Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 2/1 maq. 17-23
  • Ba Beang Litholoana Hammoho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Beang Litholoana Hammoho
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lifate tse sa Beeng li ne li Rengoa
  • “Ha u Tiisetsa Molemong oa Oona”
  • “Ha ba sa Hlole ho se Lumeleng”
  • ‘Beang Haholo’
  • ‘Lichaba tsa Lefatše’ Li se Ntse li Itlhohonolofatsa
  • Sefate sa Mohloare se Beang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • ‘O! Botebo ba Bohlale ba Molimo!’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • ‘Ke Mang ea Tsebileng Khopolo ea Jehova?’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Sefate sa Mohloaare se Behang Haholo ka Tlung ea Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 2/1 maq. 17-23

Ba Beang Litholoana Hammoho

“Ha le bea haholo; le hona ke moo le tla ba barutuoa ba ka.”—JOHANNE 15:8.

1. Bibele e bontša joang hore Jehova o nka lifate tsa litholoana e le tsa bohlokoa?

“JEHOVA MOLIMO a melisa lefatšeng lifate tsohle tse khahlisang mahlo, tse monate ha li jeoa.” (Genese 2:9) Iseraeleng lifate tse ncha tsa litholoana li ne li lumelloa ho hōla ka lilemo tse tharo molemi a sa sebelise litholoana ka morero ofe kapa ofe. Le litholoana tse neng li beoa ka selemo sa bone li ne li “khetheloa Jehova ka thabo.” Ka selemo sa bohlano, molemi o ne a ka itšebelisetsa litholoana kamoo a ratang, ha a neile Jehova litholoana tsa pele. (Levitike 19:23-25; Deuteronoma 26:1-10; Nehemia 10:35-37) Ntoeng, lifate tsa litholoana li ne li sireletsoa ka ho khethehileng tlas’a Molao oa Moshe.—Deuteronoma 20:19, 20.

Lifate tse sa Beeng li ne li Rengoa

2, 3. Jesu o itse’ng setšoantšong sa sefate sa feiga se sa beeng?

2 Sehloohong se fetileng re bone hore makala a mangata a hlaho sefateng sa mohloare sa tšoantšetso (Ba-Roma, khaolo ea 11) a ile a thefuloa kapa a rengoa ’me a nkeloa sebaka ka makala a tsoang mohloareng oa naha. Setšoantšong sena, makala a thefutsoeng a ne a emela Bajode ba sa lumelang ba ileng ba hana ho hlokomela Messia, Kreste, kutu ea mohloare kapa Peō e ka sehloohong. Setšoantšong se seng Jesu a tšoantša sechaba sa Bajode le sefate—e seng sa mohloare empa sa feiga.

3 Qetellong ea 32 C.E. Jesu a re: “E mong o na a na le sefate sa feiga se hlomiloeng tšimong ea hae ea merara, ’me a ea batla litholoana ho sona, ’me a se ke a li fumana. Eaba o re ho molemi oa merara; Bona: e se e le lilemo tse tharo ke ntse ke tla ho tla batla litholoana sefateng sena sa feiga, ’me ha ke li fumane; se reme, se thibile ke’ng mobu feela, Molemi a araba, a re ho eena: Morena, ak’u se lese ka sona selemo sena hape, nke ke se leme, ke se tšele ka moiteli. Ekaba se tla bea litholoana; ha ho se joalo, u tla se rema.”—Luka 13:6-9.

4. Jesu o ne a ipakile e le “molemi oa merara” ea khabane joang?

4 Nakong eo Jesu a neng a bua ka sefate sena sa feiga, eena, e le “molemi oa merara,” o ne a e-na le lilemo tse tharo a leka ho lema tumelo har’a Bajode. Empa ho sa tsotellehe melemo ea bona e mengata tlas’a selekane sa Abrahama le sa Molao, ke masala a ’maloa feela a sechaba sa Bajode a neng a amohetse Messia. (Ba-Roma 9:4, 5, 27) Ka selemo sa bone sa tšebeletso ea hae Jesu a sebetsa ka matla har’a Bajode, ka tšoantšetso a hlahola le ho tšela moiteli ho pota “sefate sa feiga” sa Sejode ka hore ka cheseho a bolele le ho ruta Judea, Perea ’me a qetelle ka Jerusalema le mathōko a eona.—Luka, likhaolo 10 ho ea ho 19.

5. Ke joang hona hobane’ng “sefate sa feiga” sa Sejode se ileng sa rengoa, ’me sa ‘lahleloa mollong’ neng?

5 Leha ho le joalo, ha a le bohareng ba selemo seo sa bone, matsatsi a seng makae pele ho lefu la hae, Jesu a bokollela Jerusalema ’me a bolella motse-moholo oa sechaba sa Bajode hore ntlo ea sona e lahliloe. (Mattheu 23:37-39) Jehova, mong a “sefate sa feiga” sa Sejode, o ne a ile a boela a se hlahloba ka selemo sena sa bone sa tlhokomelo e khethehileng. Ha fumane se sa bea letho e le sechaba, a laela hore se rengoe tumellanong le motheo o boletsoeng ke Jesu ho Mattheu 7:19. Kahoo sechaba sa Bajode sa amohuoa ’Muso oa Molimo ’me oa neoa Iseraele oa moea, sechaba se beang litholoana tsa oona. (Mattheu 21:43) Phetoho ena ea maemo ea etsahala ka Pentekonta ea selemo sona seo, 33 C.E. Lilemo tse mashome a mararo a metso e supileng hamorao, ka 70 C.E., “sefate sa feiga” se remiloeng, sa ‘lahleloa mollong’ ha ho timetsoa Jerusalema le sechaba sa Bajode.—Mattheu 3:9, 10: Luka 19:41-44.

“Ha u Tiisetsa Molemong oa Oona”

6. Litšoantšo tsa sefate sa feiga se sa beeng le sa mohloare se kentsoeng makala li phahamisa molemo oa Molimo le bohale ba oona joang?

6 Joalokaha setšoantšo sa sefate sa feiga se sa beeng se bontša hore mamello ea Jehova e na le moeli, setšoantšo sa Pauluse sa sefate sa mohloare, le hoja se phahamisa molemo oa Jehova, se boetse se bontša bohale ba hae. Jehova molemong oa hae o ne a rometse Johanne Mokolobetsi ho ‘makala a hlaho’ a Bajode hore a ba bolelle hore ba ‘bee litholoana tse tšoanelang pako’ le hore ba lumele ho Jesu. (Mattheu 3:8; Liketso 19:4) Ba ‘thefuloa’ ka lebaka la ho haelloa ke tumelo. Ho fokotseha hona ha palo ea ‘makala a hlaho’ a Bajode ha bolela ‘lefumo ho batho ba lichaba’ kaha ‘makala a mohloare oa naha’ a Balichaba a ile a kenngoa sefateng sa selekane sa Abrahama hore e be karolo ea peō ea moea ea Abrahama.—Ba-Roma 11:12, 17, 20, 21.

7. Pauluse a phaella ka temoso efe?

7 Empa Pauluse o phaella ka temoso. Ha a ngolla Bakreste ba tlotsitsoeng ba Balichaba, o re: “Hobane ekare ha Molimo o sa ka oa hauhela makala ao e leng ‘ona ka hlaho, le uena o ke ke oa u hauhela. Ka baka leo, u lemohe mohau oa Molimo le bothata joa oona; bothata holim’a [Bajode] ba oeleng, le mohau holim’a hao [Molichaba], ha u tiisetsa molemong oa oona; hobane ha u sa tiisetse teng, u tla rengoa le uena.” (Ba-Roma 11:21, 22) E le hore Bakreste ba Balichaba ba neng ba kentsoe sefateng sa selekane sa Abrahama ba tiisetse molemong oa Jehova, ba ne ba tlameha ho bontša tumelo e matla Peōng e khōlō ea Abrahama. Ba ne ba ‘eme ka tumelo,’ tumelo eo ba neng ba tlameha ho e paka ka tholoana ea Bokreste, ‘ba bea ’mele ea bona e be sehlabelo se phelang, se halalelang, se khahlisang Molimo; tšebeletso e halalelang.’—Ba-Roma 11:20; 12:1, NW.

8. Ke thuto efe hape e tšoanang eo Pauluse a e entseng ka setšoantšo sa sefate sa mohloare?

8 Pauluse a ruta ho hong ho molemo ka mokhoa o babatsehang oo ka oona Jehova a nolofaletsang sefate sa selekane sa Abrahama hore se bee palo e feletseng ea “makala” a Bajode le Balichaba a 144 000. O re ho “makala” ana a mefuta e ’meli: “Ke bolella motho e mong le e mong har’a lōna, hore a se ke a itekanya boholo bo tlolisang moo a tšoanetseng ho lekanya teng: a mpe a ikhopole ka se mo lekaneng, e mong le e mong ka tekanyo ea tumelo eo Molimo o mo abetseng eona. Hobane, joale ka ha re e-na le litho tse ngata ‘meleng o le mong, ’me litho tsohle li se na tšebetso e le ’ngoe, ka mokhoa o joalo, rōna re leng bangata, re ’mele o le mong ho Kreste.” (Ba-Roma 12:3-5) Bakreste ba Bajode le ba Balichaba ba ne ba amohetsoe peōng ea moea ea Abrahama ka ‘molemo oa Molimo.’ Pauluse a ba hopotsa: “Hase uena u jereng motso [Jehova], empa motso ke oona o u jereng.” (Ba-Roma 11:18) Ho qoba ho ‘thefuloa,’ ba ne ba tlameha ho tiisetsa molemong oa Molimo ka ho boloka bonngoe ba bona e le “‘mele o le mong ho Kreste.”—Ba-Roma 11:22.

9. Hona ho ruta “linku tse ling” eng, e le hore li ka ba hlokolosi ho etsa joang?

9 Na ho na le seo Bakreste bao e seng Baiseraele ba moea ba ka ithutang sona kajeno ka temoso ee e eang ho Bakreste ba tlotsitsoeng? E. Le hoja e se karolo ea peō ea moea e beoang ke selekane sa Abrahama ’me ka baka leo e se ba “lesaka lena,” ‘linku tsena tse ling’ ka sebele ke karolo ea ‘lichaba tsa lefatše’ tse ka itlhohonolofatsang ka peō. (Johanne 10:16a; Genese 22:18) Ho hlakile hore ba tlameha ho ba le tumelo e kang ea Abrahama, eo le eena a neng a lebelletse bophelo ba lefatšeng, le ho ‘‘tsamaea . . . ka mehlala ea tumelo eo.” (Ba-Roma 4:11, 12, 16) Ba tlameha ho bontša hore ba ikokobeletsa Kreste, Molisa ea Molemo, peō e ka sehloohong ea Abrahama. Hape ba sebelisane le masala a peō ea bobeli ea Abrahama, ba fetoha ‘mohlape o le mong’ le oona tlas’a ‘molisa a le mong.’ (Johanne 10:14, 16b) Haeba Bakreste ba tlotsitsoeng ba tlohang molemong oa Molimo ba ipea kotsing ea ho ‘thefuloa’ sefateng sa selekane sa Abrahama, na “linku tse ling” le tsona ha lia lokela ho ba hlokolosi haholo hore li se etse letho le ka ‘nang la etsa hore li lahleheloe ke mohau oa Jehova?—Ba-Roma 11:12.

“Ha ba sa Hlole ho se Lumeleng”

10. Ho ne ho ka etsahala joang haeba Mojode a sa lule ho se lumeleng ha hae, ’me hona ho ne ho tla bolela eng ho eena?

10 Setšoantšo sa sefate sa mohloare se na le thuto e ’ngoe e akaretsang e ka sebetsang ho Bakreste ba tlotsitsoeng le ho “linku tse ling.” Re e fumana ho BaRoma 11:23, e re: “Le bona [Bajode ba sa lumelang] ha ba sa hlole ho se lumeleng ha bona, ba tla busetsoa mohloareng; hobane Molimo o na le matla a ho ba busetsa teng.” Mona re bona tšobotsi e ’ngoe ea molemo oa Molimo. Ha Pauluse a ngola lengolo lena (hoo e ka bang ka 56 C.E.), sechaba sa Bajode e ne e le khale se renngoe joaloka “sefate sa feiga” se sa beeng. Kapa, ha re khutlela setšoantšong sa sefate sa mohloare, boholo ba “makala a hlaho” bo ne bo ‘thefutsoe’ ka lebaka la ho se lumele ho Jesu, Messia. Empa haeba ho ne ho e-na le Mojode ea sa hloleng ho se lumeleng ha hae, Jehova Molimo o ne a utloisisa ho mo kenya hape sefateng sa mohloare sa tšoantšetso le ho mo etsa setho sa peō ea moea ea Abrahama. Hobane hore Jehova a amohele hape Mojode ea joalo ea bakileng, ho ne ho tla bolela ‘bophelo ho tsoa bafung.’—Ba-Roma 11:14, 15.

11. Ho etsahetse joang ka “linku” tse ling, empa li lokela ho etsa joang?

11 Kajeno, ba bang ho “linku tse ling” ba iphapantse, ’me, ka lebaka la ho haelloa ke tumelo, ba khaolitse ho sebeletsa Jehova. Ba ikhaotse ho kopaneleng ka mafolo-folo le batho ba hae. Ba bang ho bona ba kene tsietsing, ’me litemoso tsa Lentsoe la Molimo ‘li ba hlahetse.’ Na ba ka ikutloa e le ba lahlehileng hoo ba ke keng ba khutlisoa? Lentsoe la Molimo le re: “Teng [ka ntle ho “naha” ea batho ba Molimo], le tla batla Jehova, Molimo oa hao, ’me u tla mo fumana, ha u ka ’matla ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle. Etlare ha u le tsietsing, ’me tsena kaofela li u hlahetse, mehleng ea morao, u tla sokolohela ho Jehova, Molimo oa hao, u utloe lentsoe la hae. Hobane Jehova, Molimo oa hao, ke Molimo o mohau.”—Deuteronoma 4:29-31.

12. (a) “Mohlanka ea khabane” o bontšitse ho ameha ka “linku tse ling” tse joalo tse khelohileng joang? (b) Ke mehlala efe eo u ka e phetang ho bontša hore ba bang ka teboho ba khutletse mohlapeng?

12 E le sehlopha se kopaneng sa makala a beang litholoana sefateng sa selekane sa Abrahama, “mohlanka ea khabane, ea bohlale,” masala a baena ba tlotsitsoeng ba Kreste ba lefatšeng, o falimehetse se hlokoang ke “linku tse ling” hore li tlohe ho iphapanyeng le hore e boele e be Bakreste ba beang litholoana. (Mattheu 24:45-47) Ntlheng ena, “mohlanka” o lokisetsa ho hatisa lihlooho tse kang “ ‘Boelang ho Molisa oa Meea ea Lōna,’ ” se neng se hlahile ho Molula-Qhooa oa May 1, 1982. Ho qala ka Pherekhong 1982, Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea hatisa letoto la lihlooho tse buang eona taba eo. Na tataiso ee e tiileng e tsoang ho “mohlanka” oa Morena e bile le litholoana tse ngata? Na ho na le ba khutletseng ho Jehova Molimo oa bona? Ba bangata. Hlokomela mehlala ea sebele leqepheng la 20.

‘Beang Haholo’

13. Ba iphapantseng hona joale ba ka etsa joang, joalokaha ho bontšoa mantsoeng afe a Jesu?

13 E, Bakreste leha e le bafe ba tlotsitsoeng kapa metsoalle ea bona ea “linku tse ling” ba seng ba iphapantse le ho se bee ba ele temoso hloko, ba arabele molemo oa Jehova ’me ba amohele thuso e le hore e ka ba Bakreste Da beang hape. Setšoantšong se fapanang ka litšobotsi tse ngata le seo sa sefate sa mohloare le sa sefate sa feiga se sa beeng, Jesu o itšoantšitse le kutu ea morara, ’me barutuoa ba hae ba tlotsitsoeng a ba tšoantša le makala a morara. A re: “Ke ’na sefate sa ’nete sa morara, ’me molemi ke Ntate. Lekala le leng le le leng le ho ’na, le sa beeng, oa le rema; ’me le leng le le leng le beang, oa le hlahola hore le tie le eketse ho bea. . . . Moo Ntate a tlotlisoang teng, ke ha le bea haholo: le hona ke moo le tla ba barutuoa ba ka.”—Johanne 15:1-8.

14. (a) Ke ka litsela life tse peli Bakreste bohle ba ‘lokelang ho ’na ba bea litholoana’? (b) Ke tlhokahalo efe e ’ngoe bakeng sa Bakreste ba tlotsitsoeng e bontšoang setšoantšong sa “sefate sa ’nete sa morara”?

14 Le hoja “linku tse ling” e se makala a “sefate sa mohloare” sa selekane sa Abrahama kapa a Kreste Jesu, “sefate sa ’nete sa morara,” li tlameha ho ipaka e le barutuoa ba Kreste. Joaloka “makala” ’ohle a Bakreste ba tlotsitsoeng, li tlameha ho bea haholo. Hona li ho etsa ka ho bea litšoaneleho tse kang tsa Kreste tsa botho bo bocha, ho akarelletsa “tholoana ea moea.” (Ba-Galata 5:22, 23; Mattheu 28:19, 20; Ba-Kolosse 3:5-14) Empa hore e be ba beang ka sebele, ba fana ka pontšo e sebetsang ea litšoaneleho tse joalo ka ho kopanela mosebetsing oa ho bolela “Evangeli.” (Mattheu 24:14) Joalokaha “makala” a “sefate sa ‘nete sa morara” a tlameha ho lula kopanong le Kreste, “linku tse ling” li tlameha ho ba haufi le “mohlanka ea khabane, ea bohlale,” “baena” ba tlotsitsoeng ba Kreste. Ke ka hoo feela ba ka bang le tšepo ea ho ‘amohela ’muso oo ba o lokiselitsoeng ha e sa le lefatše le theoa.’—Mattheu 25:31-40.

‘Lichaba tsa Lefatše’ Li se Ntse li Itlhohonolofatsa

15. Ha selekane sa Abrahama se qeta ho bea “peō” e tšepisitsoeng, Ba-Roma 11:12 e boetse e hlalosa eng hape?

15 Ha sefate sa mohloare sa selekane sa Abrahama, ka ‘lefumo la motso’ (Jehova) le kutu ea sona e tiileng (Kreste), se qeta ho bea palo e feletseng ea “makala” a Bajode le Balichaba, mahlohonolo a maholo a se a ntse a hlahela ‘batho ba lichaba’ bao e seng Baiseraele ba moea. Pauluse o hlile a bona sena ’me a ngola: “Ha ho khopjoa ha bona [Bajode ba hlaho] e bile lefumo la lefatše, ’me kokobelo ea bona e bile moruo oa ba-lichaba, ho emisoa ha bona kaofela [Bakreste ba tlotsitsoeng ba Bajode] ho tla ba joalo hakaakang!”—Ba-Roma 11:12.

16. (a) “Ho khopjoa’’ ha Bajode ho ile ha bolela ‘moruo ho lichaba’ joang? (b) Mosebetsi oa ho kenngoa ha makala o boemong bofe?

16 Re se re bone hore “ho khopjoa” ha sechaba sa Bajode kaofela ho ile ha bolela moruo o moholo ho Balichaba. Empa ka hore makala ana a mohloare oa naha a fetohe litho tsa peō ea moea ea Abrahama ha hoa ka ha qheloa sefateng sa mohloare sa tšoantšetso Bakreste ba khabane ba Bajode—ba ileng ba salla sefateng kapa ‘ba busetsoa ho sona’ kamorao ho 36 C.E. Kahoo, makala a 144 000 a akarelletsa palo e feletseng ea Bajode le ‘palo e feletseng’ ea Balichaba. (Ba-Roma 11:12, 25) Linnete li bontša hore ho kenngoa hona ho tsoetse pele ho fihlela bohareng ba bo-1930. Kajeno, ha nako e se e ile hakana, ho na le lebaka le letle la ho lumela hore ‘palo e feletseng’ ea makala a Bajode le Balichaba e kentsoe. Makala leha e le afe a kentsoeng ho tloha ka 1935 ka ho utloahalang a ne a tla nka sebaka sa makala a Bajode kapa Balichaba ba thefutsoeng ka lebaka la ho se bee.

17. Ke ka tsela efe ho phethoa ha ho ba setho sa peō e leng moruo o tsoelang pele ho ‘batho ba lichaba’?

17 Joale, Pauluse o bolela hore ho phethoa hona ha litho tsa peō ea Abrahama ke ‘lefumo ho batho ba lichaba.’ Ho joalo hakaakang hobane lefumo le joalo la moea le mahlohonolo ha li ame feela Bakreste ba likete tse seng kae ba tlotsitsoeng ba Balichaba (joaloka phethahatsong ea karolo ea pele ea Ba-Roma 11:12) empa le hlile le ama ‘batho ba lichaba’ ba limillione ba seng ka lesakeng la selekane sa Abrahama.

18. Ho ka thoe’ng ka lipallo tsa selekane sa Abrahama, kahoo ke karolo efe ea hona eo mohlomong ho qalehileng hore e phethahale?

18 Hona ho re khutlisetsa selekaneng sa Abrahama. Kreste Jesu, Peō e ka sehloohong, o teroneng maholimong hona joale. O bokelletse litho tsa peō ea bobeli lesakeng la selekane sa Abrahama. O tloha a ‘rua likhoro tsa lira tsa hae’ ka ho timetsa Babylona e moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, le phutheho eohle e bonahalang ea Satane. (Genese 22:17, 18) Ka baka leo, ha ho makatse hore karolo e qetellang ea tšepiso e etselitsoeng Abrahama e se e qala ho phethahala: “Lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa lelokong la hao.”

19. (a) Batho ba “lichaba tsohle tsa lefatše” ba qalile ho itlhohonolofatsa joang? (b) Tšepo ea bona ke efe?

19 E, “bongata bo boholo . . . ba lichaba tsohle,’’ bo akarelletsang Bajode ba bangata ba hlaho, boa itlhohonolofatsa. Ka tumelo e feletseng ho Jehova Molimo, Abrahama e Moholoanyane, bo ikopantse le masala a Iseraele oa moea, ’me “ba o sebeletsa motšehare le bosiu tempeleng ea oona,” ka tebello ea bophelo bo sa feleng lefatšeng. (Tšenolo 7:4, 9-17) E se eka ba ka tsoela pele ho itlhohonolofatsa ka peō, ho ea fihla tsamaisong ea lintho e ncha.

Na u utloisisa hore na?

◻ Sefate sa feiga se sa beeng se ne se tšoantšetsa eng, sa rengoa neng ’me sa chesoa neng?

◻ Bakreste ba Bajode le ba Balichaba ba ne ba qoba ho thefuloa ‘sefateng sa mohloare’ joang, ’me re ka ithuta eng ka see?

◻ Ho busetsoa ha Bajode ba bakileng e ka ba mohloli oa matšeliso ho ba khelohileng hobane’ng?

◻ Ke ka litsela life Bakreste bohle ba lokelang ho bea litholoana haholo?

◻ ‘Batho ba bangata ba lichaba’ ba se ba ntse ba itlhohonolofatsa joang?

[Lebokose le leqepheng la 20]

Bana ba ‘Boetse ho Molisa le Molebeli oa Meea ea Bona.’—1 Petrose 2:25

Mosali oa Normandy, France, o-oa ngola: “Kamorao ho lilemo tse leshome ke sa kopanele le ho iteka hangata ka lehahla ho boela phuthehong [ea Lipaki tsa Jehova], ke ne ke ntse ke tsila-tsila ho sisinyeha. Ka lebaka la boitšoaro ba ka boo e seng ba Bokreste hoba ke furalle phutheho, ke ne ke tšaba khalemelo ea Jehova le ho shejoa hampe ke baholo le phutheho kaofela. Ha ke le phomolong le ba bohali ba ka, ka nka “Molula-Qhooa” ’me ka bala sehlooho se neng se pheta taba ea moena eo boemo ba hae bo neng bo tšoana hantle le ba ka hoba ke khaotse ho kopanela. Ha ke bala kamoo Jehova a bileng mohau ho eena, kamoo baholo ba mo thusitseng, le kamoo litho tsa phutheho li ileng tsa mo amohela hape, ka fumana matla a ho khutlela phuthehong ea Jehova.”

Suzanne, Paki phuthehong ea France e ka leboea le ka bochabela, o-oa ngola: “Ke leboha Jehova, Mora oa hae Jesu Kreste le ‘mohlanka ea khabane, ea bohlale’ ka tieo ka thuso eo ba e neang ba sa koponeleng. Ke ne ke sa kopanele ha baholo ba nketela ‘me ba bolela hore ba ka ntokisetsa thuto ea Bibele. Ka lumela ’me hona joale ke thabile haholo hobane ke boetse ke ba teng libokeng ‘me ke kopanela kamehla mosebetsing oa boboleli. Joale ke tseba ho bontša lerato la boena ho ba bang ba hlokang ho khothatsoa.”

Yolande, Paki e ’ngoe ea France, o ne a bile sieo libokeng ka lilemo ’me a khaolitse ho rapela hobane o ne a ikutloa a ,e molato ka lebaka la ho furalla tafole ea Jehova. Ha a thusitsoe hore a khutlele tšebetsong e mafolo-folo ea Bokreste, o-oa ngola: “Ke leboha Jehova haholo ka ho nthusa le ho mpha monyetla o mong. Ka pelo eohle ea ka ke khothalletsa bohle ba khoehlisitseng ka lebaka le itseng hore ba boele ho Jehova.”

[Setšoantšo]

Ka khothatso e lerato, ba bangata ba lutseng ba boetse ba ‘bea litholoana’

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Setšoantšo sa Pauluse sa sefate sa mohloare se bontša kamoo selekane sa Abrahama se beang “peō” e feletseng ea moea

SELEKANE SA ABRAHAMA (Genese 22:16-18)

PEŌ E KA SEHLOOHONG PEŌ EA BOBELI

KRESTE (Ba-Galata 3:16) (Ba-Galata 3:27-29)

‘Palo e feletseng’ ea ‘makala Palo e feletseng’ ea makala a a hlaho’ “mohloare oa naha”

(Masala a Bajode le (Bakreste ba tlotsitsoeng

Bajode ba bakileng ba Balichaba—

hamorao— Ba-Roma 11:25)

Ba-Roma 11:5, 12,

21, 23)

“Baiseraele bohle,”

Baiseraele ba moea ba 144 000

(Ba-Roma 11:26; Tšenolo 7:4)

Litho tse 144 000 tsa “peō” ea moea ea

Abrahama, bakeng sa ho hlohonolofatsa

“lichaba tsohle tsa lefatše”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela