Banna ba bohlale, ba Masene le ba Nang le Tsebo ho Tsamaisa batho ba Molimo
“Ke tla le nea balisa ba nkhahlisang, ba le alose ka tsebo le ka kelello.”—Jer 3:15.
1. Ke eng se isitseng bohatong ba Moshe bo hlalositsoeng ho Deuteronoma 1:12, 13?
ISERAELE e ne e le mahoatateng a Moabe, e habile ho ea tšela Jordane le ho kena naheng ea Kanana. Molemong oa bona, Moshe a pheta litšebelisano tsa Molimo le bona ka lilemo tsa bona tse mashome a mane lefeelleng la Sinai. Karolo e qalang ea nako eo e ne e bile e thata, haholo bakeng sa Moshe, ka baka la boikutlo bo fosahetseng bo neng bo atile har’a sechaba. Joale, Moshe a ba hopotsa hore, a se a sitoa hore a ka jara moroalo oa sechaba se korotlang a le mong, o ne a latetse keletso ea Jethro ’me a re ho sechaba: “Ikhetheleng melokong ea lōna banna ba bohlale, ba kelello, ba tsejoang, ke tle ke ba bee lihloho tsa lōna.”—Deut. 1:3, 12, 13; Ex. 18:17-26.
2. Ke hobane’ng ha ho sebelisoa ha banna ba joalo ho sebetsa mathata e ne e se ntho e ncha ho hang-hang?
2 Ka ho khetha banna bana, Moshe o ne a etsisa ho seo ho bonahalang e ne e le mokhoa oa khale haholo oa ho tsamaisa metse. Lihlopha kapa makhotlana a baholo ho bontšoa hore a ne a sebetsa har’a batho ba boholo-holo ho tloha qalehong ea pale ea motho. Phihlelong eo e leng ea bona, Baiseraele, e le bana ba Jakobo, ba ne ba ile ba amana pelenyana le lihlopha tsa baholo Egepeta, Moabe le Midiane. (Gen. 50:7; Num. 22:4, 7) Marena a batho ba Maarabia le bona e ne e le baholo ba sechaba, kaha lentsoe la Searabia sheikh ka bonolo le bolela “moholo,” kapa “monna ea hōlileng.” (Gen. 36:15) Pele Moshe a laeloa hore a etelle sechaba pele, Iseraele e ne e se e e-na le baholo ba joalo, ’me ke ho bona moo Moshe a ileng a tsebahatsoa hore a fane ka bopaki ba ho khethoa ha hae ha bomolimo. (Ex. 3:16, 18) Kahoo bohato boo Moshe a ileng a bo nka hamorao Sinai, a iphumantša thuso ea baholo ho tsitsisa ho sebetsoa ha mathata, e ne e se ntho e khōlō e qapiloeng bocha.
3. (a) Ke tokisetso efe bakeng sa tsamaiso ea phutheho eo Moshe e Moholo a ileng a e etsa? (b) Litšoaneleho li ema joang ha li bapisoa le baholo ba ileng ba khethoa ke Moshe le ba sebeletsang e le baholo ba Bakreste?
3 Ka nako e tšoanelehang ea Molimo, phutheho ea Molimo e ile ea hlongoa e le batho ba moea, ba ileng ba tlala lefatšeng lohle. Mora oa Molimo, e le Moshe e Moholo, a etsa hore ho fanoe ka tsamaiso ka lihlopha tsa baholo ba phutheho. Hoa khahlisa ho hlokomela litšoaneleho tsa Moshe tseo a ileng a li batla bakeng sa ho abela baholo ba Baiseraele hore ba etse mosebetsi oa boikarabelo le ho bapisa tsena le litšoaneleho tse batloang bakeng sa baholo ba Bakreste. Ho tšoana ho totobetse chateng e mona:
4. Ke karolo efe e ileng ea phethoa ke baholo ba Baiseraele Naheng ea Pallo, ’me baholo ba Bakreste ba phetha karolo efe?
4 Hoba Iseraele e theehe Naheng ea Pallo, ho phela metseng le metsaneng, metse e sa tšoaneng e ne e tsamaisoa le ho thusoa ke lihlopha tsa baholo. (Josh. 20:4; Baahl. 8:14, 16; 1 Sam. 16:4) Ba ne ba tlameha ho fana ka keletso e bohlale, ba thuse ka mathata, ba sireletse bokoenehing ’me kahoo ba sebeletse khotso, taolo e ntle le bophelo ba moea ba metse ea bona. Ka linako tse ling ba ne ba biletsoa ho tla ahlola ho rarolleng likhang kapa ho sebeletsa ho sireletsa motse. (Deut. 16:18-20; 19:12; 31:9; Ruthe 4:1-11) Ba ne ba tlameha ho ba mohloli oa matšeliso le matla linakong tsa tlokotsi. (Esa. 32:1, 2) Empa e ne e se balaoli ba okametseng tšebetso ba baahi bahabo bona leha e le hore ba ne ba filoe matla kapa boikarabelo ba ho leka ho phelela ba bang bophelo ba bona. Ka ho jara boikarabelo bo boimanyana, baholo ba Bakreste ba sebeletsa ka litsela tse tšoanang. (Bapisa Liketso 20:28-35; 1 Ba-Korinthe 3:4, 5, 21-23; 2 Ba-Korinthe 1:24.) Ho phaella ho sena sohle, phutheho ea Bokreste e rōmiloe ho tsebahatsa litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo ho batho bohle.
HO FUMANA BANNA BA TŠOANELEHANG KAJENO
5. Ke eng se ka thusang kajeno ho khetheng baholo ka bohlale?
5 Ho hopola pale e fetileng ea tokisetso ea baholo ho ka re thusa ho ahlola hamolemo ho khetheng baholo kajeno. Re ka ’na ra nahana ka phutheho ka ’ngoe e le ntho e kang motsana oa Iseraeleng. Ho ka ’na ha botsoa potso: Haeba ho ne ho le joalo, ke banna bafe ka phuthehong ba neng ba ka sebeletsa hantle e le baholo ba motse, ba tseba hore ba fane ka tsamaiso e bohlale le e utloahalang, ba iponahatsang ba le bohlale, ba leka-lekane hantle ba tseba le ho ahlola hantle?
6. Papiso ea lelapa e ka boela ea thusa joang ho lekanyetseng litšoaneleho tsa banna ba sebeletsang e le baholo?
6 Phutheho ea bahlanka ba Molimo ba lefatšeng ka bophara e boleloa ho 1 Timothea 3:15 e le ‘ntlo ea Molimo’ (“lelapa la Molimo,” The Jerusalem Bible). Kahoo, hape re ka ’na ra nahana ka phutheho ka ’ngoe e le lelapa le leholo. Ka lapeng, haeba hlooho ea lelapa e se teng ka seqo, litho tsa lelapa hangata li shebella bara ba baholo hore ba emele le ho phahamisa melao le litaelo tsa hlooho ea lelapa. Ka baka leo re ka botsa: Ka “tlung” ea tumelo ke bomang ba tšoanang le bashemane ba baholo ka lapeng bao litho tsa lelapa ka tlhaho li ka lebang ho bona bakeng sa keletso e utloahalang le thuso e nang le kelello?—Bapisa 1 Timothea 5:1, 2.
7. (a) Hangata ke eng se ka ipakang e le taba ka ba fumanoang ba tšoanelehela boholo? (b) Na ke khetho e neang monna litšoaneleho tsa boholo, ’me e finyella eng?
7 Bonneteng, mabakeng a mangata monna ea buelloang hore a sebeletse e le moholo oa phutheho e lokela e be eo litho tsa phutheho li seng li mo talima e le ‘moena e moholo,’ ka kutloisiso ea hore o se a fumane tlhompho le tšepo ea bona joaloka ea bontšang temohisiso, botsitso le boahloli. Ha ho ea ka “etsang” motho e mong moholo, empa eena ka boeena o fetoha ea joalo ka kholo ea moea, tsoelopele le phihlelo. (Liprov. 1:2-5; 4:7-9; Jak. 3:1, 13) Ha monna ea joalo a khetheloa ho sebeletsa sebakeng sena, ho khethoa ha hae, ha e le hantle, ke ho lumeloa le ho hlokomeloa ha litšoaneleho tse lakatsehang tsa moholo tseo a seng a li bontšitse. Iseraeleng ea boholo-holo, joaloka linaheng tse ling, e ne e le ho totobetseng hore ha monna a ne a hlokomeloa ke lekhotla la sebaka ka seng la baholo e le ea bontšang litšoaneleho tsa bohlale, kahlolo le masene tsa bomolimo o ne a memeloa ho ba karolo ea lekhotla ’me a kopanele lipuisanong le liqetong tsa Iona.—1 Tim. 5:22, 25.
8. Ke eng seo motho a ka se fumanang ka ho sebeletsa ka botšepehi ka nakoana e le mohlanka ea sebeletsang?
8 Ka ‘bahlanka ba sebeletsang,’ moapostola oa ngola, “ba sebelitseng tsa bohlanka boo hantle, ba ithuetse boholo bo molemo, le bonatla bo boholo tumelong e ho Jesu Kreste.” (1 Tim. 3:12, 13) Ha ho monna ea lokelang ho nahana hore hona ho bolela hore ka ho sebetsa kabelong e itseng feela, a ka “ithuela” tokelo ea ho sebeletsa e le moholo ka phuthehong ea Molimo. Seo a ka se fumanang kannete ke hlonepho le kananelo ea baena ba hae bakeng sa tšebeletso ea hae e masene le e tšepahalang, haesita le ho fumana tšepo ho Molimo e tla mo nolofaletsa ho bua ka ‘bolokolohi bo boholo.’ Hona ka bohona, ke moputso o motle bakeng sa tšebeletso e tšepahalang.
BANNA BA NANG LE TSEBO
9. (a) Mangolo a supa eng ka taba ea lilemo ho tšoaneleheleng boholo? (b) Ke ’nete efe eo re lokelang ho e hlokomela ka bacha ntlheng ee?
9 Ha hoa beoa tekanyetso ea lilemo ka ho toba ka Bibeleng bakeng sa ba sebeletsang e le baholo. Lentsoe “baholo” ka bolona le kenyelletsa lilemo, le hoja ho tlameha hore ho hlokomeloe hore ho hatelloa litšoaneleho tsa moea e seng tsa ’mele. Lilemo ka botsona hase Iona lebaka le lekanyetsang; leha ho le joalo, joalokaha Moshe a ile a hlokomela, tsebo ka sebele ke leruo la bohlokoa bakeng sa banna hore ba hlokomele boikarabelo bo tebileng. (Deut. 1:13) Liproverbia 20:29 e re: “Khanya ea ba bacha ke matla a bona, mokhabo oa maqheku ke moriri o moputsoa.” Le hoja bacha ba ka ’na ba bontša matla a mangata le cheseho, hona hase bopaki ba bohlale. Empa lilemo tsa bophelo tse emeloang ke moriri o moputsoa ka kakaretso li fana ka lebaka la ho lebella bohlale ba tekanyo e phahameng, joalokaha Jobo a itse: “Maqheku a na le bohlale, lilemo tse ngata li na le kutloisiso.” (Jobo 12:12; bapisa temana ea 20; 32:6, 7.) Motho e monyenyane a ka ’na a ithaopa, a ba a cheseha, ho sebeletsa le ho bontša hore o-oa tšepisa bakeng sa kamoso. Empa khaello ea tsebo bophelong e ka mo sitisa haholo ha ho fihloa ho thuseng ba baholo ho eena bophelong ka mathata a tebileng a bophelo. Mantsoe a hae, leha a tiile joang kapa joang, a ke ke a lebelloa hore a be matla ka mokhoa o lekanang le a ea nang le lilemo tse ngata.
10. Na boikarabelo bo ileng ba beoa holim’a Timothea bo nyenyefatsa bohlokoa ba lilemo le phihlelo har’a baholo?
10 Mohlomong Timothea o ne a le lilemo li bo30 ha moapostola Pauluse a mo ngolla mantsoe ana: “Ho se ke ha e-ba ea nyatsang bocha ba hao.” (1 Tim. 4:12) Kahoo, leha a ne a le moholo hakaalo, batho ba bangata ba mehleng ea hae ba ne ba tla ’ne ba sekamele ho mo talimeng a le “monyenyane.” Ho ke ho hlokomeloe hape hore, tsoelopele ea Timothea le boikarabelo boo a ileng a bo abeloa e ne e le tse khethehileng, tse sa tloaelehang. O ne a tsebile Mangolo ho tloha bonyenyaneng ’me o ne a se a bontšitse tsoelo pele e ntle pele moapostola Pauluse a mo khethela ho ba motsoalle eo a tsamaeang le eena. (2 Tim. 1:5; 3:14, 15; Lik. 16:1-3) Kamorao ho moo lilemo tseo a li phetseng le Pauluse le ba bang li ile tsa tlatsetsa ka letlotlo la tsebo ea bohlokoa le phihlelo tseo e seng batho ba bakae ba neng ba ka ba le tsona lilemong tsa hae.
11. Bao e leng baholo ba ka thusa ba bang hore ba nke mojaro o boimanyana oa boikarabelo joang?
11 Pauluse o ile a khothalletsa Timothea hore a thuse baholo ba bang hore ba fumane molemo ho seo a ithutileng sona, a re: “Litaba tseo u li utloileng ho ’na pel’a lipaki tse ngata, u li bee ho batho ba tšepehang, ba lokelang ho ruta ba bang le bona.” (2 Tim. 2:2) Ka tsela e tšoanang, baholo ba ka thusa baena ba bang ka phuthehong ho hōlisa boemo ba moea, ba leka ho fetisetsa ho bona molemo oa phihlelo le tsebo ea bona. Hase feela taba ea ho ba thusa hore ba ithute mosebetsi o itseng oa bosebeletsi ka phuthehong empa ho ba thusa ho hola kahlolong ea lintho, temohisesong le matla a ho fetisa metheo e utloahalang ea Lentsoe la Molimo ba e bolella ba bang. Joalokaha Pauluse a ile a etsa hore Timothea a tsamaee le eena ha a ntse a phetha thōmo ea hae e le moapostola oa lichaba, joalokaha a ile a sebeletsa e le molisa mohlapeng oa Molimo, kahoo baholo ba ka kōpa ba bang ho banna ba hōlang ka phuthehong hore ba tsamaee le bona ha ba sebeletsa ka litsela tse joalo.—Liprov. 1:4, 5; 13:20.
12. (a) Tsebo e na le karolo efe ho tšoaneleheleng ho sebeletsa joaloka moholo? (b) Ke hobane’ng ha keletso ea Pauluse ho 1 Timothea 3:6 e ne e le e loketseng hantle Efese?
12 Ho tšoana le lilemo, nako ea phihlelo ea motho e le morutuoa oa Mokreste hase Iona lebaka le lekanyetsang ka boeona boholong. Ke lebaka le tlatsetsang, bohlokoa ba Iona bo laoloa bonyane ka karolo e ’ngoe ke maemo a teng. Pauluse o ile a ngolla Timothea hore, ha a khetha baholo bakeng sa phutheho ea Efese, a alose ho khetheng “molumeli e mocha, e se be a ka ikhohomosa.” (1 Tim. 3:6) Bokreste ba ’nete bo ne bo theiloe Efese ka lilemo tse ka bang leshome ka nako eo ’me kahoo e ne e tla ba ho sa lokelang ka mokhoa o khethehileng moo ho khetha e mong oa barutuoa ba bacha hore a sebeletse har’a baholo ba phutheho.
13, 14. (a) Ke mehlala efe e bontšang hore maemo a ka nka karolo ho lekanyetseng kamoo ho ka talingoang tekanyo ea motho ea tsebo? (b) Ke mabaka afe leha ho le joalo a lokelang ho nahaneloa pele mabakeng ’ohle?
13 Ha a ngolla Tite Kreta, Pauluse ka ho totobetseng o ne a sa ikutloe ka ho potlaka ka mokhoa o tšoanang bakeng sa keletso ena e hlokomelisang ka lerato ’me kahoo ha a ea e kenyelletsa lipolelong tsa hae ka ho khethoa ha baholo. ’Nete ea hore borapeli ba ’nete bo ne bo sa tsoa theoa Kreta ka nako e khutšoanyane haholo mohlomong e ile ea sebetsa ho hong ho sena. Re hlokomela hore leetong la pele la Pauluse la boromuoa eena le Barnabase ba ile ba bolela ‘litaba tse molemo’ metseng e kang Lystra, Ikone le Pisidia oa Antioke ’me joale, leetong Iona leo, ba ile ba khutla ’me ‘ba ba khethela banna ba hōlileng ka phuthehong.’ (Lik. 13:14, 42-52; 14:1-7, 20-23) Kaha mohlomong leeto lohle la boromuoa le ne le nka karolo ea lilemo tse peli, ho totobetse hore bonyane ba bang ho banna bana ba ne ba se na lilemo tse ngata tsa tsebo e le barutuoa ba Bakreste. Empa kaha har’a bona ho ne ho le teng balumeli ba Bajode, ntle ho pelaelo ba bangata, haeba e se bona kaofela, ba ileng ba khethoa ba ne ba e-na le mokokotlo o molemo oa tsebo ea Bibele le phihlelo ea ho sebelisa metheo ea Mangolo a Seheberu le pele ba fetoha Bakreste. Koana, ba ne ba tla lokela ho lokisa monahano oa bona ho o isa linneteng tse hlahisoang ke liphetoho tsa borapeli bo hloekileng tse ileng tsa tlisoa ke Bokreste. Moapostola Pauluse ka boeena o ile a khethoa ke Kreste Jesu ho tloha tšokolohong ea hae e le e mong ea neng a tla sebelisoa ka tsela e khethehileng ’me hamorao a bontša litšoaneleho tse batloang bakeng sa moholo. (Ba-Gal. 1:15–2:2; Lik. 13:1-4) Empa tabeng ea hae mokokotlo oa hae oa Mangolo e le morapeli ea ineetseng oa Mojode oa Jehova Molimo oa etsa hore khōlō e potlakileng e be bonolo hang ha a thusitsoe ho hlokomela le ho amohela Messia.—Lik. 9:15-18, 20, 22, 26-30; Ba-Gal. 2:6, 7.
14 Kahoo, ho e-na le ho leka ho thea meeli e tiileng, re lokela ho laoloa ke bohlale le kahlolo e molemo, ho lekanyetsoa maemo ka phihlelo ea ea lebelletsoeng hore e be moholo borapeling ba ’nete. Phuthehong eo ho eona litho tse ngata li bileng ’neteng ka lilemo tse mashome, monna ea kolobelitsoeng ka lilemo tse tharo feela kapa lilemo tse hona moo a ka ’na a bonahala a le “mocha” ha ho bapisoa. Empa phuthehong e theiloeng bocha moo boholo ba litho ka bo tsona ba sa tsoa nka ’nete, phihlelo ea monna ea joalo e ka ’na ea e-ba e telele bo utloahalang ha ho bapisoa le ea bona. Le haeba ho ka ba joang kapa joang, ka mehla ke habohlokoa ho bona ka mehla bohlokoa ba bohlale, masene le kahlolo e molemo hore li bonahatsoe ke monna haeba a tla jara boikarabelo bo boima bo amehang ho aloseng mohlape oa Molimo.
TSOELOPELE HO BONTŠENG BOHLALE LE MASENE
15. Ke moea ofe oo baholo ba lokelang ho o bontša mabapi le ho ntlafatsa mabapi le litšoaneleho tsa bona le matla?
15 Timothea e ne e se ntse e le moholo ea nang le tsebo ha moapostola Pauluse a mo elelletsa hore a nkehe litabeng tsa moea hore ‘tsoelopele ea hae e tle e lemohuoe ke bohle.’ (1 Tim. 4:15, 16) Motho ea bohlale ha a ikhohomose kapa a ikutloa hore a ke ke a hlola a rutoa kapa a ntlafatsa. “O kae har’a lōna ea hlalefileng, ea rutehileng?” ke morutuoa Jakobo ea ngolileng joalo, a phaella ka hore, “A ke a bonahatse ka motsamao oa hae o motle mesebetsi ea hae ka mosa o tsoaloang ke bohlale.” Moea o joalo o tla hlahisa kutloano ka sehlopheng sa baholo, o tlosa moea leha e le ofe oa ho se lumellane, mohono kapa likhang.—Jak. 3:13-18.
16. (a) Baholo ba lekana ka kutloisiso efe? (b) Tsoelo pele ea bona e ka bonahala ka molemo o moholo oa moea ho mohlape ’ohle oa Molimo joang?
16 Le hoja baholo ba ka ’na ba “lekana” oikarabelong ba bona le matla ho sebeletsa le ho sebetsa lebitsong la mohlape, hase hore ka ho hlokahalang ba lekana le litšobotsing tse ling. Ba bang ba na le phihlelo e khōlō haholoanyane, bophelong le ’neteng, ’me ba tsoetse pele bohlaleng ka baka la lilemo tsa boithuto bo tebileng le boiteko. E mong le e mong o na le matla a hae hammoho le mefokolo ea hae. Haeba re ka ananela le ho fumana molemo matleng a ba bang, le rōna, ‘tsoelopele ea rōna e ka lemohuoa ke bohle.’ (Ba-Roma 12:3-10, 16) Ka thuso e fanoeng ka balisa ba joalo ba ikokobelitseng, ba tiileng le ba tšabang Molimo ba nang le tsebo le temohisiso, lentsoe la boprofeta le tla ipakahatsa e le ’nete ’me mohlape oa Molimo kajeno ‘o ka anafala le ho bea litholoana lefatšeng,’ hohle thorisong ea ka ho sa feleng ea Molimo.—Jer. 3:15, 16.
[Chate e leqepheng la 13]
Har’a Har’a
Baholo ba Iseraele Baholo ba Bakreste
(Ex. 18:21; Deut. 1:13) (1 Tim. 3:1-7; Titus 1:5-9, NW)
Ba baholo ba kelello Ba tšoanelehele ho ruta, ba tsebe
ho khothatsa le ho nyatsa
Ba tšabang Molimo ba lokileng, ba ratang molemo,
ba tšoarellang ka matle lentsoeng
le tšepahalang ha ba ruta
Ba tšepahalang ba sa qosoeng, ka letho, ba
tšepahalang, ba buuoang hantle
ke ba kantle
Ba hloileng leruo la bolotsana ba se meharo ea ho rua
hampe kapa ho rata chelete
Ba masene ba mekhoa a leka-lekaneng,
ba likelello li hlaphohileng,
ba utloisisang
Ba nang le tsebo ntate oa lelapa (mabakeng a
mangata), e se mosokolohi e mocha