“Na re ka Otla a Mabeli Feela?”
Hangata potso eo e bolela ho khathatsana le ho hong. Le hoja mohlomong u utloisisa ho tela motsotsoana nakong ea hao ea bohlokoa ho mamela kapa ho thusa motho e mong, mpho ea hao e na le ’nete hakae? Na u itela uena le nako ea hao?
Seo moshemane oa setlokotsebe a ileng a se bua ka tichere e ileng ea mo hapa se bontša taba hantle. Moshemane o re, “O na le bana ba bangata ba mo emetseng, empa ha u na le eena ka mono, u ikutloa eka ke uena ngoana feela eo a mo tsotellang lefatšeng.”
Ke hona moo senotlolo sa ho fihla ho batho se leng teng—ho ithaopela ho itela ka ho feletseng. Moapostola Pauluse o bontšitse ho itela ho joalo boitekong ba hae ba ho thusa ba bang ha a re: “Ho ba-Jode, ke ikentse mo-Jode, hore ke rue ba-Jode; ho ba ka tlas’a molao, ke ikentse ea leng ka tlas’a molao, ho ba seng ka tlas’a molao, ke ikentse ea seng ka tlas’a molao . . . ho ba fokolang, ke ikentse ea fokolang, ke ikentse ntho tsohle ho bohle, hore ke mpe ke pholose ba bang.”—1 Ba-Korinthe 9:20-22.
Ha u ipha sebaka ho thusa e mong, na u nahana ka tšoaneleho ea thuso le boholo ba eona?