Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 6/15 maq. 3-4
  • U Sebelisa Lebitso Lefe Bakeng sa Molimo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U Sebelisa Lebitso Lefe Bakeng sa Molimo?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Molimo o Hlile o Na le Lebitso?
  • Lebitso le Leholo ho ’Ohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lebitso la Molimo
    Tsoha!—2017
  • Na Lebitso le Lokela ho Sebelisoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lebitso la Molimo ke Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2019
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 6/15 maq. 3-4

U Sebelisa Lebitso Lefe Bakeng sa Molimo?

Na u tseba lebitso leo Bibele e le sebelisang hangata ho feta lebitso leha e le lefe? Na u ka re Davida? Abraham? kapa Jesu?

Haeba u hopotse le leng ho mabitso ana, u lokela ho thahasella lethathamo lena haholo, hobane lebitso la bohlokoahali ka Bibeleng le sebelisoa hangata ho feta mabitso ao oohle a kopane hammoho.

PHATLALATSO ea bolumeli e bontša hore ha u re u rata motho e mong u bitsa motho eo ka lebitso. U ke ke ua re: “Monna, kea u rata.” Kapa: “Mosali, kea u rata.” Ho e-na le hoo, u ne u tla re: “Thabo, kea u rata.” Kapa: “Matšeliso, kea u rata.” Joale e-ea botsa: “U ka fa Molimo lebitso lefe ho mo mothofatsa le ho mo etsa motsoalle?”

E bua ka potso ena leqephe kaofela, le hanngoe feela e sa bolele lebitso leo Molimo o ipitsang ka lona. E-ea phetha: “Ho ho uena hore na u khethela Molimo lebitso lefe.” Empa, na ho ne ho ke ke ha e-ba molemo ho sebelisa lebitso leo Molimo o ikhethetseng lona, le sebelisoang ka makhetlo a likete ka Bibeleng?

Na Molimo o Hlile o Na le Lebitso?

E, o na le lona. Ka Seheberu le Segerike tseo Bibele e neng e ngotsoe ka tsona qalehong, lentsoe “molimo” kamehla le ne le sa bolele Molimo oa ’nete. Joaloka tabeng ea Senyesemane, le ne le ka sebelisoa bakeng sa melimo ea bohata le litšoantšo tse rapeloang. E be Molimo oa ’nete le ’Mōpi a ka khetholloa joang melimong e entsoeng ke batho? Ka ho sebelisa lebitso la botho. Empa batho ba bangata ha ba tsebe lebitso la Molimo, ’me ke ba fokolang haholo ba le sebelisang kajeno.

Ha e le hantle, e ka ’na ea ba ha ho mohla u kileng ua bona lebitso la Molimo ka Bibeleng ea hao. Hobane’ng? Hobane mohlomong batho ba fetoletseng Bibele ea hao Sesothong ba le fetotse. E ka ’na eaba ha ba ka ba lumellana le bangoli ba Bibele bao Molimo o ba bululetseng hore ba sebelise lebitso lena ka makhetlo a likete-kete Mangolong a Seheberu.

Authorized Version, e sebelisitsoeng ka nako e telele ke babali ba buang Senyesemane, e na le lebitso la Molimo, e seng ka makhetlo a 7 000 a hlahang Seheberung, empa ka makhetlo a mane feela—ho Exoda 6:3; Pesaleme ea 83:18 le Esaia 12:2; 26:4. Ho na le liphetolelo tse ling tse sa sebeliseng lebitso la Molimo ho hang. Li tlositse lebitso la Molimo bukeng ea hae!

Ho totobetse hore LEBITSO lena e ne e le la bohlokoa ho feta mantsoe ao bafetoleli ba a sebelisitseng bakeng sa lona, ka hona liphetolelo tse ling li hatisa mantsoe a nkileng sebaka ka litlhaku tse khōlō, ho etsa hore babali ba rutehileng ba tsebe moo lebitso la Molimo le hlahang teng mangolong a pele. Encyclopedia e tsebisahalang e-ea hlalosa: “Ho hopoloe hore lebitso la Seheberu Jehova ka kakaretso le sebelisoa e le lentsoe Morena (ka linako tse ling e le Molimo), phetolelong ea Senyesemane, ’me le hatisoe ka litlhaku tse khōlō tse nyenyefalitsoeng.” Ka hona ha u bona lentsoe “Morena” le ngotsoe ka tsela ena, mofetoleli o u bolella hore lebitso la Molimo, JEHOVA, le sebelisitsoe puong ea mathomo.—Cyclopedia ea McClintock le Strong, 1981, Moqolo oa IV, leqephe 811.

Hore na u bone lebitso lena ka Bibeleng ea hao kapa che, le ne le le teng mangolong a pele a Seheberu. Liithuti tsa Sejeremane Keil le Delitzsch li supa hore polelo “Jehova Elohim” (Jehova Molimo) e hlaha ka makhetlo a 20 litemaneng tse ka tlaase ho 50 tsa Genese likhaolo 2 le 3. Li bolela hore “e sebelisoa ka khatiso e khethehileng, ho phahamisa ntlha ea hore ruri Jehova ke Elohim,” kapa Molimo.—Commentary on the Old Testament, ea Keil le Delitzsch, 1973, Moqolo oa 1, maqephe 72, 73.

Ha e le hantle, lebitso la Jesu le bolela “Poloko ea Jah [Jehova].” ’Me nako efe le efe ha u re “Alleluya” u bolela lebitso la Jehova ka mokhoa o khutsufalitsoeng oa ho thothokisa. U ka sheba Alleluya ka bukeng e hlalosang mantsoe ’me u iponele hore e bolela ‘Rorisa Jah,’ kapa ‘Rorisa Jehova.’

Hopola, Jehova ke lebitso la Molimo. Ke lebitso leo A le khethileng hore a tsejoe ka lona. Na u ka rata ho tseba hore na tšebeliso ea lebitso lena e ka atolosa kananelo ea hao ka Molimo le merero ea hae joang? Seo ke ’moko oa sehlooho se latelang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela