Lipotso Tse Tsoang ho Babali
■ Na thibelo ea Bibele ka mali e ka ’na ea sebetsa feela maling a ntho e bolaoang ke motho, e seng nama e sa tsoang mali ea phoofolo e ichoeletseng ka boeona kapa mali a tsoang phoofolong e phelang kapa mothong?
Batho ba bang ba ’nile ba nahana joalo, ba supa litemana tse ’maloa tsa Bibele tseo ho bonahalang li ba tšehetsa. Eaba ba ba le maikutlo a hore ha ho phoso ea ho amohela tšelo ea mali a tsoang ho motho ea phelang. Monahano o joalo o ka ’na oa utloahala o le motle, empa ho hlahlobisisa litemana tse sebelisitsoeng le litemana tse ling tse amanang le taba ho bontša hore Molimo o lebelletse hore batho ba oona ba qobe ho ja mali le ho ntšetsa pele bophelo ba bona ka oona, ho sa tsotellehe hore na ke a sebopuoa se phelang kapa se shoeleng.
Baiseraele ba ile ba bolelloa hore: “le se ke la ja nama ea tse ichoeletseng; u mpe u e nee rnolichaba ea monyakong oa hao, a e je; mohlomong u reke ho molichaba ka eona, hobane uena u sechaba se khethetsoeng Jehova, Molimo oa hao.” (Deuteronoma 14:21) Le hoja e ne e sa fophisoa mali, ba ne ba ka e rekisetsa molichaba. Ka ho bonahalang eka ke ho ikhanyetsa, Levitike 17:10 e re: “Ekare ha motho oa ntlo ea Iseraele, leha e le oa balichaba ba ikahetseng har’a lōna, a ka ja mali afe le afe, ke tla tjamela motho eo ea jang mali, ke mo tlose har’a sechaba sa habo.” Ke hobane’ng ha litemana tsee li sa tšoane?
Ha ba fana ka maikutlo a bona, ba bang ba ’nile ba nka hore Deuteronoma 14:21 e ne e lumella molichaba hore a je nama e sa ntšoang mali haeba e ne e le ea phoofolo e sa bolaoang ke motho, hobane ha ho le joalo, ho ne ho sa ka ha hlokahala hore motho a nyehele mali a eona (a emelang bophelo) ho Molimo. Levitike 17:15 ho ka ’na ha bonahala e tšehetsa maikutlo ana; e re moahi kapa molichaba ea neng a e-ja “ntho e shoeleng, leha e le e harotsoeng” o ne a lokela feela hore “a itlhatsoe, . . . a be sesila ho isa mantsiboea.” Kahoo ho ka bonahala eka ha ho hlile ha ho molato o mokaalo o neng o hlaha ka ho ja mali haeba phoofolo e ne e sa bolaoa ke motho. Kahoo ba bang ba bolela hore ha ho phoso ea letho ka ho ja mali a sebopuoa se phelang, a sebelisetsoa ho a ja kapa ho a tšela ho motho e mong.
Leha ho le joalo, na phapang ea sehlooho ea Deuteronoma 14:21 le Levitike 17:10, 15 ke taba ea hore na phoofolo e shoele joang? Karabelo ea Mangolo e tlameha ho ba, Che.
Baiseraele ba ne ba tseba hore ho hang ba ke ke ba ja nama e sa ntšoang mali ea phoofolo e ichoeletseng ka boeona kapa e bolailoeng ke phoofolo e hlaha. Ba ne ba ile ba bolelloa ba sa le Thabeng ea Sinai hore ba tlose setopo se joalo. (Exoda 22:31) Deuteronoma 14:21 e tumellanong le seo, e laela Baiseraele Naheng ea Pallo hore ba tlose litopo tsa liphoofolo tse joalo tse sa tsoang mali, empa e ba lumella hore ba ka li rekisetsa balichaba.
Joale re ke re hlahlobisise Levitike 17:10. E re ‘motho oa ntlo ea Iseraele le oa balichaba ba ikahetseng har’a bona’ ba se ke ba ja mali. Na lebaka la hoo e ne e le hobane phoofolo e ne e bolailoe ke motho ’me kahoo mali a lokela ho khutllsetsoa ho Mollmo? Ho bolela joalo ke ho eketsa se temaneng ena. Ho feta moo, haeba molato o ne o hlaha feela ka mali a phoofolo e bolailoeng ke motho, Deuteronoma 14:21 le Exoda 22:31 li ne li ke ke tsa hanela Baiseraele ho ja nama ea phoofolo e sa fophisoang mali e sa bolaoang ke motho. Empa ka ho hlakileng Baiseraele ba ne ba tseba hore ha baa tšoanela ho ja nama e joalo. Ezekiele o itse: “Moea oa ka ha o e-so ho silafale; ha ke e-so ho je, ho qala bocheng ba ka le ho fihlela joale, kapa ntho e shoeleng, kapa phoofolo e rusolotsoeng.”—Ezekiele 4:14; bapisa 44:31.
Joale ke hobane’ng ha Deuteronoma 14:21 e re “molichaba” a ka rekisetsoa nama e sa fophisoang mali, empa Levitike 17:10 e hanela “molichaba” ho ja mali? Batho ba Molimo hammoho le bahlalosi ba Bibele ba hlokometse hore phapang e tlameha e be e ne e le tumelo ea molichaba ea amehang. Aid to Bible Understanding (leqephe la 51) e supa hore ka linako tse ling lentsoe “molichaba” le ne le bolela motho ea har’a Baiseraele ea neng a sa sokoloha ka ho feletseng. Ho bonahala hore ho Deuteronoma 14:21 ho ne ho boleloa motho oa mofuta oona ona, motho ea neng a sa leke ho boloka melao eohle ea Molimo le eo mohlomong a neng a e-na le seo a se etsang ka litopo tse nkoang li sa hloeka ke Baiseraele le balichaba ba sokolohileng. Liithuti tsa Sejode le tsona, li fane ka tlhalosa ena.a
Kahoo, ha ho morapeli oa Molimo ea neng a ka ja mali, leha e le a tsoang phoofolong (kapa a phoofolong) e ichoeletseng ka boeona kapa e bolailoeng ke motho. Ke hobane’ng he, ha Levitike 17:15 e re ho ja mali a nama e sa ntšoang mali a phoofolo e ichoeletseng ka boeona kapa e rusolotsoeng ho ne ho silafatsa feela?
Leseli re ka le fumana ho Levitike 5:2 e reng: “Leha motho a amile, a sa tsebe, ntho e sa hloekang, joale ka setopo sa phoofolo e sa hloekang . . . o itšilafalitse, o molato.” E, Molimo o ne o lumela hore Moiseraele a ka sitoa a sa hlokomela. Kahoo, Levitike 17:15 e ka utloisisoa e le e fanang ka sebaka bakeng sa phoso e joalo. Ka mohlala, haeba Moiseraele a ne a ka ja nama eo a e fuoang eaba hamorao o tseba hore e ne e sa tsoa mali, o ne a le molato oa sebe. Empa kaha e ne e se ka boikemisetso, o ne a ka nka mehato ea hore a hloeke. Hona, leha ho le joalo, hoa hlokomeleha: Haeba a ne a sa nke mehato eo, ‘o tla jara boima ba molato oa hae.’—Levitike 17:16.b
Ka hona, ho ja nama e sa fophisoang mali e ne e se taba e nyenyane; ho ne ho ka ba ha fella ka lefu. Ha ho morapeli lea mong oa ’nete oa (Moiseraele kapa molichaba ea sokolohileng ka ho feletseng) eo ka boithaopo a neng a ka ja nama e sa fophisoang mali leha e le ea phoofolo e ichoeletseng ka boeona, e bolailoeng ke phoofolo e ’ngoe kapa e bolailoeng ke motho. (Numere 15:30) Lekhotla la baapostola la tiisa sena. Ha le ngolla Bakreste ba neng ba etsa “Iseraele oa Molimo,” la hanela ho ja ntho e fenethiloeng, le haeba nama e sa tsoang mali e ne e le ea phoofolo e fenethiloeng ke ho shoa ka kotsi kapa e ileng ea fenethoa ke motho.—Ba-Galata 6:16; Liketso 21:25.
Lekhotla leo la boela la laela bahlanka ba Molimo ho “tela mali.” Haeba Bakreste bao ba tlotsitsoeng ba ne ba ke ke ba e-ja mali a nameng ea sebopuoa se fenethiloeng, ruri ba ne ba ke ke ba e-ja mali a sebopuoa se phelang. Ha ho thata ho bona hore leha e le Baiseraele ba boholo-holo kapa Bakreste ba mamelang ba ne ba ke ke ba etsisa batala ba bang ba Afrika ba hlabang ka seqha mothapo oa khomo e phelang hore ba fumane mali ao ba ka a tsoakang le lebese e be baa noa. Ka ho tšoanang, bahlanka ba Molimo ba ke ke ba amohela mokhoa oa pheko oo ho oona mali a motho a ntšoang ’me a neoa e mong ka boikemisetso ba ho lelefatsa bophelo. Mekhoa e joalo e hanana le hore Molimo o nyatsa ‘mang le mang ea jang mali afe le afe’ le taelo ea hore Bakreste ba ‘tele mali.’—Liketso 15:28, 29; Levitike 17:10.
Ntle ho likhatello tsa ho kolobisa litlhokahalo tsa Molimo ka metsi, Bakreste ba ’nete baa tseba hore bophelo ke neo e tsoang ho Jehova Molimo ’me bo tlameha ho sebelisoa ka taelo ea hae. Ba mamela Molimo ho sa tsotellehe hore na ho bonahala ho le molemo hona joale kapa che. Ka mohlala, Liketso 15:28, 29 e laela Bakreste hore ba tele borapeli ba litšoantšo. Kahoo morapeli oa ’nete ea tšosoang ka lefu haeba a hana ho kopanela borapeling ba litšoantšo a ke ke a phea khang hore kaha “setšoantšo hase letho” a ke ke a felloa ke bophelo ba hae ba hona joale ka setšoantšo se sa reng letho. (1 Ba-Korinthe 8:4) Ba heberu ba bararo ba tšepahalang ba ile ba bea mohlala o loketseng oa kutlo, joalokaha ho entse Bakreste ba pele ba ileng ba amohela lefu mabaleng a lipapali ho e-na le ho bea mokubetso aletareng.—Daniele 3:1-18.
Ka ho tšoanang, haeba bothata bo hlaha mabapi le mali, joaloka kotsing kapa ha motho a buuoa ’me a tsoa mali a mangata, Mokreste a ke ke a sekisetsa botšepehi ba hae, o mamela ea mo fileng bophelo ka tiiso e feletseng ea hore haeba bophelo ba hae ba hona joale bo ka fela ho sa tsotellehe pheko e ’ngoe e neng e ka ’na ea nka sebaka, bophelo ba hae bo sa feleng ha bo kotsing. Jesu o itse ho balateli ba hae: “Le se ke la tšaba ba bolaeang ’mele, ba mpa ba se na matla a ho bolaea moea; le mpe le tšabe ea nang le matla a ho bolaela moea le ’mele liheleng.”—Mattheu 10:28.
Koana, bopaki ba morao tjena ba meriana bo bontša hore hangata ha ho hlokahale tšelo ea mali ho pholosa motho, hobane lingaka tse nang le tsebo li tiisa hore lintho tse sebelisoang bakeng sa mali tse tloaelehileng le tsona li ka sebetsa hantle mabakeng a mangata. Ho ka ba ha boleloa hore palo ea batho ba neng ba ka phelisoa ka ho tšeloa mali e tlase haholo ho feta ea ba shoeleng ka baka la tšenyo ea ho tšeloa mali. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, Bakreste ba ikemiselitse ho mamela Molimo le ho hlonepha maikutlo a oona ka mali.
Ka lebaka leo, barapeli ba ’nete ba kajeno ba ke ke ba ja nama e sa ntšoang mali, leha e le ea phoofolo e bolailoeng ke motho kapa a sebopuoa se shoeleng ka tsela e ’ngoe esele. Leha e le hore ba tla boloka bophelo ba bona ka ho ja mali a libopuoa tse ling, a liphoofolo kapa batho. Ba tla hlokomela hore Jehova ke eena ea ba neileng bophelo ’me ba ikemiselitse ho mo utloa ka lintlha tsohle.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mohlala o le mong, The Pentateuch and Haftorahs, e hlophisitsoeng ke Dr. J. Hertz, e hlokomela hore: “Ho latela Lev. XVII, 15, ho ama kapa ho ja nama ea nevelah ho silafatsa Moiseraele le ‘osele [molichaba ea jakileng].’ Ho Levitike “molichaba” e ne e le eo e seng Moiseraele empa a sokolohile ka ho feletseng, ger tzedek. Mona [ho Deuteronoma 14:21] ‘molichaba ea ahileng ha hao’ e bolela nako eo ka eona Iseraele e neng e tla be e ahile Naheng ea Pallo ea eona ’me har’a eona ho e-na le basokolohi hammoho le batho bao, le hoja ba tlohetse borapeli ba bona ba litšoantšo ba neng ba sa itjarisa ka ho feletseng bophelo le bolumeli ba Baiseraele. Bo-rabbi ba ne ba bitsa sehlopha sena sa baahi ba jakileng ger toshav: ’me [Deuteronoma 14:21] e bua ka sehlopha seo, bao e neng e se Baiseraele ka ho tsoaloa kapa hona ho ba basokolohi, ebile e se le ‘basele.’” Ha ho bapisoa, buka ena e hlalosa hore “molichaba” oa Levitike 17:15 e ne e le “ea sokolohileng ka ho feletseng . . . ho seng joalo, o ne a sa thibeloa ho e ja.”
b Re fumane ho se tšoane ho rutang karolong e ’ngoe ea Molao o amang mali. Monna eo ka ho se hlokomele a bileng le likamano le mosali oa hae ha mosali a qala ho ilela khoeli, o ne a le litšila, empa o ne a ka nka mehato ea hore a tšoareloe. Leha ho le joalo, Moiseraele eo ka boomo a neng a hlokomoloha mali a khoeli a mosali oa hae o ne a bolaoa.—Levitike 15:19-24; 20:18.