Mehla ea Lihlong
FEMENG ea Cleveland, Ohio, U.S.A., moo Inez a neng a sebetsa, o ne a roetse tlokola “sehlopheng sa ba rohakanang.” Ka letsatsi le leng Alice a mo oela ka tšohanyetso. Ha ba ntse ba ngangisane Alice a ’na a akhela mahlapa mona le mane ho Inez. Ba shebelletseng ba nyarosoa ke ho se nahane hona.
Inez a iphetetsa ka mokoloko oa mahlapa. Lerata la ’na la phahama, mabota le oona a neeletsana, a mema basebetsi ba bang ba ileng ba tla ba matha ho tla khothatsa eo ba mo ratang. Qalehong ha bonahala eka ha ho ea tla hlōla ha ho utloahala mahlapa feela moeeng.
Qetellong tsebo e khōlō ea Inez, ho tsoakeng le ho lubakanyeng mahlapa, ea hlōla. Ho seo ho ileng ha bonahala e le mototo oa mantsoe a mahlapa a sa feleng, a hlōla Alice, eo, ha a se a khutsisitsoe ka sefahleho se retetseng a ileng a tloha. Mahofi a utloahala ha basebetsi ba khutlela mechineng ea bona. Inez, a ho nkile ka tloaelo, a itsoellela pele le mosebetsi oa hae.
Liketsahalo tse joalo li tloaelehile kajeno. Puo eo ka nako e fetileng e neng e nkoa e le ea batho ba se nang boikarabelo, e fetohile tloaelo. Ho rohakana ha basali le bona bana hona joale hoa “amoheleha.” Ba banyenyane ho tloaelehile hore ba sebelise puo e neng e etsa hore ba shapuoe. ’Me le hoja nakong e fetileng mantsoe a mahlapa a ne a kenngoa ka har’a linaleli kapa melanyana ha a ngoloa, hona joale a ngolloa ’mali feela.
Maikutlo a fetohileng ka lihlong a bontšoa hape le libaesekopong. Tsena li se li tletse ka meqoqo e hlabisang lihlong le mantsoe a sa itlhompheng. Baetsi ba libaesekopo hangata ba kenyelletsa puo e joalo hore ba re ke tse tla bonoa ke “batho ba baholo” feela. Ka mohlala, qalong baesekopo Annie e ne e boleloa e le e ka shebelloang ke batho ba lilemo tsohle, empa ba e entseng ba ikutloa hore ha e le joalo e ke ke ea mema batho. Eaba ba kenyelletsa ho se hlomphe Molimo baesekopong.
Khōlo ea Lihlong
Paleng eohle ho se hlomphe Molimo ho ile ha tloaeleha. Ho bolela puo ea mofuta ofe kapa ofe e silafatsang. Puo e joalo e bontša ho se hlomphe lintho tse halalelang, ho akarelletsa Molimo le sohle se amanang le litšoaneleho le litsela tsa oona. Hangata e nka sebopeho sa ho kōpa Molimo ho rohaka motho e mong. Kapa motho, ka puo e sa hlompheng, a ka tlōla kapa a tlatlapa batho kapa lintho tseo Molimo o li nkang li halalela. Empa Bibele e re: “Jehova a ke ke a latola molato oa ea tlaelang ka lebitso la hae.”—Exoda 20:7.
Leha ho le joalo, lilemong tsa morao tjena, ho se hlomphe Molimo ho fetohile haholo. Ho fetohile ho hlalosoang ka ho hlakileng likamanong tsa botona kapa botšehali—lihlong—ho bontša kelellong makunutu a amanang le litho tsa botona kapa botšehali le ho sebelisoa ha tsona. Ho hloka hlompho, le hona ho nyelisa, ho atisa ho bontšoa khalalelong ea lenyalo le botsoali. “Litlatse tse etsoang meketeng ea mabelo ka mefuta eohle li fetohile,” kamoo ho hlalosang U.S. News & World Report, “ho isa ho hlokeng meeli le mahlapa a hlakileng a botona kapa botšehali ho ba hlōlisanang.”
Lihlong tsena li thea boitšoaro bo bobe puong. Kajeno moea o tletse litšila tse joalo tsa puo. Ho latela makasine ea Time, mookameli oa “baseball” Tommy Lasorda “a theolela mahlapa a 144 puong e khutšoanyane ea khothatso ho sehlopha sa hae.” Baeta-pele ba bangata ba lipolotiki le bona ba bua puo e lihlong. Ha e le hantle, ka ho lokolloa ha litheipi tsa White House, Richard Nixon o ne a bua ka lapeng hore ha ho sa na lentsoe le lihlong. ’Me eo e kileng ea e-ba Presidente ea U.S., Jimmy Carter, le hoja a ne a tsebisahala ka kholiseho ea hae ea bolumeli, o kile a sebelisa lentsoe le nang le motsoako oa likamano tsa botona le botšehali leo The New York Times e ileng ea hana ho le hatisa. Ea bua ka lona feela e le “puo e sa itlhompheng ea Amerika.”
Motho a ka ’na a hopola nako eo ka eona batho ba buang ka matla ba neng ba sebelisa mantsoe a ho khotsa a se nang mahlapa. Empa sebakeng sa oona, mahlapa a ngotsoeng le a buuoang a fetohile molao, a re hlasela ka mahohle. Lilemong tse fetileng ea neng a ngola ka ho se hlomphe Molimo o ile a ngola litsela tse 14 tseo ka tsona lentsoe “lihele” le neng le sebelisoa ho nyefola. Empa hona joale mantsoe a “tala” a hlalosang litho tsa botona kapa botšehali ke matšoao a polelo e ’ngoe le e ’ngoe ea ba bangata, a sebelisetsoa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka nahanoang. ’Me mantsoe ana ha a hlile ha a sebelisetsoe khalefo kapa mabapi le ho utloa bohloko, empa hona joale batho ba rohakana feela lebitsong la ho rohakana.
Ho tloha ka likarete tsa litumeliso ho isa mengolong e etsoang maboteng puo e “tala” e totobetse. Li-T-shirt, litsebiso tse entsoeng lipampiring tse khōlō le likonopo tse nang le mongolo oa puo e lihlong li bonoa hoo e ka bang hohle. Puo e joalo e fetohile “mokhoa” ho batho ba bangata. “Puo e lihlong e fetohile e amohelehang hohle,” kamoo ho hlokometseng U.S. News & World Report, “hoo ho e etsolla ho tla ba thata haeba ho ka etsahala.” Hase feela ea rōna e bitsoang “Mehla ea Lihlong.”
Lebaka ke Lefe?
Khōlo ea lihlong e amana ka ho toba le ho theoha ha mekhatlo le litsamaiso tsa mekhoa. ’Muelli e mong oa bolumeli o re, “Ke pontšo ea mehla.” Ho oa ha kaheho ea lelapa, ho felloa ke hlompho bakeng sa ba boholong le boitšoaro bo bocha ba hore ‘sohle se lokile’ kaofela li tlatselitse tabeng ea hore ha ho letho le phoso ka ho hloka boitšoaro le boikhalemelo. Puo e joalo e bontša mokhoa oa bophelo oa kajeno o atisang ho hloka boitšoaro.
Tichere ea Harvard ea mafu a kelello Thomas Cottle o hlokometse hore: “Batho ba fumana bophelo ba bona bo se na ’nete, bo sa khotsofatse, ’me ba halefile. . . . Ho ipatileng ka khalefo ena ke moea oa ntoa.” Ho boleloa hore puo e sa hlompheng Molimo ke mokhoa oa ho ntša bohale boo motho a tlapelaneng ke bona le tsieleho. “Haeba motho e mong a parola ka pel’a ka tseleng eo ho khannoang ka bolokolohi ’me ke mo rohaka,” kamoo ho bolelang Chaytor Mason, setsebi sa mafu a kelello, “ho bontša hore ke motho ea molemo ho mo feta ’me ke boelloa ke bophahamo bo bong ba ka.”
Hoo re ho bonang ho etsahala ka tsela eo batho ba tlatlapang ba bang ka puo ke habohlokoa. Bibele e tsebahatsa hona e le bopaki ba hore bofelo ba tsamaiso e khopo bo haufi. Bibele e-ea lemosa, “Tseba hobane mehleng ea qetello ho tla hlaha linako tse bohloko. Hobane batho e tla ba baithati, . . . banyefoli . . . ba etselletsang ba bang, ba sa tsebeng ho itšoara.—2 Timothea 3:1-5.
[Lebokose le leqepheng la 4]
Lipapali tsa “Video” tse Lihlong
Tokollo ea la 30 Phato, ea Advertising Age e ile ea hlokomela hore lipapali tsa “video” tse lihlong ila etsoa hona joale, e hlalosa: “Tsela fela ea ho hlalosa mabitso a lipapali tse ncha ke hore lia chesa li bile li matla, ‘Bachelor Party,’ ‘Beat ’Em and Eat ’Em’ le ‘Custer’s Revenge.’ Ka mohlala, ena e qetellang, Molaoli Custer o apere letlalo ’me o matha a haola lehoatata hore a eo fihla ho ngoanana oa Moindia ’me a iphetetse ho eena. . . .
“Hlooho ea boemeli Mong. Kopels o bolela hore le hoja papali e theiloe likamanong tsa botona le botšehali, ho tšoantšetsoa ha litho tsa ’mele ka mokhoa o sa hlakang ho tv ho tla theola matla a likamano tsa botona le botšehli.
“Qetellong mekotlana ea [lipapali] tse lihlong e tla fumana tsela ea ho beoa liluloaneng tsa mabenkele a mangata a rekisang lipapali tsa ‘video,’ kamoo ho bonang Mong, Kopels.
“Ha a bua ka bahatisi ba li-cassette tsa ‘video’ bao nakong e fetileng ba neng ba hana ho rekisa li-cassette tsa [lipapali] tse lihlong, Mong. Kopels a bolela hore ba bile ba inehela ‘hobane bareki ba ne ba tšelela ka lebenkeleng le li rekisang. Ke lumela hore hona ho tla etsahala le ka mekotlana ea lipapali!’”