Hlokomela Sera sa Hao, Diabolose!
“Le tsohe masene, le falimehe; hobane Diabolose, e leng sera sa lōna, o ntse a lika-lika joale ka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang.”—1 PETROSE 5:8.
1. Lipaki tsa Jehova li na le Sera sefe, empa na se ka tsietsoa?
NA U Paki ea Jehova Molimo e inehetseng ka ho feletseng? Haeba ho joalo, u na le sera se mano, sera sa bodiabolose. Ho sa tsotellehe sohle seo se ka se etsang, leha ho le joalo, sera seno se mano se ka tsietsoa. U ka ipaka u tšepahala ho Molimo o Holimo-limo, Jehova. Ntle ho pelaelo, ka tsela eo u ka kopanela ho phahamisoeng ha lebitso le ikhethang la Ntate oa hao oa leholimo. Ka sebele u ka thabisa pelo ea Jehova ’me ua mo nea karabelo ea ho fetola Mosomi e Moholo. E, u ka fumana moputso oa bophelo bo sa feleng thabong ea paradeise.—Liproverbia 27:11; Luka 23:43; Tšenolo 2:7.
2. Moapostola Petrose o itse’ng ka sera se seholo sa rōna?
2 Ho lula u tšepahetse ho Molimo, u tlameha ho hlokomela sera se seholo sa hao. Moapostola Petrose a ngola ka sona: “Le tsohe masene, le falimehe; hobane Diabolose, e leng sera sa lōna, o ntse a lika-lika joale ka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang.” Empa leha ho le joalo, re ka itšireletsa ho sera sena, hobane moapostola o tsoela pele: ‘Hanang ho eena ka ho tiea tumelong, . . . ha le se le utloile bohloko ka litšiuana . . . Molimo oa mehauhelo eohle, . . . o tla le etsa ba phethehileng, o le tiise, o le fe matla.’ (1 Petrose 5:8-10) Mantsoe ao a hlile a tšelisa haholo-holo balateli ba tlotsitsoeng ba Jesu Kreste. Empa, a boetse a bolela ho khethehileng ho bahlanka ba Jehova ba lebelletseng ho phela ka ho sa feleng paradeiseng ea lefatšeng.
3. (a) Re thusoa joang? (b) Satane o sebelisa lira life ho finyella merero ea hae ea bokhopo?
3 Haeba re tla hlokomela Sera sa rōna, re hloka thuso, hammoho le ho tseba maqheka a sona. Jehova Molimo, Jesu Kreste, mangeloi a halalelang le phutheho ea Bokreste ke malala-a-laotsoe ho thusa bohle hore re tšepahale. Ka lehlakoreng le leng, re tlameha ho loana le nama ea rōna e sa phethahalang, tsamaiso ena e khopo ea lintho le Satane Diabolose ka seqo. O susumetsoa ke bolotsana ’me o lula a itokiselitse ho amohela thuso ea lira tse ling tse peli hore a finyelle merero ea hae e khopo.—Johanne 15:19; 1 Ba-Korinthe 9:27.
4. (a) Satane o tsejoa ka mabitso afe a mane? (b) Ke hobane’ng ha Satane a tšoaneloa ke litlotla “Diabolose,” “noha” le “drakone”?
4 Mabitso ao Mangolo a a neang Sera sa rōna a re thusa ho utloisisa hamolemo mamena le mekhoa ea sona. Se bitsoa Satane, Diabolose, noha le drakone. (Tšenolo 12:4, 9, 10) Lebitso la hae Satane, le bolela “Mohanyetsi,” kapa “Sera.” (Jobo 1:6; 2:1) “Diabolose” e bolela “Moetselletsi,” kapa “Monģosi.” Satane o boetse o bitsoa “noha” hobane o ile a sebelisa noha ha a thetsa Eva tšimong ea Edene. (Genese 3:1-7) Hape o bitsoa “drakone” ka lebaka la matla a hae a ho harola.
Lipheo le Merero ea Satane
5. Satane o nkile boemo bofe mabapi le Jehova?
5 Satane Diabolose, eo pele e neng e le e mong oa bara ba Molimo ba leholimo, a qala ho hanyetsa le ho etselletsa Jehova. Morero oa Satane e ne e le ho furallisa batho Molimo, e le hore ba sebeletse boithati ba Satane. Tsela eo Satane a sebelitseng ka eona e totobetsa hore o ne a belaela bonnete ba Molimo, le hore na ho hlile hoa hlokahala hore batho ba itšetlehe ka Jehova le ho lebella bophelo bo tsoelang pele le thabo ho eena. Tsela e nkuoeng ke Satane e bontša ka matla ho belaela ha hae tokelo ea Molimo ea ho busa le mokhoa oo a busang ka oona. Jehova o inehetse motheong oa ho busa ka ho loka hore libōpuoa li mo sebeletse ka ho ithatela ka ho mo rata le ho rata ho loka. Ka lehlakoreng le leng, Satane o bile le maikutlo a hore ho ithuisa ka boithati ke sona sepheo se seholo. Ka mantsoe a mang, o tiisa hore libōpuoa tsohle tse bohlale ke baithati joaloka eena.—Jobo, likhaolo 1 le 2.
6. Tsela ea Satane e senola eng mabapi le lipheo tsa hae?
6 Hore Satane a kene tseleng e joalo ho senola hore o ile a lumella takatso e sa lokang hore e mo hape le ho mo susumetsa. Hona ho totobala le temosong ea moapostola Pauluse ka ho khethela monna ea sa tsoa sokoloha setulo sa bolebeli, ‘e se be a ka ikhohomosa, ’me a oela tsuong ea Diabolose.’ (1 Timothea 3:6) E, ruri ho senotse hore Satane o ne a iphahamisa haholo ’me a hanyetsa Ea Matla ’Ohle, ea Holimo-limo, Morena oa Bokahohle, Morena oa bosafeleng, Jehova Molimo. (Genese 17:1; 2 Samuele 7:28; Pesaleme ea 83:18; 1 Timothea 1:17) Hore takatso e imelang Diabolose e ne e le ho iphahamisa, le hore o ne a honohela hore libōpuoa tse bohlale li rapela Jehova Molimo, ha senoha ha a batla ho nea Jesu Kreste “mebuso eohle ea lefatše” haeba feela a ka ho mo khumamela.—Mattheu 4:8, 9.
7. Ke hobane’ng ha Molimo o sa ka oa timetsa hang-hang bafetoheli Satane, Adama le Eva?
7 Koana, Jehova Molimo a ka be a bolaile Satane le batho ba babeli ba pele hang kamor’a tlōlo ea bona. Empa ka lebaka la litseko tseo Satane a neng a li phahamisitse, le ka baka la ho hauhela bana ba Adama ba neng ba e-so ho hlahe, Molimo oa lumella Diabolose ho phela le ho paka liqoso tsa hae tsa boikhantšo. Ka nako eona eo, Jehova a nea batho ba ratang joalo monyetla oa ho leka ho ipusa ntle ho Molimo le metheo ea oona e lokileng.
Thetso ka Boteng ba Hae
8. Satane o thetsitse batho joang mabapi le boteng ba hae?
8 Satane o retelehela maqiting a mangata le a sa tšoaneng ho ntšetsa pele morero oa hae e le Sera sa Jehova Molimo ’me, haeba ho ka etsahala, o batla ho furallisa batho bohle borapeli bo nepahetseng ba ’Mōpi oa bona. Maqiti a mang ke hore a etse batho hore ba lumele hore ha a eo! Hona ho etsa hore ho be bonolo hore a ba hlasele. Ke kahoo, kajeno, bolumeling bo bongata ho seng ho tloaelehile tumelo ea hore ha ho motho ea kang Satane Diabolose. Ka mohlala, tlhahlobo ea lipalo e entsoeng ke Setsi sa Liphuputso tsa Mekhoa ea Batho Motseng oa New York e ile ea tlaleha hore ka 1974 hoo e ka bang karolo e ka holimo ho halofo ea Maamerika e ne e sa lumele ka ho feletseng hore ho teng motho ea bitsoang Diabolose. Le baruti ba bangata ha ba lumele hore ho na le motho ea bitsoang Diabolose.
9, 10. Mangolo a tiisa ’nete ea hore Diabolose ke motho joang?
9 Empa Mangolo ha a re siee lepala-paleng hore ho na le motho ea bitsoang Diabolose. A bontša hore motho o ile a bua ka noha, a thetsa le ho eka mosali oa pele, Eva. Buka ea Jobo e boetse e tiisa boteng ba Satane e le motho, hobane e bolela ka hore o ile a bua le Jehova Molimo, a hanyetsa bonnete ba ho tšepahala ha mohlanka oa Molimo Jobo. Ho feta moo, bangoli ba Molaetsa Mattheu, Mareka le Luka ba tlaleha hore Jesu Kreste o ile a lekoa ke Diabolose. Hore meleko e joalo e tletse Jesu e e-tsoa mohloling o ka ntle ha ho hlakisoe feela ke seo re se tsebang ka botho ba Jesu le ho phethahala ha hae empa hape le ke sebopeho sa moleko oa boraro oa Satane. Ke joang Jesu a neng a ka oa ho khumamela motheo oa bobe kapa maikutlo? Taba e ’ngoe e totobalang ke hore hangata Jesu o ne a bua ka Satane e le motho le “morena oa lefatše lena.”—Johanne 12:31; 14:30; 16:11; 8:44; Mattheu 4:1-10; 12:26; Luka 10:18.
10 Le baapostola ba Jesu ba tsebahalitse Diabolose e le motho. Pauluse o bontšitse hore Bakreste ba ’nete ba tseba “maqiti” a Satane ’me a ba hlokomelisa ka “maraba a Diabolose.” (2 Ba-Korinthe 2:11; Ba-Efese 6:11, Phetolelo e Ncha ea Sesotho) Joalokaha ho se ho hlokomelehile, Petrose o phehelletse balumeli le eena hore ba hlokomele Sera sa bona, Diabolose. ’Me moapostola Johanne a paka hore “lefatše lohle le rapeletse ka tlase ho e mobe” le hore “Diabolose o se a ea kenya ba bang ho lōna [Bakreste] teronkong.”—1 Johanne 5:19; Tšenolo 2:10; 1 Petrose 5:8.
Leqheka la Satane la Bolumeli ba Bohata
11. Satane o entse joang ka boikutlo ba tlhaho ba motho ba ho rapela?
11 Maqiti a Satane a ho boloka batho ba foufetse a akarelletsa ho sebelisa ha hae bolumeli ba bohata. (2 Ba-Korinthe 4:4) Molimo o bōpile motho ka boikutlo ba hore a lakatse ho amana le ’Mōpi oa hae ka borapeli. Satane o fapositse boikutlo bona ba tlhaho ka ho ipiletsa le ho ntšetsa pele ho se tsebe bolumeli bo hloekileng. Hore a finyelle morero oa hae o “ikhakanya ka sebopeho se kang sa lengeloi la leseli.” (2 Ba-Korinthe 11:14) Ka lebaka la thetso e joalo, batho ba kene ka likete bolumeling ba bohata ba mefuta-futa.
12. Re lokela ho talima bolumeli ba bohata le tumelo e tsoakantsoeng joang?
12 Bolumeli bohle ba bohata ke mosebetsi oa Satane, hobane Pauluse o itse: “Lintho tsee bahedene ba li hlabelang aletareng, ba li hlabela bademona, e seng Molimo.” Jesu a re: “Ea sa ntoaneleng, oa ntoantša; le ea sa bokelleng le ’na, oa hasanya.” Ho feta moo, Kreste ha a ka a lumella sebaka sa tumelo e tsoakantsoeng, empa a re: “Ha ho motho ea ka tlang ho Ntate, ha e sa ka ’na.”—1 Ba-Korinthe 10:20; Mattheu 12:30; Johanne 14:6.
13. Satane o sebelisitse takatso ea motho ea ho rua tsebo joang mabapi le bonohe?
13 Kahobane batho ba lakatsa ho tseba lintho, Satane o sebelisitse takatso eo mabapi le bonohe le boemo ba bafu. Ka maqheka a joalo a hanoang ka ho feletseng ke mangolo a kang ho bua le bafu, kapa ho kopana le meea e khopo, ho noha, bolepi ba linaleli le boloi, o tšoasitse ba bangata. Ha e le hantle, ho thahasella lintho tse joalo ho ntse ho eketseha kajeno. Hona ho feteletse hoo joale ba bang ba hlileng ba rapelang Diabolose.—Exoda 22:18; Levitike 19:26; 20:6; Deuteronoma 18:10-12.
Boipiletso ba Satane Boikhohomosong
14, 15. (a) Satane o ile a sebelisa mekhoa efe ho tšoasa Eva le Kaine hore ba sebeletse morero oa hae? (b) Bibele e fana ka mehlala efe e meng ntlheng tsee?
14 Satane o ile a inehela molekong oa boikhohomoso. Eaba o phahamisetsa Eva takatsong ea boithati ea boikhohomoso hore a tšoane le Molimo o Holimo-limo, ’me kahoo a atleha ho furallisa batsoali ba rōna ba pele borapeli ba Jehova Molimo. Ha ho pelaelo hore Satane o ile a atamela Kaine ka tsela eona eo. Ha Diabolose a hlokomela kamoo Kaine a halefileng kateng ka hobane moen’ae Abele a amohetsoe ke Molimo, o ne a ka fehla bohale boo hore bo fetohe mohono o bolaeang.—Genese 4:3-8; 1 Johanne 3:11, 12.
15 Historing eohle ea batho, Satane o tsebile ho sebelisa baikhohomosi e le likofuto—banna ba kang Nimrode, Faro oa Egepeta mehleng ea Moshe le Morena Sankaribe oa Assyria. (Genese 10:8-12; Exoda 5:2; Esaia 36:7-10, 16-20) Kajeno Satane o tšoere ba bangata ka litlena ka boikhantšo: boikhantšo ka morabe, boikhantšo ka bosechaba, boikhantšo ka thuto, boikhantšo ka maemo sechabeng, le tse joalo. Hona hohle ho sebeletsa morero oa Diabolose oa hore batho ba ithibe litsebe hore ba se ke ba utloa molaetsa oa Molimo.
Leraba la Meharo ea Lintho tse Bonahalang
16. Satane o atlehile hakae ho sebeliseng meharo ea lintho tse bonahalang?
16 Leqheka le leng le sebelisoang ke Satane ho tšoasa batho ke lintho tse bonahalang, meharo, lerato la chelete, ho ikhantša ka matlotlo. Ke ka tsela eo a ileng a tšoasa baruti ba mehleng ea Jesu ba neng ba le meharo ea chelete. (Luka 16:14) A sebelisa leraba la meharo ea lintho tse bonahalang, ‘Satane a hapa pelo ea Ananiase hore a thetse Moea o Halalelang.’ (Liketso 5:1-11) ’Me ha ho pelaelo hore Diabolose o ile a sebelisa lerato la lintho tse bonahalang le menyaka ea lefatše ho faposa Demase le Bakreste ba bang tšebeletsong ea Jehova.—2 Timothea 4:10.
17. Re na le mohlala ofe o tsebisahalang oa motho ea ileng a inehella ho sebelisoa ke Satane ka leraba la meharo?
17 Mohlala o tsebisahalang haholo oa hore Satane a sebelise meharo ho tšoasa batho ke oa Judase Iskariota. Ha e-ea ka ea e-ba lesholu le meharo feela empa hape meharo ke eona e fehlileng Judase hore a eke Morena oa hae. Taba e ileng ea bontša hore kelello ea hae e ne e sekametse moo ke ho ipelaetsa ha hae ha Maria a tlotsa maoto a Jesu ka oli e theko e thata. (Johanne 12:4-6; Mattheu 26:14-16) Re lokela ho ba hlokolosi hakaakang hore Satane ha a re nanaretse ka leraba la meharo ea lintho tse bonahalang!
Satane o Hlasela Mefokolo ea Botho
18. (a) Molimo o ile oa etsa litokisetso life hore motho a thabe bophelong? (b) Satane o ile a sebelisa joang ho ntša motho kotsi?
18 Har’a mefokolo e sa tšoaneng eo Satane a ipiletsang ho eona ke takatso ea menyaka e haneloang ea nama. Jehova o ne a rerile hore re thabele menyaka e mengata, ’me ha e thabeloa ka har’a meeli ea hae ho rōna, e ka fella ka molemo o mongata le thabo. Empa Satane o leka batho hore ba etelletse lintho tsena pele bophelong ba bona le hore ba kenelle ho tsona ka boitšoaro bo bobe bo tlōlang molao oa Molimo. Kahoo Satane a etsa hore Baiseraele ba 24 000 ba tšoasehe lerabeng la Baale Peore. (Numere 25:1-9) Kajeno lefatše lea hlanya ke ho nyoreloa ha Iona menyaka ea nama. Limakasine, likoranta, libaesekopo le mananeo a thelevishene a ntse a ipiletsa haholoanyane litakatsong tse feteletseng tsa botona le botšehali le bobe bo bong. Leha ho le joalo, joaloka Bakreste ba tataisoang ke moea oa Molimo, re tlameha ho qoba meleko e joalo.—1 Ba-Korinthe 14:20.
19. (a) Bakreste ba banyenyane ba hlile ba tšoasoa habonolo ke leraba lefe le khethehileng? (b) Bakreste ba banyenyane ba lokela ho hlokomela eng?
19 Leqheka le leng la Diabolose ke ho ipiletsa takatsong ea menyaka e chesehisang. Bakreste ba banyenyane ke bona ba hlileng ba tšoasehang habonolo lerabeng lena. Hangata, ba khorohela lipapali tsa mefuta eohle, e le bashebelli le libapali. Empa hona ho ka ba bakela ho ba “ba ratang menate . . . e seng Molimo.” (2 Timothea 3:4) Bacha ba bang ba fetohela ’minong le lipineng tse khothalletsang boitšoaro bo bobe le pefo ka baka la takatso ea ho chesehela menyaka. Ka sebele, ho hlokahala hore ho eloe hloko haholo, hobane lintho tse joalo li ka eka Bakreste ba banyenyane hore ba tlohe tseleng ea boitšoaro bo botle, bo hloekileng.—Pesaleme ea 16:11; 2 Petrose 2:20-22.
20. Satane o sebelisa tšabo joang?
20 Satane o boetse o sebelisa leraba la ho tšaba motho. Ke boikutlo ba tlhaho ho tšaba ho songoa le ho leka ho qoba mahlomola. Tšabo e joalo e entse hore ba bangata ba sekisetse linakong tsa khatello. (Liproverbia 29:25; Ba-Heberu 2:14, 15) Ka thuso ea Molimo re ke ke ra lumella hore hoo ho re etsahalle.
21. Ke hobane’ng ha ho sa hlokahale hore re imeloe ke ho nyahama?
21 Maqiti a Satane ke ho leka ho nyahamisa bahlanka ba Molimo hore ba tele. Diabolose o ile a leka ho etsa joalo ka Jobo, a mo etsa hore a lakatse e ka a ka be a shoele kapa ho se mohla a kileng a tsoaloa. Hona Satane o ho lekile le ka Moshe. (Jobo 3:1-13; 14:13; Numere 11:10-15) Ha ho lea mong ho banna bana ba khabane ea ileng a metsoa ke ho nyahama. Ho e-na le hoo, ba ile ba lumellana le thato ea Molimo. Joaloka bona, ha ho hlokahale hore re imeloe ke maemo afe kapa afe, hobane Jehova a ka re boloka ’me ha ho mohla a tla tlohela ea lokileng hore a sisinngoe.—Pesaleme ea 55:22.
Ema u Tiile!
22, 23. Hore re tsebe ho emelana le “maraba” a Satane re tiile le hore re se sebeletse maqiti a hae, re tlameha ho etsa joang?
22 Ha ho talingoa katleho ea Satane ho faposeng batho ba bangata ho Jehova Molimo, re tlameha ho etsa joang? Joaloka lipaki tse hloahloa tsa Jehova, re tlameha ‘ho ema re tiile khahlanong le mamena ’ohle a Diabolose,’ khahlanong le maqiti a hae, mahlale a hae le mekhoa eohle ea hae. (Ba-Efese 6:11) Ka ho etsa joalo re ka paka hore ke raleshano ea eisehang le ea ithorisang kamoo a hlileng a leng kateng.
23 Leha ho le joalo, re ke ke ra ema re tiile ho loantša Satane ka matla a rōna, hobane o re feta ka matla, tsebo e khōlō le hore khale a li bona. Ka baka leo, hore re emelane le eena re tiile, ho hlokahala re sebelise ka ho feletseng lithuso tsohle tseo Jehova Molimo a li lokiselitseng batho ba hae. Ke moo re tla tšoephola sera seo se mano!
Na U ka Hopola?
◻ Diabolose o sebelisa lira life ho finyella merero ea hae e khopo?
◻ Hore na Satane o nkile boemo bofe mabapi le Jehova?
◻ Hore na Bibele e paka joang hore Satane ke motho?
◻ Hore na mekhoa e meng e sebelisoang ke Diabolose ho re tšoasa ke efe, le hore na re ka qoba hore e re imele joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Lipaki tsa Jehova ha li inehele tšabong ea motho