Mathata a Lino—Baholo ba ka Etsa’ng?
MOSALI o lekile hohle ho matleng a hae ho fokotsa ho noa ha hae. Empa ha hoa thusa letho. Ha a kopana le baholo ka phuthehong, ba ne ba amehile ’me ba mo nea keletso ea Mangolo hore a itekanyetse. Empa boiteko ba bona ha boa ka ba thusa letho. Bothata ba hae ba ’na ba teba le ho feta. E ne e le lekhoba la Joala.
Taba ena e phahamisa potso ea bohlokoa: Baholo ba ka etsa’ng ho thusa baena le bo-khaitseli ba bona ba moea ba nang le bothata ba lino?
Ka ho hlakileng, mangolo ha a lumelle botahoa. Haholo-holo balebeli ba Bakreste ba na le boikarabelo ba ho tiisa hore matahoa a sa bakeng ha a lumelloe ka phuthehong ea Bokreste; a lokela ho khaoloa. (1 Ba-Korinthe 5:11-13; Ba-Galata 5:19-21) Empa pele baholo ba lokela ho lakatsa ho thusa batho ba ’nileng ba tlōlisa ha ba noa joala. Ka baka leo, moholo a ka etsa’ng haeba a atameloa ke moena kapa khaitseli ea ileng a tahoa empa joale a batla thuso?
Taba ea pele, o lokela ho hlokomela hore ho na le phapang pakeng tsa ho noa ka ho fetisisa ka lekhetlo le le leng le ho ba letahoa—ho tahoa ka mehla. Nahana ka mohlala oa Noe, eo ka lekhetlo la pele a ileng a noa veine e ngata ’me a tahoa. (Genese 9:20, 21) Ka sebele, Noe o ne a sa nkoe e le tahoa. Leha e le kae ka Mangolong u ke ke ua fumana hore Noe o ile a tahoa hape.—Bapisa Ba-Heberu 11:7.
Kahoo moholo ea atameloang o lokela ho botsa hantle: Na ke ketsahalo e arohileng? Na motho eo o ikemiselitse ho hlokomela hore hoo ho se ke ha etsahala hape? Na o lumela ka ho pepenene phoso ’me o batla tšoarelo ea Molimo? Na ketsahalo eo ha ea ka ea tlisa thohako e khōlō? Haeba mabaka ana le a mang a loketse, “ka moea o mosa” moholo a ka fana ka keletso e lerato tabeng ea ho lekanyetsa, a matlafatsa motho eo boikemisetsong ba hae ba hore a se phete phoso eo.—Ba-Galata 6:1.
Empa ho thoe’ng haeba motho a ile a tahoa ka makhetlo a mangata, kapa taba ea hae e tsejoa ke batho ba bang? Mabakeng a joalo, taba e lokela ho sebetsoa ke komiti ea boahloli. Leha ho le joalo, ho thusa motho eo ho ka ba molemo hore baholo ba tsebe haeba bothata e le
Bokhoba ba Joala
Empa ho etsa phapang ea eng? Phapang e khōlō! Joaleka phihlelo e ngotsoeng qalehong ea sehlooho sena, haeba motho e le lekhoba la joala, ho ke ke ha mo thusa haholo ho mo eletsa hore a noe ka ho lekanyetsa. Hobane’ng? Kahobane bahlalefi ba tsebang ka bokhoba ba joala ba buella hore makhoba a joala a lokela ho hana joala ka ho feletseng, hobane, hang feela ha a qala ho noa, ha a tsebe ho itekanyetsa.
Ho feta moo, makhoba a mangata a joala a tla latola bothata ba ’ona. Na see se bolela hore makhoba ana ha a bontše pako, e se e le matahoa? Ha ho joalo. Hopola hore makhoba a joala ha a bone boemo boo a leng ho bona. Bokhoba ba joala bo ba ama ’meleng, kelellong, boikutlong le moeeng, ’me mabaka ana a lokela ho nahaneloa. Ka baka leo, ha ho bonolo ho bontša makhoba a joala hore a na le bothata ba lino.
Ha ho sebetsanoa le litaba tse joalo, ho na le lipotso tse ’maloa tseo baholo ba tla etsang hantle ha ba ka li nahanela.
U ka tseba joang haeba bokhoba ba joala e le bothata? U ka sheba sehlooho “Bokhoba ba Joala—Linnete, Litšomo” ho Tsoha! ea January 8, 1983. E thathamisa matšoao a mang a bokhoba ba joala.
E ba motho ea hloko. Ka linako tse ling bokhoba ba joala e ka ba bothata bo boholo. Ka mohlala, phuthehong e ’ngoe khaitseli o ile a atamela baholo hore ba mo thuse ho sebetsana le khatello e bohloko. Empa, ho sa tsotellehe boiteko ba bona, ho tepella ha tsoela pele. Leha ho le joalo, baholo hamorao ba ile ba hlokomela hore khaitseli o na le bothata ba lino. Boiteko bo eketsehileng ba senola hore e ne e le lekhoba la joala. Hoba a amohele thuso tabeng ea hae ea bokhoba ba joala, khaitseli enoa a thuseha haholo.
U ka thusa joang lekhoba la joala ho bona hore le na le bothata ba lino? Qoba likhopolo le maikutlo a tloaelehileng a kang, “Re nahana hore u noa haholo.” Lipolelo tse joalo li ka etsa hore lekhoba la joala le latole ka ho feletseng. Ho e-na le hoo, mohlomong lekhoba lena la joala le ka atameloa ka lipolelo tse tobileng le tse qaqisang ho noa ha lona le liphello tsa hoo. Ho bohlokoa hore mantsoe a lona a bontše kameho e tebileng: “Re amehile haholo ka se etsahalang ka uena, ’me mabaka a tla bontša kameho ea rona ke ana.”
Moholo e mong, ea ileng a sebetsana ka katleho le bokhoba ba joala, o buella se latelang: “Ke ho fumane ho thusa haholo ho tseba hore motho o na le mathata afe, mohlomong lelapeng kapa mosebetsing. ’Me, ka ho sebelisa lipotso, ke mo thusa hore a lemohe hore tahi e ka ba bothata bo boholo. Ke hopola phihlelo e ’ngoe e ileng ea ntšetsoa pele tjena:
‘Na ho noa ha hao ho amme bophelo ba lelapa la hao?’
‘Che.’
‘Na u ile ua qabana le mosali oa hao?’
‘E.’
‘Na u ne u tahiloe?’
‘Che.’
‘Koana, na u ne u e-noa ha u qabana le eena?’
‘E . . . koana, . . . e.’
“Hoba re buisane ka mathata a sa tšoaneng, ka khona ho mo thusa ho bona hore bothata bo bong le bo bong ba hae bo ne bo akarelletsa ho noa.”
Ho thoe’ng ka ho batla thuso ea litsebi? Lekhoba la joala le ka hloka thuso e joalo hore le fole lefung lena. Koana, baholo ba ke ke ba buella mofuta o itseng oa phekolo. Hoo ho mahetleng a motho ea amehang. Kapa hore ba tla itšoenya ka ho sa hlokahaleng haeba a hana thuso ea litsebi ba nka hoo e le pontšo ea ho se bake. Empa ka nako e tšoanang, ho tsitsa hoa hlokahala. Motho o lokela ho utloisisa ka ho hlakileng hore taba e ka sehloohong ke ho lula mohaung oa Jehova e le setho se amoheloang sa phutheho ea Bokreste.
Ho thoe’ng ka ho khaola? Taba e khōlō ke ena: Boikutlo ba motho eo ka ho noa ke bofe? Ho sa tsotellehe boiteko ba lona bo tiileng le mamello, na motho eo o tsoela pele ka ho noa? Tabeng ena, hoa thabisa ho hlokomela seo buka Alcoholics Anonymous e se eletsang ka benghali ba hirileng makhoba a joala:
“Haeba u kholisehile hore motho oa hao ha a batle ho khaotsa, u ka mo leleka . . . Ho leleka motho ea joalo ho tla ipaka e le lehlohonolo ho eena. Mohlomong hoo ho ka mo tsosa.” Ka ho tšoanang, haeba ka baka la boikutlo ba motho eo ho hlokahala hore a khaoloe hore phutheho e bolokoe e hloekile, hoo ho ka mo “tsosa.”
Ho thoe’ng haeba le kholisehile hore ruri o batla ho khaotsa? Haeba motho a lumela ho amohela thuso, ho ka nka nako hore a latele. Thuso ea litsebi e ka thusa. Koana, o lokela ho utloisisa hore thuso eo e ke ke ea rarolla bothata ka ho feletseng.
O tla hloka thuso e tsoelang pele, haholo-holo thuso ea moea. Mohlomong nakong e fetileng o ile a sebetsana le khatello, bohale, mathata sekolong, le mathata a mang, ka ho noa joala. Mohlomong joale o hloka thuso ea lona hore a talimane le bonnete ba lintho ka kelello e fapaneng. Ho feta moo, mohlomong a ka ba le maikutlo a loantšanang, a kang ho ba molato kapa ho hloka tšepo. A ka ’na a ikutloa a sa tšoanelehe ho atamela Jehova ka thapelo ’me o tla hloka thuso ea lona hore a tsosolose kamano ea hae e haufi le Molimo. Ha le rapela le eena le mo rapella, hammoho le ho mo khothatsa ka likhopotso tse tsoang Lentsoeng la Molimo, sena se ka tlosa tšabo ea hae ’me ho folise lipelaelo tsa hae.a—Jakobo 5:14-16.
Motho ea robehileng leoto a ka hloka tšehetso ka nakoana. Ka baka leo, ho Joalo le ka motho ea loanelang ho khaotsa ho noa, motho eo o hloka ho utloisisoa, ho mameloa. Na u ikemiselitse ho thusa?
Moena e mong ea ileng a loana ka matla ho khaotsa ho noa o boletse hore: “Baholo hammoho le baena ba bangata ba ne ba nketela. Ke haelloa ke mantsoe a ho bolela kamoo ke ananetseng lerato la bona le kutloisiso. Ka ho thabisang, ke ile ka khona ho rapela Jehova hape. Eo ke thuso e kaakang!”
Paki e ’ngoe e ileng ea thusoa ho hlōla bokhoba ba eona ba joala e ile ea re: “Baena ba nthusitse ka litsela tse ngata. Ba ile ba ’nea tlhahiso ea hore ke lule le bona libokeng, hobane ke ne ke tšaba ho ea libokeng. Moena e mong o ile a nthusa haholo. O ne a tla ho ’na ha ke hloka thuso—ho sa tsotellehe hore o ne a tšoarehile hakae. Ke leboha lerato la hae le mamello.”
Mabakeng a mang, ho ka thusa haeba motho ea loanelang ho khaotsa lino a khona ho buisana le moena ea ileng a hlōla bokhoba ba joala. Hobane’ng? Hobane motho ea joalo o tla bua ka kutloisiso, a tseba hantle litokiso tseo lekhoba la joala le lokelang ho li etsa. Empa ho feta moo, ho tla bontša ea loanelang ho khaotsa lino hore ho ka khoneha hore le eena a tlohele. O ithuta ka mohlala. Ka ho utloahalang, makhoba a joala a ithuta ka ho bona e seng ka ho utloa.
Ho thoe’ng haeba bothata bo nyamela ’me bo khutla hape? Sena se ka etsahala. Potso ke ena: Boikutlo ba lekhoba la joala ke bofe? Na u khotsofetse hore le hlile le batla ho hlōla bothata ba lona ba lino? Na le bona ho hlokahala hore le tiise haholoanyane haeba le fela le batla ho khaotsa? Haeba ho joalo, ho tla hlokahala hore le thusoe ka kutloisiso.
Ka baka leo motho ha a lokela ho khaoloa hobane feela e le lekhoba la joala. Haeba ruri a batla ho khaotsa, o lokela ho neoa monyetla oa ho etsa joalo. Empa ho thoe’ng haeba ka liketso tsa hae a bontša hore ha a batle ho khaotsa? Ho thoe’ng haeba a ile a tahoa ka makhetlo a mangata, ’me boiteko bohle bo entsoeng ha bo thuse? Ho ea ka mantsoe a moapostola Pauluse ho 1 Ba-Korinthe 5:11-13, o lokela ho khaoloa.
Ho thusa batho ba nang le bothata ba lino ho hloka temoho, mamello le ho tsitsa. Hase feela taba ea ho bolella moena kapa khaitseli, “E-noa ka ho leka-lekana,” kapa “Haeba u rata Jehova u tla khaotsa ho noa.”
Ho e-na le hoo, leka ho utloisisa seo bokhoba ba joala bo se bolelang, hore ke’ng le hore bo etsa’ng ho batho. Hopola hore u ka heletsa lerako la ho latola boemo ba sebele leo lekhoba la joala le ikahetseng lona. U ka le thusa ho bona hore le na le bothata ba lino le hore le batle thuso. Le tla hloka thuso ea hao e tsoelang pele ho le tšehetsa. Empa na liphello tsa hoo li ke ke tsa lekana le boiteko boo u bo etsang?
Joalokaha khaitseli e mong ea ileng a thusoa ho hlōla bokhoba ba joala a boletse: “Baholo ba ne ba e-na le lerato ebile ba utloisisa ’me ke leboha Jehova tsatsi le leng le le leng ha a ba rometse ho ’na. Hloho ea ka e bulehile joale. Ke khona ho buisana le Jehova ka letsoalo le hlakileng. Ebile hape ke ba teng libokeng tsohle ’me ke li thabela kannete.” E, batho bao ba leboha hakaakang ha ba e-na le balebeli ba ithaopang, ba hlokomelang mohlape ka ho ithatela, ka “takatso ea sebele ea ho sebeletsa”!—1 Petrose 5:1, 2, Today’s English Version.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka kopo bona sehlooho “Leleme le Rutehileng, ‘Le Khothatsang ba Khathetseng,’” ho Molula-Qhooa oa November 15, 1982. O bontša kamoo baholo ba ka thusang ba tepelletseng ka baka la ho ba le maikutlo a fosahetseng.
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Lekhoba la joala le hloka ho utloisisoa, le tsebe e mamelang
[Setšoantšo se leqepheng 10]
Lekhoba la joala le lokela ho hana ka ho feletseng