Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 10/1 maq. 28-31
  • Boemo ba Moapostola Khahlanong le Bokoenehi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Boemo ba Moapostola Khahlanong le Bokoenehi
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Kreste o Tlile Nameng?
  • Na Jesu ha se Kreste?
  • Na re Baetsalibe?
  • Ke eng se Susumellelitseng Bokoenehi?
  • Lithibelo tsa Sebe le Bokoenehi
  • Buka ea Bibele ea 62—1 Johanne
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Le ’Ne le Tsamaee Leseling la Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Bontša Lerato le Tumelo Kamehla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Hanang Bokoenehi, le Khomarele ʼNete!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 10/1 maq. 28-31

Boemo ba Moapostola Khahlanong le Bokoenehi

Hore u rue molemo o moholo sehloohong sena, re u khothaletsa hore u bale buka ea Bibele ea Johanne oa Pele. E na le maqephe a ʼmaloa feela.

HO EA bofelong ba lekholo la pele la lilemo tsa rona tsa Mehla e Tloaelehileng, kotsi e mpe ka ho fetisisa le e thetsang ea hlasela phutheho ea pele ea Bokreste. Na e ne e le hloriso e tsoang ho batho ba ka ntle ho phutheho ea Bokreste? Che, kotsi e kholo e ne e tsoa ka har’a phutheho. Sera se khukhunelang e ne e le bokoenehi.

Ka selemo sa 98 C.E. moapostola a le mong o ile a sala a sebetsa joale ka setširelo se seholo khahlanong le ho neng ho bonahala e le moroallo o moholo oa lithuto tsa bohata le bofetoheli ba bolumeli le ba bopolotiki. E ne e le moapostola Johanne ea tsofetseng, mor’a Zebedea le ngoan’abo moapostola Jakobo, ea ileng a shoela tumelo lilemo tse 54 pelenyana ho moo. Bocheng ba hae, Johanne o sebelitse le Jesu ka nako e khutšoanyane ea boboleli ba hae lefatšeng. Mohlomong ka baka la botho bo matla ba Johanne, Jesu o ile a ʼmitsa ‘Mora Sealuma.’ Joale ha a se a tsofetse, a ngola lengolo le matla la keletso le khalemelo le eang ho liphutheho tsa Bokreste. Seo a se boletseng se ntse se sebetsa le ho rona kajeno.—Mareka 3:17; Luka 9:51-56.

Johanne o ne a hlile a le seli hore bokoenehi bo khukhunela ka har’a balumeli ʼmoho le eena. Pelenyana moapostola Pauluse o ne a ile a bua ka ho oa hona. (Lik. 20:29, 30) Ka puo e otlolohileng Johanne a senola bathetsi bana, a re: “Le joale bo-antikreste ba bangata ba se ba hlahile; ke ka hoo re tsebang hobane ke nako ea qetello. Ba tsoile ho rona, empa e ne e se ba rona; hobane hoja e be e le ba rona, ba ka be ba setse ho rona.” ʼNete ea hore Johanne a bue ka “bo-antikreste” e bontša hore bokoenehi e ne e ke ke ea ba ntho ea motho a le mong, empa e ne e kopanyeletsa batho ba bangata ba neng ba hana pono ea Kreste e leng ka Mangolong.—1 Johanne 2:18, 19.

Bo-antikreste bao e ne e le bo-mang? ʼMe ke joang ba neng ba leka ho thetsa balumeli ʼmoho le bona? Johanne ha a pote litaba ha a senola bokoenehi ba bo-antikreste. O ba hlasetse ka ntlha tse tharo: (1) ba hana hore Kreste o tlile nameng, (2) ba hana hore Jesu e ne e le Kreste le Mora oa Molimo le (3) ba hana hore ke baetsalibe.

Na Kreste o Tlile Nameng?

Empa u ka ʼna ua botsa, ‘Ho tla joang hore balumeli ba bang ba hane hore Jesu o tlile nameng?’ Ka moo ho bonahalang ho ea bofelong ba lekholo la pele la lilemo Bakreste ba bang ba ne ba hapuoa ke thuto ea ba-Gerike, ho kopanyeletsa le bolumeli ba pele ba Thuto ea Pholoho. Bakoenehi bana ba ne ba na le pono ea hore lintho tsohle tse bonahalang ke sebe, ho kopanyeletsa ʼmele oa nama. Ka baka leo, ho bakoenehi ba boantikreste, Jesu ha a tla ka ʼmele oa sebe empa, ho e-na le hoo, o tlile ka moea. Johanne o bontšitse ka mokhoa o hlakileng hore ha a kopanele monahanong o joalo oa thuto e hanang matla a sehlabelo sa Kreste sa topollo. Ka baka leo o ile a ngola ka “Jesu Kreste ea lokileng” eo e neng e le “pheko ea libe tsa rona: e seng ea tsa rona feela, empa e le le ea tsa lefatše lohle.”—1 Johanne 2:1, 2.

Hamorao, ka hlaloso e bonolo le e qaqileng, Johanne o ile a hlakisa khang ho ea pele, a re: “Moea o mong le o mong o bolelang Jesu Kreste ea tlileng nameng, ke oa Molimo; ʼme moea o mong le o mong o sa boleleng Jesu Kreste ea tlileng nameng, hase oa Molimo.”—1 Johanne 4:2, 3.

Na Jesu ha se Kreste?

Ho bonahala hore Bakreste ba neng ba ipolela ka molomo hore ke Bakreste bao e neng e le ba-Jode ka tlhaho ba ile ba qala ho latola Jesu ke Kreste le hore ke Mora oa Molimo. Johanne o nyatsa ho hloka tumelo ho joalo, o re: “Ea leshano ke mang, ha e se ea latolang hore Jesu ke Kreste? Ea latolang Ntate le Mora ke eena e leng antikreste.” (1 Johanne 2:22) Lipolelo tsa Johanne tse otlolohileng ha li fe babelaeli sebaka.

Johanne hamorao a botsa potso e ʼngoe ho tšehetsa monahano oa hae: “Ke mang ea hlolang lefatše, ha e se ea lumelang hobane Jesu ke Mora oa Molimo? Ke le ngoletse taba tseo, lona ba lumelang lebitso la Mora oa Molimo, hore le tle le tsebe hobane le na le bophelo bo sa feleng, ʼme le tle le lumele lebitso la Mora oa Molimo.”—1 Johanne 5:5, 13.

Na re Baetsalibe?

Le hoja ho bonahala e le ntho e ke keng ea lumeloa, ba bang ba bo-antikreste ba ne ba bolela hore ha ba na sebe kapa mohlomong (kaha ba ne ba inahana ba pholositsoe) ba nahana hore ba ke ke ba etsa sebe. Ka hona Johanne o loantša leshano lena lengolong lohle la hae. Ka mohlala, o re: “Ha re re, ha re na sebe, rea ithetsa, ʼme ʼnete ha e eo ho rona. . . . Ha re bolela hore ha re na sebe, re etsa [Molimo] leshano, ʼme lentsoe la oona ha le eo ho rona.”—1 Johanne 1:8-10.

‘Empa sebe ke eng?’ U ka ʼna ua botsa. Lentsoe la Segerike ha·martʹi·a ka ho toba le bolela “ho fosa pakane.” Empa tlas’a tšusumetso Johanne o fane ka hlaloso e batsi; “E mong le e mong ea etsang sebe o etsa tlolo ea molao; hobane sebe ke ho tlola molao (Segerike, anomia, e bolelang ho nyelisa le ho tlola molao, bokhopo, bobe) . . . Ea etsang sebe ke oa Diabolose . . . E mong le e mong ea tsoetsoeng ke Molimo ha a etse sebe.”—1 Johanne 3, 4, 8, 9.

Ke ʼnete, kaofela re baetsalibe. Empa Johanne o thabela ho nyatsa motho ea etsang sebe ka boomo kapa ea tlolang molao, kapa ea “etsang sebe,” ea itloaetsang sebe. Hamorao, o senola boholo ba boemo ba motho ea itloaetsang sebe ka hore: “Ke hona moo ho bonahalang bao e leng bana ba Molimo le bao e leng bana ba Diabolose: E mong le e mong ea sa etseng ho lokileng hase oa Molimo, leha e le ea sa rateng ngoan’abo.” (1 Johanne 3:10; 5:18) Ka baka leo, e se eka re ka qoba mokhoa oo e seng oa Bokreste oa ho itloaetsa sebe.

Ke eng se Susumellelitseng Bokoenehi?

Ke eng seo mohlomong se neng se susumeletsa lithuto tsena tse sa tšoaneng tsa bokoenehi? Ntho e ʼngoe eo e ka ʼnang ea ba eona e fanoa ke William Barclay, seithuti sa Legerike sa lekholo la mashome a mabeli la lilemo, ea ngolang hore bothata boo Johanne a lekang ho bo loantša bo tsoa ho banna “bao sepheo sa bona e neng e le ho etsa Bokreste bo hlomphuoe ke batho ba rutehileng feela . . . , ba neng ba tseba tšekamelo tsa barutehi le maemo a mehleng eo, le ba neng ba lakatsa ho hlalosa Bokreste ho ea ka likhopolo tsa thuto ea mehla eo. Bo ne bo tsoa ho banna ba neng ba nahana hore nako e fihlile ea hore Bokreste bo tsamaisane le thuto ea bona e tloaelehileng le menahano ea bona.”

Khopolo e tšoanang, e ileng ea hlasela tumelo ea ʼnete le metheo ea eona, e tšehelitsoe ke ba bang mehleng ea rona. Bahanyetsi bana ba leka ho tsoaka thuto ea Bokreste le ho etsa hore e lumellane le bohlale ba batho ba tsamaiso ena. Haeba ho sebelisoa maikutlo ao ba bang ba neng ba e-na le oona lilemong tse fetileng, Lipaki tsa Jehova ka sebele li ka be li ile tsa lahleheloa ke molemo le matla a tsona a “Bokreste ba boholo-holo.”

Ka baka leo, keletso ea Johanne e-ea sebetsa le kajeno: “Hobane ho rata Molimo, ke ha re boloka litaelo tsa oona, ʼme litaelo tsa oona ha li boima.” Litaelo tseo li kopanyeletsa ho bolela litaba tse molemo tsa ʼMuso oa Molimo le ho ikarola lefatšeng le ho se nke karolo likhohlanong tsa lona, ʼme re etse hohle ho matleng a rona ho halaletsa lebitso la Jehova le ho sebelisa lerato la ʼnete.—1 Johanne 5:3; Mareka 13:10; Johanne 17:16; Mattheu 6:9; 1 Johanne 3:23.

Lithibelo tsa Sebe le Bokoenehi

Na ho teng ntho e hanelang ho itloaetsa sebe? Karabo ea Johanne ke ena: “Ea sa rateng ha a ka a tseba Molimo; HOBANE MOLIMO O LERATO.” Ka baka leo, ka polelo e bonolo, Johanne o hlakisa ntlha ea hae. Lerato ke senotlolo. ‘Me lerato la Molimo le boleloang ka Mora oa oona le thibela liphello tsa sebe. “Lerato la Molimo ho rona le bonahetse ka hona: Molimo o romile lefatšeng Mora oa oona ea tsoetsoeng a le mong, re tle re phele ka eena.” Tsebo ena e lokela ho re ama joang? Johanne o-oa araba: “Barutuoa, ha e le moo Molimo o re ratile joalo, le rona e ka khona re ratane.”—1 Johanne 4:8-11.

Haeba ka ʼnete re rata Molimo le moahelani, re tla hanela litlhaselo tsa sebe le bokoenehi. Lerato ha le lumelle ho etsa sebe ka boomo khahlanong le melao ea Molimo le metheo ea oona. Leha ho le joalo, Johanne oa eletsa: “Sebe se teng se isang lefung.” Bakoenehi ba sa bakeng ka ʼnete ba tla ba sehlopheng sa ba tšoaneloang ke timetso.—1 Johanne 5:16, 17; Mattheu 12:31; Luka 12:10; Ba-Heberu 6:4-6; 10:23-27.

Haeba sebe le bokoenehi li mpefatsa lengolo la Johanne, lerato la ʼnete le a le ntlafatsa. Le hoja lengolo la hae le tšoere keletso e lerootho, leha ho le joalo e khantšoa ke lihloohoana tse tharo tse ipheta-phetang—lerato, leseli le bophelo. Johanne o re, ‘Qobang bathetsi, bo-antikreste, bakoenehi. Lahlang lefifi, tsamaeang leseling. Hanang lehloeo le sebelise lerato. Hanang sebe, le tsebe hore haeba le ka etsa sebe le na le mothusi kapa ʼmuelli ea ka le buellang ho Ntate, e leng Jesu Kreste.’ E, “bopaki boo ke hoba Molimo o re neile bophelo bo sa feleng, ʼme bophelo boo bo ho Mora oa oona.”—1 Johanne 5:11; 2:1, 2.

Keletsong ea hae ea ho qetela Johanne oa lemosa: “Bana, itšabiseng melimo ea bohata.” (1 Johanne 5:21) Lefatšeng la Roma ea boholo-holo keletso e joalo e ne e potlakile. ʼMe ho batho bao kajeno ba ratang ho sebelisa Bokreste ba ʼnete ba qobe bokoenehi keletso eo e ntse e le ea bohlokoa. Ka baka leo, eka rona, re ka ela hloko keletso ea Johanne e bululetsoeng. E tla re thusa ho hanela sebe, re sebelise lerato la sebele la Bokreste, re tsamaee tseleng ea ʼnete ʼme re boloke boemo bo sa sisinyeheng khahlanong le bokoenehi.

[Setšoantšo leqepheng la 29]

Thuto ea ma-Gerike e ile ea isa bokoenehing

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela