jehova, kahoo a tela tebello leha e le efe ea ho ba le litloholo. (Baahloli 11:36-40) Ruri Jehova o hopola le ho putsa boitelo ba batsoali ba joalo.
15 Mohlomong ho ka ba ha ameha le boitelo ba chelete. Linaheng tse ling batsoali ba tšepile bana ba bona botsofaling. Leha ho le joalo, batsoali ba hlileng ba nang le moea oa tšebeletso ea Bokreste ha ba tsila-tsile ka lebaka lena ho khothalletsa bana ba bona hore ba bule maliboho. Ha mohlankana oa Ghana ea bitsoang Justice a batla ho bula maliboho, ’m’ae a lumela ’me a utloisisa hore o tla sheba Jehova bakeng sa bophelo. Hamorao, a bolella mora oa hae hore Jehova o mo hlokometse ka ho babatsehang kamor’a hore a etse qeto eo. Hona, le hona, ke tsela ea ho ‘batla ’muso pele,’ ’me Jehova ha a lahle ba etsang joalo.—Mattheu 6:33, 34.
16. Ke hobane’ng ha ba tšebeletsong ea nako e tletseng ba lokela ho khothalletsoa ho tsoela pele ho eona hafeela maemo a ho lumella?
16 Hoa soabisa, leha ho le joalo ho utloa hangata ka batsoali ba lekang ho qophella bana ba bona hore ba tlohele bopula-maliboho—e seng hobane ba hloka hore ba ba thuse, empa hobane ba ikutloa hore bana ba bona ba nkile nako e telele bo lekaneng likabelong tsa bona, ’me joale ke nako ea ho khutlela lapeng, ba be le malapa ’me ba phele “joaloka batho ba bang.” Empa tsena hase linako tsa ho phela joaloka batho ba bang, ’me ha tsamaiso ea lintho e atamela bofelo, bophelo ba motho e mong le e mong bo tla fetoha bo sa tloaelehang haholoanyane. Bo-pula-maliboho, litho tsa malapa a Bethele, bahlanka ba tsamaeang le baromuoa ba khothalletsoe ho tiisetsa.—Tite 2:12.
Ho Bontša Moea oa Tšebeletso
17. (a) Mosebetsi oa bo-pula-maliboho le bahlanka ba bang ba nako e tletseng o fumantša liphutheho molemo joang? (b) Bohle ba ka bontša joang hore ba na le moea oa tšebeletso ea Bokreste? (Ba-Heberu 13:15, 16)
17 Moapostola Pauluse o ngolile: “’Me e sa le eena ea beileng ba bang baapostola, ba bang baprofeta, ba bang baboleli ba Evangeli, ba bang balisa le baruti, ho phethisisa bahalaleli, ho etsa tšebetso ea bolisa, ho hahisa ’mele oa Kreste.” (Ba-Efese 4:11, 12) Kajeno, ho na le liministara tse tsamaeang, bo-pula-maliboho le baromuoa ba sebelisang boholo ba nako ea bona ‘ba bolela Evangeli,’ hammoho le litho tsa malapa a Bethele, bao mosebetsi oa bona oa tšebeletso o akarelletsang ho sebeletsa liphutheho ka litsela tse ling. Bana ba thusa ho haha liphutheho. (Bapisa Liketso 16:4, 5.) Kahoo, liministara tsohle tsa Bakreste li lokela ho thahasella tšebeletso ea nako e tletseng. Haeba li le boemong ba ho ba bopula-maliboho ba lokela ho etsa joalo. Haeba ba sitoa ho bula-maliboho ka bobona ba khothalletse ba ka ho khonang.—Ba-Roma 12:11.
18. Ke hobane’ng ha tšebeletso ea Bokreste e le ea bohlokoa hakana kajeno?
18 Tlhokahalo e khōlō bakeng sa Lipaki tsa Jehova tse ineetseng tse nang le moea o joalo. Ba likete ba sa ntsane ba arabela boboleling ba evangeli, le libakeng tse fumaneng bopaki ka lilemo tse telele. Ho bana ba arabelang ’nete ea hore ministara oa Mokreste o ile a ipha sebaka sa ho ba etela le ho ba bolella ka merero ea Molimo e ile ea ba bulela monyetla hore ba fumane bophelo bo sa feleng. (Ba-Roma 10:13, 14; 1 Timothea 4:16) Ke ba bakae ba sa ntsaneng ba emetse ho utloa? Hore na re ka kopanela tšebeletsong ea ho bula maliboho kapa che, re ke re utloe hore ho potlakile ’me re be le moea oa boitelo. E se eka re ka utloisisa ho sebetsa ka thata tšebeletsong ea Bokreste.—Ba-Galata 6:10.
Na u ananela ka botlalo
□ Hore na ho bolela eng ho ba le moea oa tšebeletso ea Bokreste?
□ Hore na tšebeletso e entsoeng “pontšo” e bolela eng, le hore na phoso e hokae ho see?
□ Hore na ke hobane’ng ha liministara tsohle tsa Bakreste li lokela ho thahasella bopula-maliboho?
□ Hore na ke joang Lipaki tsohle tse ineetseng li ka bontšang moea oa bopula-maliboho?
□ Hore na ke hobane’ng ha tšebeletso ea Bokreste e le e bohlokoa kajeno?
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Liministara tsohle tsa ’nete tsa Bakreste li na le moea oa Pauluse le Timothea