Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 7/15 maq. 5-8
  • Lipuo Tse Lihlong—Na li Hlile li Kotsi?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipuo Tse Lihlong—Na li Hlile li Kotsi?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Bakeng sa Monate Feela’
  • Phello ea Puo e Lihlong
  • Qoba ho Tšoasoa
  • Qoba Puo e Utloisang Bohloko
    Tsoha!—2003
  • Lebaka Leo Puo e sa Hloekang e sa Tšoanelang Bakreste
    Tsoha!—1992
  • Ke Eng se Phoso ka ho Rohakana ka Linako Tse Ling?
    Tsoha!—1989
  • Mehla ea Lihlong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 7/15 maq. 5-8

Lipuo Tse Lihlong—Na li Hlile li Kotsi?

METSENG e meng e meholo ea United States, ho hakanngoa hore hoo e ka bang lentsoe le leng le le leng la bohlano leo motho a le buang e ka ’na ea e-ba hlapa, Italy, ho latela likhakanyo tsa Mokhatlo oa Sechaba Toantšong ea Bonyefoli, ho boleloa lipuo tse nyefolang Molimo kapa kereke ka makhetlo a fetang billione ka letsatsi. Ka sebele, ho rohakana ke ntho e khōlō e fetisang nako libakeng tse ngata.

Hoo ho lokela ho hlabeloa litlatse, kamoo ho bolelang Reinhold Aman, mohlophisi oa Maledicta, makasine e buang ka ho hlompholla Molimo. O ikutloa hore ntoa ea mantsoe e molemo kaha e khethoa bakeng sa ho otlana. “Nka mpa ka bitsoa [*@*@] ho e-na le ho phohlotsoa ka kulo kapa thipa sefubeng,” kamoo ho bolelang Aman.

Hape ha a kenya lentsoe le letle bakeng sa mantsoe a mabe, Chaytor Mason o re: “Ho hlompholla, ho rohakana kapa leha u ka ho bitsa eng kapa eng ke mokhoa o lekiloeng ka nako e telele le o sebetsang oa ho ikimolla maikutlong a hlahisoang ke ho tlapelana ke tsieleho.”

Batho ba bangata ba ntse ba mamella mahlapa, ba ikutloa hore ha a kotsi. Ba ikutloa hore ho sebelisa puo e lihlong hore e lumellane le boemo ke toka. Ha e le hantle, Seventeen, makasine ea banana ba tlase lilemong, e re: “Hang kamorao ho nako, ke monyaka ho kopana hammoho le banana kapa bashemane—kapa lihlopha ka bobeli—bakeng sa mahlapa, mokete oa na-ke-mang-ea-kahlolang sebokeng see sa mahlapa. Ke hopotse ka tlhōlisano ea puo e lihlong e etsoang mokatong oa boraro oa phapusi ea ho robala ea basali moo ke kenang sekolo. Mantsoe a mahlapa a litlhaku tse ’ne a neng a fokaela moeeng bosiung boo a ne a ka retelisa le lona lepolesa.”

Na u lumela hore mahlapa a lokile? Na lipuo tse lihlong kannete ha li kotsi?

‘Bakeng sa Monate Feela’

Kajeno bacha ba bile ba sebelisa mantsoe a khethehileng bakeng sa mekete ea ho hlōlisana ka mahlapa eo ba tloaetseng ho e etsa kajeno. Sepheo hangata ke ho rohaka ’mè oa e mong ka mantsoe ao ho tla bonahala hore na ke mang ea tla hlōla e mong. Hangata ho hlolisana batho ba babeli, ba pota-potiloe ke sehlopha sa metsoalle e tšehang ha e utloa ’mè oa motsoalle oa bona a nyelisoa ke mohanyetsi ea qabolang haholoanyane. Mokhoa o mong o joalo ke oa ho soma. Ke mokhoa oa ho hlalosa ponahalo ea motho e mong, a tšoantšoa le phoofolo e ’ngoe e sa rateheng e kang kolobe, phokojoe kapa nakeli.

Mekhoa ena, hammoho le ho bua mesoaso e lihlong bakeng sa boithabiso, e se e tloaelehile haholo. Ka ho kopanela ho eona, ba nkileng karolo ba bolela hore ho se itlhomphe ha ho hobe hakaalo kaha ho ka soasuoa ka hona. Hape ba supa hore, ‘Bona kamoo batho ba tšehang ka bongata.’ Ha ho pelaelo ea hore litloaelo tse joalo li tlatselitse hore lipuo tse lihlong e be karolo ea puo ea letsatsi le leng le le leng, ka batho ba “rutehileng” le bona ba “tsoetseng pele” ba li sebelisa le bona. Leha ho le joalo, na ho sebelisoa ha puo e lihlong ho hlile ho kotsi ho feta kamoo ba bang ba bangata ba lumelang?

Phello ea Puo e Lihlong

Mantsoe a lihlong molomong a seo liketso tsa ho tsosa takatso ea botona kapa botšehali li leng sona ho leihlo. Lipuo tse tsosang takatso ea botona kapa botšehali li khothalletsa kamano ea botona kapa botšehali ka kelello. E be joale ho ka etsahala joang haeba mantsoe a lihlong ka botona kapa botšehali a sebelisoa ka mehla? Na motho ea a sebelisang a ke ke a sekamela haholo ho etsa seo a buang ka sona? Ka sebele ke habohlokoa hore ho sebelisoa ho eketsehileng ha puo e lihlong ho nkile leoto le ho eketseha ha bohlola, bofebe le bosodoma.

Ka lebaka la sena, mohlomong u tla bona bohlale ba keletso ea Bibele, ha e phehella: “Ha e le bofebe, le litšila tsohle, le takatso ea moruo, ho se ke ha boleloa le mabitso a tsona har’a lōna, kamoo ho tšoanelang bahalaleli; leha e le taba e lihlong, leha e le ea booatla, leha e le ea mesoaso e mebe, e leng taba tse sa tšoanelang.”—Ba-Efese 5:3, 4.

’Nete ke hore, ho sebelisoa ha puo e lihlong ho silafatsa ea e sebelisang. ’Me o jala tšenyeho ho ba bang nako le nako ha a bua puo e lihlong. Ka lebaka leo, ke ka nepo ha Bibele e eletsa: “Empa joale, lahlang le lōna ntho tseo kaofela, e leng bohale, le ho itšena, le lonya, le linyefolo; ’me polelo e lihlong e se ke ea tsoa melomong ea lona.” “Polelo e lihlong, leha e le ’ngoe, e se ke ea tsoa melomong ea lōna.” (Ba-Kolosse 3:8; Ba-Efese 4:29) Hape, e-ea phehella: “Lahlang litšila tsohle.” (Jakobo 1:21) Ho sebetsa khahlanong le keletso ena ho fella ka bohale ba Molimo.

Hape, nahana sena: Ha batho ba babeli ba fapanyetsana mahlapa, na ha papali eo ea bona e fela likamano tsa bona li ntlafetse? ’Me le haeba, ka baka la ho sebelisa mahlapa, ho qojoa ho otlana, na u ka re hoo ho hlile ho phekotse bothata ba babeli bao? Le hanyenyane! Ka lehlakoreng le leng, na mahlapa a ntseng a hoeletsoa ha a phahamise monyetla oa ho otlana ho e-na le ho o theola?

E be joale lerato le kutloisiso li ee li phahamisoe joang? Ke ka hore motho a ‘se busetse bobe ka bobe.’ Lentsoe la Molimo lea laela, “le se ke la iphetetsa e le lōna.” Ho e-na le hoo, “le etsetse bohale sebaka” ka ho tlohella phetetso matsohong a Molimo. Mantsoe a hao a mosa le liketso ho ea tlatlapang a tla “’mokellela mashala a mollo hlohong,” ’me mohlomong a etse hore a nolofatse boikutlo ba hae ka uena. Ka bohlale, latela ka linako tsohle keletso e ntle ea Mangolo: “Le hlohonolofatse, ’me le se ke la rohaka.”—Ba-Roma 12:17-20, 14.

Qoba ho Tšoasoa

Ho totobetse hore re tlameha ho alosa ka mehla hore re se ke ra hoholoa ke liphetoho tsa lefatše lena le litšila. Kaofela re tsuong ea ho nanarela ha lona. Joalokaha mongoli oa buka ea puo e hlomphollang Molimo, Burges Johnson, a itse: “Haeba puo e hlomphollang Molimo e le lefu mantsoeng a buuoang, e buuoa ke bo-mang hona e amoheloa ke bafe? Karabo e bonolo haholo: ha e tšoaetsanoe le hona ho silafatsana feela, hobane ka ho eona ho na le likokoana-hloko tse metseng ka metso ho rōna kaofela.” Bibele e tiisa hore rōna batho ba sa phethahalang re sekametse ho hoheloeng ke liketso tse fosahetseng le tse mpe. Kahoo re tšoanela ho loantša tšebeliso ea puo e lihlong.—Genese 8:21; Pesaleme ea 51:5.

Ho qoba puo e lihlong ho qala ka ho ithuta ho laola maikutlo le liketso tse isang ho eona. Ke life? Bibele e-ea arabela: “Tse bohloko tsohle, le bohale, le ho itšena, le komang, le ho seba, le lonya lohle, li falatsoe ho lōna.” (Ba-Efese 4:31) Kahoo pele u halefela motho hoo u ikutloang hore u batla ho mo rohaka, ema ’me u iqobelle hore u hopole ka botle boo u bo tsebang ka motho eo. U se ke ua lumella bohale hore bo u buise puo e lihlong. Batla ho sebelisa taelo ea Bibele: “Boikhantšo bo se ke ba tsoa melomong ea lōna.”—1 Samuele 2:3.

Sebaka se le seng seo u ka fumanang ho fepeloa ka mehopolo e nepahetseng ho sona ke Lentsoeng la Molimo, Bibele. Ka ho tlatsa monahano oa hao ka mehopolo e nepahetseng, u tla be u haha litakatso tse nepahetseng tsa pelo. Hona ho tla ama polelo ea hao joang? Jesu o itse: “Molomo o buisoa ke seo pelo e tletseng sona.”—Mattheu 12:34.

U se ke ua tsila-tsila ho rapella thuso ea Molimo le ho kōpa moea oa oona. Mopesaleme o ile a rapela: “Jehova, bea selebeli pel’a molomo oa ka, u lebele monyako oa melomo ea ka!” (Pesaleme ea 141:3) Ka ho falimeha ha rōna ho laola maleme a rōna, hammoho le ho tšehetsoa ke Molimo, re tla tseba ho qoba leraba la ho hlompholla Molimo.

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Na u tla iphetetsa ha e mong a u rohaka?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela