Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 6/1 maq. 10-15
  • Liministara Tsa Molimo ke Life Kajeno?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liministara Tsa Molimo ke Life Kajeno?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Liministara’ ka Bibeleng
  • Ministara e Moholo ho Bohle oa Bolumeli
  • Ministara oa Mokreste
  • Liministara tsa Molimo Kajeno
  • Basebeletsi ba Molimo ke Bo-mang Kajeno?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Mosebeletsi ke Mang?
    Tsoha!—2000
  • Na Bakreste Bohle ba ’Nete e Tlameha Ho ba Basebeletsi?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Moea oa Tšebeletso ea Bokreste
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 6/1 maq. 10-15

Liministara Tsa Molimo ke Life Kajeno?

“Re romile Timothea, ngoan’abo rōna, mohlanka [Ministara ka “NW”] oa Molimo, ea re sebelisang Evangeling ea Kreste.”—1 Ba-Thessalonika 3:1, 2

1, 2. (a) Na bohle ba ipolelang hore ke liministara tsa Molimo ba phethahatsa tšebeletso ea bona ka tšoanelo? (2 Ba-Korinthe 11:13-15) (b) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho tseba ho khetholla liministara tsa ’nete tsa Molimo kajeno? (2 Ba-Korinthe 5:18)

HAUFINYANE, Amerika e Hare, liministara tse khethiloeng tsa bolumeli li ile tsa kenya letsoho ho hlophisa ntoa e ileng ea liha ’muso. Bochabela bo Hole ministara ea khethiloeng a etella pele lerabeng le ileng la fella ka lefu la batho ba babeli. Asia e ka boroa liministara tse khethiloeng tsa hlophisa basebetsi ba se nang litša ntoeng e loantšang “khatello” ea bona.

2 Banna bana kaofela ba ne ba ipolela hore ke liministara tsa Bokreste, empa na ho ne ho le joalo? Na ke eona ntho ea ’makhonthe e lokelang ho etsoa ke ministara ea Molimo? Ena ke potso ea bohlokoa, kaha haholo-holo ke ka tšebetso ea liministara tsa ’nete tsa Molimo batho ba ithutang ka oona e be ba fumana monyetla oa bophelo bo sa feleng. (1 Ba-Korinthe 3:5; Johanne 17:3) Ho hlokahala hore re tsebe ho lemoha liministara tsa sebele tsa Molimo. Empa re ka ho etsa joang? Ke Bibele feela e ka re thusang.

‘Liministara’ ka Bibeleng

3. (a) Lentsoe la Segerike di·aʹko·nos. le sebelisoa joang? (b) Tšebeletso e phahameng ho feta tsohle ke ea mofuta ofe?

3 Pele ho tsohle, ministara ke eng ea ka Bibele? Ka puo ea boholo-holo ea Mangolo a Bakreste a Segerike, lentsoe bakeng as “ministara” e ne e le di·aʹko·nos. Le hoja maikutlo a sa tšoane ka hore na tšimoloho ea lentsoe lena ke efe, tlhaloso eona e-ea tsebisahala. Motheong oa taba, le bolela “mohlanka.” Ka Melaetseng di·aʹko·nos. le mantsoe a amanang le eona hangata e sebelisoa mabapi le ho sebeletsa ba lutseng lijong. (Luka 4:39; Johanne 2:5, 9) Leha ho le joalo, ka Segerike sa mehleng ea Jesu lentsoe le ne le ama boemo bo phahameng haholoanyane. Litokomaneng tseo e seng tsa Bibele le ne le sebelisoa mabapi le ba litulong tse phahameng bolumeling, ’me ha Mangolo a Seheberu a fetoleloa ka lekhetlo la pele Segerikeng, le ile la sebelisetsoa ho hlalosa basebeletsi ba lekhotla le basebeletsi ba Morena Assueruse oa Persia. (Esthere 1:10; 6:3; Septuagint Version) Ha e le hantle, tšebeletso e phahameng ka ho fetisisa eo motho a ka kenyang letsoho ho eona ke tšebeletso ea Molimo o Holimo-limo, Jehova.

4. Ministara ao ’makhonthe oa molimo o italima joang?

4 Kaha ho ba ministara oa Molimo ke tokelo e phahameng hakana-kana, ministara oa ’nete o italima joang? Ha a lokela ho ikhohomosa kapa a ikutloe hore ke oa bohlokoa. Ka sebele, ha a amohele hlompho e phoqang e kang “Ntate ea Halalelang” kapa “Reverend.” (Mattheu 23:8-12) Ho e-na le hoo, Jesu o bontšitse hore ministara oa ’nete oa Mokreste e tla ba moikokobetsi. O itse: “Mang le mang ea ratang ho ba moholo har’a lōna, e ke e be mohlanka [ministara] oa lōna; ’me mang le mang ea ratang ho ba oa pele har’a lōna, e be mofo oa lōna.”—Mattheu 20:26, 27, bapisa le NW.

5. Liministara tsa Molimo li mamela melao ea mang, ’me ke bo-mang ba ruang molemo ka tšebeletso ea tsona?

5 Ministara o mamela litaelo tsa mong’a hae. Leha ho le Joalo, ha a etsa joalo, mosebetsi oa hae o ka ’na oa tsoela e mong molemo. Ka mohlala, haeba mong’a hae a e-na le baeti, ministara joale o mamela mong’a hae ka ho hlokomela se hlokoang ke baeti. Liministara tsa Bakreste, e le ‘liministara tsa Molimo’ le ‘liministara tsa Kreste,’ li mamela litaelo tseo Molimo o faneng ka tsona ka Mora oa oona, Jesu Kreste. (2 Ba-Korinthe 6:4, 11:23) Empa mosebetsi oo ba o etsang o tsoela batho ba bang molemo. Ka mohlala, Pauluse e ne e le ministara ea “ba-lichaba.” (Ba-Efese 3:1-7) Tšebeletso ea hae ea tlisetsa ba ileng ba nka bohato hantle mahlohonolo a maholo. ’Me ea tlotlisa Jehova Molimo le Jesu Kreste, bao a neng a mamela melao ea bona.

Ministara e Moholo ho Bohle oa Bolumeli

6. (a) Ministara ea phahametseng bohle oa bolumeli e ne e le mang? (b) O ne a mamela litaelo tsa mang, ’me o ne a sebeletsa lebitsong la bo-mang?

6 Empa hantle-ntle ministara o lokela hore a etse joang? Hona re ka ho arabela ka ho nahana ka liketso tsa ministara e moholo ho bohle oa bolumeli ea kileng a phela, Jesu Kreste. Jesu o itse: “Mor’a motho, ea sa kang a tlela ho sebeletsoa, empa e le ho sebeletsa le ho neela bophelo ba hae ho ba topollo ea ba bangata.” (Mattheu 20:28) Joaloka ministara, Jesu o ne a mamela litaelo tsa mang? O ne a sebeletsa bo-mang? Hona joang? Jesu o ne a mamela litaelo tsa Ntate oa hae oa leholimo. (Johanne 8:28) ’Me, qalehong, o sebelelitse Bajode feela. (Ba-Roma 15:8) Empa tšebeletso ea hae e ne e tla qetella e le molemong oa batho bohle ba lipelo li lokileng.—Johanne 3:16.

7. (a) Joaloka ministara, Jesu o ile a etsa’ng? (Mareka 1:38) (b) Jesu ha a ka a etsa joang?

7 Jesu o ne a etsa’ng joaloka ministara? ntho e ’ngoe eo a neng a e qoba ke ho kena-kenana le lipolotiki. Bonyane ke ka makhetlo a mabeli ha a e-ba le monyetla oa ho nka lehlakore lipolotiking, empa a hana. (Mareka 12:13-17; Johanne 6:15) Hobane’ng? Hobane tšebeletso ea hae e ne e le e phahametseng lipolotiki, ’me melemo eo e neng e fana ka eona, ho akarelletsa bophelo bo sa feleng, e ne e phahametse haholo e fanoang ke lipolotiki. Ntle ho moo, ministara oa Molimo e ke ke ea e-ba ministara oa lefatše lena. (Mattheu 6:24) Kahoo, Jesu a lula e se ‘karolo ea lefatše.’ (Johanne 17:14; Jakobo 4:4) Kahoo, seo Jesu a neng a se etsa e ne e le feela ho bolela le ho ruta. O ne a bolela lebitso la Molimo pontšeng. O ne a bolela hore ’muso oa Molimo ke oona tšepo feela bakeng sa batho. A ruta barutuoa ba hae melao e phahameng ea boitšoaro ea Molimo ’me a ba koetlisetsa hore ba mo sale morao tšebeletsong. Qetellong, a bea tšebeletso ea hae maemong a phahameng ka ho tela bophelo ba hae bakeng sa batho.—Mattheu 4:17; 5:27-32; 20:28; Johanne 17:3-6.

8. Ke hobane’ng ha liministara tsa kajeno tsa ’nete tsa Molimo li hlahloba tšebeletso ea Jesu ka mokhoa o haufi haholo?

8 Jesu ke mohlala oa hore bohle ba “hate moo a hatileng teng.” (1 Petrose 2:21) Ke feela ba latelang tšebeletso ea Jesu Kreste haufi-ufi ba ka ipitsang ka bonnete hore ke liministara tsa Molimo kajeno. Ha re ka hlahloba liketso tsa liministara tsa Bakreste lilemong tsa hoba Jesu a shoe, re tla bona hore na ho ameha eng.

Ministara oa Mokreste

9. Jesu le Pauluse ba ile ba tšoanelehela tšebeletso joang?

9 Pele, ministara oa Molimo o ne a tšoaneleha ho ba ministara joang mehleng eo? Kajeno, liministara tse ngata tsa Bojakane li amohela litokomane seminaring e ’ngoe kapa kolecheng li hlalosa boemo ba tsona. Tsena ke tsona litšoaneleho tsa tsona. Leha ho le joalo, Jesu o ne a se na litokomane tse joalo. E ne e le ministara ea tšoanelehang hobane o ne a tlotsitsoe ke Molimo bakeng sa hoo. (Luka 4:18, 19) Ka ho tšoanang, moapostola Pauluse a re: “Matla a rōna a mpa a tsoa ho Molimo; e leng oona hape o re fileng matla a ho ba basebeletsi [liministara tsa] selekane se secha.” (2 Ba-Korinthe 3:5, 6) Ka hona, Molimo ke oona o tšoanelehisang liministara tsa oona. Joang?

10. Timothea o fumane thuto ea motheo ea ho ba ministara joang?

10 Nahana ka mohlala oa Timothea, eo e neng e le ‘ministara oa Molimo . . . litabeng tse molemo tsa Kreste.’ (1 Ba-Thessalonika 3:2, NW) Pauluse a mo ngolla: ‘Empa ha e le uena, u eme ho tsee u ithutileng tsona, tseo u li tiiselitsoeng, u ntse u tseba eo u ithutileng tsona ho eena; etsoe le bonyenyaneng ba hao u hlile ua tseba Mangolo a Halalelang, a lokelang ho u hlalefisetsa ho bolokeha, ka ho lumela ho Jesu Kreste.’—2 Timothea 3:14, 15; bona hape 2 Ti 3 litemana 16 le 17.

11. Ke mang ea thusitseng Timothea ho tšoanelehela boministara?

11 Na hoo ho bolela hore Timothea o mpile a ipalla Bibele feela ’me kahoo a fetoha ministara? Che. Pele, o ile a ‘tiisetsoa hore a lumele’ ke liministara tse ling. Ke life tsona tseo? Kaha o ne a tsebile Mangolo “bonyenyaneng,” bonyane o tlameha a be a fumane thuto ea motheo ho ’m’ae le nkhono oa hae, kaha ho bonahala hore ntate oa hae e ne e se molumeli. (2 Timothea 1:5) Ho phaella moo, ha Pauluse a kopana le Timothea ka lekhetlo la pele o ne a se a ntse a “rorisoa ke baena ba Lystra le ba Ikone.” (Liketso 16:2) Kahoo, tumelo ea hae e ne e se ntse e hōlisitsoe haholo ke ho kopanela le Bakreste ba bang liphuthehong tsena. Ho phaella moo, mehleng eo baena ba sa tšoaneng ba tsebahalang, ’me haholo-holo sehlopha se busang sa phutheho ea Bakreste se Jerusalema, se ne se tloaetse ho ngolla liphutheho tse sa tšoaneng mangolo ho tiisa tumelo ea tsona, ’me balebeli ba tsamaeang ba ne ba tloaetse ho haha tumelo ea tsona ka ho li etela.—Ba-Heberu 10:23; Liketso 15:22-32; 1 Petrose 1:1.

12. Timothea e bile ministara neng, ’me a ’na a tsoela pele joang kamorao ho moo?

12 Neng-neng tumelo ea Timothea, e neng e tiisitsoe ke ho ithuta le ho kopanela joalo, ea mo khanna hore a kolobetsoe ho tšoantšetsa boineelo ba hae ho Molimo, hore a phele bophelo bohle ba hae a O sebeletsa. (Mattheu 28:19, 20; Ba-Heberu 10:5-9) Ka ho utloahalang, ntlheng eo a fetoha ministara oa Molimo. Empa ha a ka a setlela moo. Matla a hae a tšebeletso a boetse a tiisoa ke neo e khethehileng ea moea le ka taeo le koetliso ea botho ea moapostola Pauluse. ’Me Timothea a ’na a tsoela pele ka boithuto ba hae ba botho le ka ho kopanela le Bakreste ba bang. (1 Timothea 4:14; 2 Timothea 2:2) Kahoo, Timothea e ne e le ‘ministara ea litaba tse molemo.’ A le seo, o ne a etsa joang?

13. Boikarabelo ba tšebeletso ea Timothea e ne e le bofe?

13 O ne a e-na le litšoanelo tse khethehileng, kaha e ne e le motsoalle ea tsamaeang le Pauluse. E le moholo, Timothea o ne a sebetsa ka thata ho ruta le ho tiisa Bakreste ba bang. Hona e ne e le karolo ea tšebeletso ea hae. (1 Timothea 4:6) Empa karolo e setsing ea tšebeletso ea hae, joalokaha ho ne ho le joalo ka Jesu, e ne e le ho bolela Evangeli. (Mattheu 4:23) Moapostola Pauluse a re ho Timothea: “Ha e le uena, falimeha nthong tsohle, u mamelle bohloko, u etse mosebetsi oa ’moleli oa Evangeli, u phethisise tšebetso ea hao.”—2 Timothea 4:5.

14. Mangolo a bontša kamano pakeng tsa tumelo le tšebeletso ea boboleli joang?

14 Ntle ho Timothea le Pauluse, ke bo mang hape ba neng ba lebelletsoe ho kenya letsoho tšebeletsong ea Bokreste? Baholo kapa baemeli ba khethehileng ba tsamaeang feela? Che. Moapostola Pauluse a totobatsa ’nete ea hore ho bolela evangeli ho ne ho susumetsoa ke tumelo eo Bakreste bohle ba lebelletsoeng hore ba be le eona. A re: “Motho o lumela ka pelo, hore a beoe ea lokileng, ’me o bolela ka molomo hore a bolokehe.”—Ba-Roma 10:10.

15, 16. Ke bo-mang ba neng ba kentse letsoho boikarabelong ba tšebeletso ea Bokreste, hona u arabela joalo hobane’ng?

15 Na hona ho bolela hore bohle bao ka ’nete ba nang le tumelo ea Bokreste e lokela ho ba liministara tsa Bakreste, ba kenya letsoho ho boleloeng ha evangeli? E, mantsoe a Pauluse a ne a tobisitsoe ho phutheho eohle ea Roma, e seng ho baholo feela. (Ba-Roma 1:1, 7) Phutheho eohle ea Efese e ne e lokela ho ‘roala mafolo-folo a Evangeli ea khotso maotong.’ (Ba-Efese 6:15, 1:1) ’Me bohle ba utloileng lengolo le ngoletsoeng Baheberu ba ne ba lokela ho ‘tiisa kano ea tumelo ea bona ba sa sisinyehe.’ (Ba-Heberu 10:23) Hape u hopole hore mohla Pentekonta, e mong le e mong, banna le basali, ba bile le karolo ho boleleng “limakatso tsa Molimo.”—Liketso 2:1-21; 1:14.

16 Ho feta moo, pelenyana a nyolohela leholimong, Jesu o ne a itse ho balateli ba hae: “E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang; ’me le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Mattheu 28:19, 20) Ba neng ba tla arabela ho sena lichabeng tsohle, e ne e sa lokela ho ba bamameli feela. Ba ne ba lokela ho ba barutuoa, ka sohle se amehang.—Luka 10:1; 14:27, 33; Johanne 13:35; 15:8; Liketso 1:8.

Liministara tsa Molimo Kajeno

17. Tse ling tsa lintho tsa bohlokoa tse amehang tšebeletsong ea Bokreste ke life? (Mattheu 22:37-39)

17 Ho tla fihlela mona, re bona hore ministara oa ’makhonthe oa Mokreste o qoba lipolotiki ’me o ikarotse lefatšeng. Ke moikokobetsi ’me o boloka melao e phahameng ea boitšoaro eo Jesu a e rutileng balateli ba hae. Ke ministara oa Molimo, ea etsisang Kreste. Ka baka leo, ha a lokela ho latela maikutlo a hae kapa a kolobise ’nete e le hore e ka amoheleha haholoanyane ho ba bang. Leha ho le joalo, mosebetsi oa eona oa boministara o ruisa batho ba bang molemo, ba lumetseng le ba sa lumelang.—Mattheu 20:28; 26:39; 1 Petrose 4:8-10.

18. Liministara tsa ’nete tsa Molimo tsa kajeno ke life, hona u arabela joalo hobane’ng?

18 Joalokaha ho bile joalo ka Jesu le Timothea, karolo ea bohlokoa ea ministara oa kajeno oa Mokreste ke mosebetsi oa ho bolela. O bolela eng? Poloko e sa ntsane e fumaneha motheong oa sehlabelo sa Jesu. ’Me ba lakatsang ho bolokeha ba sa ntsane ba tlameha ho bitsa lebitso la Jehova. (Liketso 4:12; Ba-Roma 10:13) Ho feta moo, ’muso e sa ntsane e le oona tšepo feela bakeng sa batho ba bohlokong. Kahoo, Jesu o ile a profeta: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” (Mattheu 24:14) Liministara tsa ’nete tsa Molimo ke tsona tse phethahatsang boprofeta bona le ba rutang linnete tsena. Hona ke bo-mang ba etsang mosebetsi ona o fanoeng ke Molimo? Ke Lipaki tsa Jehova feela.—Esaia 43:10-12.

19. Ke lintho life tse sa tšoaneng tse amehang ho beng ha motho ministara oa Molimo kajeno?

19 Motho o tšoaneleha joang hore e be ministara? Ka tsela e tšoanang le eo Timothea a ileng a tšoaneleha ka eona: Ka ho haha tumelo e tiileng mererong ea Molimo, e theiloe boithutong ba Bibele; ka ho tiisa tumelo eo ka ho kopana le Bakreste ba bang, ka ho kolobetsoa metsing tšoantšetsong ea boineelo bo entsoeng ka thapelo e tobileng ho Molimo ho mo sebeletsa ho tloha moo ho ea pele; le ka ho amohela tataiso le tsamaiso e tsoang ho Sehlopha se Busang sa phutheho ea Bokreste. (Ba-Heberu 10:23-25; Mattheu 24:45-47) Ke bo-mang ba kenyang letsoho mosebetsing ona? Bohle ba nang le tumelo e tšepahalang le e mafolo-folo mererong ea Molimo, e theiloeng tsebong e nepahetseng. Ho kenya letsoho tšebeletsong joaloka Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste ke bopaki ba bonnete ba tumelo eo.—Jakobo 2:17.

20, 21. (a) Ke ka baka la ho hlōleha ha tšebeletso efe ea Bojakane ho leng hotle hore e be Molimo o hlahisitse liministara kajeno? (b) Tšebeletso ea tsona e sabaletse hakae?

20 Mehleng ena ea qetello, liministara tse ngata tsa bolumeli tsa Bojakane li tšoarehile ho bolela “molaetsa oa litaba tsa batho,” li tsoakana le lipolotiki kapa li belaela hore na Molimo o teng le hore na Bibele e sa sebetsa. ’Me litho tsa liphutheho tsa Bojakane li bontša thahasello e fokolang ea ho sebetsa joaloka liministara. Kahoo, re leboha Molimo hore e be o hlahisitse liministara tse etellelitseng lebitso la oona pele pel’a batho le ho thusa batho ba pelo li tšepehang hore ba ithute ka linnete tsa bohlokoa tsa Lentsoe la Molimo, Bibele. Ho na le liministara tsena tse fetang limillione tse peli lefatšeng lohle ’me ka thuso ea Molimo li sebeletsa batho bohle.

21 Empa motho a ka ipaka joang hore ke e mong oa tsona? Sehloho se latelang se tla hlakisa hona haholoanyane.

Mangolo a latelang a re bolella eng ka tšebeletso ea Bokreste?

□ Mareka 1:38

□ 1 Timothea 4:5

□ 2 Timothea 4:5

□ Ba-Roma 1:1, 7; 10:10

□ Mattheu 24:14; 28:19, 20

□ Ba-Roma 10:13

□ Johanne 17:16

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Na see ke sona se lokelang ho etsoa ke liministara tsa Molimo

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Mosebetsi oa boministara o ka ’na ao akarelletsa ho ruta phutheho

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Bohle ba nang le tumelo ba lokela ho sebeletsa e le liministara tsa Bakreste

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela