Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 11/1 maq. 30-31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Na U Hlompha Lebitso la Kreste?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lebitso le Isang Tumelong ea ’Nete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Na u Lokela ho Rapela Jesu?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 11/1 maq. 30-31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

■ Ho Ba-Filippi 2:9 Pauluse o bua tjena ka Jesu: “Molimo o . . . mo neile lebitso le holim’a mabitso ’ohle.” Ke ka kutloisiso efe Jesu a neiloeng “lebitso le holim’a mabitso ’ohle”?

Ka kutloisiso ea hore o jarisitsoe boemo kapa matla a phahametseng a sebopuoa sefe kapa sefe ke Jehova. Ba bang ba ikutloa hore Molimo o matla ’ohle ke oona feela o ka bang le lebitso “le holim’a mabitso ’ohle.” Kahoo ba nahana hore lengolo lena le paka hore Jesu o lekana, kapa ke motho a le mong le Jehova Molimo. Leha ho le joalo, ho hlahloba temana haufi-ufi ha ho tšehetse monahano ona.

Taba e potolohileng Ba-Filippi 2:9 e bontša hore Jesu o fumane “lebitso lena kamorao ho lefu la hae le tsoho. Kahoo, pele ho nako eo o ne a se na “lebitso le holim’a mabitso ’ohle.” Hore a le neoe ho ile ha bontša hore o boemong bo fapaneng. Na ho na le tsela leha e le efe eo boemo ba Jehova bo ka fetoloang? Che. E bile ea phahameng ka mehla. Ho neoa ha Jesu lebitso le phahameng joalo ho paka hore hase motho a le mong kapa hore o lekana le Jehova.

Hape, hlokomela hore lebitso le neiloe Jesu ka mosa ke Jehova. Ka ho hlakileng, haeba Molimo o ka ikhethela ho nea Mora oa oona Jesu lebitso le joalo, e tlameha e be Ntate o phahame ho feta moo, ’me Jesu o tlameha e be o tlase. (1 Ba-Korinthe 11:3) Ho joalo hore tlotla efe kapa efe e eang ho Jesu ka lebaka la tokelo ena e phahameng ke ‘tlotlisong ea Molimo Ntate.’—Ba-Filippi 2:11.

Kahoo, Jesu o ne a neiloe lebitso le phahameng ho feta le neiloeng sebopuoa leha e le sefe sa Molimo. Empa ho hlakile hore ho neoa ha hae lebitso lena ha hoa mo etsa ea lekanang le Molimo. Bapisa 1 Ba-Korinthe 15:27, e bolelang hore Molimo o beile lintho tsohle ka tlas’a maoto a Jesu empa eena ha a ka tlas’a Jesu.

Lebitso le phahameng leo a le neiloeng ke lefe? Moprofeta Esaia o re thusa ho arabela: “Borena bo beiloe lehetleng la hae, ’me o tla bitsoa Moeletsi ea makatsang, Molimo o matla, Ra-bosa-feleng, Morena oa khotso.” (Esaia 9:6, 7) Lengolo lena le bontša hore “lebitso” le emela matla a phahameng, boemo kapa borena—ka litšobotsi tsohle tse boletsoeng ke Esaia—li neiloe Jesu e le hore a ka phetha thato ea Jehova.

Jesu o bontšitse matla a borena ba hae ha a re ho barutuoa ba hae: “Ke neiloe borena bohle leholimong le lefatšeng.” (Mattheu 28:18) Tšepo feela ea batho bakeng sa nako e tlang e itšetlehile boemong bo phahameng bo neiloeng Jesu, e leng lebaka leo ka lona boprofeta bo ho Esaia bo sebelisetsoang eena.” ’Me lichaba li tla tšepa lebitso la hae.”—Mattheu 12:21.

Moapostola Pauluse o boletse hore “lebitsong la Jesu, mangolo ’ohle, . . . a khumame.” (Ba-Filippi 2:10) Hona hase ntho e etsoang hore batho ba bone feela. Jesu o hlokomelisitse hore ba bangata ba tla ipolela hore ba etsa mesebetsi e matla ka “lebitso” la hae, empa a ke ke a ba ela hloko. (Mattheu 7:21-23) Ruri ‘ho khumama ka mangole’ ka lebitso la Jesu ho bolela ho hlokomela boemo ba hae le ho ikokobeletsa matla a hae ka ho feletseng. Kajeno, ho bolela ho ba mofo oa hae e le Morena, ho nka karolo mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso le ho se nke lehlakore litabeng tsa mebuso ea lefatše.—Mattheu 24:14.

Hona ho fehla khanyetso e tsoang ho marena a lefatše. Jesu o lemositse: “Le tla hlouoa ke lichaba tsohle ka baka la lebitso la ka.” (Mattheu 24:9) Empa bakeng sa ba ‘khumamang ka mangole’ joalo, lebitso la Jesu le na le matla a sebele.

Moapostola Petrose o boletse: “Ha ho lebitso le leng tlas’a leholimo, leo batho ba le neiloeng, leo re ka bolokehang ka lona.” (Liketso 4:12) Pele, Petrose o ne a itse ho motho ea holofetseng: “Ka lebitso la Jesu oa Nazaretha, ema, u tsamaee.” Eaba motho eo oa tsamaea. (Liketso 3:6) Jesu a bolella balateli ba hae hore ba lokela ho rapela ‘ka lebitso la hae.’ (Johanne 14:14) Ha re sebelisa lebitso la Jesu lithapelong tsa rōna, ha re pheta-phete mokhoa feela tjee. Ho e-na le hoo, re kōpa hore matla a phahameng le borena ba Jesu Kreste li sebelisoe lebitsong la rōna.

Ka ho bontša tlotla le hlompho tse loketseng “lebitso” la Jesu—setulo sa hae se phahameng kapa matla—re balelloa har’a bao ho thoeng ka bona: “maleme ’ohle a bolele hore Jesu Kreste ke Morena, e be tlotliso ea Molimo Ntate.”—Ba-Fillipi 2:11.

■ Na Samuele e ne le moprofeta? Ke ne ke nahana joalo, empa ha ke bala Ba-Heberu 11:32 Bibele ea ka e fana ka maikutlo a hore e ka ’na eaba e ne e se moprofeta.

E, Samuele e ne e le moprofeta le moahloli. Tsela eo Ba-Heberu 11:32 e balehang ka eona Libibeleng tse ling e ka baka pherekano ntlheng ena, empa temana e ka ngoloa ka tsela eo e ka utloisisoang.

Ha Samuele e sa le moshemane Jehova a qala ho mo sebelisa hore a fane ka lipolelo, ’me Iseraele eohle ea hlokomela hore Samuele ke moprofeta. (1 Samuele 3:1-21) Morena Saule a ea ho Samuele ho fumana litaba tse ka fanoang ke moprofeta. (1 Samuele 9:6, 9; 28:11, 15) Ka lekhetlo le leng ‘sehlopha sa baprofeta ba profetang [se ne se tsamaisoa] ke Samuele.’ (1 Samuele 19:20) Mosebetsi oa hae oa ho profeta o ne o tsamaea le hore Samuele a ahlolele batho.—1 Samuele 7:15-17; 21:6, 7.

Hore Samuele e ne e le moprofeta, ho ka ’na ha belaetsa hobane liphetolelo tse ling li thathamisa banna ba tumelo ho Ba-Heberu 11:32 li baleha tjena: “Nka felloa ke sebaka sa ho bolela tsa Gideone, le tsa Barake, le tsa Samsone, le tsa Jafeta, le tsa Davida, le tsa Samuele, le tsa baprofeta.” Hoo ho ka utloisisoa e le ho bolelang hore Samuele o ne a khetholloa ho baprofeta, joalokaha ho ne ho le joalo ka Davida le baahloli Gideone, Barake, Samsone le Jafeta.

Leha ho le joalo, liphetolelo tse ling li kenya “ba bang” ho Ba-Heberu 11:32. The Living Bible e baloa tjena, “. . . Jafeta le Davida le Samuele le baprofeta ba bang bohle.” Libakeng tse ling Mangolong a Bakreste a Segerike re fumana libaka moo “ba bang” e kenngoang ka tšoanelo ho hlakisa. Ka mohlala, ho latela Authorized Version, ho Luka 21:29 Jesu o itse: “Bonang sefate sa feiga le lifate tsohle.” Hoo ha ho hlakise kutloisiso hantle, hobane sefate sa feiga ka bosona ke sefate. Kahoo mantsoe a Jesu a ka ngoloa tjena ka Sesotho: “Bonang sefate sa feiga le lifate tse ling tsohle.”—New World Translation, Today’s English Version, New English Bible; bapisa Luka 13:4.

Kahoo, New World Translation e ngola Ba-Heberu 11:32 ka tsela e hlakileng le e lumellanang le Mangolo a Seheberu: “Nka haelloa ke sebaka haeba nka pheta tsa Gideone, Barake, Samsone, Jafeta, Davida hammoho le Samuele le baprofeta ba bang.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela