Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 2/1 maq. 12-17
  • Sefate sa Mohloare se Beang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sefate sa Mohloare se Beang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Selekane sa Abrahama
  • Ho Tsebahatsa Peō ea Abrahama
  • Lengolo la Pauluse le Eang ho Baroma
  • Sefate sa Tšoantšetso sa Mohloare
  • Makala a Mang a Thefuloa, a Mang a Kenngoa
  • Sefate sa Mohloare se Beang ka ho Feletseng
  • ‘O! Botebo ba Bohlale ba Molimo!’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Ba Beang Litholoana Hammoho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • ‘Ke Mang ea Tsebileng Khopolo ea Jehova?’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Papiso ea Sefate sa Mohloaare
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2019
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 2/1 maq. 12-17

Sefate sa Mohloare se Beang

“Ka mokhoa oo, ba-lseraele bohle ba tla bolokeha.”—BA-ROMA 11:26.

1. Ho ka thoe’ng ka lifate tsa mohloare?

LIFATE tsa mohloare li tsebahala ka ho phela makholo a lilemo. Leha kutu e seng e tsofetse, e sekoti, e qetella e shoele, hangata metso e hlahisa makala a macha a etsang sefate se le seng sa mohloare kapa tse ngata tse ncha. Leha ho le joalo, ho na le sefate sa mohloare se ileng sa lengoa lilemong tse fetileng tse ka bang 4 000 se ntseng se phela ’me se ntse se bea litholoana kajeno!

2. Pauluse o bua ka sefate sa mohloare mabapi le tšepiso efe, hona e bontša eng?

2 Ha moapostola Pauluse a ngolla Baroma, o bapisa ka sefate sa mohloare kamoo Jehova ka mokhoa o hlollang a phethahatsang karolo ea tšepiso eo A ileng a e etsetsa Abrahama makholong a fetileng a lilemo:

“Ho hlohonolofatseng ke tla u hlohonolofatsa, ’me ho atiseng ke tla atisa moloko oa hao, o be ka ka linaleli tsa maholimo, le lehlabathe le lebopong la leoatle, ’me moloko oa hao o tla rua likhoro tsa lira tsa oona. Lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa lelokong la hao, ka baka la hobane u mametse lentsoe la ka.”—Genese 22:16-18.

Selekane sa Abrahama

3, 4. (a) Abrahama o ne a qeta ho pakahatsa tumelo ea hae joang? (b) Ke eng e tšoantšelitsoeng ke ketsahalo ee?

3 Abrahama o ne a qeta ho paka hore o utloisisa ho etsa sehlabelo ka Isaaka, mora ea mong oa hae ka Sara, mosali oa hae oa matsoa-thaka. (Ba-Heberu 11:17-19; ka kōpo bala Genese 22:1-18.) Ho tloha mehleng ea khale Bakreste ba bone ketsahalo ena e le tšoantšetso ea ha Jehova a etsa sehlabelo ka Mora oa hae ’me joale a mo amohela hape ka tsoho. E, “Molimo o ratile lefatše [la batho] hakaalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetseng a ’notši, hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:16.

4 Kahoo setšoantšong sena sa boprofeta Abrahama o ne a tšoantšetsa Jehova Molimo, ’me Isaaka—mohlankana ea ka beng a ile a sitisa ntat’ae ea lilemo li 125—o ne a tšoantšetsa Jesu Kreste, eo ka boithatelo a tetseng bophelo ba hae ba botho e le sehlabelo sa topollo.—Ba-Heberu 7:27; 10:12.

5. Ka peō e tšepisitsoeng ea Genese 3:15, ho ile ha senoloa eng selekaneng sa Molimo le Abrahama?

5 Ka lebaka la tumelo e khōlō ea Abrahama, Jehova o ne a entse selekane le eena pelenyana ’me sa sebetsa ka 1943 B.C.E. (Genese 12:4, 7; Ba-Galata 3:17) Lilemo tse ka bang 50 hamorao, hoba a bone ho tšoaneleha ha tumelo ea Abrahama ha a lekoa le ka Isaaka, Jehova a pheta tšepiso ena ea selekane le ho e atolosa, joalokaha e tlalehiloe ho Genese khaolo ea 22. Selekane sena se hlakileng sa Abrahama sa qaqisa ho sebetsahala ha merero e hlollang ea Molimo. Sa bontša hore peō ea topollo e tšepisitsoeng Edene e ne e tla hlaha lefatšeng e le ngoana oa Abrahama, hore e ne e tla ba peō e nang le litho tse ngata (palo e feletseng e ne e sa senoloa ka nako eo), hore e ne e tla tlosa lira tsa eona ’me, qetellong, lichaba tsohle tsa lefatše li ne li tla iphumanela tlhohonolofatso ka peō eo.—Genese 3:15.

Ho Tsebahatsa Peō ea Abrahama

6, 7. (a) Ka Mangolo, ke mang peō e ka sehloohong ea Abrahama? (b) Re tseba joang hore ho ne ho tla ba le peō ea bobeli ea Abrahama? (c) Palo e nepahetseng e ile ea senoloa neng, hona e ne e le efe?

6 Ntlha e ’ngoe le e ’ngoe ea tšepiso eo e khahla batho ba kopanelang tumelong ea Abrahama le ba batlang ho hlohonolofatsoa ke Jehova. (Ba-Roma 4:16) Ea ka sehloohong oa peō ee ea Abrahama e ne e le mang, eo ka eena lichaba tsohle tsa lefatše li neng li tla qetella li itlhohonolofalitse? Moapostola Pauluse o tsebahatsa Peō ena e ka sehloohong e le Kreste.—Ba-Galata 3:16.

7 Ho feta moo, kaha Jehova o tšepisitse Abrahama hore o tla atisa peō ea hae, ke batho bafe bao e neng e tla ba karolo ea bobeli ea peō ea Abrahama? Ke bo-mang bao e neng e tla ba “majalefa ka pallo,” “majalefa hammoho” le Kreste, Peō e ka sehloohong? (Ba-Galata 3:29: Ba-Roma 8:17) Ka lilemo tse ka bang 2 000 batho ba ne ba sa tsebe palo ea bao e neng e tla ba ‘peō ea bobeli ea Abrahama,’ e joaloka “linaleli tsa maholimo” kapa “lehlabathe le lebopong la leoatle.” Joale, ho ea qetellong ea lekholo la pele la lilemo C.E., moapostola Johanne a utloa “palo ea ba tšoailoeng e le likete tse lekholo le nang le mashome a mane a metso e mene, e leng ba tšoailoeng melokong eohle ea bana ba Iseraele.”—Genese 22:17; Tšenolo 7:4.

8. Bajode ba bolotseng ba ne ba bile le monyetla ofe o khethehileng?

8 Le teng, ‘bana baa ba Iseraele’ ba 144 000 ba ne ba tla khethoa le ho tiisoa har’a bo-mang? Hoja Baiseraele ba lekaneng ba tlhaho ba ile ba latela selekane sa Molao e le ’molisa ea isang ho Kreste [Peō e ka sehloohong ea Abrahama],’ litho tsohle tse 144 000 tsa peō ea bobeli ea Abrahama li ka be li tsoile ho bona ’me kahoo ea e-ba “ ’muso oa baprista, le sechaba se khethehileng,” bakeng sa ho hlohonolofatsa lichaba tsohle tsa lefatše. (Ba-Galata 3:24; Exoda 19:5, 6) Empa na ho bile le palo e lekaneng e ipakang hore kannete ke bana ba Abrahama “ntat’a bohle ba lumelang”?—Ba-Roma 4:11.

9. Johanne Mokolobetsi o bontšitse joang hore peō ea moea ea Abrahama e ne e sa tlo etsoa ka Bajode feela?

9 Le pele Jesu a qala tšebeletso ea hae ea lefatšeng, Johanne Mokolobetsi o ile a lemosa baeta-pele ba bolumeli ba Bajode hore: “Le se ke la re ka ho lōna: Abrahama ke ntat’a rōna; hobane kea le bolella, ke re: Molimo o ka tsosetsa Abrahama bana le ka majoe ana. Selepe se se se beiloe metsong ea lifate; sefate ka seng se sa beeng tholoana tse molemo, se tla rengoa, se lahleloe mollong.” (Mattheu 3:9, 10) Mehleng ea Pauluse ho ne ho senotsoe mokhoa oa Jehova o babatsehang le o bohlale oo ka oona ho neng ho tla tsosoa palo e feletseng ea peō ea bobeli ea Abrahama. (Ba-Roma 16:25-27) Pauluse o senola hona ka botlalo lengolong la hae le eang ho Baroma.

Lengolo la Pauluse le Eang ho Baroma

10. Ka mokhoa o fosahetseng, Bajode ba hlaho ba ne ba lumela eng?

10 Bajode ba ne ba le seli haholo ka hore ke bakhethoa ba Molimo. Ka polelo “sechaba se khethehileng,” The Concise Jewish Encyclopedia e re: “Tlotla e khethollang tumelo ea hore Bajode ba na le kamano e khethehileng le Molimo. Maikutlo a theiloe selekaneng se entsoeng le Abrahama.” Bajode ba ikhohomosang ka hore ke bana ba Abrahama, ba ne ba hopola hore ke bona peō eo ho tla hlohonolofatsoa lichaba tse ling tsohle ka eona, le hore ba ka itokafatsa pel’a Molimo ka mesebetsi e etsoang tlas’a selekane sa Molao.—Johanne 8:33, 39; Ba-Roma 9:31, 32; 10:3, 4; 11:7.

11, 12. (a) Nakong ea ha Pauluse a ngolla Ba-Roma, boemo e ne e le bofe ka phuthehong ea Roma? (b) Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a ngolla Bakreste ba Bajode le ba Balichaba ba Roma?

11 Ke ka khōliso le ka boemo bona moapostola Pauluse a ileng a ngolla phutheho ea Bakreste e Roma. Bajode ba bang ba Roma e ne e le Bakreste, empa boholo ba bona ba hana ho lumela ho Jesu e le Messia. Phutheho ea Bokreste e Roma ea etsoa le ka Bakreste ba bangata ba Balichaba.

12 Bajode le Balichaba ba ne ba iphahamisa ka mabaka a sa tšoaneng—Bajode ka lebaka la hore ba tsoile ho Abrahama ka ho toba—Balichaba kahobane ba ne ba amohetsoe litokelong tse khethehileng tsa selekane se entsoeng le Abrahama ka lebaka la ho haelloa ke tumelo ha Bajode. Pauluse o ne a batla ho kholisa Bakreste ba Bajode le ba Balichaba hore ba tsebe hore ba fumane boemo ba bona bo molemo pel’a Molimo ka lebaka la tumelo ea bona ho Kreste, e seng ka mesebetsi. (Ba-Roma 3:21-27) Ha Pauluse a ngola lengolo la hae, sepheo sa hae e ne e le bonngoe ba Bokreste le ho bea ha bona litholoana, hore ba tlotlise, Jehova kamoo ka mokhoa o babatsehang a tsoelang pele ho phethahatsa litšepiso tsa hae tsa selekane sa Abrahama.

Sefate sa Tšoantšetso sa Mohloare

13. Pauluse o boletse ho soaba hobane’ng, ’me o ile a tšoantša eng ka sefate sa mohloare se lemiloeng?

13 Moapostola Pauluse o bolela hore o soabile hore “hase bohle ba tsoileng ho Iseraele e leng ba-Iseraele,” ’me o re: “Hape, le bao e leng ba leloko la Abrahama hase bana ba hae kaofela [karolo ea peō ea moea ea Abrahama].” Joale o tsoela pele ho bontša kamoo Jehova a ‘tsosetsang Abrahama bana.’ (Ba-Roma 9:1, 2, 6, 7) Ho hlalosa kamoo selekane sa Abrahama se hlahisang palo e feletseng ea litho tsa peō ea moea e tšepisitsoeng, o sebelisa setšoantšo sa sefate sa mohloare se lemiloeng ka ho khetheha.—Ak’u bale Ba-Roma 11:13-26.

14. Motso oa sefate sa tšoantšetso sa mohloare ke mang, ’me ke litemana life tse supang see?

14 Pauluse o bolela ka motso oa sefate pele a bua ka sefate ka bosona, ’me o re ‘motso oa halalela.’ (Ba-Roma 11:16) Jehova Molimo ke “Mohalaleli.” (Hosea 11:12) Hangata o bitsoa “Mohalaleli oa Iseraele,” haholo-holo bukeng ea Esaia. (Esaia 10:20; 29:19; 60:9) Moapostola Petrose o eletsa Bakreste ba tlotsitsoeng, a re: “Empa joale ka ha ea le bitsitseng a halalela, le lōna le halalele metsamaong ea lōna eohle.” (1 Petrose 1:15, 16) Jehova Molimo, Abrahama e Moholo, ke motso oa sefate sa mohloare sa tšoantšetso.

15. (a) Ke ka tsela efe Jehova e leng motso oa Iseraele oa moea? (b) Kutu ea sefate sa mohloare sa tšoantšetso ke mang? Hobane’ng?

15 Joalokaha mopatriareka Abrahama e ne e le motso oa sechaba sa Iseraele, Jehova ke eena ea phelisang Iseraele oa moea. Joalokaha meloko e 12 ea Iseraele e tsoile ho Abrahama ka mora oa hae Isaaka, ka Jakobo le ka bapatriareka ba 12, meloko ea tšoantšetso e 12 ea Iseraele oa moea e tsoa ho Jehova ka Kreste Jesu, Isaaka e Moholoanyane. Jesu, e le Peō e ka sehloohong ea Abrahama, o tšoantšetsoa ka kutu ea sefate sa mohloare. (Ba-Galata 3:16) Jehova, motso, o hlahisa palo e feletseng ea litho tsa peō ea bobeli ka Mora oa hae, Kreste Jesu. (Ba-Galata 3:29) Empa ke joang kapa ke ka mokhoa ofe Jehova a hlahisang palo e hlokahalang ea makala a tšoantšetso?

Makala a Mang a Thefuloa, a Mang a Kenngoa

16. ‘Sephiri se halalelang’ se boleloang ke Pauluse ho Ba-Roma 11:25 le Ba-Efese 3:3-6 ke sefe?

16 Pauluse o tsoela pele ho hlalosa tokisetso ena e babatsehang. A ngola: “Hobane, banab’eso, ha ke rate hore le se ke la tseba sephiri [se halalelang, NW] sena, le tle le se ke la ipona le le bohlale; ke ho re, ho thatafala ho hlahetse ba-Iseraele ka nqa e ’ngoe, ho tla ha ba-llchaba ho be ho kene. ’Me ka mokhoa oo, [kai houʹtosa, ka Segerike], ba-Iseraele bohle ba tla bolokeha.” (Ba-Roma 11:25, 26; bapisa Ba-Efese 3:3-6) Jehova o ne a tla “tsosetsa Abrahama bana” ka ho amohela palo e hlokoang peōng ea bobeli ea Abrahama, kapa ‘palo e tletseng ea ba-lichaba.’ Ka ho bontša “tumelo e kang ea Abrahama” palo ena e lekanyelitsoeng ea Balichaba e ne e tla ipaka e le Bajode ba moea, karolo ea Iseraele oa moea, “Iseraele oa Molimo.”—Ba-Roma 4:16; 2:18, 29; Ba-Galata 6:15, 16.

17. (a) Ke mokhoa ofe oo e seng oa hlaho o hlalosoang ke Pauluse? (b) Ke bafe ba neng ba tšoantšoa ke makala a thefutsoeng le ke mahlomela a kenntsoeng a tsoa sefateng sa mohloare sa naha? (c) Hona ho ne ho tšoantša ho pepesoa hofe ha Bajode ba ikhohomosang le ba ikakasang?

17 Pauluse o bapisitse ho sebetsahala ha ‘sephiri sena se halalelang’ ka mokhoa o sa tloaelehang oa khōlo ea limela. Joalokaha Pauluse a hlokometse, mokhoa ke hore makala a sefate se lemiloeng tšingoaneng ea hae a kenngoe ho sa naha, e le hore se bee litholoana. A bolella Bakreste ba Balichaba hore ba “kenntsoe mohloareng oa hae ka mokhoa oo e seng oa hlaho.” (Ba-Roma 11:24) Kahoo a tšoantša Balichaba ba neng ba tla amoheloa selekaneng sa Abrahama le mahlomela, a tsoang mohloareng oa naha o neng o tla kenngoa kutung ea ‘sefate sa mohloare oa hae.’ Ba ne ba tla nka sebaka sa makala a hlaho a neng a thefutsoe, a emelang Bajode ba nama ba neng ba hannoe ka lebaka la ho haelloa ke tumelo. (Ba-Roma 11:17, 19, 20, 24) Pontšo ena e sa tloaelehang ea sebeletsa e le pontšo e matla ea ho pepesa Bajode ba ikhohomosang le ba ikakasang ba sa lumelang, ba neng nka Balichaba e le ba shoeleng joaloka majoe kapa ba sitoa ho bea litholoana joaloka makala a mohloare oa naha. Ha tiisa hore Jehova o na le matla a ho “tsosetsa Abrahama bana,” joalokaha Johanne Mokolobetsi a ne a lemositse.—Luka 3:8.

18. (a) Ho etsahetse joang ka 36 C.E., empa na makala a renngoeng a ile a busetsoa sefateng sa selekane sa Abrahama? (b) Pauluse o ile a hōlisa bonngoe joang ka phuthehong ea Bokreste?

18 Leha ho le joalo, Bakreste ba Balichaba ba neng ba ‘sa kenngoa’ ka mokhoa oa hlaho sefateng sa selekane sa Abrahama ho ba karolo ea peō ea moea, ba ne ba se na lebaka la ho ikutloa ba phahametse Bajode. Pauluse a hlalosa: “Le bona [Bajode] ha ba sa hlole ho se lumeleng ha bona, ba tla busetsoa mohloareng; hobane Molimo o na le matla a ho ba busetsa teng.” (Ba-Roma 11:23) Masala a fokolang a Bajode ba hlaho a amohela Peō e ka sehloohong ’me a fetoha makala a kamehla a sefate sa tšoantšetso. (Ba-Roma 9:27; 11:5) Empa boholo ba Bajode bo ne bo renngoe sefateng sa selekane sa Abrahama ka 36 C.E., qetellong ea libeke tse 70 tsa lilemo tse boletsoeng ke Daniele. (Daniele 9:27)b Leha ho le joalo, kamorao ho mono Bajode ba bang ba ne ba buselitsoe “mohloareng oo e leng oa bona” ka ho lumela ho Messia, Jesu, Peō e ka sehloohong ea Abrahama. (Ba-Roma 11:24; Liketso 13:5, 42, 43; 14:1) Ka ho supa lintho tsena Pauluse a phahamisa bonngoe har’a Bakreste ba tlotsitsoeng, kaha bohle ba ne ba ‘fepjoa monono oa mohloare oa hae’ ka “mohau oa Molimo.”—Ba-Roma 11:17, 22.

Sefate sa Mohloare se Beang ka ho Feletseng

19. Selekane sa Abrahama se entse joang hore butle-butle se hlahise peō ea moea, ho pholosa “BaIseraele bohle”?

19 Ka makholo a lilemo, ’me haholo-holo nakong ena e khethehileng ea bofelo, Bajode ba bang le Balichaba ba ile ba kenngoa sefateng sa mohloare sa tšoantšetso. Kahoo selekane sa Abrahama se hlahisitse ‘palo e feletseng’ ea Bajode le Balichaba ba hlokoang ho phetha peō ea moea. “Ka mokhoa oo, ba-Iseraele bohle ba tla bolokeha,” e seng Baiseraele ka hlaho, empa bao ‘e leng ba-Iseraele ka sebele,’ litho tse 144 000 tsa Iseraele oa moea.—Ba-Roma 11:12, 25, 26, 9:6-8; Tšenolo 7:4.

20, 21. (a) Ho phethahala ha karolo ena ea bohlokoa haholo ea selekane sa Abrahama ho lokela ho hlahisa boitšoaro bofe ka ho rōna? (b) Ho tla hlahlojoa eng sehloohong se latelang?

20 Mokhoa o babatsehang oo ka oona Jehova a phethahalitseng karolo ena ea bohlokoa haholo ea selekane sa Abrahama, ka ho hlahisa kutu le palo e feletseng ea makala a sefate sena sa tšoantšetso e lokela ho re hlolla. Re tsota joaloka Pauluse: “A boliba ba monono, le ba bohlale, le ba tsebo ea Molimo! Likajlolo tsa oona ha li hlalohanngoe hakakang! Litsela tsa oona ha li na ho fihleloa hakakang! Hobane ke mang ea tsebileng khopolo ea Morena, kapa ke mang e bileng moeletsi oa hae? Kapa ke mang ea mo fileng pele, ho tle ho busetsoe ho eena? Hobane ntho tsohle li tsoa ho eena, li eme ka eena, ’me li etsetsoa eena. Ho eena e be khanya ka ho sa feleng, Amen!”—Ba-Roma 11:33-36.

21 Empa makala a tšoantšetso (Bakreste ba tlotsitsoeng) le ba bang ba ka itlhohonolofatsang hona joale ka peō e hlahisitsoeng ke sefate sa selekane sa Abrahama, ba ka ithuta eng e molemo setšoantšong sa sefate sa mohloare se kentsoeng makala? Lintlha tsena li tla koaheloa ke sehlooho se latelang.

[Mengolo o botlaaseng ba leqephe]

a “καὶ οὕτως = ’me ka hoo: e seng feela tabeng ea nako.” (The Expositor’s Greek Testament) Bapisa Today’s English Version, Bibele ea Sesotho (“’me ka mokhoa oo”), Authorized Version, Revised Standard Version le New International Version (“’me joale”). Ba lumelang hore qetellong sechaba sohle sa Bajode se tla sokoloha le ho bolokoa ba etsa kai houʹtos e bolele “e be ke hona,” e ama nako. (Bona Ba-Roma 11:26, The Jerusalem Bible.) Bahlalosi ba bangata (tsoela pele leqepheng la 16) (e tsoela pele ho tloha leqepheng la 15) ba Bibele ba Bojakane ba fana ka tlhaloso ena, le hoja hona ho hanana le mabaka a beoang ke Pauluse le linnete tsa histori, tse fetileng le tsa hona joale.—Bapisa Ba-Roma 2:28, 29; 9:1-6, 27; 10:1, 21; 11:5, 7-10, 14; Liketso 13:45, 46.

b Bona khaolo ea 7 ea buka “Let Your Kingdom Come,” e hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society of New York, Inc.

Na u utloisisitse lintlha tsee tsa sehlooho?

◻ Ke lipallo life tse akarellelitsoeng selekaneng sa Abrahama?

◻ Peō e ka sehloohong le ea bobeli ke life?

◻ Bolela likarolo tse latelang tsa sefate sa tšoantšetso sa mohloare:

—motso

—kutu

—makala a thefutsoeng a hlaho

—makala a hlaho a siiloeng sefateng kapa a buselitsoeng

—makala a kenntsoeng a mohloare oa naha

◻ “Sephiri se halalelang” se boleloang ho Ba-Roma 11:25 ke Pauluse ke sefe?

◻ Ke hobane’ng ha sefate sa mohloare sa tšoantšetso se bea ka botlalo?

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

SEFATE SA MOHLOARE SA TŠOANTŠETSO—Tšoantšetso le Boemo ba Sebele

MAKALA

Meloko e 12 ea Iseraele

Baiseraele ba moea ba 144 000 (peō ea bobeli)

KUTU

Isaaka, Jakobo le bapatriareka ba 12

Messia Jesu (Peō e ka sehloohong)

MOTSO

Abrahama

Jehova

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela