Lentsoe la Molimo Lea Phela
Basali ba Babeli ba Nang le Bothata
MONNA ea tšoarehileng tšebeletsong ke moapostola Pauluse. ’Me basali ba babeli ba nang le eena moo ke Evodia le Syntyke, litho tsa phutheho ea Bokreste ea lekholo la pele la lilemo motseng oa Filippi.
Lilemo ka mor’a sena, ha Pauluse a le Roma, a ngolla phutheho ea Filippi hore: “U thuse basali bao ba ntlatsitseng Evangeling.” (Ba-Filippi 4:3) Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a ngola see ka Evodia le Syntyke?
Pauluse o ne a utloile hore ho na le bothata bo bong bo hlahileng pakeng tsa basali bana ba babeli, ’me ba ne ba sa utloane. Ka hona a ngola: “Ke khothatsa Evodia, ke khothatsa Syntyke, hore ba be le pelo e le ’ngoe Moreneng.” (Ba-Filippi 4:2) Bibele ha e bolele hore na bothata ba bona e ne e le bofe, empa bo ne bo le kotsi hoo Pauluse a neng a bo utloile a le bohole ba limaele tse makholo-kholo Roma. Mohlomong bana ba babeli ba ne ba honohelana ka tsela e ’ngoe. Kapa mohlomong ba ile ba e-ba le khang e tebileng, joalekaha ho ka bonoa mona, ’me ba ne ba se ba sa buisane. Ho sa tsotellehe bothata, Pauluse a ba fa keletso lengolong le neng le ngoletsoe phutheho eohle.—Ba-Filippi 1:1.
Joale, na Evodia le Syntyke ba ile ba mamela keletso ’me ba lokisa phapang ea bona? Bibele ha e bolele. Empa kaha bana e ne e le basali ba molemo bao pejana ba sebelitseng hammoho le Pauluse tšebeletsong, re ka inahanela feela e mong a e-ea ho e mong kamor’a liboka ’me ba lokisa bothata ba bona ka moea oa lerato. Ka lehlakoreng le leng, e ka ’na eaba ba ile ba thatafatsoa ke keletso e fanoeng. Ba ba le maikutlo ana: ‘Pauluse o na le tokelo ea eng ho hasa bothata ba rōna ka pel’a phutheho eohle?’ ’Me ka hona eaba bothata ba bona ha bo rarolloe, ’me ba e-ba bobe le ho feta. Ho thoe’ng haeba ho bile joalo?
Lengolo lena le eang ho Ba-Filippi le ngotsoe hoo e ka bang ka 60 C.E. Lilengoana hamorao mahloriso a maholo a qhoma khahlanong le Bakreste Roma. Ho thoe’ng haeba mahloriso aa a ile a namela Filippi, ’me Evodia le Syntyke ba hlahleloa teronkong, joalokaha Pauluse le Silase lilemong tsa pejana ba ne ba kentsoe teronkong moo? (Liketso 16:19-34) Teng ho thoe’ng haeba ba ne ba kentsoe teronkong e le ’ngoe le ka seleng e le ’ngoe?
Haeba ba ne ba se na maikutlo a tšoanang, le haeba phapang ea bona e se e le lehloeo, ho ne ho tla etsahala eng? Ba ne ba ka lihelana moeeng, kapa ba senyetsana kamano le Jehova Molimo. E ne e ka ba ho soabisang hakaakang! ’Me e ka ba ho soabisang hakaakang kajeno haeba re sa ratane ka matla ha “mahlomola a maholo” a oela tsamaiso ee ea lintho!—Mattheu 24:21.