Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 5/15 leq. 26
  • Filemone—Bopaki ba Bokreste bo Sebelisoang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Filemone—Bopaki ba Bokreste bo Sebelisoang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Buka ea Bibele ea 57—Filemone
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Lerato la Boena Lea Sebetsa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Filemone le Onesimase—Ba Kopanngoa ke Kutloano ea Bara ba Motho ea Bokreste
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • ‘Ho Khothatsa ka Lerato’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 5/15 leq. 26

Filemone—Bopaki ba Bokreste bo Sebelisoang

ETSA seo u se bolelang! Jesu o hlakisa ntlha ee ka matla hakaakang ha a nyatsa baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae! (Mattheu, khaolo ea 23) Empa ho thoe’ng ka baruti ba phutheho ea lekholo la pele ea Bakreste? Na ba ne ba etsa seo ba se bolelang? Hore ba ho entse ho bontšoa ka ho hlaka bukeng ea Bibele ea Filemone.

Lengolo le eang ho Filemone ha lea ngolloa phutheho, empa motho ea itseng, ’me le sebetsana le taba ea botho. Ho phaellang tabeng ea hore ke la botho ke ’nete ea hore Pauluse o le ngotse ka letsoho la hae, ho e-na le ho sebelisa mongoli.

Pauluse o tenne a ngolla Filemone lengolo la botho tjee ka lebaka lefe? Ke lena: Pauluse o ne a khutlisetsa ho Filemone lekhoba la hae Onesima. Onesima o ne a balehile, mohlomong a bile a utsoa chelete ea Filemone hore a tsebe ho nka leeto la hae ho ea Roma. Ka mokhoa o mong Onesima a teana le Pauluse Roma, a mamela ha a bolela ’me a fetoha Mokreste. A le joalo ea e-ba oa bohlokoa haholo ho sebeletseng Pauluse, ’me moapostola o ne a mo rata haholo. Empa Pauluse o ne a sa batle ho boloka Onesima ntle ho tumello ea Filemone. Ka tumello ea Onesima, Pauluse o ne a mo khutlisetsa ho Filemone—e se e se lekhoba feela empa joale hape e le ngoan’abo ea ratoang Moreneng.

Hore joale Onesima e ne e se e le moena oa bohlokoa le ea tšeptjoang ho bontšoa ke hore hape o ile a tšepuoa, eena le motsoalle oa hae Tykike ka mangolo a Pauluse a eang liphuthehong tsa Efese le Kolosse. (Ba-Efese 6:21, 22; Ba-Kolosse 4:7-9) Mangolong ana ka bobeli Pauluse o eletsa makhoba hore a utloe benghali ba oona. (Ba-Efese 6:5-7; Ba-Kolosse 3:22, 23) Ka hona Pauluse o ne a sebetsa tumellanong le keletso ea hae ea ho khutlisa Onesima. O ne a hlompha thepa ea ba bang ’me a phela ka keletso ea hae ea ho ikokobeletsa tokisetso e teng ea mebuso.—Ba-Roma 13:1-7; 1 Ba-Korinthe 7:20-24.

Pauluse a boela a etsa mohlala ka keletso ea hae ho bontša boikokobetso, lerato le kameho ka ba bang. (Ba-Efese 4:1-3; Ba-Filippi 2:3, 4; Ba-Kolosse 3:12-14) Ho e-na le ho tlamella Filemone ka matla a boholo ba boapostola hore a tšoarele Onesima le ho mo amohela joaloka ngoan’abo, Pauluse ka boikokobetso a ipiletsa ho eena motheong oa lerato la Bokreste le setsoalle sa bona sa botho. (Filemone 8, 9, 17) Ke mohlala o motle hakaakang bakeng sa balebeli ba Bakreste kajeno!

Filemone o na le molato ho Pauluse, hobane ke ka Pauluse a ileng a ithuta litaba tse molemo le ho lokolloa bohlankeng ba bohetene. Ho ntse ho le joalo, ka molao, o ne a ka ’na a tlatlapa le ho khahlapetsa Onesima. ’Me ka sebele o ne a e-na le lebaka la ho mo koatela. Pauluse ha a ka a khothalletsa Filemone feela hore a be mosa, le ho tšoarela le ho ba mohau empa hape moapostola o ne a utloisisa ho etsa joalo. Pauluse a ngola hore, “’Me leha ekaba [Onesima] a kile a u tlatlapa ka hore hoitseng, kapa a na le molato ho uena, u ke u o batle ho ’na. . . . ke tla u lefa.”—Filemone 18, 19.

Ka sebele, joalokaha ho bontšitsoe bukeng ea Filemone, bangoli le baruti ba pele ba Bokreste ka bobona ba ne ba phelela melao ea motheo ea Bokreste. Ba ne ba sebelisa seo ba se bolelang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela