Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 3/15 maq. 18-23
  • Re ka Boloka ‘Lerato la Rōna la Pele’ Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re ka Boloka ‘Lerato la Rōna la Pele’ Joang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Hlaolela Lerato ho Jehova
  • Ho Ithuta le ho Nahanisisa
  • Lula u le Mafolo-folo Boboleling ba ’Muso
  • Lopolla Linako
  • Ho Rapella Thuso
  • “Lerato la Hao la Pele”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • “Aparang Seaparo se Felletseng sa Ntoa se Tsoang ho Molimo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Buka ea Bibele ea 49—Ba-Efese
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • “Aparang Lihlomo Tse Feletseng Tsa Ntoa Tse Tsoang ho Molimo”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 3/15 maq. 18-23

Re ka Boloka ‘Lerato la Rōna la Pele’ Joang?

1. Mehleng ee ea qetello, na batho ba Molimo ka kakaretso ba feletsoe ke ‘lerato leo ba neng ba e-na le Iona pele’?

“SECHABA sa hao e tla ba se mafolofolo ka letsatsi la ho futuha ha hao.” (Pesaleme ea 110:3) Joalokaha boprofeta bona bo hlile ba bona, bahlanka ba Molimo kajeno ba bile le matla ho etseng thato ea hae, ba tšoarella ka matla leratong la bona la pele ho Jehova. Kaha Lipaki tsa Jehova ke batho ba hlophisitsoeng, ba bolokile cheseho ea bona le thabo tšebeletsong ea Jehova nakong ena e thata ea ho “fela ha lefatše.”—Mattheu 24:3, 14.

2, 3. (a) Ke hobane’ng ha motho a ka ’na a lahleheloa ke ‘lerato leo a neng a e-na le Iona pele’? (b) Ha re fumana boikutlo bo joalo bo hōla ka ho rōna, re lokela ho etsa joang?

2 Leha ho le joalo, ho bonolo hore Mokreste ka mong a lahleheloe ke lerato leo a neng a e-na le Iona pele. Mathata a letsatsi le letsatsi a ka ’na a mo lebatsa lintho tse khōlō tseo Jehova a mo etselitseng tsona. A ka ’na a khathala ho emela hore merero ea Jehova e phethahale ’me a qale ho hoheloa ke melemo e bonahalang eo lefatše le fanang ka eona, kapa mohlomong a ikutloa ho hlokahala hore a sebelise nako e ngata haholo boikhathollong ho feta kamoo a neng a etsa pele. Boikarabelo ba Bokreste, bo kang ho ba teng libokeng kapa likopanong, ho lokisetsa lipuo le ho kopanela tšebeletsong ea tšimo bo ka ’na ba qala ho utloahala e le moroalo.

3 Haeba re utloa boikutlo bo joalo bo hōla ka ho rōna, re lokela ho latela keletso ea Jesu phuthehong ea Efese, hore re hlaolele hape ‘lerato leo re neng re e-na le Iona pele,’ re loanela ‘ho etsa mesebetsi ea pele. (Tšenolo 2:4, 5) Re lokela ho hlokomela hore re hloka ho tsosolosa lerato le mofuthu leo re neng re e-na le Iona ho Jehova le cheseho le thabo ea rōna tšebeletsong ea hae. Hoo re ka ho etsa joang?

Hlaolela Lerato ho Jehova

4. Re ka etsisa boikutlo bo botle ba mopesaleme joang? (Pesaleme ea 119:97)

4 Mopesaleme ea bululetsoeng o itse: “Molao oa hao ke o rata hakakang! Ke o nahana tsatsi lohle.” (Pesaleme ea 119:97) Ke tsela e ntle hakakang ea ho ikutloa ka molao oa Molimo! Ho putsa haholo ho sebeletsa Jehova ka boikutlo bo joalo ho e-na le ho iqobella ho etsa seo re tsebang hore se nepahetse. Ho hlokahala re hlaolele takatso ea ho etsa se nepahetseng, ho se etsa hobane re batla ho se etsa.—Pesaleme ea 25:4, 5.

5. (a) Pauluse o buelletse eng ho sireletsa boemo ba rōna ba moea? (b) Re ka etsa joang ho bo boloka bo sebetsa?

5 Satane o batla ho re hatella hore re lahleheloe ke ‘lerato la rōna la pele,’ hobane ke sera se seholo sa meea ea rōna. Ho mo hanyetsa, moapostola Pauluse o phehella Baefese hore ba ‘apare lihlomo tsohle tsa Molimo.’ (Ba-Efese 6:13) Lintho tse akarelletsoang lihlomong tseo ke litšobotsi tse ’nè tsa bohlokoa: ’nete, ho loka, tumelo le tšepo ea poloko. (Ba-Efese 6:14-17; 1 Ba-Thessalonika 5:8) Koana, re ithuta ka litšobotsi tsena ha re qala ho kena ka phuthehong. Empa lihlomo tsa tšepe li ba mafome ha li sa hlokomeloa. Ka ho tšoanang, haeba re sa hlokomele lintho tsena tse hlokahalang, lihlomo tsa rōna tsa moea li tla senyeha ’me li sitoe ho re sireletsa hantle. Re tlameha ho hanela boemo bo joalo ka mekhoa eohle.

Ho Ithuta le ho Nahanisisa

6. Morumuoa e mong o ile a rarolla joang bothata ba ho lula a phela moeeng ha a le chankaneng?

6 Ka 1958 moromuoa Stanley Jones a qala ho sebetsa lilemo tse supileng boinotšing chankaneng ea China. Ho tlile joang hore a boloke lerato la hae ho Jehova le le matla ha a le boinotšing hōle le baena ba hae ba Bakreste le Bibele e le sieo? O tlaleha hore o ile a ngola litemana tsohle tseo a neng a li hopola ’me ho tsona a phaella ka eng kapa eng e neng e qotsitsoe ka Bibeleng eo a neng a e fumana likarolong tsa likoranta tsa “bolumeli” tseo a neng a li rōmelloa ka nako e ’ngoe. Ka tsela eo o ne a ka bokella letlotlo la litemana tsa Bibele tseo a ileng a li fetola lenaneo la motheo oa boithuto ba botho le ho nahanisisa. Kaha o ne a potolohiloe ke batho ba hananang le seo a se lumelang, o ne a tseba hore haeba a ke ke a boloka pelo ea hae le mohopolo li tlatsitsoe mehopolo ea Molimo, tumelo ea hae e tla senyeha kapele.

7. Re talimane le likhatello life, ’me re ka itšereletsa joang ho tsona?

7 Ke ’nete hore ba bangata ho rōna ha ba lichankaneng. Leha ho le joalo, ka nako e khōlō re phetlehetse monahanong oa lefatše lena. Boithabiso boo lefatše le fanang ka bona, le hoja bo sa hanane ka linako tsohle le metheo ea Bokreste, ho hang ha bo hōlise lintho tse kang ’nete, ho loka, tumelo le tšepo ea poloko. Ka hona, haeba re sa iphe nako ho tiisa lipelo tsa rōna le mehopolo, re tla fokola moeeng ’me lerato la rōna le tla tapa.

8. Ke mahlohonolo afe a tlelang motho ea ithutang Lentsoe la Molimo le ho nahanisisa ka Iona?

8 Haeba re fela re ipha nako ho itiisa ka thuto ea botho le ho nahanisisa ka eona, re tla tšoana le motho ea ‘ithabelang molaong oa Molimo’ le ea balang molao oo ka kutloisiso motšehare le bosiu. Mopesaleme o bua tjena ka motho ea joalo: “O joale ka sefate se hlomiloeng pel’a metsi a koellang, se beang litholoana tsa sona ka khoeli ea tsona, seo mahlaku a sona a sa foforeheng; see a se etsang kaofela sea mo atla.”—Pesaleme ea 1:2, 3.

9. Re ka hōlisa lerato la ho ithuta Bibele le ho nahanisisa ka eona joang? (Pesaleme ea 77:11, 12)

9 Ho bua ’nete, ka tlhaho ba bangata ho rōna ha baa sekamela ho baleng. Empa, haeba re batla, re ka ikoetlisa hore re thabele ho ithuta. Nahana ka motho ea itlosang bolutu ka ho matha. Ha a qala mesifa ea hae e tla opa. Butle-butle, leha ho le joalo, ’mele oa hae o tla tloaela, ’me kapele, haeba a tiisetsa, o tla thabele boithapollo ba hae. Pauluse a re ho Timothea: “U itlhakisetse borapeling.” (1 Timothea 4:7) Ho ithuta Bibele ke karolo ea borapeli. (Liproverbia 2:1-6) Qalehong ho ka ’na ha hloka boikhalemelo hore u ho etse. Leha ho le joalo, kapele re tla thahasella ka ’nete ho ithuta lintlha tse ncha kapa ho rua kutloisiso e tebileng haholo ea lintho tseo re seng re li tseba. Boithuto ba rōna joale bo tla re nyakallisa ka sebele.—Pesaleme ea 119:103, 104.

10. Ke hobane’ng ha taba e ithutoang e phetoa hangata libukeng tsa ho ithuta?

10 Ba bang ba ka ’na ba ikutloa hore kaha ba tseba lithuto tsa motheo tsa Bibele ha ba sa hloka nako ea boithuto ba botho. Ba ka ba ba belaela ha taba e le ’ngoe e ngoloa ho feta hanngoe libukeng tse ithutoang tse buang ka Bibele. Empa Bibele e bua ka bohlokoa ba likhopotso. (Pesaleme ea 119:95, 99; 2 Petrose 3:1; Juda 5) Haeba re sa ikhopotse ’nete, litekanyetso tse lokileng tsa Molimo, tumelo ea rōna le tšepo ea rōna ea poloko, lipelo tsa rōna li tla susumetsoa ke lintho tse ling.

11. Lintho tse ling tseo Pauluse a buileng ka tsona lengolong le eang ho Ba-Efese ke life?

11 Nahana ka lengolo la Pauluse le eang ho Ba-Efese. A ba hopotsa hore na boemo ba bona e ne e le bofe pele e e-ba Bakreste, ’me a bua ka phutheho eo joale ba neng ba fetohile karolo ea eona. (Ba-Efese 2:12; 4:4-6, 17, 18) A bolela morero o babatsehang oa Jehova bakeng sa batho le karolo ea motho kamanong le morero oo. (Ba-Efese 1:8-12; 2:4-6) ’Me a ba hopotsa ka metheo ea Bokreste e tla ba thusa ho atleha ka lapeng le ka phuthehong.—Ba-Efese 4:1, 2; 5:21–6:4.

12. Ke hobane’ng ha Pauluse a boleletse Ba-Efese lintho tseo ba neng ba se ba ntse ba li tse ba?

12 Mohlomong seo Pauluse a ileng a se ngolla Bakreste ba Efese se ne se le secha, empa ho lokela e be taba e ngata eo a ileng a ba bolella eona ba ne ba ile ba e utloa pele. Leha ho le joalo, Pauluse o ne a batla ho ba hopotsa ka litaba tsena ’me mohlomong a ba lemose litaba bocha. Kahoo a thusa Baefese ho nchafatsa lihlomo tsa bona tsa moea le ho ‘utloisisa le bahalaleli bohle bophara ba Iona, le bolelele ba Iona, le botebo ba Iona, le ho phahama ha Iona.’—Ba-Efese 1:15-17; 3:14-19.

13, 14. (a) Ho ithuta le ho nahanisisa ka taba ho tla re thusa joang? (b) Ke lintho life tse ling tse akarelletsoang ‘lihlomong tsa moea tsa Molimo’?

13 Boithuto ba rōna ba botho, le bona bo tla re nchafatsa le ho entša kutloisiso ea rōna ea lintlha tse ngata tsa motheo, haesita le ho re thusa ho utloisisa lintho tse tebileng tsa lentsoe la Molimo. (1 Ba-Korinthe 2:10) Ka tsela ena, ‘lihlomo tsa rōna tsa moea tse tsoang ho Molimo’ li tla thibela Satane ho re lahlisa mofuthu oa lerato la rōna ho Jehova le Mora oa hae.

14 Hape, moapostola Pauluse a bolela litšobotsi tse ling tse peli tsa lihlomo tsa rōna tsa moea tseo re e-song ho bue ka tsona. A re Bakreste ba lokela hore ‘maotong a bona ba roale mafolo-folo a Evangeli ea khotso’ le hore ba lokela ho amohela “lerumo la Moea, e leng lentsoe la Molimo.” (Ba-Efese 6:11-17) Litšobotsi tsee li re thusa joang ho boloka ‘lerato la rōna leo re neng re e-na le Iona pele’?

Lula u le Mafolo-folo Boboleling ba ’Muso

15. Ke tsela efe e ncha eo moromuoa e mong ea chankaneng a ileng a e fumana ‘ho ba le mosebetsi o mongata Moreneng’? (1 Ba-Korinthe 15:58)

15 Ka 1958, ha moromuoa Harold King a ahloleloa chankaneng ea China ka lilemo tse ’nè le likhoeli tse tšeletseng a talimana le bothata bo tšoanang le ba Stanley Jones: taba e ne e le kamoo a tla boloka ‘lerato la hae la pele,’ le ho boloka boineelo ba hae bo tebileng ho Jehova bo phela. O-oa tlaleha: “Ke ile ka lokisetsa lenaneo la mosebetsi oa ‘boboleli’ hore kananelo ea ka ea lintho tsa moea e lule e phela.’ A bōpa lipolelo tsa Bibele ka mangolo ao a neng a a hopola ’me a bolela ho batho bao a inahanelang bona. Qetellong a khanna thuto ea Bibele eo a inahanelang eona. Phello? Ha a lokolloa, o ne a loketse a bile a chesehela ho fana ka boboleli ho batho ba sebele!

16. Lebaka le leng la bohlokoa leo re lokelang ho tšoareha ka Iona tšebeletsong ea Jehova ke lefe?

16 Ka sebele o ne a iketselitse tsela e ncha ea ho sebelisa ’nete ea bohlokoa: Ho lula re phela hantle moeeng re lokela ho tšoareha tšebeletsong ea Molimo. Moapostola Petrose o itse: “Itokisetseng ho sebeletsa, ka ho ba chatsi likelellong.” (1 Petrose 1:13, Phet. e Ncha) ’Me moapostola Pauluse a eletsa ka lerato: “Tieang matla, le se ke la sisinyeha, ’me le ’ne le eketse ka mehla ho sebeletsa Morena, le ntse le tseba hobane mosebetsi oa lōna e ke ke ea e-ba oa lefeela Moreneng.”—1 Ba-Korinthe 15:58.

17. Ke eng e neng e hlokomeleha ka Bakreste ba tšepahalang ba phutheho ea Filadelfia?

17 Hoa hlokomeleha hore le hoja Bakreste ba Efese ba ne ba lumelletse ‘lerato leo ba neng ba e-na le Iona pele’ hore le tape, Bakreste ba phutheho e ’ngoe haufi le moo ba ne ba tšoarehile, ’me lerato la bona le ntse le le matla. Jesu a bua tjena phuthehong e tšepahalang ea Filadelfia: “Ke tseba mesebetsi ea hao. Bona, ke butse monyako pel’a hao, o ke keng oa koaloa ke motho.”—Tšenolo 3:8.

18. Ke mosebetsi ofe o tla thusa ho boloka ‘lerato la rōna la pele’ le phela?

18 Ke liketso life tse tla thusa paki ea Jehova ea kajeno ho boloka ‘lerato leo e neng e e-na le Iona pele’? Har’a tsona, ke liketso tse tumellanong le taelo ea Jesu: “E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle” (Mattheu 28:19) Harold King le moapostola Pauluse ba ile ba lemoha bohlokoa ba sena. Ke ka lebaka leo Pauluse a ileng a eletsa Baefese hore ‘maoto a bona a roale mafolo-folo a Evangeli ea khotso’ le ho itlhomella ka “lerumo la Moea, e leng lentsoe la Molimo.”

19. Ho fana ka boboleli, hoo e leng bopaki ba cheseho ea rōna, ho boetse ho haha cheseho ea rōna joang?

19 Ho na le kamano e haufi haholo pakeng tsa cheseho le mosebetsi oa ho bolela le ho etsa barutuoa. Ke ’nete hore cheseho e re etsa hore re batle ho etsa mosebetsi ona. Empa mosebetsi oa ho bolela le oona o tla re putsa ka ho tsosa cheseho ea rōna. Hoba Jesu a bolele ho mosali oa Mosamaria, a re ho balateli ba hae: “Sejo sa ka ke ho etsa thato ea ea nthomileng.” (Johanne 4:34) O ne a fepehile hantle le ho haheha ke ho ruta ’nete. Ka ho tšoanang, ha re bua le ba bang ka ’Muso oa Molimo, hona ho hatisa lintlha tsa bohlokoa likelellong tsa rōna le lipelong ’me ho haha matla a rōna hore re sireletse ’nete. (1 Petrose 3:15) Ho feta moo, ha moea oa Molimo o re tšehetsa mosebetsing ona, re fetoha ‘ba chesehang moeeng’ ’me re bona o sebetsa ho ba bang.—Ba-Roma 12:11.

20. Ke kamano efe e pakeng tsa boboleli le boithuto ba botho bo re bolokang re le matla?

20 Na ho bolella ba bang ho nka sebaka sa boithuto ba botho? Che. Ho hlokahala ho leka-lekana pakeng tsa lintho tsena tse peli. Haeba re e-ja lijo tse ngata tsa nama empa re sa thapolle ’mele, qetellong ’mele ea rōna e utloa bohloko. Ka lehlakoreng le leng, haeba re ithapolla ’mele haholo empa re sa je lijo tse lekaneng, qetellong ’mele ea rōna e-ea khathala. Ka ho tšoanang, haeba re ithuta haholo empa re sa bolelle ba bang, ho tla etsahala hore re be ba sa leka-lekaneng. Moapostola Petrose o amahantse “ho sebetsa” le ho ba “chatsi likelellong.” (1 Petrose 1:13, Phet. e Ncha) Haeba re bolella ba bang empa re sa ithute—haholo haeba batho bao re ba bolellang ba sa nke bohato—joale re ka ’na ra khathala. Leha ho le joalo, haeba re tšoareha boithutong ba botho ’me joale re ee re bolelle ba bang seo re ithutileng sona, re tla lula re phela hantle moeeng.

Lopolla Linako

21, 22. (a) Satane o beile tšitiso efe e kholo ho bolokeng ha rōna ‘lerato la rona la pele’? (b) Pauluse o ile a buella hore Ba-Efese ba hlōle tšitiso ee joang, ’me ke hobane’ng ha re lokela ho latela keletso ea hae?

21 Stanley Jones, ha a hlalosa bothata bo bong bo boholo boo a ileng a talimana le bona chankaneng, o itse: “Ke ne ke e-na le nako e ngata haholo.” Bothata ba hae bo ne bo fapane haholo le ba Lipaki tsa Jehova tse ngata. Ba bangata ho rōna ba haelloa ke nako habohloko. Hobane’ng? Moapostola Johanne o itse: “Lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe.” (1 Johanne 5:19) Lefatše la Satane le phathahantse batho hoo ba fokolloang ke nako ea ho nahana, re se re sa re letho ka nako ea ho ithuta. Ha re karolo ea lefatše, empa kannete re utloa liphello tsa tsela eo le phelang ka eona. Ha “e mobe” a sebelisa tšusumetso ea Iona, o rata ho re boloka re tšoarehile hoo tšebeletso ea rōna ho Molimo e se nang sebaka.

22 Pauluse o ile a elelloa bothata bona ’me a nea Ba-Efese keletso ena ea bohlokoa: “Iponeleng hore le tsamaee ka kelello, e seng joale ka maoatla, e mpe e be joale ka ba bohlale. Lopollang linako, hobane mehla e se e le mebe. Ka baka leo, le se ke la etsa ka booatla, le mpe le tsebisise hantle ho ratoang ke Morena.” (Ba-Efese 5:15-17) Haeba re hlōloa ho lopolla nako ho etsa “thato ea Morena [Jehova],” khatello ea ho phela ‘mehleng ena e mebe’ e ka tapisa lerato la rōna.

23. Ke boithuto ba mofuta ofe ba botho le mosebetsi oa ho bolela tse tla boloka ‘lerato la rōna la pele’ le phela?

23 Ke ’nete hore Bakreste ba bang ba na le litlameho tse boima kapa baa kula ’me kahoo ba sitoa ho etsa ho hongata tšebeletsong ea Molimo. (Luka 21:1-4) Empa tumellanong le keletso ea Pauluse ho makhoba a Bakreste, eng kapa eng eo re ka e etsang e lokela ho etsoa ka “moea ’ohle.” (Ba-Efese 6:5, 6) Boithuto ba botho bo ke ke ba e-ba monate haeba re utsoa nako pakeng tsa mananeo a thelevishene. Ka ho tšoanang tšebeletso ea rōna ea tšimo ho hang e ke ke ea boloka ‘lerato la rōna la pele’ le cheseho li phela haeba re “intša molatong” ka hora kapa tse peli ka khoeli pakeng tsa linako tsa boikhathollo.—Bapisa 1 Timothea 4:8.

Ho Rapella Thuso

24. Ke thuso efe e ’ngoe ea bohlokoa boemong ba rōna ba moea eo Pauluse a e boletseng ho Ba-Efese?

24 Ha Pauluse a phetha puo ea hae ka “lihlomo tsohle tsa Molimo,” a phehella balumeli bahabo ho amohela ‘lerumo la Moea, e leng lentsoe la Molimo. Ba rapele ka Moea ka mehla, ka merapelo eohle.’ (Ba-Efese 6:17, 18) Haeba re lula haufi le Jehova ka thapelo, re ke ke ra lahleheloa ke ‘lerato la rōna la pele’ le haeba re tlameha ho mamella likhatello tse ngata, kapa, joaloka Johanne, re sebelitse ka lilemo tse telele tsamaisong ena ea lintho. Lengolong le leng Pauluse a re: “Nka etsa tsohle ka Kreste ea mphang matla.”—Ba-Filippi 4:13.

25. Ka bokhutšoanyane, Jehova o entse litokisetso life ho re thusa ho qoba ho lahleheloa ke ‘lerato leo re neng re e-na le lona’?

25 E, nako le nako ba bangata ho rōna rea khathala. Empa molaetsa oa Jesu ho phutheho ea Efese o bontša hore re ka qoba ho felloa ke ‘lerato leo re neng re e-na le Iona pele’ ’me re tlameha ho ho qoba. Joalokaha Jehova a ile a thusa Ba-Efese ka Pauluse, Timothea le ba bang, kajeno o re thusa ka phutheho ea hae. Haeba le rōna re ikoetlisetsa ho thabela ho ithuta le ho nahanisisa le ho ‘ba chatsi likelellong’ bakeng sa tšebetso e ntle ea ho bolella ba bang seo re ithutileng sona, re ntse re rapella hore Jehova a re thuse ho mamella ho etsa thato ea hae, joale re etsa mosebetsi o motle. Tumellanong le seo moapostola Pauluse a se boleletseng Ba-Galata, ha a re “re se ke ra khathala ke ho etsa hantle, hobane re tla kotula nakong ea teng, ha re sa tepelle.”—Ba-Galata 6:9.

U Ka Arabela Joang?

◻ Haeba re sa bee nako ea ho ithuta le ho nahanisisa ka Lentsoe la Molimo, ho ka ’na ha etsahala joang ka lerato la rōna ho Jehova?

◻ Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho rōna hore re se ke ra ithuta feela linnete tse ncha empa hape le linnete le metheo tseo re seng re kile ra li utloa?

◻ Ke hobane’ng ha ho bolella ba bang e le habohlokoa hore re boloke ‘lerato la rōna la pele’?

◻ Ho ithuta le mosebetsi oa ho bolela li sebelisana joang ho re boloka re phela hantle moeeng?

◻ Ke hobane’ng ha re sa lokela ho lahla thapelo le ka mohla ha re loanela ho boloka ‘lerato leo re neng re e-na le Iona pele’?

[Setšoantšo tse leqepheng la 20]

Ho ithuta ho ka thabisa, ’me hape ho nchafatsa lerato la rōna ho Molimo

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Ho bua le ba bang ka ’nete ho tiisa lerato la rōna ho Jehova

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela