Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 10/15 maq. 26-32
  • Ho Fumana Thabo e Leka-lekaneng Meketeng ea Machato

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Fumana Thabo e Leka-lekaneng Meketeng ea Machato
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Lekanyetsa Lintho Hoa Hlokahala
  • Tsamaiso e Tsoa ho Mang?
  • Ke Bo-Mang ba tla ba Teng?
  • Thusa Bohle ho Fumana Thabo
  • Machato a Thabisang a Hlomphang Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Bontša Tumelo ka Tsela eo U Phelang ka Eona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • U ka Hlophisa Lechato le Tlotlisang Jehova Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Machato a Tlotlisang Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 10/15 maq. 26-32

Ho Fumana Thabo e Leka-lekaneng Meketeng ea Machato

1, 2. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho ela hlōko mekete ea machato kajeno? (b) Mekete ke ea bohlokoa hakae?

MOHLOMONG u se u bone bopaki bo bongata bo netefatsang hore “mehleng ea qetello” batho ke “ba ratang menate ea nama, e seng Molimo.” (2 Timothea 3:1-4) Bopaki ba sena bo ka bonoa habonolo ka tsela eo ba bangata ba talimang mekete ea lechato kateng le ka tsela eo ba itšoarang ka eona meketeng eo.a Re lokela ho ba le pono efe ho see? Na Bakreste ba lokela ho qoba mekete ea machato kapa ho ea ho eona? Kapa na taba ke hore, hore re be ‘barati ba Molimo’ ho hlokahala re qobe maraba a itseng?

2 Ho sa tsotellehe hore na tikolohong eo ho tloaelehile hakae hore ho etsoe mokete ha banyalani ba qeta ho tiisa lenyalo, ka sebele Mangolo ha a tlame Bakreste ka letho ho etsa joalo. Ho e-na le hoo banyalani ba bang ba rata ho bōkana feela le ba haufi ba lelapa kapa metsoalle e seng mekae e haufi haholo, mohlomong ho thabela lijo tse khethehileng le bona. Empa ho ba teng moketeng oa lechato kapa ho ba le oona ka bohona ho ke ke ha lekanngoa le ho ba ea “ratang menate ea nama,” hobane Jesu le barutuoa ba hae ba bile moketeng o joalo Kana.

3. Mehleng ea Bibele mekete ea machato e ne e tloaelehile hakae?

3 Lechato ke nako ea ho thaba ho ba chatang, le ho beng ka bona le metsoalle. Mekete e thabisang ea machato ke ntho ea khale. (Genese 29:21, 22; Baahloli 14:3, 10, 17) Kaha Bajode ba ne ba tloaelane le mekete ea machato, Jesu o ne a ka e sebelisa litšoantšong tse tharo. (Mattheu 22:2-14; 25:1-13; Luka 14:7-11) Le buka ea ho qetela ea Bibele e re: “Ho lehlohonolo ba bilelitsoeng mokete oa lenyalo la Konyana.”—Tšenolo 19:9.

4. Mekete e mengata ea machato e ’nile ea ba joang?

4 Bahlanka ba Molimo nakong e fetileng—ho kopanyelletsa Jesu le barutuoa ba hae—ba ile ba fumana thabo e leka-lekaneng meketeng ea machato. Le Bakreste ba bangata mehleng ea rōna ba fumane thabo e joalo. Motho e mong oa seng ea sa lumelang ea ileng a ea lechatong le leng Afrika Boroa o itse: “Ke ne ke sa tsebe hore Lipaki li na le machato a monate hakana. Re khathetse ke ho noa hona hohle le ’mino o lerata o letsoang machatong a morao tjena.” Mekete e mengata ea Bokreste e ne e tla tšoaneleha bakeng sa thoriso e tšoanang.

5. Ke mathata a mofuta ofe a ’nileng a hlaha?

5 Leha ho le joalo, khatello e tsoang lefatšeng ea ho ba “ba ratang menate ea nama” e matla. Ka baka leo baholo ba bang ba Bakreste baa tlaleha:

“Ba ’maloa ba sebelisa hampe monyetla ona [mokete oa lechato] ho lokoloha. Ba bea lebaka la hore ha ho na menyetla e mengata e joalo, kahoo ba batla ho etsa ho hoholo ho ikhatholla, ho lokolla litakatso tseo e saleng li tšoeroe ka nako eohle. Ha ho makatse hore e be moea ke o hlaha.”—Europa.

“Ho bonahala hore mokete oa lenyalo o entsoe ka puo, ho ja e be joale hoa tjekoa ho fihlela ha meso e roalella. Ba bang ba ikutloa hore meketeng ba ka noa ho feta mehla, ’me hangata ba noa haholo.”—Latin Amerika.

“Mokete oa lechato o ka ’na oa akarelletsa ‘ho tjeka ho fihlela hoseng.’ Mekete e meng ruri ke ea bolefatše—lerata le tšabehang, ka ho noa ho hoholo le motjeko oa lefatše. Ba bangata ba leka ho iponahatsa ka mose o theko e boima le mabokose a mangata a libiri.”—Afrika.

Ho Lekanyetsa Lintho Hoa Hlokahala

6. Re ka ithuta eng ka mekete ea Bajode ho se boletsoeng Kana?

6 Batho ba bangata baa tseba hore moketeng oa lechato Kana, Jesu o ile a fetola metsi veine. Leha ho le joalo, hopola ntlha ena: “Eare ha motsamaisi oa mokete a latsoa metsi a fetotsoeng veine . . . a bitsa monyali ’me a re ho eena: ‘Batho bohle ba ee ba bee veine e monate pele, ’me ere hobane batho ba tahoe, e be [ba bea] e botsoa.” ’ (Johanne 2:9, 10, NW) Empa ha a ka a bolela hore moketeng oo bamemuoa ba ne ba ‘tahiloe.’b Ha e le hantle, ha ho utloahale hore Jesu o ne a ka tšehetsa botahoa ’me a bo hōlisa ka ho eketsa veine. Ho ntse ho le joalo, monna enoa o ne a tseba hore ho noa haholo ho ne ho tloaelehile meketeng ea machato ea Bajode.

7. Mokreste o lokela ho nahana eng ka ho fepa joala?

7 Meketeng e meng ea lechato ha hoa ka ha lokisetsoa hore ho be le joala, kahobane tikolohong eo ho tloaelehile hore batho ba noa hampe, ’me kahoo ba qoba ho bea tekong momemuoa ofe kapa ofe ea neng a e-na le bothata ba ho noa. Baena ba itseng ba Maafrika ba bile ba bolela hore ho se fepe joala ho hlekela “lechato la Bokreste le hloekileng.” ’Me ke ’nete hore ho se be le lino tse tahang e ka ’na ea e-ba bohlale metseng eo maikutlo a batho a leng matla khahlanong le hore Bakreste ka noe joala. (Ba-Roma 14:20, 21) Ho ntse ho le joalo, ho hlokahala ho leka-lekanya litaba. Ipotse, Na mokete oo Jesu a bileng ho oona o ne o le ‘litšila’ hobane ho ile ha fepuoa veine? Bibele e nyatsa botahoa, e seng ho noa joala ka ho leka-lekana.—Liproverbia 23:20, 21; 1 Petrose 4:3.

8, 9. (a) Haeba ho fepuoa joala, ho ka bolokoa ho leka-lekana joang? (b) Moholo e mong o itse’ng ka bothata bona?

8 Haeba banyalani ba lakatsa ho ba le joala moketeng oa bona, ba tla be ba le bohlale ebile ba nahanela haeba ba hlokomela hore joala bo sebelisoa ka tekano. (1 Timothea 3:2; Mattheu 23:25) Ka mohlala, moketeng Kana, bamemuoa ba ne ba fepuoa joang? Ka ho totobetseng ke “bahlanka.” (Johanne 2:5, 9) Kahoo banyalani ba ka ’na ba khetha batho ba tla fepa lino (mohlomong le ho lekanyetsa bongata ba tsona). Ha e le hantle, moketeng leha e le ofe oa Bokreste, ho lokela ho ba le lino-mapholi bakeng sa ba li batlang, kapa ba ka ’nang ba khetha tsona.

9 Moholo Amerika Bohareng o hlalositse: “Bothata e ’nile ea e-ba hore mekete e ba meholo haholo, kahoo ha ho na mokhoa oa ho laola bohle ba teng. Ka linako tse ling batho ba lefatše ba ’nile ba senya meketjana e joalo, ba tla le libotlolo tsa joala le ho baka mahlabisa-lihlong.” Kahoo ke mang ea tla laola kapa ho tsamaisa lintho? Ho tla tla batho ba bakae? Ho tla etsahala’ng meketeng e joalo?

Tsamaiso e Tsoa ho Mang?

10. Ke ho latela pontšo efe ea Bibele ho ka ’nang ha tlatsetsa taolong e molemo moketeng?

10 Moketeng Kana, ho ne ho e-na le “motsamaisi oa mokete.” (Johanne 2:9, NW) Ka ho tšoanang, meketeng kajeno moena ea tšoanelehang, ea ikarabellang a ka ’na a laeloa ho hlokomela maemo. Haeba a tseba lintho tse ngata tse ratoang ke ba chatang, a ka tseba ho laola libini, bafepi le ba bang, kapa a ka iteanya le banyalani. Hoo ho ka ’na ha akarelletsa ho laola bahlokomeli. Motsamaisi hammoho le bahlokomeli ba tla khona ho thusa bamemuoa le ho sebetsana ka katleho le bafe kapa bafe ba ‘senyang mokete.’ U hopotse ka mokhoa oa tsamaiso, hlokomela se etsahetseng setšoantšong sa Jesu ka moeti ea ileng a bontša ho hloka hlompho moketeng oa lechato.—Mattheu 22:11-13.

11. Ho lokela ho nahanoa eng ha ho khethoa motho ea tla thusa banyalani ho tsamaisa litaba?

11 Meketeng e mengata ea lefatše mookameli oa holo kapa motsamaisi oa sehlopha sa ’mino e ba motsamaisi oa litšebeletso. A ka ’na a tseba mokhoa o tloaelehileng kapa mohlomong a lokisetsa puo kapa metlae. Empa haeba u batla mokete o lumellanang le metheo ea Bokreste, na u ne tla ba le monna oa lefatše—eo e neng e se moena oa hao oa moea kapa setho sa lelapa leno—hore a buoe le bamemuoa kapa e be eena ea shebiloeng? Na hoo ho ne ho tla lumellana le keletso ea hore “a re etseng bohle hantle, empa haholo ba ntlo ea tumelo”?—Ba-Galata 6:10.

12. Bibele e fana ka tlhahiso efe mabapi le ea ikarabellang haholo bakeng sa se etsahalang moketeng?

12 Ka linako tse ling batsoali ba monyaluoa kapa monyali ba ba thusa ka ho lefella mokete oa lechato. Kahoo batsoali ba ka ’na ba ikutloa hore ba lokela ho laola tabeng ea hore na ho mengoa bo-mang, mofuta oa lijo le lino tse tla fepuoa kapa hore na lenaneo le tla ba joang. Bibele ha e bolele hore na ke mang ea ileng a lefella mokete Kana, empa e re bolella hore ha ho hlaha taba ea bohlokoa ‘motsamaisi oa mokete a bitsa monyali.’ (Johanne 2:9, NW) Ho ea ka Mangolo, moketeng oa lechato, monyali ke hlooho ea lelapa le thomehileng bocha. (Ba-Efese 5:22, 23) Kahoo, kaha monyali o tla tlameha ho ela hloko ka lerato lintho tse ratoang ke monyaluoa oa hae letsatsing lena le khethehileng, le lintho tse ratoang ke malapa a bona, haholo-holo ho hlokahala hore a ikarabelle ka se tla etsahala le se sa tl’o etsahala.

Ke Bo-Mang ba tla ba Teng?

13. Mekete ea machato e ne e le meholo hakae mehleng ea Bibele?

13 Ha re tsebe hore na mekete ea machato e ne e le meholo hakae mehleng ea Bibele. Lechato la Samsone le ne le kopanyelletsa batsoali ba hae, metsoalle e 30 ea monyaluoa oa hae ’me mohlomong metsoalle e meng kapa beng ka bona. (Baahloli 14:5, 10, 11, 18) Bamemuoa meketeng ea Bajode e ne e le barapeli ’moho ba tsoang motseng hammoho le baeti. Jesu le barutuoa ba hae, ba e-tsoa kae kae Galilea, ba ea moketeng Kana. Bongata ba veine e ileng ea hlahisoa bo bontša hore batho ba ne ba le bangatanyana.—Johanne 2:1, 2, 6.

14, 15. Ba bang ba ile ba lokisetsa joang mekete eo ho ‘menngoeng motho e mong le e mong,’ empa ke mathata afe a ka hlahang?

14 Kajeno, litloaelo le lintho tse ratoang mabapi le mofuta le boholo ba lechato lia fapana. Libakeng tse ling ke tloaelo ho mema batho bohle; ho amoheloa Bakreste bohle bao e leng metsoalle ea ba chatang. Ba ka ’na ba fepuoa lino-mapholi tse seng kae, sepheo e se ho khotsofatsa takatso ea e mong le e mong empa ho ba lumella ho bolela litakaletso tse molemo le ho thabela botsoalle bo mofuthu. Kae kae lipokanong tse bulehetseng metsoalle eohle, batho ba bangata ba tla le lijo—lijo tse phehiloeng, lino kapa limenyemenye. Bohle ba ithaopelang joalo ba ba le thabo ea ho kenya letsoho ’mokeng, ’me e mong le e mong a ka thabela lijo tse fapaneng ntle le hore moroalo o oele holim’a banyalani kapa leha e le mang.—Liketso 20:35.

15 Ho ea ka seo re se balang litšoantšong tsa Jesu, ho bonahala hore hangata machatong a Bajode ho ne ho fanoa ka lijo tse ngata. (Mattheu 22:2; Luka 14:8) Ha e le hantle, ho ba le lijo tse feletseng moketeng kajeno bakeng sa bamemuoa bohle ho hloka tokisetso e khōlō. ’Mè e mong Amerika Leboea o boletse phihlelo ena e bohloko:

‘Ha ho thoe ho na le lechato, bacha ba tsoang sebakeng se seholo baa itlhahisa hore ba tl’o ja lijo tsa mahala le ho tla tjeka. Ha batho ba memiloeng ba le Holong ea ’Muso, bacha ba bang ba ea holong eo ho lokiselitsoeng lijo ho eona ’me ba nka hohle ho neng ho le teng litafoleng. Ha ke fihla eaka nka lla, hobane ho ne ho se sebaka. Ke ne ke utloile bohloko hampe ka ho haelloa ke lerato ho bontšitsoeng ka ho senya lechato le ho ja lijo tse beiloeng ke mong’a tsona bakeng sa metsoalle e haufi le beng ka eena.’

16. Ke’ng seo re ka ithutang sona ka Bibeleng mabapi le bamemuoa machatong?

16 Maria, Jesu le barutuoa ba hae ha baa ka ba senya mokete Kana; ba ne ‘ba memiloe.’ (Johanne 2:1, Phetolelo e Ncha ea Sesotho) Jesu a re, ‘Enore ha u memetsoe moketeng oa lenyalo . . . ’ (Luka 14:8, 9, 16, 17, NW) Setšoantšong sa lenyalo la mor’a morena, Jesu o boetse o buile ka ‘ba memiloeng.’ (Mattheu 22:3, 9, 10) Ho feta moo, ha motho ea memiloeng a sa bontše hlompho, bahlokomeli ba laeloa hore ba mo ntše. Setšoantšong se seng, baroetsana ba bahlano ba neng ba rata ho kopanela moketeng oa lenyalo ba hlile ba thibeloa hore ba se kene monyako. (Mattheu 22:11-13; 25:10-12) Kahoo ha hoa lokela ho makatsa haeba mokete e le oa ba memiloeng feela le hore batho bana ba lokela ho apara ka mokhoa o loketseng. ’Me hoa utloahala hore mosa oa mong’a mokete ha oa lokela ho akaretsa batho ba amehileng haholo ka lijo le boithabiso.—Ba-Filippi 3:18, 19; Moeklesia 5:11.

17. Ke bothata bofe bo hlahang ka boholo ba mekete ea machato?

17 Haeba banyalani kapa beng ka bona ba lakatsa ho etsetsa bamemuoa ba bangata lijo tse feletseng, hoo ho tla bitsa chelete e ngata. (Bapisa Mareka 6:35-37.) Tlaleho e tsoang Pacific e re:

“Ho na le tšekamelo ea ho fetelletsa mekete. Ba bang ba kena likolotong hore ba be le mokete o moholo, kahoo ba qala bophelo ba lenyalo ka likoloto. Hangata ho bonahala ba etsa sena hobane ba sa rate ho lahleheloa ke botumo, kahoo ba etsa mokete o ka ’nģane ho matla a bona.”

Ho soabisa hakaakang ha banyalani ba bacha ba qala bophelo ba lenyalo ba imetsoe ke melato e ka senyang kamano ea bona. Kapa ba tla ikutloa joang ha ba tseba hore batsoali ba bona ba tobane le bothata ba ho lefa litšenyehelo tse khōlō tsa mokete o moholo? Batho ba lefatše ba ka ’na ba ikhethela ho ba le sekoloto se seholo sa lechato ka baka la takatso ea ho ikhohomosa hore ba bang ba tsote boholo ba lechato kapa ho boloka botumo motseng. (Liproverbia 15:25; Ba-Galata 6:3) Empa na Bakreste ba lokela ho ba joalo, ho ea ka seo re se balang ho Luka 12:29-31?

18, 19. (a) Ke hobane’ng ha ba bang ba ile ba khetha ho ba le mekete e meholo? (b) Re lokela ho itšoara joang haeba re sa menngoa moketeng oa motsoalle? (Luka 14:12)

18 Ntho e susumelelitseng ba bang ho ba le mekete e meholo e bile takatso ea ho lekana le ba bang kapa ho ba fetisa. Baholo Afrika Bophirima ba hlalositse:

“Ba bang ba kena litšenyehelong tse boima ka lino-mapholi. Ea etsang mokete o theko e boima oa lechato ke moetelli pele. Hona ho baketse ba se nang sebete sa ho etsa lintho ka tsela e fapaneng mathata. Ho ikhantša ka lintho tseo u nang le tsona ho ka ’na ha khopisa ba bang ’me ho leka ‘ho ipapisa le bo-’nyeo’ ha ho hlokahale.”—Bona 1 Johanne 2:15-17.

19 Ba bang ba ikutloile ba qobelleha ho etsa mokete o moholohali ka baka la ho tšaba ho baka khopiso. Ba nahana hore haeba metsoalle e itseng e sa mengoe, e tla utloa bohloko. Ka lebaka leo, ho memuoa ba bangata ho feta kamoo ho ka khonehang. Leha ho le joalo, ha re bua re tiile, ke mang har’a rōna ea ka ratang hore metsoalle ea rōna e tšabe ho re hlokomoloha hakalo hoo e ka qoelang molatong ’me mohlomong e lahleheloe ke tšebeletso ea nako e tletseng? Haeba re sa mengoa, ho molemo hakaakang ho ba le tšepo ea hore ba ile ba lekanyetsa lintlha tsohle ka bohlale, ho akarelletsa le lichelete. Ho se re meme ha bona ho ka ’na ha bontša hore ba tšepa hore re hōlile tsebong le hore re ke ke ra potlakela ho koata. (Moeklesia 7:9; 1 Ba-Korinthe 13:4-7) Re santsane re ka kopanela le bona thabong ea bona ka ho ba teng puong ea lechato e theiloeng Bibeleng, e leng karolo ea bohlokoahali. Haeba re nkela puo ena tlaase ho feta mokete, na re tla be re sa fetoha “ba ratang menate ea nama, ho e-na le Molimo”?—2 Timothea 3:4, NW.

20. Ho fokotsa boholo ba mokete ho ka ’na ha felisa mekhoa ea mofuta ofe?

20 Ho lekanyetsa boholo le litšenyehelo tsa mokete ho boetse ho tla thusa ho qoba mekhoa e sa rateheng. Ka mohlala, takatso ea chelete e susumelitse ba seng ba kae ho reka lesela le khethehileng bakeng sa liaparo tsa lechato, e be ba kōpa baetsana ba lechato ho le reka ho bona ka theko e phahameng. Bamemuoa meketeng e meng ba tlameha ho “reka” likarolo tsa kuku kapa ho “lefa” haeba ba batla ho tjeka le monyaluoa e mocha, ba qhoaella chelete moseng oa hae. Khatiso e joalo cheleteng e ka ’na ea boetse ea e-ba sesosa sa hore bamemuoa ba bontše hore ba na le chelete ka ho e akhela ho libini kapa ho fana ka limpho tse khōlō e le hore ba ka fumana setulo se khethehileng pel’a ba chatang.—Luka 14:8-11.

Thusa Bohle ho Fumana Thabo

21. ’Mino o nka karolo efe meketeng ea machato?

21 Nakong ea lintoa tsa Maccabees mokoloko oa lechato la Bajode o ne o khahlanyetsoa ke sehlopha “sa meropa e menyenyane le libini.” (1 Maccabees 9:39, The Oxford Annotated Bible; bapisa Pesaleme ea 45:8.) Kajeno, le teng, ho ee ho kopanyelletsoe ’mino meketeng ea machato. O ka ekelletsa thabo ea Bokreste moketeng—kapa oa e tlosa. Ke hobane’ng ha re re o ka tlosa thabo? Mabakeng a mangata ’mino o ’nile oa e-ba lerata le ho se laolehe. Libini tse ling li rata ’mino oa mofuta oa “disco,” kapa li ka ’na tsa rabela ka ho bontša tsebo ea tsona ka mokhoa o fetelletseng haholo. Empa moketeng oa Bokreste hase sebaka sa ho etsa lintho tsena. Na bamemuoa, ba bacha kapa ba baholo, ba ka thabela botsoalle ba Bokreste haeba ’mino o le lerata hoo batho ba qoqang ba lutseng tafoleng ba sa utloaneng?

22. Mathata a ’mino a ka fokotsoa joang?

22 Ka ho hlakileng, ’mino meketeng ea machato o hloka tokisetso e hlokolosi le kelello, haholo-holo ’mino oa sehlopha sa liletsa. Ho molemo ho se meme lihlopha tsa ’mino oa lefatše. Haeba ho na le lihlopha tsa ’mino tse pataloang, monyali kapa moena ea khethiloeng, ka tieo o lokela ho hlalosetsa libini hore na ke ’mino ofe o ka letsoang, le o ke keng oa letsoa. (Exoda 32:6, 17, 18) Ho lokela ho lumellanoa hore ha ho likōpo tse tsoang ho bamemuoa tsa hore ho letsoe lipina tse itseng ka ntle ho tumello ea monyali kapa “motsamaisi” oa mokete. Ka lebaka leo mathata a tloaelehileng ka mofuta oa lerata la sehlopha sa ’mino, banyalani ba bangata ba khethile ho sebelisa mochine o bapalang lirekoto kapa litheipi tse nang le ’mino oo ba o khethileng. Ho be le motho e moholo ea kenyang lirekoto kapa litheipi ea ke keng a khelosoa habonolo ke ’mino o ratoang ke bacha ba sa hōlang.—1 Ba-Korinthe 13:11; Ba-Heberu 5:14.

23-25. Ke mehato efe e meng e sebetsang e ka nkuoang ke ba chatang ho tiisa hore ho ba le ’moka o thabisang oa Bokreste?

23 Bakreste ba chatang ba rata hore bamemuoa ba bona ba hopole mokete oo ka thabo. Kahoo haeba ho le teng ’mino ’me mohlomong le motjeko, o lokela ho lumellana le metheo ea Bokreste. Haeba batho ba bang ba kōpuoa ho bua mantsoe a se makae, ba khethiloeng, seo ba se buang se lokela ho tšoanela ’moka o hlomphehang oa Bokreste.

24 Setšoantšong sa baroetsana ba leshome mokete o ile oa qala “bosiu bo boholo” hobane monyali le ba mo tlatsitseng ba ne ba liehile. (Mattheu 25:5, 6) Tabeng e ’ngoe, seo Jesu a se boletseng ka ho lokisetsa ha morena mokete le ho mema ha bahlanka batho ba neng ba feta ka tsela, ho bontša hore mokete o ne o entsoe motšehare. (Mattheu 22:4, 9) Mehleng ea kajeno mekete e meng e ile ea tsoela pele ho fihlela bosiu-hare, e sa laoleheng hoo Bakreste ba hōlileng ba ileng ba tsamaea hore ba fumane boroko bo lekaneng bosiu. Ho thibela sena, banyalani ba bangata ba leka-lekanyang lintho ba ile ba lokisetsa nako ea ho qala ha mokete le ho fela ha oona. Ka tsela eo bohle ba ka etsa litokisetso tsa bona, ho kopanyelletsa le tšebeletso e loketseng ea Bokreste letsatsing le hlahlamang mokete o thabisang.

25 Mokete oa lechato e ka ba nako e babatsehang bakeng sa thabo e loketseng le e itekanetseng ea Bokreste. Empa mosebetsi oa oona ke’ng mabapi le se latelang—bophelo ba lenyalo la Bakreste ba ’nete?

[Mengolo o botlaaseng ba leqephe]

a Linaheng tse ling, kamor’a tšebeletso ea lenyalo, bamemuoa bohle ba ka ea moketeng moo lino tse bonolo kapa kofi le likuku li fepuoang. Hamorao ba chatang, malapa a bo bona le metsoalle e meng ba kopanela lijo tsa lechato hae kapa ntlong ea lijo. Libakeng tse ling ho etsoa mokete kamor’a lechato—e-bang ke ka lijo tse bobebe kapa mokete.

b Ho tsoa lentsoeng la Segerike methusko, le bolelang “ho tahoa.” Bahlalosi ba bang ba phea khang ka hore lentsoe lena le bolela ho noa feela ka ho lekaneng ho thotofatsa takatso kapa ho hlahisa litšeho. Litemana tse ling ha li tšehetse pono ena.—Mattheu 24:49; Luka 12:45; Liketso 2:15; Ba-Efese 5:18; 1 Ba-Thessalonika 5:7.

Ho Seo re Buisaneng ka Sona, Na u sa Hopola?

◻ Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho ameha ka mekete ea lechato?

◻ Ke hofe ho molemo mabapi le joala meketeng ea machato?

◻ Ke mang ea ikarabellang ka se etsuoang meketeng ea lechato?

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Motsamaisi oa mokete a bonana le monyali mabapi le veine

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela