Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 9/15 maq. 12-17
  • Ho Thaba Leha re Hlōrisoa!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Thaba Leha re Hlōrisoa!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sepheo sa Diabolose
  • Lebaka Leo Jehova a Lumellang Hloriso
  • Lebaka la ho Thaba Leha re Hlorisoa
  • Tsoelang Pele le Boloka Botšepehi
  • Baa Hlorisoa Empa ba Thabile
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Bakreste ba Thulana le Hlōriso ka Mamello
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Ho Hlorisetsoa ho Loka
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Hanyetsa Satane, ’me o Tla Baleha!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 9/15 maq. 12-17

Ho Thaba Leha re Hlōrisoa!

“Ho lehlohonolo ba hlorisetsoang ho loka; hobane ’muso oa maholimo ke oa bona.”—MATTHEU 5:10.

1. Moemphera Nero oa Roma o ile a qalisa mahloriso afe?

“BA APESITSOE ka matlalo a libatana, ba haroloa ke lintja ’me baa timela, kapa ba ne ba khokhothetsoe lifapanong, kapa ba timetsoa ke malakabe a mollo le ho cha, hore ba be joaloka leseli la bosiu, ha leseli la motšehare le fetile.” Ho ngotse joalo mongoli oa lipale oa Moroma Tacitus. (The Annals, Buka XV, serapa 44) E ne e le bo-mang bao? Bakreste. Barutuoa ba Jesu Kreste. Ho na le lipolelo tse se nang tiiso tsa hore Moemphera Nero o ne a ikarabella ka ho chesoa ha Roma (ka 64 C.E.) ’me o ne a batla ho bea molato ho balateli ba Jesu. Joale ha qala mahloriso a pele ho Bakreste mehleng ea ho busa ha Roma ea boholo-holo.

2. (a) Jesu Kreste o ile a re’ng ka ba “hlorisetsoang ho loka”? (b) Hore Lipaki tsa Jehova li thabe leha li hlorisoa, li lokela ho tseba eng?

2 Bakreste bao ba pele ba entse joang hore ba mamelle hloriso eo e sehlōhō? Lipaki tsa Jehova tsa nakong e fetileng le mehleng ena li entse joang hore li thabe leha li tšoenngoa kapa li hlokofatsoa habohloko ka boomo ka sepheo sa hore li tlohele tumelo ea tsona? (2 Ba-Thessalonika 1:3-5) E, Jesu Kreste o itse: “Ho lehlohonolo ba hlorisetsoang ho loka; hobane ’muso oa maholimo ke oa bona.” (Mattheu 5:10) Leha ho le joalo, hore Lipaki tsa Jehova li thabe leha li hlorisoa, li lokela ho tseba (1) sepheo sa Diabolose sa ho ba tlisetsa hloriso; (2) lebaka leo Jehova a lumelletseng hloriso; (3) lebaka leo bahlanka ba Molimo ba ka thabang leha ba hlorisoa; (4) se ka etsoang ho itokisetsa hloriso; le (5) kamoo hloriso e ka hlōloang ka mamello.

Sepheo sa Diabolose

3, 4. (a) Ke mang ea susumetsang hloriso ho lipaki tsa Jehova? (b) Jesu o ile a senola mosusumetsi enoa e moholo oa hloriso joang?

3 Ho ne ho se letho leo babusi ba Roma ba neng ba lokela ho le tšoha ka Bakreste ba ’nete ba ratang khotso. Lipaki tseo tsa Jehova li ne li ikokobeletsa “borena” ’me li ‘nea Cesare tseo e leng tsa Cesare, le Molimo tseo e leng tsa Molimo.’ (Ba-Roma 13:1-7; Mattheu 22:21) Baemphera ba Roma ba ne ba sa tsebe hore ho na le e mong ea ntseng a susumetsa hore Lipaki tsa Jehova li hlouoe, ea entseng sena ho tloha morao koana mehleng ea “Abele ea lokileng.” (Mattheu 23:33-36; Ba-Heberu 11:4, 32-40; 12:1) Mehleng ena ha ho mosusumetsi e mong e mobe oa mahloriso a joalo ha e se Satane Diabolose. Kaha ke sera sa Molimo, le sa batho ba Jehova, o “lika-lika joale ka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang.”—1 Petrose 5:8.

4 Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae hangata hore ba tla hlorisoa. Ka mohlala, o itse: “Mohlanka ha a moholo ho morena oa hae. Ha ba ntlhorisitse [joalokaha ba entse], ba tla le hlorisa le lona.” (Johanne 15:20; 16:2; Mattheu 10:22, 23) Ho feta moo, Kreste ha a ka a siea le pelaelo e nyenyane mabapi le mosusumetsi enoa e moholo oa hloriso ena mantsoeng a hae ho e ’ngoe ea “likereke tse supileng”; “Bona, Diabolose o se a ea kenya ba bang ho lona teronkong, hore le lekoe.” (Tšenolo 1:1, 4; 2:10) Leha ho le joalo, sepheo sa Diabolose sa ho hlorisa lipaki tsa Jehova ke sefe?

5. Sepheo sa Diabolose sa ho hlorisa bahlanka ba Jehova ke sefe?

5 Sepheo sa Satane sa ho tlisa khatello le hloriso holim’a bahlanka ba Jehova ke ho ba susumelletsa hore ba koenehele tumelo ea bona. O batla ho felisa kamano ea bona ea bohlokoa le Ntat’a bona oa leholimo. Hobane mathomong a sebe, Jehova Molimo o ile a bolela e sa le pele ka lehloeo pakeng tsa “noha” le “mosali” oa tšoantšetso oa Molimo, le pakeng tsa ‘lipeō’! (Genese 3:14, 15) Ntle ho pelaelo Jesu o ile a bitsa noha eo hore ke Satane ’me a bolella bahlorisi ba hae hore ba ‘tsoa ho ntat’a bona Diabolose,’ ’me ka baka leo, ke “peō” ea Sera. (Johanne 8:31-59) ‘Mehleng ena ea qetello’ nako ea Diabolose e khutšufetse ’me bohale ba hae bo boholo ka sebele. (2 Timothea 3:1-5; Tšenolo 12:7-17) Ka hoo hloeano pakeng tsa ‘lipeō’ e ntse e hōla, ’me motho e mong le e mong ea phelang lefatšeng o lokela ho ipaka hore na o ka lehlakoreng la peō ea Molimo kapa peō ea Satane. (Bapisa 1 Johanne 3:10.) Ka baka leo, haeba motho a sebeletsa Jehova Molimo ka botšepehi, o tla hlorisoa. Satane Diabolose o tla etsa hoo.—2 Timothea 3:12.

6. Satane o ile a hlahisa tseko efe e khōlō ’me o entse hore ho belaeloe eng ka batho?

6 Satane o hlahisitse tseko ea borena ba bokahohle, ’me o belaetse hore batho ba ke ke ba tšepahala ha ba lekoa. Ka mohlala, ho tšepahala ho Molimo e bile tseko ha Satane a hlorisa Jobo, eo mosali oa hae le “batšelisi” ba bararo ba neng ba phethahatsa morero oa Diabolose ho eena, mohlomong ba elelloa kapa ba sa elelloe. (Jobo 1:8–2:9; 16:2; 19:22, 28) Joalokaha taba ea Jobo e bea lintho leseling, Diabolose o ile a phephetsa Jehova, a bolela hore ha ho motho ea tla lula a tšepahala ho Molimo haeba Satane a ka lumelloa ho mo leka. Ka baka leo, Diabolose o hlorisa lipaki tsa Jehova hore li se tšepahale le ho paka phephetso ea hae e le ’nete.

7. Tumelo ea Mokreste e ka senngoa ke’ng, ’me Jesu o ile a itšoara joang ha a lekoa?

7 Satane o-oa tseba hore ‘ketso e le ’ngoe feela ea borapeli’ ho eena e lekane ho etsa hore Mokreste a koenehele tumelo le ho tšehetsa phephetso ea Diabolose ea hore batho ba ke ke ba tšepahala ho Molimo ha ba lekoa kapa ba hlorisoa. Ha Diabolose a bontša Jesu “mebuso eohle ea lefatše le khanya ea eona,” mohlorisi enoa e moholo o ile a re’ng? ‘Ntho tseo kaofela ke tla u nea tsona, ha u ka etsa ketso ea borapeli ho ’na.’ Empa ho hana ha Jesu ha tšehetsa borapeli ba ’nete, ha phahamisa lehlakore la Jehova la tseko ea borena ba bokahohle ’me ha paka Diabolose a le leshano.—Mattheu 4:8-11, NW.

8, 9. (a) Bakreste ba pele ba ile ba bontša joang hore ba ke ke ba etsa ‘ketso leha e le ’ngoe feela ea borapeli’ ho Satane? (b) Bakreste ba bang lekholong la bo20 la lilemo ba lekiloe joang, ’me ba nkile boemo bofe?

8 Ho ne ho loketse hakaakang, hore Bakreste ba pele ba tšepahalang ba hane ho etsa ‘ketso e le ’ngoe feela ea borapeli’ e neng e tla tšehetsa lehlakore la Satane la tseko e kholo! Balateli ba tšepahalang ba Kreste ba hanne ho chesa libano ho hlompha moemphera oa Roma, le hoja hoo ho ne ho bolela ho lahleheloa ke bophelo ba bona. Mabapi le taba ena Daniel P. Mannix o ngotse: “Ke Bakreste ba ’maloa feela ba ileng ba sekisetsa, le hoja ka lebaleng ho ne ho beoa aletare e tukang mollo bakeng sa molemo oa bona. Hohle hoo motlamuoa a neng a lokela ho ho etsa e ne e le ho fafatsa libano tse seng kae lelakabeng la mollo ’me o ne a neoa Lengolo la Sehlabelo ’me a lokolloa. Hape o ne a hlalosetsoa ka hloko hore ha a rapele moemphera; e mpa e le feela ho lumela sebopeho se halalelang sa moemphera joale ka hloho ea ’muso oa Roma e beiloeng ke Molimo. Ho ntse ho le joalo, ha ho lea mong ho Bakreste ea ileng a itlhahisa hore a fumane monyetla oa ho pholoha.” (Those About to Die, leqephe 137) ‘Ketso e le ’ngoe feela ea borapeli’ e ne e lekane ho khotsofatsa Satane.

9 Bakreste ba bang ba lekholo la bo20 la lilemo le bona ba ile ba lekoa. Ho tloha nakong eo Lipaki tsa Jehova li ileng tsa tšoaroa le ho kenngoa likampong tsa mahloriso tsa bo-Nazi, ho ile ha etsoa boiteko ba ho ba susumetsa hore ba latole Jehova le ho hana ho kopana le batho ba hae ka tsela leha e le efe. Ka sepheo se tšoanang ma-Nazi a lokisetsa phatlalatso e ileng ea balloa Lipaki hore li saene ’me li lokolloe. Ho ne ho hlokahala feela mosaeno. Empa leha ho le joalo, ke Lipaki tse ’maloa feela tse ileng tsa saena.

10. Hobane’ng ha ho ke ke ha e-ba bohlale ho koeneha ketsong e nyenyane ka tšepo ea ho lokoloha ho etsa mosebetsi oa boboleli?

10 Kahobane re le hlokolosi ka morero oa Satane oa ho etsa hore lipaki tsa Jehova li hlorisoe, le ka mohla re se ke ra ineela tekong leha e le efe ea bodiabolose hore re balehele tseko ho qoba bothata. Re se ke ra amohela khopolo e sa lokang ea hore ho koeneha ho se hokae ho tla re lokolla ka pele hore re etse mosebetsi oa boboleli. Ho koenehela botšepehi ba rōna ho ka bolela ho timetsoa ha rōna ka ho feletseng. (Bapisa Mattheu 13:21; Ba-Galata 6:12.) Ha re koeneha ka ho ‘etsa ketso ea borapeli,’ ha re sa tšoaneleha ho emela likhahleho tsa ’muso oa Jehova. Re ka kholiseha hore ketso e le ’ngoe feela e senyang botšepehi ba rōna e tla thabisa Diabolose, ’me ruri ha re batle ho mo thabisa. Ho e-na le hoo, re batla ho thabisa pelo ea Jehova ka ho boloka botšepehi hore a fetole Morohaki e Moholo.—Liproverbia 27:11.

Lebaka Leo Jehova a Lumellang Hloriso

11. Lebaka le ka sehloohong leo Jehova a lumelletseng bahlanka ba hae hore ba hlorisoe ke lefe?

11 Ntat’a rōna ea leng leholimong a ka thibela hore batho ba hae ba se hlorisoe. Empa o ikhethetse ho e lumella, haeba re tseba lebaka leo a e lumelletseng ka lona ho tla re thusa ho thaba leha re hlorisoa. Lebaka le ka sehloohong la hore a lumelle hloriso le mabapi le tseko ea borena ba bokahohleng. Paki e ’ngoe le e ’ngoe ea Jehova e tšepahalang tlas’a teko e susumetsoang ke Diabolose e paka Satane a le leshano ’me e tiisa hore esita le batho ba sa phethahalang ba ka tšepahala ho Molimo le hoja ba lekoa ka mahloriso a bohloko. Motho ea tšepahalang o emela lehlakore la Molimo la tseko ’me o tšehetsa tokelo ea Jehova ea ho busa e le Morena oa Bokahohle. Ho thabisa hakaakang ho tlatsetsa bopaking ba hore ‘o busa a le phahameng!’—Pesaleme ea 47:9, Today’s English Version.

12, 13. Ke ka lebaka lefe le eketsehileng Jehova a lumellang hore Bakreste ba hlorisoe, ’me ke bomang har’a bona ba tla lula ka ho sa feleng tokisetsong ea Molimo?

12 Hape Jehova o lumelletse hloriso hore a leke botšepehi ba batho ba ineetseng ho eena. O bokelletse “moloko o khethiloeng” hore ba tlotsitsoeng ka moea ba ‘bolele lithoko tsa hae.’ (1 Petrose 2:9) Hape Molimo o ‘sisinya lichaba tsohle’ hore “tse lakatsehang tsa lichaba tsohle”—batho ba amoheloang ke oona—ba tlisoe ‘tlung’ ea borapeli le ho e tlatsa ka khanya. (Haggai 2:7; bapisa Zakaria 8:23.) Ka baka leo, batho ba nang le tšepo ea leholimo le ba bang ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la Paradeise ba fetohile Bakreste ba ineetseng le lipaki tsa Jehova.—Luka 23:43; Tšenolo 7:1-17.

13 Empa ke bo-mang har’a Bakreste bana bohle ba ineetseng bao qetellong ba tlang ho fetoha karolo ea “maholimo a macha” le “lefatše le lecha” tse tšepisitsoeng? (Tšenolo 21:1) Hase bohle ba tla tšoaneleha. (Pesaleme ea 15:1-5; Mattheu 22:14) Ba ipakang ba sa tšepahale ba ke ke ba ba le sebaka tokisetsong ea Molimo. ’Me, kaha Jehova ha se eena ea bakang hloriso, o e lumelletse hore e sèfe ba sa tšepahaleng har’a batho ba hae, ’me a boloke batho ba tšepahalang e le kannete ba ratang Molimo ka pelo eohle. (Mattheu 22:37, 38; 25:31-33; 2 Ba-Korinthe 13:5) E se eka re ka ba har’a ba mamellang mahloriso ka botšepehi ’me re tsoele pele ‘re sebeletsa, [Jehova Molimo] khalalelong le ho lokeng, pontšeng ho eena, ka matsatsi ’ohle a ho phela ha rōna’—le ka ho sa feleng.—Luka 1:68, 69, 74, 75.

Lebaka la ho Thaba Leha re Hlorisoa

14. Jesu ka ho toba o ile a bolela ntho efe e le lebaka la ho thaba leha re hlorisoa?

14 Ka ho toba Jesu Kreste o ile a bolela ka tšepo ea ’Muso ha a ne a re: “Ho lehlohonolo ba hlorisetsoang ho loka; hobane ’muso oa maholimo ke oa bona.” (Mattheu 5:10) E, balateli ba tlotsitsoeng ba Jesu ba mamellang hloriso ka botšepehi ba emetsoe ke moputso o moholo oa ho ba le Kreste ’Musong oa leholimo. (Luka 12:32; Tšenolo 2:10; 14:1; 20:6) ’Me bakeng sa lipaki tse tšepahalang tsa Jehova tse nang le tšepo ea ho phela lefatšeng li na le tebello e khōlō ea bophelo bo sa feleng lefatšeng la Paradeise. (Luka 23:43; Johanne 10:16; 17:3; Tšenolo 7:9, 10, 14) Ka sebele, re ka thaba leha re hlorisoa haeba re hopola tšepo ea ’muso.—Ba-Roma 12:12.

15. Borena ba Jehova bo hokahanngoa joang le ’Muso, ’me bo amana joang le ho thaba ha rōna leha re hlorisoa?

15 Borena ba bokahohle ba Jehova bo hokahane hantle le ’Muso, hobane Jehova o tla halaletsa lebitso la hae le halalelang ka bona. Kaha re lipaki tse tšepahalang tsa Jehova le baboleli ba ’Muso, re emela borena ba hae ’me re na le lebaka le eketsehileng la ho thaba leha re le mahlomoleng. (Esaia 43:10-12; Mattheu 6:9, 10) Ka baka leo, ka thuso ea Molimo, e se eka re ka tšepahala ho Molimo ’me re pake Diabolose a le leshano kahobane a hlōleha ho tšehetsa polelo ea hae ea hore ha ho motho ea tla tšepahala ho Molimo ha a lekoa. (Jobo 27:5) Mokreste leha e le ofe ea hlorisoang a ka thaba hakaakang ha a emela lehlakore la Jehova la tseko e khōlō!—Bapisa Liketso 4:24.

16. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore letsoalo le hloekileng le lona le etsa hore re thabe leha re hlorisoa?

16 Letsoalo le hloekileng le lona le etsa hore baboleli ba ’Muso ba hlorisoang, leha ba tšepahala, ba thabe. Athe Mokreste oa bohata o utloa bohloko le ho tsieleha kelellong haeba a hlorisetsoa bobe, ’me ho loketse hore motho a thabe haeba a hlorisetsoa ho loka hobane e le paki e tšepahalang ea Jehova le molateli oa Jesu Kreste. Ka baka leo, baapostola ba Jesu leha ba se ba shapiloe, “ba tloha khotla, ba thabile kahobane ba entsoe ba tšoaneloang ke ho hlabisoa lihlong ka baka la lebitso la [Kreste].” (Liketso 5:40, 41) Ka ho tšoanang, Pauluse le Silase hoba ba shapuoe le ho kenngoa teronkong Filipi, ba ne ba sa soaba kapa ho jeoa ke matsoalo joaloka ha eka ba entse phoso. Ho e-na le hoo, har’a mpa ea bosiu “ba binela Molimo lifela.” (Liketso 16:22-25) Ka baka leo, kaha paki ea Jehova ha ea lokela ho itšoara ka mokhoa o tla etsa hore e otloe joaloka ’molai ea molato, ea jeoang ke letsoalo, lesholu, moetsalibe kapa ea itšunyang litabeng tsa ba bang, a ka thaba haeba a utloisoa bohloko ka baka la ho loka.—1 Petrose 2:11, 12; 3:13, 14; 4:15, 16.

17. Ke eng seo haholo-holo se tla etsa hore re thabe ha re hlorisetsoa ho ba batšehetsi ba ’muso?

17 Ho khahlisa Jehova le ho mo tlotlisa ho tla etsa hore re thabe leha re hlorisetsoa ho ba batšehetsi ba ’Muso. Esita leha re le khatellong e bohloko, ‘ho tsamaea ka mokhoa o khahlisang Molimo’ ho bohlokoa hore re ’ne re thabele ho ba bahlanka ba Jehova. (1 Ba-Thessalonika 4:1) Ho feta moo, ha re utloisoa bohloko hobane re le Bakreste, re lokela ho “tlotlisa Molimo ka baka la lebitso leo.” Inahanele feela ka hoo! Ntle ho ho khahlisa Jehova, ha re mamella mahloriso ka botšepehi re ’tlotlisa Molimo.’ (1 Petrose 4:16) Ho thabisa hakaakang ho mamella mahloriso ka sebete!

Tsoelang Pele le Boloka Botšepehi

18. Lipaki tsa Jehova li lokela ho ikutloa Joang ka ho tšepahala ho Molimo?

18 Ka ho hlakileng, Lipaki tsa Jehova li na le mabaka a utloahalang a hore li thabe leha li hlorisoa. Ka baka leo, ka thuso ea Molimo, a re tšepahaleng ho tšoana le mopesaleme Davida, ea itseng: “Ha e le ’na, ke tla ’ne ke tsamaee ka botšepehi.”—Pesaleme ea 26:11.

19. Ke lipotso life joale tse hlahang tse batlang ho hlahlojoa?

19 Kaha re Bakreste ba tšepahalang, re ka thaba leha re hlorisoa hobane re tseba sepheo sa Diabolose sa ho tlisa hloriso ho rōna. Re bile re tseba lebaka leo Jehova Molimo a lumelletseng hore batho ba hae ba hlorisoe. Empa le hoja re na le mabaka a re etsang ba thabileng joalo ha re hlorisoa, re ka etsa’ng hore re itokisetse eona? ’Me re ka etsa joang hore re mamelle hloriso e bohloko?

Lipotso tsa ho Itlhahloba

◻ Sepheo sa hore Diabolose a hlorise lipaki tsa Jehova ke sefe?

◻ Satane o ile a hlahisa tseko efe e khōlō ’me o entse hore ho belaeloe eng ka batho?

◻ Ke hobane’ng ha Jehova a lumella hore batho ba hae ba hlorisoe?

◻ Jesu Kreste ka ho tobileng o lle a bolela ntho efe e le lebaka la ho thaba ha “re hlorisetsoa ho loka”?

◻ Ke eng se etsang hore re thabe leha re hlorisoa hobane re le bahlanka ba Jehova?

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Ha Jesu a lekoa, o ile a hana ho etsa ketso ea borapeli ho Satane

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Tšepo ea ’Muso e re nea lebaka le utloahalang la ho thaba ho sa tsotellehe mahloriso

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela