Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 2/15 maq. 4-7
  • Ke Hobane’ng ha U Leboha ’Mōpi?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha U Leboha ’Mōpi?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Limpho tse Babatsehang tsa ’Mōpi
  • Ho Hlaolela Kananelo ho ’Mōpi
  • Ho Tloaelana Hamolemo le ’Mōpi oa Rōna
  • Ho Bontša Molimo Kananelo ea Rōna
  • Ithute Seo ’Mōpi oa hao a Leng Sona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Matlafatsa Tumelo ea Hao ho ’Mopi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • ’Mōpi a ka Etsa Hore Bophelo ba Hau bo be le Morero
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Ho Ithuta Tsela e Hlollang ka ho Fetisisa ea Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 2/15 maq. 4-7

Ke Hobane’ng ha U Leboha ’Mōpi?

MANG le mang ea hlōlehang ho ananela mosa oo a o bontšitsoeng o fokolloa ke boikutlo kapa kholiso e ntle. Ka tlhaho, batsoali ba rōna ba nka sebaka sa pele har’a batho bohle bao re ba bontšang mosa. Ke taba e tsebisahalang hohle hore bana ba lokela ho leboha batsoali ba bona ka ho ba tlisa lefatšeng le ho ba hlokomela ka lijo, liaparo, bolulo, thuto, le tse joalo.

Empa, leha re leboha batsoali ba rōna, teboho ea rōna ho ’Mōpi oa rōna e khōloanyane. Hobane’ng? Hobane re amohetse melemo e mengata haholo ho eena.

Ka mohlala: Re leboha batsoali ba rōna ka ho re tlisa lefatšeng. Empa ha e le hantle bophelo ba rōna ha boa simoloha ho bona. Ba mpile ba fetisetsa bophelo ho rōna, hobane ’Mōpi ke eena mohloli oa bophelo. (Pesaleme ea 36:9) Re boetse re ananela batsoali ba rōna ka ho re hlokomela ka litlhoko tsa bophelo. Empa, le haeba litlhoko tsena li fumaneha ka chelete ea bona kapa matla, ha baa li etsa. Ka hona, re na le lebaka le leholoanyane la ho leboha ’Mōpi oa rōna.

Ha e ne e se ka Ea hlotseng lefatše le ho etsa litokisetso tsohle bakeng sa ho boloka bophelo ba batho, ha ho chelete kapa matla a neng a ka re phelisa. Joalokaha moapostola oa Mokreste Pauluse a totobalelitse Bagerike ba Athene ea boholo-holo hore: “Ke oona [’Mōpi] o fang bohle bophelo le phefumoloho le lintho tsohle. Hobane ke ka eena re utloang, re sisinyehang, re leng teng.”—Liketso 17:25, 28.

Ho sa tsotellehe sohle seo ’Mōpi a se entseng le seo a ntseng a se etsetsa batho, batho ba limillione kajeno ba mo hlokomoloha ka ho feletseng ’me ka sebele ha ba mo lebohe ka lintho tse ngata tseo ba li amohetseng. Ba bang, leha ba lumela ka lekhonono hore ’Mōpi o teng, ba etsa boiteko bo fokolang ba ho ithuta haholoanyane ka eena kapa thato ea hae. Ba bang, ba baloang ka limillione, ba bile ba latola boteng ba ’Mōpi, ba re lintho tsohle li itlhahisitse. Ke ho hloka teboho ho kaakang! Ho haelloa ke kananelo ho joalo ke pontšo e ’ngoe har’a lipontšo tse ngata tsa hore re phela “mehleng ea qetello.” (2 Timothea 3:1-5) Empa rōna ka bomong re ka leboha ’Mōpi oa rōna ’me re lokela ho mo leboha.

Limpho tse Babatsehang tsa ’Mōpi

Ha re tloaelana hamolemo le Ea entseng lintho tsohle, re tla hlokomela haholoanyane hore ke eena Mofani oa “Mpho e ’ngoe le e ’ngoe e ntle.” (Jakobo 1:17; Tšenolo 4:11) Kamoo ho leng kateng, boholo ba ba sa bontšeng teboho ho ’Mōpi ba leka ho lokafatsa tsela ea bona ka ho bolela hore kaha ha ho motho ea kileng a ’mona, re ke ke ra tiisa hore O teng. Ke ’nete, ’Mōpi ea moholo ha a bonahale ho rōna hobane ke Moea, ’me mahlo a rōna a ke ke a bona batho kapa lintho tse sebakeng sa moea. (Johanne 4:24) Empa kahobane motho a ke ke a bona ’Mōpi, ka sebele ha se lebaka le utloahalang la ho nka litokisetso tsa Hae tsa mosa habobebe le ho hana ho mo leboha.

Ha re re mohlomong u fihla hae ka letsatsi le leng ’me u fumana ho e-na le e mong ea u sietseng mokotla o moholo oa litholoana tse lutlisang mathe. Letsatsi le hlahlamang motho eo o u siela seroto sa meroho e sa tsoa khuoa serapeng, ’me letsatsi le leng kamor’a leo o u fa maqa a matle a nama. Hona ho tsoela pele beke eohle, empa ho se mohla ho siuoeng lengolo le tsebahatsang mofani. Na u tla etsa qeto ea hore limpho tsena kaofela li tlile “ka tlhaho” ka hobane feela u sa ka oa bona ea sieang lijo? Ho e-na le hoo, na u ke ke ua etsa lipatlisiso tse matla har’a metsoalle le beng ka uena, u leka ho batla mofani ea mosa hakaalo e le hore u ka bontša kananelo ea sebele ho eena?

Hoa tšoana le ka ’Mōpi oa rōna. Leha a sa bonahale mahlong a batho, lerato la hae, mosa le ho fana ha hae ho batho ho pakoa haholo ke pōpo ea hae e babatsehang e khotsofatsang litlhoko tsa rōna ka tsela leha e le efe. Joalokaha moapostola Pauluse a totobalelitse baahi ba Lystra ea boholo-holo hore: “Leha ho le joalo, [Molimo] ha oa ka oa phetsa ho itsebahatsa ho rōna ka lipontšo, ka ho etsa batho hantle, oa re sitsa ka lipula tsa leholimo le ka lilemo tsa nala, ’me oa tlatsa lipelo tsa rōna ka lijo le ka thabo.” (Liketso 14:17) Ka hona ho nepahetse hore re lebohe ’Mopi oa rōna le ho leboha hore re itšetlehile ka litokisetso tsa hae tsa bophelo. Ho feta moo, na ha rea lokela ho mo batla ka matla ho feta kamoo re neng re tla etsa ka mofani oa limpho ea sa tsejoeng eo re boletseng ka eena mohlaleng oa rōna?—Liketso 17:26, 27.

Ho Hlaolela Kananelo ho ’Mōpi

Re ka susumelletseha ho rata ’Mōpi le ho mo mamela ha feela re ka mo tseba le ho ananela ka ’nete seo a re etselitseng sona. Le hoja batho ba limillione kajeno ba bolela hore ba lumela ho Molimo, ho totobetse ho ea ka moo bongata bo phelang kateng hore ha se ba bangata ba nang le kananelo ea ’nete, e tlohang botebong ba pelo ka Moetsi oa bona. Empa ha rea lokela ho hloka kananelo joalo. Ka hoo potso e lokelang ho re khahla ke ena, Re ka hlaolela kananelo e tebileng ho ’Mōpi oa rōna e Moholo joang?

Pele ho tsohle, ho tla re tsoela molemo ha re nahana ka melemo e mengata eo re e amohetseng ho ’Mōpi. O re file bophelo, leha mehleng ena bophelo ba motho e le ba nako e nyenyane. (Pesaleme ea 90:10) Hape, kananelo ea rōna e tla phahamisoa, haeba re nahana ka taba ea hore Jehova Molimo o boetse o entse litokisetso tse mosa ho tšehetsa batho le lintho tse ling tse phelang lefatšeng. Joalekaha mopesaleme a boletse sena ka kananelo: “Lefatše le khora litholoana tsa mesebetsi ea [Molimo]. O melisetsa makhomo joang, o nea batho limela tse ba lokelang; o ntša bohobe bolemeng ba mobu. . . . Jehova, mesebetsi ea hao e mengata hakakang! U e entse kaofela ka bohlale; lefatše le tletse matlotlo a hao.”—Pesaleme ea 104:10-24.

Batho ba bile ba na le lebaka le leholoanyane la ho leboha Molimo, hobane batho ba filoe haholo ho feta liphoofolo. Ho libopuoa tsohle tse lefatšeng, ke motho feela ea nang le hona ho bea mabaka, ho ananela botle le melemo ea moea, ’me ka holim’a tsohle, ke eena feela ea tsebang ho rapela ’Mōpi. Ho joalo hobane ke motho feela ea bōpiloeng ka setšoantšo sa Molimo le ho fuoa litšoaneleho tse tšoanang le tsa Jehova Molimo. (Genese 1:27) Kahoo, ha re thabele feela boithabiso ba ’mele empa hape re thabela boithabiso ba kelello bo tebileng haholoanyane le ba nako e telele. Ke motho feela ea ananelang ’mino o monate, libuka, lithothokiso, ho ferefa le mekhoa e meng e mengata ea ho etsa litšoantšo. Ke motho feela ea tsebang thabo ea moqoqo o thabisang le o hahang, le kelello ea ho khotsofala ha a entse ntho e hlileng e leng molemo.

Motho o khetholleha hape ka ho labalabela bophelo bo sa feleng. Takatso ena e kentsoe ka pelong ea motho ke ’Mōpi ea lerato. (Moeklesia 3:11) Empa tšepo ena ha se ntho feela e ke keng ea phethahatsoa. Ho e-na le hoo, ho ea ka lerato le leholo la ’Mōpi ho batho, o se a entse litokisetso tsohle tse hlokahalang hore batho ba thabele bophelo bo sa feleng lefatšeng har’a maemo a paradeise e khanyang. E, Molimo ka lerato o entse sena ka sehlabelo sa topollo sa Mora oa hae, Jesu Kreste.—Ba-Roma 5:12; 6:23; 1 Johanne 2:1, 2.

Ha re thaba kahobane re phela hantle ’meleng, kelellong le boikutlong, ho fella ka mahlohonolo a maholohali ha re tlatsa litlhoko tsa rōna tsa moea. (Mattheu 5:3) Ka tlhaho re rata ho tseba tšimoloho ea rōna, hore na re leba hokae le hore na morero oa ’Mōpi ke ofe ka lefatše le batho. Ho feta moo, re lakatsa ho tseba Moetsi oa rōna le ho thabela kamano e mofuthu le eena. Ka thabo, ba hlokomelang litlhoko tsa bona tsa moea le ba sebeletsang ho li khotsofatsa ka tsela e nepahetseng ba tla latsoa thabo e tebileng le ea nako e telele e sa tsejoeng ke batho ba likelello li sekametseng nameng.—1 Ba-Korinthe 2:6-16.

Ha litlhoko tsa rōna tsa moea li khotsofalitsoe hona ho re fa khotso ea ’nete ea pelo le kelello le thabo e khōlō, leha re phela lefatšeng la likhathatso tseo ho seng tse kileng tsa tšoana le tsona. Ha bohlokoa haholo, ho falimehela litlhoko tsa rōna tsa moea ho ka fella ka mahlohonolo a maholohali ao motho e mong le e mong a ka a fumanang—bophelo bo sa feleng tsamaisong ea Molimo ea lintho e ncha.—Johanne 3:16; Ba-Filippi 4:6, 7; 2 Petrose 3:13.

Ho Tloaelana Hamolemo le ’Mōpi oa Rōna

Haeba re kholisehile hore ’Mōpi ea lerato le ea fanang o teng, na hase ho utloahalang ho lakatsa ho mo tseba hamolemo le ho bontša kananelo ea rōna bakeng sa mosa oa hae o lerato ka ho etsa lintho tse mo thabisang? Ka ho boha pōpo ea Molimo e hlollang, re ka leboha litšoaneleho tse ling tsa hae tse molemo, tse kang lerato, ho fana, ho nahanela, bohlale le matla. (Ba-Roma 1:20) Leha ho le joalo, tlaleho e ngotsoeng e tsoang ho Molimo e-ea hlokahala haeba re tla ithuta menahano le merero ea hae ka batho. Ntle ho moo, tlaleho e joalo e lokela ho re bolella ka lintho tse entsoeng ke Molimo nakong e fetileng le tseo o tla ’ne o li etse ho hlohonolofatsa batho.

Ka thabo, re na le tlaleho e joalo bukeng e tsamaisitsoeng ka bophara historing ea motho—Lentsoe la Molimo, Bibele. Ke thato ea ’Mōpi hore libopuoa tsa hae li khone ho fumana tsebo e nepahetseng ka eena le ho haha lerato le tebileng ho eena ka ho ithuta Lentsoe la hae le ho nahana ka Iona. Ka hona li ka ithuta ka liketso tse ngata tsa Molimo tse babatsehang le ho ananela litšobotsi tse fapaneng tsa botho ba hae bo hlollang.—Joshua 1:8.

Ho Bontša Molimo Kananelo ea Rōna

Ho ithuta Lentsoe la Molimo ka matla hoa hlokahala haeba re batla ho hōlisa kananelo e matla ka ’Mōpi. Ha re ithuta ka ho eketsehileng ka Jehova le litšoaneleho tsa hae tse ngata tse molemo, re tla hulehela ho eena haholoanyane. Ha ho letho leo re ka le etsang ha e se ho tlala lerato le ho ba motlōtlō ka Molimo o mosa, o lerato le o hlollang joalo. Ho feta moo, re ka susumelletsoa ho bontša boikutlo ba rōna joaloka mopesaleme, ea itseng: “Ke tla hopola liketso tsa Jehova, ke elelloe meeka ea hao ea boholo-holo; ke tla bolela mesebetsi ea hao kaofela, ke qaqisetse liketso tsa hao. Oho Molimo, tsela ea hao ea halalela. Molimo ke ofe o moholo, o joale ka Molimo oa rōna? Ke uena Molimo o etsang meeka.”—Pesaleme ea 77:11-14.

Joale, re ka bontša kananelo ea rōna e tlohang botebong ba pelo ho ’Mōpi e Moholo joang? Lerato la rōna ho eena le teboho bakeng sa mosa oa hae o lerato li lokela ho re susumelletsa ho mo sebeletsa ka ho ithaopa. Ha rea lokela ho talima hona e le mosebetsi feela empa e le thabo. Tšebeletso e thabisang joalo le ea boithaopo e batloa ke Jehova, hobane mopesaleme o kile a bululeloa hore a re: “Sebeletsang Jehova ka nyakallo, le itlhahise pel’a sefahleho sa ka ka lipina!”—Pesaleme ea 100:2.

Ho sebeletsa eo re mo ratang kannete na hase mohloli oa thabo e khōlō? Ka sebele ke ona. ’Me ka sebele hoo ke ’nete, ka tšebeletso ea rōna ho Jehova, ’Mōpi e Moholo.

Ha e le hantle, ho sebeletsa Jehova ho ama ho feta feela ho phela bophelo bo hloekileng u sa etse se sebe mahlong a hae. Boitšoaro ba bomolimo boa hlokahala, empa hape tšebeletso ea rōna ho ’Mōpi e kopanyelletsa ho mo rorisa ka matla le ka thabo. Ho bolella ba bang liketso tse khōlō tsa Jehova le merero ea hae e meholo, joalokaha e senotsoe Mangolong a Halalelang.

Ka hona bohle ba nang le kananelo ea ’nete ho ’Mōpi oa rōna ea babatsehang ba tla thabela haholo ho arabela pitsong ena ea mopesaleme: “Binelang Jehova, le rorise lebitso la hae, le bolele poloko ea hae ka matsatsi-tsatsi. Le bolele khanya ea hae har’a lichaba, le mehlolo ea hae har’a mefuta eohle! Hobane Jehova o moholo, o lokeloa ke ho rorisoa ka ho fetisisa.” (Pesaleme ea 96:2-4) Ka tšebeletso e nyakallisang joalo, uena, ho tšoana le ba bang ba bangata, ka kholiseho u ka bontša hore ka sebele u ananela seo ’Mōpi a u etselitseng sona.

[Litšoantšo tse leqepheng la 5]

Bontša hore u ananela litokisetso tsa Jehova

Lentsoe la Molimo

tšebeletso e halalelang

boithabiso bo loketseng

lijo tse matlafatsang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela