Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 2/15 maq. 21-26
  • ‘Hopolang Balisa ba Lōna’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Hopolang Balisa ba Lōna’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tsosolosoa Taolo ea Puso ea Leholimo
  • “Ea Lisang Ntlo ea Hae Hantle”
  • “E se ke ea E-ba Moithati”
  • ‘Ho Tiea Thutong ea ’Nete’
  • Baholo ba Khabane le Basali ba Bona
  • Ntate le Moholo—Ho Phethahatsa Likarolo Tsena ka Bobeli
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Baholo—Lebelang Letlotlo la Lōna
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Na Ua Tšoaneleha Bakeng sa ho Sebeletsa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • “Le Hlomphe ba Sebetsang ka Thata Har’a Lōna”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 2/15 maq. 21-26

‘Hopolang Balisa ba Lōna’

“Hopolang balisa ba lōna ba le boleletseng lentsoe la Molimo, ’me le etsise tumelo ea bona, le ntse le lemoha qetello ea ho phela ha bona.”—BA-HEBERU 13:7.

1. Ke liphetoho life tse ileng tsa etsahala mabapi le borapeli ba ’nete ho ea qetellong ea lekholo la lilemo la bo19, empa baholo ba Bakreste ba ne ba khethoa joang?

LILEMONG tse qetellang lekholo la bo19  la lilemo borapeli ba ’nete bo ile ba qala ho tsosolosoa ka sehlopha se senyenyane sa liithuti tse ineetseng tsa Bibele tse kopanelang le Charles Taze Russell Pittsburgh, Pennsylvania. Ba qala ka ho batla ho tsosolosa thuto ea ’nete ea Bibele, e hloekileng litšileng le likhopolong tsa neano ea Babylona. Leha ho le joalo, tšebetso e thomang ho hlophisoa ha phutheho ea lieha. Le hoja Liithuti tsa Bibele li ne li e-na le baholo le badiakone (bahlanka ba sebeletsang), maikutlo a bolumeli ba bohata a ne a ntse a le teng lintlheng tse ling. Ke kahoo ho tla kenella lekholong la lilemo la bo20 baholo ba neng ba ntse ba khethoa ke liphutheho ka ho vouta, ho neng ho etsoa ka ho phahamisa matsoho.

2. Leha ho le joalo, ke tekanyetso efe e phahameng e ileng ea beeloa baholo har’a batho ba Jehova?

2 Leha ho le joalo, ho ne ho hlokahala tekanyetso e phahameng, hobane The Watch Tower ea la 1 Pulungoana, 1909, e ile ea re leqepheng la 325: ‘Ha ho khethoa Baholo, bakhethi ba ineetseng ba ke ba hopole hore boikarabelo ke ba bona; ho ke ke ha khethoa ho sa ithutoa ka masene thato ea Molimo le ho rapella tataiso ea oona.’ Sehlooho sa tsoela pele ho hatisa litšobotsi tse tharo tsa moholo e motle: (1) A hlalefele ho ruta; (2) a rute ’nete e seng phoso; ’me (3) boikokobetso le boineelo mosebetsing ke “litšoaneleho tsa sehlooho le tse khōlō bakeng sa boholo.”

Ho Tsosolosoa Taolo ea Puso ea Leholimo

3, 4. Ke liphetoho life tse khōlō tse ileng tsa etsahala mabapi le ho khethoa ha baholo bakeng sa boikarabelo ba phutheho ka (a) 1919? (b) 1932? (c) 1938? (d) 1971?

3 Ka 1919 ha nkuoa bohato ba pele ba ho tsosolosa taolo ea puso ea leholimo likhethong. Liphutheho tsa memeloa ho buella moena ea chesehang bakeng sa ho ba “motsamaisi” oa tšebeletso, ho etella pele boboleling. O ne a sa tl’o khethoa selemo le selemo ke phutheho empa o ne a tla beoa ka ho toba ke Mokhatlo oa Watch Tower o emelang ka molao phutheho ea batlotsuoa. Joale ka 1932 baholo ba khethoang ka ho vouta ba neng ba lokela ho sebelisana le “batsamaisi” ba tšebeletso ba nkeloa sebaka ke komiti ea tšebeletso ea baena ba hōlileng tsebong ba neng ba sebeletsa maemong a sa tšoaneng ka phuthehong empa ba ntse ba khethoa ke phutheho. Eaba ho tloheloa lentsoe “moholo” ho nkuoa “mohlanka oa sehlopha,” “mohlanka oa thuto ea Bibele,” le a mang.

4 Ha hoa ka ha khaohanoa le livoutu ho hang ho fihlela ka 1938, ha ho bontšoa hore matla a ho khetha a ho Sehlopha se Busang sa phutheho ea Bokreste ea lefatše lohle. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, banna ba tšoanelehang ba khethoa ka ho toba ke Mokhatlo e le “bahlanka” ho hlokomela litšoanelo tse sa tšoaneng ka phuthehong. Leha ho le joalo, tokollong ea Molula-Qhooa oa March 1, 1972 le Molula-Qhooa oa May 15, 1972 ha tekoa kutloisiso e tsoelang pele ea likarolo tsa moholo le molebeli. Ha fanoa ka mabaka a utloahalang a ho khutlela mantsoeng a Bibele bakeng sa moholo, (presbýteros), le molebeli (epískopos).

5. (a) Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore ho hlokomeloe ka ho khethehileng ha ho buelloa baholo? (b) Ke lintlha life tse lokelang ho nahaneloa?

5 Hang hape ha hatisoa litekanyetso tse phahameng tse beiloeng ke moea o halalelang le tse boletsoeng ke Lentsoe la Molimo. Ka lebaka lefe? Hobane pele moholo a ka tšoaneleha hore a buelloe le ho khethoa, o tlameha ho ‘etella pele’ boitšoarong ba Bokreste le ho sebeletseng. (Ba-Heberu 13:7, 17) Ka lebaka leo, lihlopha tsa baholo ha lia lokela ho potlakela ho buella baholo ba bacha. (1 Timothea 3:6; 5:22) Hopola, hangata ho ameha nako e ngata haholo le puisano ho tlosa moholo ea sa tšoaneleheng ho feta ho mo buella hore a khethoe. Ha e le hantle, tataiso e ’ngoe e ka lateloang ke hore na phutheho, pele moena a khethoa e se e ntse e mo nka joalokaha eka ke moholo. Na o ithuetse hlompho ea eona ka ho phethahatsa se hlokoang ke Bibele hoo ho seng pelaelo ka ho buelloa ha hae?

“Ea Lisang Ntlo ea Hae Hantle”

6. Litšoaneleho tse ling ke life bakeng sa moholo kamanong le lelapa la hae?

6 Ka bokhutšoanyane re ke re hlahlobeng litšoaneleho tse ling tsa baholo kamoo moapostola Pauluse a li bolelang ’me re bone hore na li bolela eng tšebetsong kajeno. Pauluse a ngola:

“Ha u ka fumana monna ea se nang sekoli, e le monna oa mosali a le mong, ea nang le bana ba lumelang, ba sa nyatsuoeng ka ho re ke lihlola, kapa ba sa utloeng.”—Tite 1:6.

“E ka khona molebeli . . . e be . . . ea busang ntlo ea hae hantle, ea khannelang bana ba hae kutlong ka bokhabane bohle. Hobane motho ha a sa tsebe ho busa ntlo ea hae, a ka lisa kereke ea Molimo joang?”—1 Timothea 3:2, 4, 5.

7. Ke ho leka-lekana hofe ho lokelang ho eloa hloko haholo ho hlokahalang pakeng tsa boikarabelo ba moholo ho lelapa la hae le phutheho?

7 Tlhokahalo ea ho hlokomela lelapa hantle e ntse e le phephetso ho baholo ba bangata. Moholo a ka etella pele ka phuthehong ’me a se ke a hlokomoloha litlhoko tsa moea le tsa maikutlo tsa mosali oa hae le bana joang? Ha ho bonolo. Ka sebele, khōlo ea moea e-ea hlokahala ho leka-lekana hantle pakeng tsa boikarabelo bona bo habeli. Ka linako tse ling litho tsa phutheho li batla nako le tlhokomelo tseo ka nepo moholo a lokelang ho li nea lelapa la hae. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hakana hore a amehe ka lelapa la hae? Hobane haeba a hlokomoloha likamano le lelapa la hae kapa haeba bana ba tlase lilemong ba fetoha litlokotsebe moeeng, ho sa tsotellehe matla ’ohle a hae le cheseho, a ke ke a hlola a tšoaneleha ho ba moholo. Ka lebaka leo, re hopole hore ho lisa ho qala ka lapeng! E, moholo le lelapa la hae ba lokela ho bontša ho tsitsa ho hlokolosi, le phutheho e etse joalo litlhokong tsa eona.—Ba-Efese 5:28-33; 6:4; 1 Timothea 5:8; 1 Petrose 3:7.

“E se ke ea E-ba Moithati”

8, 9. Moholo o lokela ho bontša litšoaneleho life likamanong tsa hae le ba bang?

8 Letoto le leng la litlhokahalo le amana haholo le kamoo moholo a tšoarang baholo ba bang le phutheho ka kakaretso. Joalokaha Pauluse a ho bolela mangolong a hae a eang ho Tite le Timothea:

“Hobane e ka khona molebeli e be motho ea se nang sekoli, hobane, ke monemotse ka tlung ea Molimo; e se ke ea e-ba moithati le mohalefi, . . . le ea otlang, . . . e be . . . ea phelang ka boitšoaro.”—Tite 1:7, 8.

‘E se ke ea e-ba ea otlang . . . e mpe e be motho ea mosa, ea hloeang komang.’—1 Timothea 3:3.

9 Litlhokahalo tsena li bontša hore moholo o tlameha ho ba le botho bo kang ba Kreste. Hoo ruri ke tekanyetso e phahameng. Empa tekanyetso e-ea tšoana bakeng sa Bakreste bohle! Bohle re lokela ho etsisa Kreste, ’me hoo ho bolela hore re lokela ho ba le khotso. (1 Ba-Korinthe 11:1) Joalokaha mongoli oa Bibele Jakobo a itse: “Bohlale bo tsoang holimo, taba ea bona ea pele, bo hloekile, hape bo na le khotso, bo bonolo, bo rekoloha kapele, bo tletse mohau le litholoana tse monate . . . ’Me tholoana tsa ho loka li jalloa khotsong ho ba etsang khotso.”—Jakobo 3:17, 18.

10, 11. (a) Boikutlo ba moholo bo ka ’na ba ama phutheho joang? (b) Leha maikutlo a sa tšoane, ke boikutlo bofe bo lokelang ho hlōla?

10 Joaloka baholo, na re ‘etsa khotso’? Ha ho moholo ea tla rata ho ba mohloli oa likhang le ntoa. Sehlopha sa baholo se lokela ho bea mohlala o motle ntlheng ena. Kahoo, phutheho e ke ke ea ferekana ka lebaka la liqabang har’a baholo. Bohle re ke re hopole mantsoe a Pauluse: “Ke fela ke rata hoba banna ba rapele kahohle, ba phahamisitse matsoho a masoeu, ho se bohale le khang.”—1 Timothea 2:8.

11 Ka linako tse ling maikutlo ha a na ho tšoana. Monna ea utloisisang, le hoja mohlomong botho ba hae bo tsebisahala, a ke ke a fetoha moithati le ea manganga. O tla utloisisa ho ineela ha metheo ea Mangolo e sa amehe. ’Me ha e ameha o tla bona bohlale ba boitšoaro. O tla hopola motheo o boletsoeng ho 1 Ba-Korinthe 13:4, 5 hore lerato “ha le halefe.”—Ba-Kolosse 3:12-14.

‘Ho Tiea Thutong ea ’Nete’

12. Ke tlhokahalo efe hape ea bohlokoa eo Pauluse a e phahamisang?

12 Ke eng e tla thusa moholo hore a ’ne a hōlise litšoaneleho tse hlokahalang? Ha e le hantle, mabakeng a mang, a ka etsa joang ho li boloka? Karabelo re e fumana mantsoeng a Pauluse:

“Ea tieang thutong ea ’nete joale ka ha e rutiloe, a tle a lokele le ho khothatsa ka thuto ea pholoho, le ho hlola bahanyetsi.”—Tite 1:9.

“A lokele ho ruta.”—1 Timothea 3:2.

13. Moholo o lokela ho ela hloko ka ho fetisisa bophelo ba hae ba moea joang?

13 Moholo a ka etsa joang hore a ‘tiee thutong ea ’nete’ le ho ‘lokela ho ruta’? Pele, o tlameha ho ba le nako eo a e behetseng ho ithuta Bibele kamehla. Hona ho akarelletsa hore a lokisetse liboka tsa Bokreste le lipuo tseo a li abetsoeng. Molemong oa hore a phele hantle moeeng, tokisetso ena e se ke ea e-ba ho okola lintlha holimo. Ka mohlala, ho ka ’na ha mo nka nako e khutšoanyane ho thala mela tlas’a likarabelo tsa sehlooho se ithutoang thutong ea Molula-Qhooa, empa na hoo ho bolela hore o ithutile taba? Na o utloisisa ka ho feletseng se hōlisoang ke sehlooho? Na litemana tse ngotsoeng li sa qotsoa mantsoe o li balile ho lekanyetsa hore na li sebetsa joang? Ka ho hlakileng, hoo ho ke ke ha etsahala ka nakoana ea ho thala mela. Boithuto ba botho le thuto ea lelapa li hloka nako.—Joshua 1:8; Pesaleme ea 1:2; 77:6, 12.

14. Moholo a ka etsa joang hore a hlokomele mokhoa oa hae oa ho ruta?

14 Taba ea bobeli, kaha kemiso e tšoarehileng ha e lumelle nako ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe, moholo o tlameha ho ela hloko ka ho khethehileng lingoliloeng tsa Bokreste le lihlooho tse amanang ka ho toba le ‘mokhoa oa hae oa ho ruta, ho khothatsa le ho khalemela.’ Thuso e bonolo ntlheng ena ke ho ba le pokello ea botho ea libuka e makhethe le e hloekileng. Ke moholo eo ho hlileng ho hlokahalang hore a fumane ka potlako boitsebiso bo nepahetseng ba Mangolo, ’me hoo ho bolela ho sebelisa kamehla litšupiso tsa lingoliloeng tsa Watch Tower. Ke hobane’ng ha hona kaofela e le habohlokoa? Moapostola Pauluse o ngolile: “U ke u itebele, u lebele le eona thuto; ’me u tiee teng; hobane, ha u etsa joalo, u tla ipholosa, u pholose le ba u utloang.”—1 Timothea 4:16.

15. Ke hobane’ng keletso eo e seng ea Mangolo e le kotsi?

15 E, bophelo le pholoho li ka ameha keletsong ea moholo. Ka mohlala, litabeng tse amang ho ntšoa ha limpa, litšelo tsa mali le ho se nke lehlakore ha Mokreste moholo a ka ba le phello e tebileng e molemo kapa e mpe letsoalong la hae le a ba bang, hammoho le kamanong ea batho le Jehova. Ka baka leo, rea bona hore ho hang ha ho bohlale ho leka ho arabela lipotso haeba re hlile re sa nepisise hantle metheo ea Bibele e amehang. Keletso e haelloang ke motheo o utloahalang oa Mangolo e ka baka kotsi e ke keng ea hlola e lokisoa.—Bapisa Ba-Filippi 1:9, 10.

16. Ke hobane’ng ha baholo ba bang ba oetse sebeng se tebileng, ’me na hona ke taba e nyenyane?

16 Lebaka le leng la ho re u itise u le moholo ke tlhokahalo ea ho hlaolela ho boloka kamano e haufi le Jehova. Ka masoabi baholo ba bang ba hlokomolohile kamano ena ho isa moo ba oelang libeng tse kang bofebe. Hona ho ka etsahala joang? Feela hobane ba lumelletse hore Jehova a chechele morao le litšepiso tsa hae. Pono ea bona ea moea e se e le lerootho, ’me litakatso tsa boithati tsa nama li nkile sebaka. Ka ho iphapanyesa thohako e tlelang lebitso le halalelang la Jehova, le mahlomola ao ba a bakelang baratuoa ba bona, baholo ba seng bakae ha baa tšepahala likanong tsa bona tsa lenyalo. Ka sebele, banna ba joalo ebile mohloli oa likhopiso. Sebe sa bona se ke ke sa nkoa habobebe kapa sa tloheloa feela, feela hobane re phela mehleng eo ho amoheloang ntho e ’ngoe le e ’ngoe likamanong tsa botona le botšehali.—Mattheu 13:41; 18:7-9; Ba-Heberu 13:4.

Baholo ba Khabane le Basali ba Bona

17. Baholo ba bangata ba bea mohlala oa mofuta ofe?

17 Ka lehlakoreng le leng, ho ka boleloa hape hore, ntle ho mekhelo e seng mekae, baholo lefatšeng lohle ba eme ba tiile bakeng sa botšepehi le ’nete. Mohlala o motle oa bona liphuthehong tse fetang 45 000 ke mohloli oa khothatso ho batho ba Molimo. ‘Mehleng ena e thata ho sebetsana le eona,’ balebeli ba masene ba tšoarehile motšehare le bosiu joaloka moapostola Pauluse. (2 Timothea 3:1; Liketso 20:31) Baholo bana ba utloisisa ho etela motho ea kulang moeeng lapeng ha hae, ho sa tsotellehe lintho tse kang bohole ba sebaka kapa maemo a leholimo. ’Me ho hotle hakakang ho bona kamehla “baholo” bana ba etella pele tšebeletsong ea tšimo!

18. Ke karolo efe e ntle e phethoang ke basali ba baholo ka phuthehong?

18 Hape re ananela haholo boitelo boo basali ba baholo ba tlamehang ho bo etsa ka linako tse ling! Ka linako tse ling, basali ba joalo ba sala malapeng ha banna ba bona ba le libokeng tse khethehileng kapa ba le maetong a bolisa. Ka linako tse ling litokisetso tsa botho tse neng li lokiselitsoe hantle li tloheloa ka lebaka la bothata bo bong bo potlakileng ka phuthehong. E, re babatsa le bo-khaitseli bana ba batle, bao ka bohlale ba qobang ho leka ho fumana makunutu ho banna ba bona. Ba bontša ho hlompha baholo ’me ke letlotlo phuthehong.—Bapisa Ba-Roma 16:12; Tite 2:3-5.

19. (a) Ho ba moholo ho bolela eng? (b) Banna ba ineetseng bao e seng baholo ba ka ipotsa potso efe?

19 Ha re hlahloba karolo ea baholo ka phuthehong ea Bokreste kajeno ’me re bona kamoo bongata bo boholo bo itetseng le ho etella pele ka tsela e ntle, lipelo tsa rōna li tlala teboho ho Jehova hore e be o hlomme tokisetso ena ea hae e lerato. Banna ba bohlale, ba ananelang lintho tsa bohlokoa tsa moea, ba etsang hore ba fumanehe bakeng sa ho sebeletsa ka phuthehong! Ke ka lebaka leo Pauluse a neng a ka re ho Timothea: “Motho ha a rata bolebeli, o lakatsa mosebetsi o motle,” “Mosebetsi o motle” oo, ha o bolele boemo, puso le botumo, joaloka Bojakaneng. O hloka boitelo, ho se ikhabe le tšebeletso. Haeba u monna ea ineetseng le ho kolobetsoa u e-so ho be moholo, na u rata ho hahamalla boikarabelo boo ka sepheo se hloekileng?—1 Timothea 3:1; Luka 17:10.

20, 21. (a) Re lokela ho talima baholo ba khabane ka phuthehong joang? (b) Ka ho etsa sena, ke eng hape eo re e bontšang?

20 Ba etellang pele ka bokhabane ba hlomphuoa ke phutheho! Ba tšepahalang ka phuthehong ba utloisisa ho arabela mohlaleng o lerato le ho latela keletso ea Pauluse: “Hopolang balisa ba lōna ba le boleletseng lentsoe la Molimo, ’me le etsise tumelo ea bona, le ntse le lemoha qetello ea ho phela ha bona. Utloang balisa ba lōna, ’me le ipee ka tlase ho bona, hobane bona ba falimehela meea ea lōna, etsoe ba tla e botsoa; ba utloeng, hore ba etse hona ka thabo, e seng ka hlomoho; hobane hoo ho ke ke ha le hlahisetsa molemo.”—Ba-Heberu 13:7, 17.

21 Bohle re ke re bontše ho ikokobeletsa tokisetso ea puso ea leholimo le ho hlompha baholo ba etellang pele kannete, hore ba etse hoo ka thabo e seng ka hlomoho. Ka ho etsa joalo, re bontša hore le rōna re hlompha Jehova, Molebeli e moholo, le Jesu Kreste, Motlatsi oa hae.—1 Petrose 2:25; Tšenolo 1:1; 2:1–3:22.

Na U sa Hopola?

◻ Ke tekanyetso efe e phahameng e neng e hlokoa ho ‘baholo ba neng ba khethoa ka livoutu’?

◻ Ho tloha ka 1919 ho ea ho 1938, ho ile ka nkoa mehato efe ho tsosolosa taolo ea puso ea leholimo ka phuthehong ea Bokreste?

◻ Moholo o lokela ho boloka ho lekalekana hofe hore a phethe boikarabelo ba hae lelapeng la hae le phuthehong?

◻ Kamanong ea bona le ba bang, baholo ba lokela ho bonahatsa litšoaneleho life tse hlahelletseng?

◻ Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore moholo a ‘tiee lentsoeng la ’nete’?

◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho leboha tokisetso ea baholo ka phuthehong?

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Ka bohlale moholo o ipha nako a e-na le lelapa la hae tšebeletsong ea tšimo

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Hape o lokisetsa nako ea ho ithabisa ka mokhoa o hanang le baratuoa ba hae

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela