‘Ke Mang ea Tsebileng Khopolo ea Jehova?’
“Hobane ke mang ea tsebileng khopolo ea Jehova, kapa ke mang e bileng moeletsi oa hae?”—BA-ROMA 11:34; ESAIA 40:13, “Greek Septuagint Version.”
1. (a) Pauluse o qotsa potso efe e phephetsang ho Esaia 40:13? (b) Lentsoe la sehlooho moo a qotsitseng le fapana joang le la Seheberu sa pele?
LILEMO tse fetang 2 700 tse fetileng sechaba sa boholo-holo sa Iseraele se ile sa botsoa potso e phephetsang, joalokaha e qotsitsoe ke eo e kileng ea e-ba Mofarisi oa Mojode lengolong la hae, ho Ba-Roma 11:34: “Hobane ke mang ea tsebileng khopolo ea Morena, kapa ke mang e bileng moeletsi oa hae?” Moapostola Pauluse o qotsitse potso kamoo e ngotsoeng ho Esaia 40:13 ho Septuagint Version ea Segerike ea boholo-holo, ’me phetolelo ena e sebelisa lentsoe “khopolo” (nous) ho e-na le lentsoe “moea” joalokaha le fumanoa temaneng ea pele ea Seheberu.
2. Re utloisisa eng ka “khopolo” ea motho? Bontša.
2 Joale, polelo e bululetsoeng “khopolo ea Jehova” e bolela eng? Tabeng ea rōna joaloka libopuoa tse batho, khopolo e emetse tsela ea rōna ea ho nahana. Ka mohlala, ‘re ka fetola mehopolo ea rōna,’ ho ba le ‘maikutlo . . . a tšoanang le a neng a le ho Kreste Jesu.’ (Ba-Filippi 2:5, Phetolelo e Ncha ea Sesotho; bona le Genese 11:6.) Matla a mehopolo ea rōna a phahametse a phoofolo leha e le efe.
3-5. (a) Esaia 55:8, 9 e bontša eng ka “khopolo” ea Jehova? (b) Ke hobane’ng ha ho sa makatse hore e be Pauluse o entse polelo e tlalehiloeng ho Ba-Roma 11:33? (c) Moapostola o bolela eng ka tlhaloso ea hae ho Ba-Roma 11:34? (d) Ke hobane’ng ha bangoli ba pele ho Bokreste ba sa ka ba tseba “khopolo” ea Jehova?
3 Seo Jehova Molimo, ’Mōpi, a se hopotseng se phahametse ka ho ke keng ha lekanngoa le seo rōna libopuoa tse batho tse sa phethahalang re ka ’nang ra se hopola kapa ra inahanela sona. O hlokomelisa ntlha ena ea bohlokoa boprofeteng ba Esaia 55:8, 9, moo ho ngotsoeng: “Hobane mehopolo ea ka hase mehopolo ea lōna, litsela tsa lōna hase litsela tsa ka: ho bolela Jehova. Empa joale ka ha leholimo le phahame holimo ho lefatše, litsela tsa ka li phahame joalo holimo ho litsela tsa lōna, le mehopolo ea ka holimo ho mehopolo ea lōna.” Ka lebaka leo, Jehova o reretse libopuoa tsa hae tse batho, molemo o moholo haholo-holo batho ba kenang kamanong ea selekane le eena, ho feta seo rōna libopuoa tse mona lefatšeng re ka se hopolang. Ke kahoo ho sa makatseng hore, hoba “moapostola oa balichaba” a tšohle tšobotsi e khethollehileng ea tokisetso ea Jehova le kamoo e sebelisitsoeng kateng, a ileng a susumelletseha ho tsota: “A boliba ba monono, le ba bohlale, le ba tsebo ea Molimo! Likahlolo tsa oona ha li hlalohanngoe hakakang! Litsela tsa oona ha li na ho fihleloa hakakang!” (Ba-Roma 11:13, 33) Ka sebele ha ho motho ea kileng a fihlela litsela tsa Molimo pele ho eena. Ka baka leo, moapostola ea bululetsoeng o tsoela pele ho etsa tlhaloso ena: “Hobane ke mang ea tsebileng khopolo [noun] ea Morena, kapa ke mang e bileng moeletsi oa hae?” (Ba-Roma 11:34) The Jerusalem Bible e baleha tjena: “Ke mang ea tla ke a tsebe khopolo ea Morena? Ke mang eo e tla ke e be moeletsi oa hae?”
4 Ka mantsoe ao moapostola ha a bolele hore, kamor’a hore Molimo o senole se khopolong ea oona, motho a ke ke a tseba kapa a utloisisa khopolo ea Oona. Che! Kahobane ka Lentsoeng la oona le bululetsoeng, Mangolo a halalelang, Molimo o senoletse rōna, batho, khopolo ea oona. Seo moapostola a se bolelang ke hore ha ho motho eo le ka mohla, ka matla a hae a ho nahana a ka qalang, a sebetsa kapa a ntšetsa pele ntho eo Molimo o neng o tla e nahana kapa o e rere! Ha ho motho ea ka senolang ntho pele e senoloa ke Molimo. Ke ’nete, pele ho tšenolo ea Molimo e ngotsoeng ka Bibeleng, ha ho motho ea tsebileng “khopolo ea Jehova.” Ha ho lea mong ho bangoli ba pele ho Bokreste ba libuka tsa pele tse 39 tsa Mangolo a Halalelang ea neng a tseba, esita le eena Moshe monei oa molao.
5 Ka mohlala, ha ho le ea mong ea neng a ka utloisisa seo Jehova a neng a se hopotse ka ho sebetsana le Abrahama le leloko la hae, ’me ho ne ho se ea ka utloisisang hore na seo sohle se amana joang le liketsahalo tsa lekholo la pele la lilemo C.E.
“Khopolo” ea Jehova ka ‘Sefate sa Mohloare’
6. (a) Pauluse o ne a tšohla tšepiso efe ho Ba-Roma khaolo ea 11? (b) Abrahama o ile a putsoa haholo joang, hona e le ka lebaka la’ng?
6 Ho Ba-Roma, khaolo ea 11, moapostola o buile ka “leloko la Abrahama” le profetiloeng, ho fihlela temaneng ea 34. Ho ea ka tlaleho ea Moshe ho Genese 12:3 le 22:17, 18, Jehova Molimo a tšepisa ho hlohonolofatsa mopatriareka Abrahama ea tsofetseng ka bana ba hae, kapa “peo” Molimo oa Abrahama o ne o tla hlohonolofatsa malapa ’ohle le lichaba tsa lefatše ka nako ea oona. Ke tšepiso e ntle hakaakang ho ka ba mojalefa oa eona, ’me e bile moputso o mokaakang bakeng sa tumelo le kutlo ho Abrahama ho ba mojalefa tšepisong eo!
7. (a) Likarolo tsa ‘sefate sa mohloare’ sa tšoantšetso li emela’ng? (b) “Makala” a ne a le mocheng bakeng sa eng? (c) Mabapi le “leloko,” ‘khopolong’ ea Jehova ho ne ho lokela ho senoloa eng?
7 Moapostola o tšoantša seo Jehova a neng a se hopotse qalehong le ho hōla ha sefate sa mohloare, sefate se tloaelehileng naheng ea habo ea Iseraele. Tumellanong le setšoantšo sena, motso oa mohloare ona oa tšoantšetso e ne e le Abrahama ka boeena. Kutu e hlahileng ho Abrahama, e le motso oa tšoantšetso, e ne e entsoe ka mora oa hae ea ratoang Isaaka, setloholo sa hae Jakobo, kapa Iseraele le bara ba 12 ba Jakobo, bontat’a meloko e 12 ea Iseraele. Ka tlhaho litloholo tsohle tsa bapatriareka bao ba 12 e ne e le makala sefateng seo sa mohloare sa tšoantšetso. Ba le joalo, ka ho toba ba ne ba le mocheng oa ho ba “leloko la Abrahama” le tšepisitsoeng leo ka lona malapa ’ohle le lichaba tsohle tsa lefatše li neng li tla hlohonolofatsoa ho ea ka morero kapa “khopolo” e lerato ea Jehova. Empa seo ba sa kang ba se tseba ka “leloko” lena e ne e le hore e ne e sa lokela ho ba leloko la nama, ka ho tsoalloa lelapeng la tlhaho la mopatriareka Abrahama, hobane le ne le lokela ho ba “leloko” la moea. Kahoo ntat’a lona e ne e tla ba e mong ea moholo ho Abrahama, ea mo phahametseng. Enoa e ne e le Monei-Bophelo e moholo, Jehova Molimo ka boeena. Joale, ke mang eo e neng e lokela ho ba ea ka pele ‘lelokong’ lee?
8. (a) Jesu o bile moholo ho Isaaka joang? (b) Ke hobane’ng ha sehlabelo sa Jesu le tsoho ea leholimo li ne li hlokahala bakeng sa ho hlohonolofatsa malapa oohle a lefatše?
8 Enoa o ne a le moholo ho Isaaka, mora oa boqhekung ba Abrahama. E ne e le “Jesu Kreste motho,” eo e neng e le setloholo sa Isaaka empa a le moholo ho Isaaka le mora oa hae Jakobo, kapa Iseraele, le bara ba Jakobo ba 12, metheo e 12 ea sechaba sa Iseraele. (1 Timothea 2:5) Lesea le neng le tla reoa Jesu e ne e le “Mora oa Molimo,” hobane o ile a emoloa ka pōpelong ea ’m’ae Maria oa moroetsana ka moea oa Jehova Molimo. Ha e le hantle, bophelo ba hae bo ile ba fetisetsoa pōpelong ea Maria bo e-tsoa se bakeng sa moea, ’me monna oa Maria, Josefa, e ne e le feela ntate oa mohōlisi lefatšeng. (Luka, likhaolo 1-3) Empa, kamoo litaba li leng kateng, Jesu ha e-ea ba mohlohonolofatsi oa malapa le lichaba tsohle tsa lefatše e le motho lefatšeng. Ke ’nete, ka sehlabelo sa hae sa botho se phethahetseng, le se se nang sebe Golgotha ka ntle ho Jerusalema ka 33 C.E., Jesu a ka sebeletsa ho hlohonolofatsa batho bohle. Empa ka letsatsi la boraro la lefu la hae ka 33 C.E., Jehova Molimo, Ntate oa hae oa leholimo, a mo tsosa bafung ’me kamor’a moo a khutlela leholimong e le Mora oa Molimo oa moea. O hlohonolofatsa malapa ’ohle le lichaba tsohle tsa lefatše a le moo.
9. (a) Sefate sa mohloare sa tšoantšetso se na le moelelo ofe o moholo hona joale? (b) Palo ea makala a moea e kae, hona re tseba joang? (c) Ba-Galata 3:28, 29 e re hlaha leseling joang mabapi le “makala” aa?
9 Ho tloha ntlheng ena setšoantšo sa moapostola sa mohloare se na le moelelo o mocha le o moholo. “Motso” oa sefate seo sa mohloare sa moea o ipakile e le Jehova Molimo, Monei-Bophelo e Moholo ho bohle, Ea moholo ho mopatriareka Abrahama. Mora ea tsoetsoeng a inotši oa Abrahama enoa e Moholo o ipaka ho ba Jesu Kreste, Ea moholo ho Isaaka. Isaaka enoa ea Moholo o ipaka ho ba Hloho ea phutheho ea Bokreste e tsoetsoeng ka moea oa Abrahama e Moholo, Jehova Molimo. Litho tsa phutheho ea Bokreste ke makala a moea a hlahang sefateng sena sa mohloare sa puso ea leholimo, ’me ho ea ka Tšenolo 7:1-8 le 14:1-3, qetellong e lokela ho ba litho tse 144 000. Ke ka lebaka leo re balang ho Ba-Galata 3:28, 29: “Ha ho sa le mo-Jode, leha e le mo-Gerike; ha ho sa le ea ruiloeng, leha e le ea sa ruoang; ha ho sa le monna, leha e le mosali; hobane kaofela ha lōna le ntho e le ’ngoe ho Jesu Kreste. ’Me ha le le ba Kreste, ke moo le leng leloko la Abrahama, le majalefa ka pallo.”
10. (a) Ke bo-mang ba neng ba le mocheng oa ho ba makala a moea pele? (b) Ho baa ke bo-mang ba ileng ba “pholoha,” ’me Pauluse o ile a qotsa boprofeta joang ho bontša see?
10 Bajode ba tlhaho ba mehleng ea Jesu, ka ho ba bana babo ba tlhaho, ka ho tsoalloa lesikeng la mopatriareka Abrahama e ne e le bona ba pele mocheng oa ho ba “makala” sefateng seo sa mohloare sa moea. Ba ne ba le selekaneng sa Molao le Abrahama e Moholo ka ’muelli Moshe. Ka ho toba Jesu Kreste o ne a tlile lefatšeng bakeng sa ‘linku tsa ntlo ea Iseraele tse lahlehileng.’ (Mattheu 10:6, NW) Kahoo ba pele ho ba “makala” sefateng seo sa mohloare sa moea, seo motso oa sona e leng Jehova Molimo, e ne e le Bajode ba tlhaho, baapostola ba 12 ba khabane ba Jesu Kreste le likete tsa Bajode ba bang ba tlhaho. Empa ke “masala” a fokolang feela a Bajode ba tlhaho a ileng a “pholoha” ho ba leloko la Abrahama e Moholo le ho ba majalefa a “pallo” ea hae, feela joalokaha ho profetiloe ho Esaia 10:22. Pauluse a qotsa boprofeta bona ho Ba-Roma 9:27.
11. (a) Ba neng ba lebelletsoe ho ba “makala” ba ile ba khethuloa neng? (b) “Makala” a mohloare oa naheng a ile a kengoa joang, hona e le sefateng sefe sa mohloare?
11 Ho khethuloa ha ba neng ba lebelletsoe ho ba “makala” a “leloko la Abrahama” ho qalile ka ho sokoloha ha Basamaria ba bololitsoeng, ’me ha etsahala ka matla a moholo lilemong tse tharo le halofo kamor’a lefu le tsoho ea Jesu Kreste, Isaaka e Moholo. Lekhatheng leo, balichaba ba pele, balumeli ba sa bollang, molaoli oa lekholo oa Roma Kornele le lelapa la hae le metsoalle e lumelang, ba ile ba sokolloa ke moapostola Petrose, ’me kamor’a hore ba tsoaloe le ho tlotsoa ka moea oa Jehova, ba kolobetsoa. (Liketso, khaolo 10) Kahoo “makala” a sefate sa mohloare oa naheng a ile a nyalanngoa le sefate sa mohloare oa moea seo Jehova Molimo e leng “motso” o fanang ka bophelo.
12. (a) Ho ne ho tla etsahala’ng haeba “makala” a khethutsoeng a baka? Bontša. (b) Hoo ho fana ka mohlala ofe? (c) Ho tšoana le Pauluse, re lokela ho arabela joang tšenolong e joalo ea “khopolo” ea Jehova?
12 Leha ho le joalo, haeba bafe kapa bafe ba Bajode ba tlhaho ba ileng ba khethuloa ba ka nahanisisa litaba hape ’me ba baka, joaloka Akila le Priscilla, ba ne ba tla khutlisetsoa tokelong ea moea eo sechaba sa Bajode se neng se e lahlile ka ho se lumele ho Isaaka e Moholo, Jesu Kreste. (Liketso 18:1-4, 26; Ba-Roma 16:3; 1 Ba-Korinthe 16:19) Ketso ena ea fana ka mohlala oa mosa o lerato oa Jehova Molimo, Abrahama e Moholo. Mosa o bohehang joalo oa Jehova Molimo ho Bajode ba tlhaho, ba neng ba ntse ba ratoa ke Molimo ka lebaka la bo-ntat’a bona moholo, o ile oa tsotisa moapostola, a re: “A boliba ba monono, le ba bohlale, le ba tsebo ea Molimo!” Na tšenolo ee ea “khopolo” ea Jehova le eona e tsosa kananelo e tlohang botebong ba pelo?
Ho Rata Molimo ka Pelo ea Motho Eohle le Khopolo ea Motho Eohle
13, 14. (a) Molimo o fane ka Molao joang, hona e le ka morero ofe? (b) Jesu o ile a re’ng ka Molao oo, ’me moo o bua ka “pelo” efe? (c) Jesu o qotsitse melao efe e ’meli, ’me re lokela ho e boloka hobane’ng?
13 Jehova Molimo o entse selekane le leloko la tlhaho la mopatriareka Abrahama, sechaba sa Iseraele, moprofeta Moshe a sebeletsa e le ’muelli. E ne e le morao koana ka selemo sa 1513 B.C.E. lehoatateng la Hloahloa ea Sinai le Thabeng ea Sinai. Moo a se fa Molao oa hae. Mabapi le Molao ona moapostola Pauluse o ngotse: “Ka mokhoa o joalo, molao e bile molisa oa bongoana ba rōna, ho re isa ho Kreste, re tle re beoe ba lokileng ka tumelo.” (Ba-Galata 3:24) Joale Kreste Jesu o itse’ng ka Molao o fanoeng ka Moshe? Ha a botsoa hore na “taelo e kholo” ea Molao ke efe, Jesu a arabela: “Rata Morena, Molimo oa hao, ka pelo ea hao eohle [Segerike: kar·diʹa] le ka moea oa hao oohle [psy·kheʹ], le ka khopolo ea hao eohle :[di·a·noiʹa]. Molao oo ke o moholo oa pele. ’Me oa bobeli, o tšoanang le oona, ke o reng: Rata oa heno joale ka ha u ithata. Melao e ’meli eo ke motheo oa molao oohle le oa baprofeta.” (Mattheu 22:35-40) Mona, ho buuoa ka pelo kamanong le khopolo, ho bontša hore e tlameha ho ba “pelo” ka kutloisiso ea tšoantšetso.
14 Mono Jesu o ne a qotsa ho Deuteronoma 6:5: “Rata Jehova, Molimo oa hao, ka pelo ea hao eohle, [Seheberu: lebabʹ], le ka moea oa hao oohle [neʹphesh], le ka matla a hao ’ohle.” Hape, ho Levitike 19:18: “Rata oa heno joale ka ha u ithata. Ke ’na Jehova.” Kahoo Jesu o phahamisitse melao eo e ’meli e le e meholo selekaneng sa Molao oa Moshe. Kajeno ha re tlas’a Molao oa Moshe, empa se neng se hlokoa ke oona ha se e-s’o fetoe ke nako. Re lokela ho se boloka.
15. (a) Ke’ng e susumetsang pelo ea nama, hona e sebetsa joang? (b) Pelo ea nama e na le kamano efe le boko le khopolo?
15 Rea tseba hore ke “moea oa bophelo” o susumetsang pelo ea nama. (Tšenolo 11:11; Genese 7:22) Matla ana a bophelo a susumetsa pelo ea nama e phelang hore e pompele mali a bophelo likarolong tsohle tsa ’mele oa motho, ho kopanyelletsa le boko. Jehova Molimo o itse: “Mali ke moea [neʹphesh] oa nama tsohle, mali a tsona ke oona moea oa tsona. Ke ka baka leo ke itseng ho bana ba Iseraele: Le ke ke la ja mali a nama efe le efe, hobane moea oa linama tsohle ke mali a tsona.” (Levitike 17:14) Hore ’mele oohle o phele, pelo e tlameha ho pompela mali a phelisang likarolong tsohle tsa oona, ho sa tsotellehe hore na potoloho ea mali e etsoa ke pelo ea motho ea tlhaho eo a e neiloeng ke Molimo, kapa pelo e ntšitsoeng ho motho e mong kapa pelo ea mochini e se nang maikutlo kapa nama. Kahoo mali a pompeloa bokong, matla a bona a ho nahana a susumetsoa ’me khopolo e ea sebetsa. Kahoo, hoa totobala hore pelo ea nama e matlafatsa boko ka lebaka la ho bo fa mali a nang le matla a bophelo “moea oa bophelo.” Ho sa tsotellehe hore na motho o-oa ikutloa kapa che, pelo e ntse e pompela mali bokong le likarolong tsohle tsa ’mele.
16. (a) Ho ea ka Bibele, pelo ea tšoantšetso ke’ng? (b) Ke’ng se hlokoang ho rōna ho rata Jehova ka “pelo e feletseng”? (c) Re mo rata ka “khopolo” ea rōna eohle joang?
16 Empa ha re keng re talime ka nģane ho pelo ea linama tse bonojoana tse phelang. Joalokaha e sebelisoa ka Bibeleng, pelo e emela setsi sa tšusumetso le sa boikutlo. Ena ke pelo ea tšoantšetso, eo ha e le hantle e bolelang rōna botebong. Ho 1 Petrose 3:4 e hlalosoa e le “motho ea ka sephiring, e leng oa pelo,” “motho ea patiloeng oa pelo,” (Revised Standard Version), “uena botebong” (New International Version). Ke kahoo re laeloang ho rata Jehova Molimo ka “pelo e feletseng.” Re boetse re laetsoe ho rata Jehova Molimo ka moea oa rōna oohle, ka borōna kaofela. Hona ho re biletsa ho rata Molimo o phelang le oa ’nete, Ea Matla ’ohle, ka matla oohle a rōna, re lebisa matla a rōna oohle ho etseng thato ea Molimo e senotsoeng le phethahatso e feletseng ea mosebetsi oa hae nakong ena ea ‘bofelo ba lefatše.’ (Mattheu 24:3) Ho phaella ho sena, re tlameha ho rata Molimo oa Bibele ka “khopolo” ea rōna eohle, matla a kelello ea rōna.—Mareka 12:29-31.
17. (a) Haeba re rata Jehova ka pelo tsa rōna tsohle le ka khopolo, re tiisetsoa eng? (b) Ho ea ka Ba-Filippi 4:7, lipelo tsa rōna le likhopolo tsa rōna li tla angoa joang ke khotso ea Molimo?
17 Hoa itlhalosa hore haeba re bontša lerato la rōna ho Jehova Molimo ka pelo ea rōna eohle le khopolo ea rōna eohle, o tla thabela ho arabela lithapelo tsa rōna, ’me tiisetso ena e tla re lokolla lipelaelong. Re tla thabela khotso eo lefatše lena le befileng le sa e thabeleng ‘me le ke ke la e utloisisa. Hobane’ng? Hobane, joalokaha moapostola Pauluse a tiiselitse Bakreste ba ratoang Filippi oa boholo-holo, Greece, “Khotso ea Molimo, e fetisang kutloisiso [Segerike: noun] eohle, e tla boloka lipelo tsa lōna [kar·diʹas] le mehopolo ea lōna [no·eʹma·ta: “mehopolo”, Authorized Version; RS] ho Jesu Kreste.” (Ba-Filippi 4:7) Ka baka leo lipelo tsa rōna tsa tšoantšetso li ke ke tsa ameha kapele ke litšusumetso leha e le life tse fosahetseng tse tlang ka potlako le maikutlo a ferekaneng, ’me matla a kelello kapa a khopolo a ke ke a ferekana kapa a sothoa. Mokreste o tla tsoela pele ho phehella tsela ea hae ho ea ka Bibele e bululetsoeng ea Molimo hammoho le thuso ea Moetapele, Kreste Jesu.
Na U ka Arabela?—
◻ Ho boleloa’ng ka “khopolo” ea Jehova?
◻ Pauluse o ile a sebelisa sefate sa mohloare sa puso ea leholimo joang ho bontša “khopolo” ea Jehova?
◻ “Pelo” ea tšoantšetso ke eng?
◻ “Pelo” le “khopolo” li ameha joang ho rateng ha rōna Molimo?
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Sefate sa mohloare sa puso ea leholimo: “Makala” a Sejode a sa mameleng a ile a khethuloa, ’me a nkeloa sebaka ke basokolohi ba Basamaria le Balichaba ba sa bollang
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Pelo e pompela mali a bolokang bophelo bokong