Liphetoho Tsa Kajeno ’Minong—Na li ka U Khelosa?
HO THOE’NG joale ka ’mino oa kajeno ka mefuta ea oona ea “rock, punk, rhythm,” le liphetoho tse ling tsa kajeno tse feteletseng tse phahamang? Na oona, ka mantsoe kapa che, o ka susumetsa tsela eo u nahanang ka eona kapa oa kunyula boemo ba hao ba moea?
Bill Mullane, eo e neng e le sebini sa “rock” sa New Jersey, U.S.A., o ho hlalositse ka tsela ena: “Ha ke ne ke letsa katara ea bese sehlopheng sa ‘rock’ phello e ne e ikutloahatsa ’meleng. Ho luma ho sa khaotseng ho matla le mokhoa o hlaha li ne li fetela ho uena. Ke ne ke le karolo ea hona joale ka sebini. Joale, ha ke shebella ha bamameli ba nka bohato ’me ba nkeha ke molumo oo o qapetsoeng ho susumetsa, ke ne ke batla hore o ba ame ho feta hoo. Ke molumo oa mofuta oona oo. O-oa u tšoara. Hantle-ntle ka nako eo hangata ke ne ke le tlas’a tšusumetso ea lithethefatsi, joaloka ba bangata ho bamameli. Joale nyakallo e-ea eketseha. Ho itšoanela feela le ho felloa ke boikhalemelo. U ka hlanya ’me ua lebala meeli ea hao.
“Ke ka baka leo ke nahanang hore bacha ba bangata ba rata melumo e sa tšoaneng e hlahang kajeno. E ba tsebahatsa le melaetsa ea bona. Ha ke hetla morao, ke bona hore e bontša tsela eo ba ikutloang ka eona ka lefatše le bophelo ba kajeno. Ha e le hantle, kotsi ea ‘nuclear’ e leketlile hohle holim’a batho. Ke mang ea tsebang hore na re sa tla phela halelele hakae? Kahoo ba ba le maikutlo a ‘U phele ha bo sa u lumela. U fumane sohle bophelong seo u ka se khonang.’”
Tlhaloso eo ea ho tsebahatsa e re tlisa mokong oa taba. (Bapisa 1 Ba-Korinthe 15:32.) Na Mokreste oa ’nete a ka rata ho tsebahala le boholo ba liphetoho tsa kajeno ’minong? Haufinyane Toronto Star, koranta ea Canada, e tlalehile: “Likamano tsa botona le botšehali le hore motho a iketse eka ha a utloa bohloko ke ho furalloa ke moratuoa, ke motsoako moketeng oa lipina oa Tubes [sehlopha sa ‘rock’ sa San Francisco].” Sengoli sa boetse sa hlalosa: “Seo Tubes e se nkang e le ho phoqana ha batho feela, ho mang kapa mohlomong e ka ba ho utloisana bohloko ho tebileng ha baratuoa, bokhoba ba botona kapa botšehali, litšila le ho fetella.” Ke hokae moo Bokreste bo ka amanang le seo?
New York Post e ne e e-na le sehlooho se reng: “Lefatše la Bosatane la Rolling Stones.” E ne e le tlaleho e khutšoanyane ea ho kenella ha sehlopha seo lithethefatsing. Maikutlo a Rolling Stones ka lithethefatsi, botona kapa botšehali le Satane li utloahala haholo le ka ho hlaka ’minong oa tsona. Na u ka lumellana le maikutlo a joalo ua ’na ua itsebahatsa le Kreste?—2 Ba-Korinthe 6:14, 15.
’Mino le ho Kopana le Meea
Ka bomalimabe, tsena hase tsona likotsi feela ’minong oa kajeno tseo Mokreste ea seli a lokelang ho li nahanela. Moapostola Pauluse o ile a phehella Bakreste: “Aparang lihlomo tsohle tsa Molimo, le tle le tsebe ho hlōla lihlōhō [liketso tsa bolotsana] tsohle tsa Diabolose. Hobane ntoa ea rōna . . . e loana le baholo, le mebuso, le marena a lefifi la lefatše lena, le meea e bolotsana e sebakeng sa leholimo.” (Ba-Efese 6:11, 12) Le ka mohla re se ke ra tella temoso ena. Tšusumetso ea bademona ke kobo-anela, ’me ke tsela efe e molemo ea ho thetsa batho, haholo moloko o hōlang, ho feta ka ’mino?
Hona joale lihlopha tse ngata li kene ka botebo ho kopaneng le meea le mekhoa ea borapeli ba boloi. Ba bang ba leka ho phahamisa bolumeli ba Bochabela le maikutlo ka ’mino oa bona. Mohlala:
Robert Palmer, ea ngolang ho phenya-phenya ’mino oa “jazz” bakeng sa The New York Times tlas’a sehlooho se reng “Boloi bo Laola ‘Album’ ea ‘Jazz,’” a hlalosa ka sehlopha sa ba batšo sa “jazz” se bitsoang The Art Ensemble of Chicago, a re: “Lepetjo la The Art Ensemble of Chicago ke ’Mino o Phahameng oa ba Batšo—oa Boholo-holo ho isa ho oa Nakong e Tlang.’ . . . Empa botšo hase ba mofuta o le mong mona. Ho na le . . . botšo ba ho betsana har’a mp’a bosiu. Hase hlile hase botšo ba ho lakaletsana bomalimabe, empa hase plata eo motho a ka e letsang le moketjaneng o hlaha ka ho fetisisa. . . . Ke bona lipontšo tse sa tšoaneng lefifing le letšo.” Joaloka morutuoa oa Kreste na u rata pokellong ea hao ea lipina ho be le ’mino o joalo?
Ka baka la seo Pauluse a se boleletseng Bakreste ba Efese ka makhotla a meea e bolotsana, na e ka ba ho utloahalang bakeng sa Mokreste oa kajeno ho ba le liplata tse phahamisang bodemona le ho kopana le meea? Haeba a tseba hore lihlopha tse ling li kene ka botebo lithutong tsa boloi le mekhoa, na hoa utloahala ho nka hore ha ho tšusumetso e ka kenellang ka bolotsana mantsoeng, morethethong kapa sekoahelo sa “album” ea liplata?
Ka mohlala, sehlopha se seng se letsa pina e reng: “Mr. Crowley.” “Mr. Crowley” ke mang? Ke morapeli oa Satane le mophahamise oa boloi ba kajeno oa lekholong la mashome a mabeli la lilemo. Mabakeng a mangata, ho sheba sekoahelo sa “album” hang feela e lokela ho ba ho lekaneng bakeng sa paki ea Mokreste ea Jehova ho etsa qeto hore na e tla reka plata kapa che, haholo ha ho le teng lipontšo tsa boloi le bodemona, kapa litšoantsetšo tsa bohetene le liphiri.
Gordon Grant ea neng a bapala meketeng ea boithabiso ea bosiu, eo ka nako e ’ngoe a neng a phela ka ho letsa ’minong oa “jazz” joale oa “rock” Los Angeles, U.S.A., o itse: “Lihlopha tsohle tseo ke ileng ka kopanela le tsona li ne li kenelletse bonoheng ka mokhoa o itseng. Khanya ha u kopana le motho e mong e mocha e ne e le hore, ‘Letšoao la hao ke lefe?’ Ba ne ba nka bolepi ka botebo ’me letšoao la hao linaleling e ne e le la bohlokoa.” Na u rata ho khetholloa le bolepi ba linaleli le mekhoa e meng ea bodemona?—Deuteronoma 18:10-13.
’Mino le Boitšoaro bo Bobe
Moapostola Pauluse o fane ka keletso e tobileng haholo lengolong la hae le eang ho Baefese le sebetsang ka ho tšoanang le kajeno le sebakeng sa ’mino. A khothatsa ka lerato: “Ha e le bohlola, le tsohle tse litšila, le meharo [ho akarelletsa meharo ea likamano tsa botona le botšehali], li se ke tsa boleloa le ho boleloa har’a lōna, joalokaha ho loketse bahalaleli. Ho se be lipolelo tse manyala, . . . kapa mesoaso e mebe.”—Ba-Efese 5:3-5, Testamente e Ncha le Lipesalema.
Lōna batsoali le bacha: Na le kile la hlahloba mantsoe a lipina tse ling tse rekisoang—kapa tseo mohlomong li seng li le ka malapeng a lōna? Mohlomong le nahana hore ’mino o-oa hapa, kapa mohlomong o na le morethetho oo u o ratang. Qalehong ha u tšoenyehe ka mantsoe ’me kapele u iphumana u se u o binela ka marameng. Le libaka tse ling tseo ho thelelisoang leqhoeng ho tsona li na le ’mino oa mofuta ona. Na e ka ba ho loketseng bakeng sa Lipaki tsa Jehova ho thelelisa leqhoeng sebakeng se joalo kapa ho kopanela ’minong o joalo? Mohlomong u re, ‘Kotsi e hokae hona moo?’
’Minong oa tsona, lihlopha tse ratehang li hlahisa bofebe le lithethefatsi e le tsela ea bophelo. E, ’mino oa tsona o fetisa tsela eo li phelang ka eona. “Ke tla ho bona hore na u joang liphateng” le “O-oa chesa, o-oa hohela,” ke mantsoe a tsoang albamong e ’ngoe ea haufi tjena. Sebini se seng se tsebisahalang se hlalosa maikutlo a sona hona sekoahelong sa albamo, se re: “Ha ke bone letho le phoso ka likamano tsa botona kapa botšehali pakeng tsa batho ba lumellaneng. . . . Ho hang ha ke lumellane le maikutlo a boitšoaro bo botlehali.” Kopano e ka ba efe ea kelello pakeng tsa Bakreste ba ’nete le boikutlo bo bontšoang mantsoeng a joalo le maikutlo? Na balateli ba Kreste ba ’nete ba ka tsebahala le ‘mohopolo ona o ikarotseng ho Molimo.’—Ba-Efese 4:18; Genese 39:7-12.
’Mino le Moloko oa Khale
Ho bonolo ho moloko oa khale ho nahana hore sena sohle se sebetsa feela ho moloko o mocha le ’mino oa oona. Empa ho thoe’ng ka lipina tse neng li rateha lilemong tse fetileng tse 20 le tse 30 tseo ba baholo ba sa ntsaneng ba li hloloheloa? “Big Spender” e ne e bua ka seotsoa se leka ho “tšoasa” motho. “Fever” e ne e le lentsoe le hlalosang takatso e matla ea likamano tsa botona le botšehali. “Never on Sunday” le eona e ne e le pina ea seotsoa. Ke ba bakae ba neng ba thabela meloli eo ka nako eo, ba sa nahane mantsoe hore na a bolela eng?
Re ne re ka ’na ra tsoela pele ho fana ka mehlala ea bomene-mene ba Satane ba ho re tšoasa hore ka ’mino, re ithabise ka menahano e theohileng le maikutlo tseo feela-feela tjee re neng re ka li hana. Hona ho bontša eng? Hore rōna kaofela, ba banyenyane le ba baholo, ho hlokahala re shebe ka botebo hore na re ’nile ra thabela ’mino oa mofuta ofe. Mohlomong ka ho se hlokomele re ’nile ra itsebahatsa le ‘khaphatseho ea bohlola’ ea lefatše lena.—1 Petrose 4:4.
Mona Mokreste e mong le e mong o lokela ho inahana—le haeba ke moholo ka phuthehong, motsoali, mocha kapa ngoana. Ho hloka sebaka ke hona ho re thibelang ho hlahisa bopaki bohle bo teng ka liphello tse theolang tsa mantsoe a mang a sebelisoang hona joale le a ipatileng ’minong. Empa Mokreste e mong le e mong ea seli ke hantle ha a ka hlahloba seo a se ratang hape le pokello efe kapa efe ea liplata eo a nang le eona ’me a nke bohato tumellanong le mabaka a utloahalang a behoang ka Mangolo.
Mokreste a ka Etsa Joang?
Ha Pauluse a bolela Efese tšebeletso ea hae e ile ea atleha hoo ba bangata ba neng ba sebelisa bonohe ba ileng ba amohela Bokreste ’me ba nka bohato ba ho sireletsa boemo ba bona ba moea ba nakong e tlang. Tlaleho e re: “Le ba bangata ba neng ba tšepile litaba tsa bonohe, ba tlisa libuka tsa bona, ba li chesa pel’a bohle; ha ho lekanngoa theko ea tsona, ha fihleloa hoba e lekane le lichelete tsa silevera tse likete tse mashome a mahlano. Lentsoe la Morena la ’na la ata joalo, la sebetsa ka matla.”—Liketso 19:18-20.
Na Lentsoe la Jehova le tla ’ne le hole le ho sebetsa ka matla tabeng ea hao? Haeba ho hlokahala, na u tla nka bohato e le hore u ka nkoa u le setho se tšoanelehang sa “bahalaleli” ba Jehova? (Ba-Efese 5:3) Haufinyane, ha khang ena e tekoa ka mokhoa o hlakileng ka pel’a sehlopha sa bahlanka ba nako e tletseng ba Jehova, makoti-koti a mangata a lithōle a tletseng li-album a ile a qhaloa ’me tsa senngoa hobane feela se ka hare ho tsona sa boitšoaro bo bobe, tšekamelo ea bodemona, se buella mokhoa oa bophelo oa lefatše lena o theohileng. Ntlha ea bohlokoa e ne e se hore na li rekiloe ka bokae empa kotsi ea tsona boemong ba bohlokoa ba moea.
Ba bang ba ikutloa hore re tlameha ho toba haholo ka lihlopha tse ling tse itseng tsa kajeno kapa mefuta ea ’mino. Leha ho le joalo, moapostola Pauluse o re: “Lijo tse tiileng ke tsa banna ba tiileng, e leng bao likelello tsa bona li lemaletseng ho khetha ho hotle le ho hobe.” (Ba-Heberu 5:14) Mokreste ea holileng tsebong, ka ho sebelisa letsoalo la hae le koetlisitsoeng ka Bibele, ha a lokela ho thatafalloa ke ho lemoha hore na ke ’mino oa mofuta ofe o amohelehang. Lipaki tsa Jehova ha li hloke letoto la melao e li thibelang ho tsamaisa boitšoaro ba tsona kapa letoto la ’mino o haneloang. E mong le e mong a ke a lemohe ha a batla ho khahlisa Ntate oa hae oa leholimo linthong tsohle, ho akarelletsa le ’mino oo a o khethang.—Ba-Efese 5:18-20; Ba-Filippi 1:9-11.
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Na liplata tsa hao li buella bonohe, lithethefatsi le boitšoaro bo bobe?