Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 3/1 maq. 3-4
  • Ke Hobane’ng ha Mekha e le Mengata Hakana?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Mekha e le Mengata Hakana?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ke Kereke Kapa Mokha?
  • Mokha ke Eng?
  • Kereke e Nyefola Mekha
  • Ke Hobane’ng ha Mekha e Mecha ea Bolumeli e le Mengata Hakana?
  • Na Borapeli ba Mekha bo Amoheloa ke Molimo?
    Tsoha!—1988
  • “Morena o Mong, Tumelo e ’Ngoe, le Kolobetso e ’Ngoe”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • ‘Ba Kenya ka Sekhukhu Mekha e Timetsang’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Na Lipaki Tsa Jehova ke Lequloana la Amerika?
    Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 3/1 maq. 3-4

Ke Hobane’ng ha Mekha e le Mengata Hakana?

MALUMELI a maholo a leshome, empa ho na le mekha e tsoileng ho oona e 10 000! Palo ena ke ea morao-rao e hakanngoang ea lihlopha-hlopha tsa bolumeli tse arotseng lelapa la batho. Mekheng ena, ho tlalehoa hore e 6 000 e Afrika, e 1 200 e United States, e 421 Japane le e 247 Fora.

Mekha e meng ho ena ke lihlopha tsa khale tsa bolumeli ’me e inka hore ke likereke ka botlalo. Litumelo tse ling tsa khale li arotsoe ka mekha le mekhanyana. Japane bolumeli ba Shinto bo na le mekha le mekhanyana e 153, ’me ba Buddha bo arotsoe ka mekha le mekhanyana e 171. Ho khahlisang, Majapane a mangata ke litho tsa mekha e mengata.

Afrika Boroa, Lefapha la Lipalo-palo le na le tlaleho ea mekha ea bolumeli e fetang 4 000, e ka bang 500 har’a ba basoeu athe e setseng ke ea ba batšo. Mekha e meng e ikarotseng e ipolela hore ke ea Bokreste.

Na ke Kereke Kapa Mokha?

Lentsoe “kereke” ha le bolele ntho e tšoanang linaheng tsohle. Linaheng tsa Bok’hatholike “kereke” ke Kereke ea Roma e K’hatholike. Ka mohlala, France lentsoe Eglise (Kereke) hangata ha le na sehlakisi catholique ’me lentsoe romaine ho hang ha le eo. Ho motho oa Fora lentsoe Eglise (le qalang ka “E” e khōlō) le bolela feela: Kereke ea Roma e K’hatholike. Ka ho tšoanang, linaheng tseo Kereke e ’ngoe ea Bochabela ea “Orthodox,” e phahametseng tse ling lentsoe “kereke” le bolela Kereke ea “Orthodox.”

Linaheng tsa Boprotestanta ho hlokahala hore motho a qaqise kereke eo a e kenang. Hangata le hona linaheng tsena motho a ke ke a re o kena kereke ntle leha e le setho sa bolumeli bo bong bo boholo, e be setho sa bolumeli ba khale ba Boprotestanta. Ho seng joalo, o nkoa e le setho sa mokha o itseng o ikarotseng. Ke ’nete hore United States le mahlomela a manyenyane a bolumeli a atisa ho tlotloa ka lebitso Kereke. Empa linaheng tse ling tse ngata a tlameha ho khotsofalla ho bitsoa mekha.

Mokha ke Eng?

Mona mokha o ka hlalosoa e le “sehlopha se senyenyane se sa tsoa theoa bocha sa bolumeli; haholo-holo: se ikarotseng ho sa khale.” Ka tlhaloso e ’ngoe, mokha ke “sehlopha se koenehileng; haholo-holo: seo litho tse ling li se nkang se khelohile ho tsona.”

Ba bang ba nka hore lentsoe le fetoletsoeng e le mokha le nkiloe leetsing la Selatine secare (ho poma) ’me ba hlalosa mokha e le sehlopha se ikarotseng kerekeng ea molao. Ba bang ba re lentsoe le tsoa leetsing la khale la Selatine sequi (ho latela) ’me kahoo ba le sebelisa sehlopheng se latelang moeta-pele kapa moruti ea itseng oa motho.

Kereke e Nyefola Mekha

Le haeba mokha e le sehlopha se ikarotseng mokhatlong o moholo kapa sehlopheng sa barutuoa ba latelang monna ea itseng kapa mosali, ’nete eona e-ea sala: likereke tsa molao tseo e leng khale li le teng li khesa mekha. Ha Grande Encyclopédie ea Sefora e hlalosa nyefolo ena, e bolela hore lentsoe “mokha” le tšebeliso ea lona “le tletse boikutlo ba lehloeo le ba khalefo,” ’me e phaella ka hore: “Ka kakaretso, mokhatlo oo sehlopha se senyenyane se ikarolang ho oona o ipolela hore o na le ’nete ’me o nka hore ke oona feela o nang le thuto ka botlalo le o hauhetsoeng, o bua ka ho nyefola mekha e meng. Nyeliso ena hangata e tletse moea oa ntoa, haholo hobane mokha ke khopotso e bohloko ea sohle seo kereke e neng e le sona, empa e se e se sona—boena bo mofuthu, bo phelang, bo matla le bo hapang.”

Ke Hobane’ng ha Mekha e Mecha ea Bolumeli e le Mengata Hakana?

Mekha eo ho buuoang haholo ka eona mecheng ea litaba kajeno mehleng ena—hangata e le ka lebaka la liketso tsa eona tse amang lichelete—le mekhoa ea eona ea ho ruta—e hlahile ka bongata lilemong tse fetileng tse 20 kapa 30. Hona ho hlahisa lipotso ka hore na ke hobane’ng ha mehla ea rōna e bone keketseho e khōlō hakana ea lihlopha tsa bolumeli. Supplément ea 1981 le “encyclopedia” ea Sefora e qotsitsoeng kaholimo, e re: “Ke hobane’ng ha mekha e joalo e atleha hakana? Pele, moea oa tsieleho o atileng hona joale tsamaisong e tsoelang pele ea Bophirima, (ho phephetsoa ha litsamaiso tsohle tse kang lelapa, likolo, sesole, likereke, jj) ke selao. . . . Mekha ea bolumeli ke pontšo e khōlō ho tsohle ea mehla, letšoao la ho qetela la ho sola-sola ha bacha ba rōna ba nyoretsoeng ntho e fapaneng le tsamaiso ea rōna e khahloang feela ke ho ipokella ka lintho tse bonahalang.”

Ntlheng eona ena, R. Quebedeaux, setsebi sa mekha ea bolumeli, o ngola hore: “Ka lebaka la ho itaela ha batho, ho hlahile lenyora la ho nyoreloa melao e tiileng le khalemelo le taolo. [Bacha] ba tennoe ke tsamaiso e ratang lintho tse bonahalang ’me ka lebaka leo ho batloa morero o mocha bophelong.”

Litlhaloso tsena ka bobeli li bontša ka mokhoa o khutsitseng hore bolumeli ba khale ba molao bo sitiloe ho khotsofatsa batho ba limillione ba bacha le ba baholo, ba sokolohetseng mekheng eo e mecha. Ho hloma ha mekha e mecha lilemong tse ’maloa tse fetileng ke bopaki bo bong ba ‘ho tsieleha ha lichaba’ ho boletsoeng ke Jesu Kreste e le karolo ea “pontšo” e bontšang hore tsamaiso ena ea lintho e-ea fela ’me “’muso oa Molimo o haufi.”—Mattheu 24:3; Luka 21:10, 11, 25-31.

Leha ho le joalo, lihlopha tsena tse ncha tse ipokellang litho tse ngata hakana ha li rute hore ’Muso oa Molimo ke eona tšepo feela ea batho. Ho e-na le hoo, li ruta haholo ka mahlale a bophelo, ao hangata a theiloeng bolumeling ba Bochabela kapa ho motataisi e mong oa moea (guru). Motataisi e mong le e mong ea joalo ea nang le balateli ba bangata o thea mokha o mocha. Hona ha ho makatse litumelong tsa Bochabela, moo motheo oa motataisi oa moea o amohelehang hona joale.

Leha ho le joalo, hoa makatsa hore likerekeng tse ka bang 10 000 le mekha tseo ho boleloang hore li teng lefatšeng lohle, tse makholo a mangata, haeba e se likete, li ipolela hore ke tsa Bokreste. Ke hobane’ng ha hona ho makatsa hakana? Hobane litho tsa mekha ena e mengata li latela motsamaisi oa motho, empa Jesu Kreste o itse: “Le na le Motsamaisi a le mong, e leng Kreste.” (Mattheu 23:10, Phet. e Ncha) Ho makatsang hape, ke ’nete ea hore bao ho thoeng ke Bakreste ba ka arohana ka likereke, lihlopha le mekha tse ngata hakana, empa Kreste a ile a rapela ntat’ae hore balateli ba hae “ba be bang.”—Johanne 17:20, 21.

E be joale ke hobane’ng ha likereke le mekha li le ngata hakana tse ipolelang hore ke tsa Bokreste? Hona pherekano ee ea bolumeli e bile teng joang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela