Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 12/1 maq. 3-5
  • ‘Hlompha Batsoali ba Hao’ e ne e Felle Kae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Hlompha Batsoali ba Hao’ e ne e Felle Kae?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ho Phethahala Mehleng ea Rōna?
  • “Hlonepha Nt’ao le ’M’ao”
  • Thuto e Molemo Bakeng sa Linako tsa Rōna tse Mahlonoko
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Ho se Utloe Batsoali—Na ke Pontšo ea Mehla ea Qetello?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Bana ba Rōna ke Lefa la Bohlokoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • ‘Mehla ea Rōna e Bohloko’—E Ama Lelapa la Hao Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 12/1 maq. 3-5

‘Hlompha Batsoali ba Hao’ e ne e Felle Kae?

NTATE e mong o itse ka bara ba hae ba babeli: “Neng le neng ha ke etsa tlhahiso ho bona, ba bontša hore ba se ba mpa ba mametse feela. Mantsoe a reng, ‘hlompha batsoali ba hao’ a ne a felle kae?” Ka eona tsela eo, mookameli oa boemeli ba litšebeletso tsa malapa o ile a hlokomela hore: “Mehleng ena, bacha ha ba sa arabisa batsoali ba bona feela, hangata ba tella boholo ba bona.”

Leha u le mocha kapa motho e moholo, mohlomong u se u elelletsoe hore bacha ba bangata kajeno ba hlompholla le ho se mamele batsoali ba bona. Taba ena e lokela ho u ama, leha u le mocha kapa u le motsoali. Hobane’ng?

Hobane likhohlano tsa batsoali le bana tseo u li bonang ke karolo ea liketsahalo tse tšoaeang mehla ena e le mehla ea qetello. Ka Bibele, nako e bitsoang ‘mehla ea qetello’ e tla pele ho timetso ea tsamaiso eohle ea lintho ea lefatše. (2 Timothea 3:1) Leha ho le joalo, ho na le mahlatsipa a tla thabela bophelo tlas’a puso ea sebele ea leholimo.—Daniele 2:44; Tšenolo 21:1-4.

Empa ho se mamele batsoali ho kenella kae ho seo Bibele e se buang ka nako ea hona joale le nako e tlang? Litokollong tsa nako e fetileng tsa Molula-Qhooa re hlahlobile boprofeta ba Jesu Kreste ho Mattehu 24, Luka 21 le Mareka 13. Jesu a lula liketsahalong tsa lefatše tse neng li tla tšoaea ‘ho fela ha tsamaiso ea lintho’: lintoa, litšisinyeho tsa lefatše le tlōlo ea molao, ha re bolela tse seng kae feela. Hona joale, leha ho le joalo, re lebisa tlhokomelo tlhalosong e amanang le eo ea boprofeta ea nako ena, e fumanoang ho 2 Timothea 3:1-5. Ho e-na le ho sebetsana feela le matla a hlahang ka ntle a amang batho, mona Bibele e phahamisa boikutlo ba batho ba utloang liketsahalo tsena tse etsahalang. E re:

“Tseba hobane mehleng ea qetello ho tla hlaha linako tse bohloko. Hobane batho e tla ba baithati, le ba ratang leruo, le bakaki, le baikakasi, le banyefoli, le ba sa utloeng batsoali ba bona, ba hlokang teboho le borapeli, e tla ba ba se nang lerato la hlaho, leha e le ho tšepeha, . . . Le ba joalo u ba furalle.”

Hlokomela hore mantsoe ana a moapostola Pauluse a hlalosa hore na mehla ea bofelo e tla ama batho joang. Hlokomela hore hape ‘ho se utloe batsoali’ ho ne ho tla ata nakong e bohloko e bitsoang mehla ea qetello.

Na ho Phethahala Mehleng ea Rōna?

Ba bang ba botsa: ‘Re tseba joang hore Pauluse o ne a sa bue ka maemo a mehleng ea hae feela?’ Kaha mantsoe a latelang a boprofeta ba moapostola ke keletso e eang ho Mokreste ea neng a bitsoa Timothea, ba bang ka ho utloahalang ba ipotsa hore na e be Pauluse o ne a hlile a ngolla mehla ea rōna. (2 Timothea 3:5, 14, 15) Leha ho le joalo, hlokomela hore Pauluse o bolela hore “mehleng ea qetello ho tla hlaha linako tse bohloko.” E tlameha e be o ne a supa phetoho ea nakong e tlang. Timothea a bolelloa hore a “furalle” ba bonahatsang litšobotsi tse sa lakatseheng, kaha ba bang ka phuthehong ba ne ba se ba ntse ba li bontša. Empa mantsoe a Pauluse a bontša hore mehla ea qetello ea nakong e tlang boemo bo ne bo tla ba bohloko haholoanyane.—Bapisa 2 Ba-Thessalonika 2:6-12; 3:6-14.

Mohlomong leha ho le joalo u utloile hore bafuputsi ba bang ba bolela hore bacha ba bangata kajeno ba tsoella hantle haholo le batsoali ba bona. U ka nahana eng ha u hopola ka 2 Timothea 3:1-5 ka lipolelo tse joalo? Pele u fihlela qeto, re ke re talimeng boprofeta ba Pauluse re hopotse histori ea Bibele.

“Hlonepha Nt’ao le ’M’ao”

Molao oa bohlano ho Melao e Leshome o ne o rialo. (Exoda 20:12) Mantsoe ana a hatisoa likelellong tsa bacha ba Bajode. (Deuteronoma 5:16; 6:6, 7)Ho hlompholla batsoali ba motho e ne e le mohlolo—khopiso eo kotlo ea eona e neng e le lefu ka linako tse ling! (Deuteronoma 21:18-21) Tsela eo ho neng ho pheloa ka eona nakong e fetileng e ne e thusa batsoali ho boloka taelo ena e lerato empa e le thata. Lihlooho tsa malapa e ne e le banna. Likarolo tsa batsoali li ne li hlalositsoe hantle. Bana ba ne ba nkoa e le lefa, tlhohonolofatso, ’me mesebetsi ea letsatsi le letsatsi tsamaisong ea bona ea temo e ne e ba nea mosebetsi o mongata.—Bapisa Pesaleme ea 127:3.

Leha ho le joalo, ha sechaba se ntse se suthela hole le litsela tsa Jehova, bophelo ba lelapa ba ’na ba khoehla. Hoo e ka bang lilemo tse 800 hoba ho fanoe ka Melao e Leshome, moprofeta Mikea o ne a hlokometse hore: “Mora o nyelisa ntat’ae, morali o tsohela ’m’ae matla, . . . ’me ba ntlo ea motho ke bona bao e leng lira ho eena.” (Mikea 7:6) Ka ho tšoanang, Ezekiele o buile tjena ka motse oa Jerusalema: “Ba rohaka bo-ntat’a bona le bo ’m’a bona; ha hao.” (Ezekiele 22:7) Ho hlompholla batsoali ho tebileng joalo e ne e le pontšo ea ho nyehla ha boitšoaro ho jeleng setsi. Ka baka leo, Molimo oa khalemela sechaba sohle ka matla.—Jeremia 1:15, 16.

Ha re ho talima tjena, mohlomong u lumela hore bacha ba lekholong la bo20 la lilemo boitšoaro ba bona e ne e tla ba bo nyarosang ho Pauluse morao koana lekholong la pele la lilemo. Maikutlo a hona joale a lokolohileng a khōliso ea bana a ne a sa tsejoe mehleng eo. Kahoo, ho hlokahala re hopole hore boithuto bo hlahisang hantle bophelo ba kajeno ba malapa bo hlokomoloha litekanyetso tsa Molimo bakeng sa bana. (Ba-Efese 6:1-3) Ha boitšoaro le maikutlo tse tloaelehileng har’a bacha ba kajeno li bapisoa le litekanyetso tsa Molimo, re ka utloisisa hore na ke hobane’ng ha Bibele e bitsa moloko oa hona joale o sa “utloeng.” E seng hore e hlile ke bana bohle bao e leng marabele. Empa ho se utloe ho hlile ho atile ’me ho matla–ho hlokomeleha haholo.

Empa na ’ho se utloe batsoali’ e hlile ho lefatšeng lohle? Na ho na le bopaki bo lekaneng ba khohlano ea batsoali le bana bo bontšang hore re phela “mehleng ea qetello”?—2 Timothea 3:1, 2.

[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 4]

‘Hase bana bohle bao e leng marabele. Empa ho se utloe ho atile ka ho hlokomelehang ebile ho matla’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela