“Morena o Mong, Tumelo e ’Ngoe, le Kolobetso e ’Ngoe”
“Morena o mong, tumelo e ’ngoe, le kolobetso e ’ngoe, Molimo o mong, e leng Ntat’a bohle, ea ka holimo ho bohle.”—BA-EFESE 4:4-6.
1, 2. (a) Jehova o ile a hlakisa eng ka Moshe mabapi le Eena ka boeena? (b) Na ho ne ho ena le sebaka sa maikutlo a sa tšoaneng a bolumeli Iseraeleng?
“MOLIMO oa rōna Jehova, Jehova a ’notši. Le se ke la latela melimo esele, melimo ea lichaba tse ahileng ka mathoko ho Iōna, hobane Jehova, Molimo oa hao, ea leng ha eno, ke Molimo o boulelang.” Moshe ha a ka a sia khoao likelellong tsa Baiseraele ba bokaneng mahoatateng a Moabe, nakoana pele ba kena Lefatšeng la Pallo. A bolela ka ho hlakileng hore Jehova, Molimo oa bona, ke Molimo a ’notši, le hore Jehova ke Molimo o boulelang borapeling. Puisanong e fetileng, Moshe o ne a itse: “Jehova ke Molimo maholimong a holimo, le tlase lefatšeng; ha ho o mong ka ntle ho eena. Boloka melao ea hae le litaelo tsa hae tseo ke u laelang tsona kajeno, hore u tle u be le lehlohonolo.”—Deuteronoma 6:4, 14, 15; 4:39, 40.
2 Mantsoe ao ha a fane ka sebaka sa maikutlo a sa tšoaneng a bolumeli! Iseraele e ne e e-na le Molimo o le mong. ’Me Jehova o thathamisa ka ho hlakileng tsela e le ’ngoe feela e amohelehang eo a ka rapeloang ka eona.
Ho Hlaha Mekha ea Thuto e Khelohileng ea Bajode
3. Kaha boholo ba Bajode ha boa ka ba tšepahala ho Jehova, ho ile ha qetella ho etsahetse joang?
3 Leha ho le joalo, ho e-na le ho sebelisa borapeli bo hloekileng ba Molimo o le mong oa ’nete, Jehova, Baiseraele ba bangata ba qala ho koeneha, ba rapela melimo ea litšoantšo. (Jeremia 17:13; 19:5) Ka lebaka la sena, ‘ha baa ka ba hlohonolofala.’ Ka 607 B.C.E. Jerusalema ea timetsoa ke Bababylona, ’me Bajode ba bangata ba isoa botlamuoeng Babylonia. Masala a khabane a khutlela Jerusalema kamorao ho lilemo tse 70 ’me a qala ho haha tempele ea bobeli bakeng sa borapeli ba Jehova. Empa kamorao ho nako, Bajode ba bangata ba koeneha ’me ba qetella ba arohane ka mekha ea thuto e khelohileng.
4, 5. (a) Hlalosa mekha e meng e ileng ea hōla kamor’a botlamuoa ba Babylonia. (b) Na mekha e joalo e ile ea etsetsa Bajode molemo? Hlalosa.
4 Lekholong la lilemo la bone kapa la boraro B.C.E. mokha oa “ba-Hasidim” (“bahalaleli”) oa hōla. Ba ne ba chesehela ho boloka Molao oa Bajode ’me ka lebaka la sena, ba ne ba kopanngoa le mekha e meng ea “ba-Essene” le Bafarisi e qalehileng lekholong la lilemo la bobeli B.C.E. “Ba-Essene” le Bafarisi ba inkela thuto ea Bagerike ea hore moea ha o shoe. Ba neng ba fapane le bona ka ho lumela hore ha ho bophelo kamorao ho lefu e ne e le Basadduse. Bibele e bua ka likhaohano tse neng li le teng pakeng tsa Basadduse le Bafarisi mehleng ea baapostola. (Liketso 23:7-10) The Concise Jewish Encyclopedia e re: “Ho nkana ka pelo pakeng tsa bona ha isa lipolaong tse sehlōhō le ntoeng ea Bajode.”
5 “Ba-Zealote” e ne e le mokha o mong o neng o le teng lekholong la lilemo la pele C.E. Ba ne ba na le moea oa bosechaba, ba rata ntoa ’me ba tlatsetsa haholo ho fehleng Bajode hore ba tsohele Baroma matla ka 66 C.E. Kamorao ho mona ba batla ho busa mekha e meng e Jerusalema, ba etsa hore Bajode ba loantšane le ho ba bakela mahlomola a mangata. Toantšano e joalo pakeng tsa mekha ea Bajode ea tsoela pele ho tla fihlela ha Baroma ba futuhile ho timetsa Jerusalema ka lekhetlo la ho qetela ka 70 C.E. Ho totobetse hore likhaohano tsa mekha le ho se tšepahale borapeling bo kopaneng le bo hloekileng ba Jehova, Molimo o ’notši, ha hoa tsoela Bajode molemo.
Bakreste ba Pele e ne e Se Mokha
6. Ke hobane’ng ha Bakreste ba pele ba ile ba suthela hole le mekha ea Bajode?
6 Bakreste ba pele ba ile ba suthela hole le toantšano ea mekha ea thuto e khelohileng ea Bajode. Ba ne ba tseba hore Bafarisi le Basadduse ba ne ba balloa har’a lira tse mpe haholo tsa Jesu. Balateli ba Kreste ba ne ba ke ke ba kopanela tumelong ea “Ba-Essene” ea hore moea ha o shoe kapa takatso ea bona ea bophelo ba boitlami le ba ho itima lintho tsa bohlokoa bophelong. ’Me kaha ba ne ba sa nke lehlakore ho hang ho ne ho se moo ba amanang teng le “Ba-Zealote” ba nang le moea oa bosechaba. (Johanne 17:16; 18:36) Ho e-na le hoo, Bakreste ba ne ba sebelisa borapeli bo kopaneng le bo hloekileng ba Molimo o le mong oa ’nete, tumellanong le mantsoe a Jesu ho mosali oa Molichaba. “Nako ea tla, le joale e setse e le eona, eo barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea le ka ’nete.”—Johanne 4:23.
7. Jesu le Pauluse ba ile ba re’ng, ’me mantsoe a bona a kenyelletsa eng mabapi le borapeli ba Bokreste?
7 Moapostola Pauluse ha a buella Bakreste ba ’nete, a re: “Ho rōna Molimo o mong feela, e leng Ntat’a rōna, e leng oo tsohle li tsoang ho oona, oo re leng ho oona; ’me re na le Morena a le mong feela, e leng Jesu Kreste, eo tsohle li entsoeng ka eena, le rōna re leng ka eena.” (1 Ba-Korinthe 8:6) Bokreste ba ’nete bo bolela borapeli bo kopaneng ba Molimo o le mong oa ’nete, Ntate, Jehova, ka Morena a le mong, Jesu Kreste. Jesu a re ho barutuoa ba hae: “Le na le motsamaisi a le mong, e leng Kreste.”—Mattheu 23:10, Phet. e Ncha.
8. Ke hobane’ng ha e ne e ka ba phoso ho bitsa Bakreste ba pele mokha?
8 Ke ’nete hore litho tsa mekha ea Bajode eo e neng e le khale e le teng ka nyeliso li ne li bitsa Bakreste ba pele mokha (haiʹre·sis ka Segerike; e bolelang “sehlopha sa batho ba ikarotseng ho ba bang ’me ba latela mekhoa ea bona.”) (Liketso 24:5; 28:22) Empa ha moapostola Pauluse a itšireletsa ka pel’a ’Musisi Felixe, a hana lebitso leo le sa lokelang, a re: “Ha e le thuto eo [lira tsa hae tsa bolumeli li] reng ke thuto e khelohileng [mokha], ke fela ke sebeletsa Molimo ao bo-ntate ka eona.” (Liketso 24:14) Ha ho tsela eo ka eona Bakreste ho neng ho ka thoe ke mokha oa thuto e khelohileng, hobane e ne e le balateli ba Jesu Kreste, e seng motho. Ho feta moo, ruri e ne e se lehlomela la mokha o mong oa Bajode o neng o le teng lekholong la lilemo la pele C.E.
Ha Ho Likhaohano tsa Mekha
9, 10. (a) Ke hobane’ng ha Bokreste bo ne bo sa rereloa ho arohana ka likereke le mekha? (b) Ke likhopolo life tsa bohata ka ho feletseng ka tšimoloho ea Bokreste?
9 Bokreste ba pele e ne e se mokha. Leha e le hore bo ne bo reretsoe hore bo ikarole ka mekha ea thuto e khelohileng. Ha Kreste a rapela Ntate oa hae, a kōpa hore barutuoa ba hae “ba be bang.” (Johanne 17:21) Barutuoa ba hae ba ne ba tlameha ‘ho ratana.’ (Johanne 13:35) Hona ho ne ho hanela ho theoa ha likhaohano leha e le life tsa mekha.
10 Ntlha eo e hanana le maikutlo a phahamisoang ke bangoli ba bangata ba histori le baruti ba bolumeli mabapi le mefuta e sa tšoaneng ea Bokreste. Ba bua ka “Bokreste ba Bajode” (boo ho nahanoang hore bo ne bo sireletsoa ke Jakobo, Petrose le Johanne) khahlanong le “Bokreste ba Balichaba” (boo ho boleloang hore bo ne bo sireletsoa ke Pauluse. Ba bua ka “thuto ea bolumeli ea Johannine [Johanne]” le “thuto ea bolumeli ea Pauline [Pauluse],” ba bolela hore Bokreste bo ka be bo sa atolohela lefatšeng ka bophara hoja Pauluse a sa ka a bo fetola ho hang. Likhopolo tse joalo li boleloa ke batho bao mohlomong ba sa kholoeng Bokreste kapa ba amohela hore ke ntho e tloaelehileng ha Bojakane bo arohane ka likereke le lithuto tse khelohileng tse ngata-ngata.
11. (a) Ke mangolo afe a pakang hore Pauluse ha a ka a qapa maikutlo a hore Bokreste bo jalehe har’a Balichaba? (b) Na Pauluse o ne a ananela mekha ea thuto e khelohileng? (c) Ke ketsahalo efe e bontšang bonngoe ba Pauluse le bao a neng a sebetsa le bona?
11 Linnete li fapane haholo. Pele Pauluse e e-ba Mokreste, Jesu Kreste o ile a rōma barutuoa ba Hae ho ba lipaki tsa Hae lichabeng tsohle. (Mattheu 28:19, 20; Liketso 1:8) Pauluse o ile a loantša tšekamelo efe kapa efe ea ho latela batho, ’me, a re: “Likhaohano li se ke tsa e-ba teng har’a lōna.” (1 Ba-Korinthe 1:10-15; 3:3-5) Kahoo ke lefeela ho bolela hore Pauluse o ne a e-na le maikutlo a Bokreste a fapaneng le a Jakobo, Petrose le Johanne. Ba ne ba kopane kaofela mosebetsing oa ho jala litaba tse molemo. Ka lekhetlo le leng, mohlomong ka nako eo ho neng ho tšoeroe seboka sa lebollo Jerusalema, ka 49 C.E., ba ile ba sebelisana ka ho feletseng ka bone ba bona mabapi le ho aroloa ha tšimo ea boboleli.—Ba-Galata 2:7-9.
Litemoso ka Likarohano
12. Na Pauluse le Petrose ba ile ba qabana?
12 Ka tlhaho, Bakreste ba pele, esitana le bona ba neng ba jere boikarabelo bo boima ka phuthehong—ba ne ba ee ba be le maikutlo a sa tšoaneng ka baka la hore e le batho ba sa phethahalang. Antioke oa Syria, Pauluse a lokisa Petrose ntlheng e ’ngoe. (Ba-Galata 2:11-14) Empa na Petrose o ile a tloha eaba o iqalla mokha oa thuto e khelohileng, joalokaha eka o hanana le hoo ho thoeng ke Bokreste ba Pauluse? Le hanyenyane, hobane lilemo hamorao, hoo e ka bang ka 64 C.E., o buile ka Pauluse ka mantsoe a lerato.—2 Petrose 3:15, 16.
13, 14. (a) Pauluse o ile a bea “likhaohano” le “liphapang” sehlopheng sefe? (b) Ka Pauluse, ho lokela ho etsoe joang ka ba hōlisang mekha?
13 Tlas’a pululelo ea bomolimo Pauluse a thathamisa “likhaohano” le “liphapang” har’a “mesebetsi ea nama.” A ngola: “’Me mesebetsi ea nama e pepeneneng: Ke ho feba, le ho boka, ke bonyala, le bootsoa; ke ho rapela melimo ea bohata, le boloi, ke hloeano, le likomang, ke mona, le bohale, le likhang, le liphapang, le likhaohano . . . ba etsang tse joalo, ba ke ke ba ba ba rua ’muso oa Molimo.”—Ba-Galata 5:19-21.
14 Kaha ba bakang “likhaohano” le “liphapang” ba ke ke ba rua ‘’muso oa Molimo,’ ba ke ke ba mameloa ka phuthehong ea ’nete ea Bokreste. Ka lebaka leo, Pauluse a ngolla Tite hore: “U tšabe likhang tsa booatla, le tsa masika, le liqabang, le liphapang tse etsoang holim’a molao; hobane ha li thuse letho, ’me ke lefeela. Suthisa motho ea hlahisang thuto e khelohileng, ha u se u kile ua mo tsosa ka la pele le ka la bobeli; u tle u tsebe hobane ea joalo o se a senyehile, ’me o etsa sebe; o se a ikahlotse.”—Tite 3:9-11.
Bonngoe ba Tumelo
15, 16. (a) Ke hobane’ng ha ho se sebaka sa likolo tsa mohopolo o sa tšoaneng ka phuthehong ea Bokreste, ’me Pauluse o re’ng ka see? (b) Na hona ho bolela hore Mokreste ha a lokela ho sebelisa maikutlo a hae? (c) Petrose, Juda le Pauluse ba re’ng ka kotsi ea lipelaelo le ho khelosoa ’neteng?
15 Tabeng e seng e hlalositsoe ho hlakile hore Bokreste ba ’nete bo ke ke ba aroloa ka mekhatlo le mekha. Ho ke ke ha e-ba le litšekamelo tsa ho ba hammoho feela ho sa utloanoe kapa likolo tsa monahano o sa tšoaneng ka phuthehong ea Bokreste. Pauluse o ile a ngolla Bakorinthe: “Kea le rapela, banab’eso, ka lebitso la Morena oa rōna Jesu Kreste, ke re: Le ke le bolele bohle taba e le ’ngoe; likhaohano li se ke tsa e-ba teng har’a lōna, le mpe le phethehe boikutlong bo le bong le khopolong e le ’ngoe.”—1 Ba-Korinthe 1:10.
16 Hona ha ho bolele hore Mokreste oa ’nete oa paki ea Jehova a ke ke a sebelisa monahano oa hae. Moapostola Petrose o khothallelitse ho sebelisoa ha “maikutlo a . . . hloekileng” ho hanyetseng “basomi” ba neng ba tla bonahala “mehleng ea morao” ’me ba latole “ho tla” ha Kreste. (2 Petrose 3:1-4) Juda lengolong la hae o bua ka ba ‘belaelang.’ (Juda 22) Empa Petrose kapa Juda ha ba bolele hore Mokreste a ka lula e le mosomi kapa ’melaeli. Petrose o re lemosa hore re ikalose ho ba “tetemang” ba ‘khopamisang Mangolo.’ (2 Petrose 3:16, 17) ’Me Juda o bolela hore babelaeli ba kotsing ’me ho hlokahala hore ba ‘tšoloe mollong.’ (Juda 23) Ba khelositsoeng ’neteng ho hlokahala ba thusoe ka “bonolo,” ba tle ba “lemohe ’nete, ’me ba tlohe lerabeng la Diabolose ea ba tšoasitseng hore ba etse kamoo a ratang kateng.”—2 Timothea 2:23-26.
17. Ke ka tsela efe Mokreste oa ’nete a tlang ho sebelisa maikutlo a hae a hloekileng, ’me o tla leka ka matla ho etsa joang?
17 Mokreste oa ’nete o sebelisa “maikutlo a hloekileng” a hae ka tsela e ikokobelitseng. Pauluse o-oa ngola: “Ke le khothatsa ke hona, . . . ke re: Tsamaeang ka mokhoa o tšoanelang pitso eo le bitsitsoeng ka eona, ka boikokobetso bohle, le ka mosa, le ka sebete, le ntse le mamellana ka lerato. Le tiee matla ho boloka bonngoe ba moea ka tlamo ea khotso. ’Mele o mong, le Moea o mong, joale ka ha le bilelitsoe tebello e le ’ngoe ka ho bitsoa ha lōna. Morena o mong, tumelo e ’ngoe, le kolobetso e ’ngoe. Molimo o mong, e leng ntat’a bohle, ea ka holimo ho bohle, ea har’a bohle, ea ka ho bohle.”—Ba-Efese 4:1-6.
Kamoo Bonngoe bo Fumanoang le ho Bolokoa
18. Ho boleloa eng ka lipolelo (a) “Molimo o mong”? (b) “Morena o mong”? (c) “Moea o mong”? (d) Tataiso feela e ngoletsoeng Bakreste ke efe?
18 Pauluse o buile ka ‘Molimo o le mong . . . o holimo ho bohle.’ Kapa, ka mantsoe a Moshe: “Jehova, ke Jehova a ’notši.” (Deuteronoma 6:4) ’Nete eo ea sehlooho e ntse e eme e le joalo. Ke lebaka la sehlooho la bonngoe ba Bokreste. Ho na le Molimo o le mong le tsela e le ’ngoe e amohelehang ea ho o rapela, “ka moea le ka ’nete.” (Johanne 4:23, 24) ‘Morena a le mong’ ke Jesu Kreste, “hloho ea ’mele, ea Kereke.” (Ba-Kolosse 1:18) ‘Moea o le mong’ o khetholla matla a kopanyang a Jehova. Jesu o itse ho barutuoa ba hae: “Moemeli, e leng Moea o Halalelang, eo Ntate a tla mo roma ka lebitso la ka, ke eena ea tla le ruta tsohle, ’me o tla le hopotsa le tsohle tsee ke le boleletseng tsona. Ke le siela khotso; ke le fa khotso ea ka.” (Johanne 14:26, 27) ‘Lintho tseo ba li hopolitsoeng’ li ne li ngotsoe Mangolong a Bakreste a Segerike. Oona, le Mangolo a Seheberu, a bōpa Bibele, tataiso feela ea ’nete e ngoliloeng ea Bakreste.
19. ‘’Mele o le mong’ ke ofe, ’me ho khethiloe bomang ho lokisetsa litho tsohle lijo tsa moea?
19 ‘’Mele o le mong’ ke phutheho ea Bokreste, eo Jesu e leng “hloho” ea eona. (Ba-Efese 1:22, 23) Litho ka bomong tse tlotsitsoeng tsa phutheho ena e kopaneng ea Bokreste kaofela li ne li tla amohela lijo tse tšoanang tsa moea. Ntlheng ena, “Morena” oa bona o khethile sehlopha se entsoeng ka litho tse ngata sa “mohlahlobi ea khabane,” sehlopha sa Bakreste ba tlotsitsoeng ba lefatšeng ho tloha ka Pentekonta ea 33 C.E. Kaha “morena” o fumane masala a sehlopha sena ka bokhabane le ka bohlale a fana ka “lijo” ha a fihla ho tla hlahloba ka 1919, a a khetha ho hlokomela “mesebetsi eohle ea hae.” (Luka 12:42-44) Linnete li bontša hore ho tloha ka 1919 “mohlahlobi” enoa o bile o hlokometse “mesebetsi” ena ka bokhabane.
20. (a) Ho Esaia 65:11, 13, ke phapang ea eng e etsoang pakeng tsa batho ba Molimo le bakoenehi ba bolumeli? (b) Ke eng e tlatselitseng haholo bonngoeng ba batho ba Jehova?
20 Baruti ba likereke tse ngata le mekha ea Bojakane ha baa fumanoa ba fana ka “lijo” tsa moea ho “bahlanka” ba Kreste. Ka baka leo, baruti bana le mehlape ea bona ba ‘lapile’ moeeng. (Esaia 65:11, 13) Ka lehlakoreng le leng, “mohlahlobi ea khabane” o bolokile ‘lijo tse ngata ka nako ea teng’ bakeng sa Bakreste ka bomong ba tlotsitsoeng, ’me, ho tloha ka 1935, lijo li boloketsoe “bongata bo boholo” bo ntseng bo eketseha ba “linku tse ling.” (Tšenolo 7:9, 10; Johanne 10:16) Ho sa tsotellehe puo kapa sebaka, lipaki tsena tsa Jehova kaofela li latela mokhoa o le mong o tšoanang oa ho ruta lefatšeng lohle o theiloeng Lentsoeng la Molimo. Hona ho entse ho hongata ho ntšetsa pele bonngoe har’a bona le ho bo boloka.
Bonngoe bo Babatsehang ba Batho ba Jehova
21. Lipaki tsa Jehova li boloka bonngoe joang kajeno, ’me hona ho bapisoa joang le tokisetso ea tlhophiso mehleng ea baapostola?
21 Bonngoe ba liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova tse ka bang 45 000 linaheng tse fetang 200 le bona bo bolokoa ka tlhophiso ea Mangolo. “Baapostola le baholo ba Jerusalema” ba ne ba thea sehlopha se busang sa phutheho ea Bokreste lekholong la lilemo la pele. (Liketso 15:2) Bona le baemeli ba bona ba ne ba bea “balebeli” le ‘bahlanka ba sebeletsang’ ka liphuthehong le ho etsa liqeto tse ling tsa tsamaiso. (Ba-Filippi 1:1; Tite 1:5; Liketso 14:23; 16:4) Ho joalo le kajeno, sehlopha sa baholo ba Bakreste ba tlotsitsoeng se etsa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova. ’Me joaloka ha liqeto tsa sehlopha se busang sa lekholong la pele la lilemo li ne li fetisetsoa liphuthehong, kajeno liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova li fumana litaelo tse tsoang ho Sehlopha se Busang le maeto a balebeli ba tsamaeang. (Liketso 15:22, 23, 30) Hona joale, joaloka nakong eo, ‘liphutheho li ntse li tiisoa le ho ata ka matsatsi ’ohle.’—Liketso 16:5.
22. Lipaki tsa Jehova li hlile li ananela eng, ’me ka bonngoe ba tsona li tla tsoela pele ho etsa joang?
22 Lipaki tsa Jehova li lopolotsoe likhaohanong tsa thuto e khelohileng ea Bojakane. Tlas’a tataiso ea ‘morena a le mong’ oa tsona, Jesu Kreste, le “mohlahlobi” oa hae, li tsoela pele li kopane ho bolela “Evangeli ena ea ’muso.” (Mattheu 24:14) Li tla tsoela pele ka ‘ho tiea ho boloka bonngoe ba moea ka tlamo ea khotso.’ Ka sebele, li ‘eme moeeng o le mong le pelong e le ’ngoe, li ntse li loanela hammoho tumelo ea Evangeli.’—Ba-Efese 4:3; Ba-Fillipi 1:27.
Na U Hopola Lintlha Tsee?
◻ Iseraeleng ea boholoholo ho ne ho ena le borapeli ba mofuta ofe?
◻ Ho tloha lekholong la bone la lilemo B.C.E., ho etsahetse joang har’a Bajode ba koenehileng?
◻ Ke mangolo afe a bontšang hore Bokreste bo ne bo sa rereloa ho ba mekha?
◻ Bibele e bontša joang hore ha ho sebaka sa likolo tsa mohopolo o sa tšoaneng ka phuthehong ea Bokreste?
◻ Ke mabaka afe a tlatsetsang bonngoeng ba kutloisiso le tšebetso har’a Lipaki tsa Jehova?
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Lipaki tsa Jehova li kopane borapeling ba tsona lefatšeng lohle