Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 5/1 leq. 6
  • “Molimo ke Oona o Melisang”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Molimo ke Oona o Melisang”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Peō e Lokela ho Nosetsoa e le Hore e Hōle
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • Molimo oa Melisa—Na U Phetha Karolo ea Hao?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Tumellano ea Bibele ka Kakaretso
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
  • Ke “Molimo ea Hōlisang”!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 5/1 leq. 6

“Molimo ke Oona o Melisang”

Molemi a ka jala peō, a e nosetsa le ho e hlaholela, empa o tlameha ho ema ka sebete hore Molimo o hōlise. Ho joalo le ka basebeletsi ba Bokreste. Joalokaha moapostola Pauluse a itse: “’Na, ke hlomile, Apollose eena o noselitse, empa Molimo ke oona o melisitseng.” (1 Ba-Korinthe 3:6) Le hoja re ka bolela ‘litaba tse molemo’ le ho ruta batho Lentsoe la Molimo ha ba thahasella, ke Molimo o etsang hore “peō,” kapa lentsoe le hlomiloeng, le fihle khōlong ea Bokreste e tletseng, joalokaha phihlelo e latelang e bontša.—Mattheu 24:14; Luka 8:11-15.

“Ka 1953 ke ile ka qalisa thuto ea Bibele le Mable le ’mè oa hae. Ra ithuta ka makhetlo a mararo. Empa monna oa Mable o ne a hanyetsa hoo a ileng a rekisa ntlo a fallisa lelapa. Mable o ne a rata Bibele hoo ke neng ke atisa ho ipotsa hore na ho etsahetse joang ka eena.

“Khoeling e fetileng ka fumana lengolo lena, le ileng la nthusa hore ke ananele hore ke Jehova ea hōlisang ‘peō.’

‘Virginia Moratuoa,

‘Qetellong re bana ba motho kamorao ho lilemo tsena tsohle. Ke na le tšepo ea hore ha u-ua ka ua nahana hore ke lahlile ’nete ho hang. Ho nkukile lilemo tsena tsohle ’me qetellong moea oa Jehova oa etsa hore ke be matla ka ho lekaneng hore ke ikemele.

‘Hangata ke ne ke nahana ka “peō” eo u e jetseng lilemong tsa khale hakana, ’me ke ne ke batla ho u tsebisa feela hore qetellong ke ile ka ho khona.”’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela