Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 11/15 maq. 18-23
  • ‘Nako e Setseng e Khutšoanyane’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Nako e Setseng e Khutšoanyane’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Setse Nako e Kae?
  • Re Kene ka Botebo “Nakong ea Bofelo”
  • Phela Tumellanong le Keletso ea Bibele
  • Etsa Mosebetsi oa Morena ka Bohlale
  • Ke Nako ea ho Nka Bohato!
  • Lulang le Hopola Letsatsi la Jehova
    Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
  • Haufinyane Morero oa Molimo o Tla Phethahala
    Morero oa Bophelo ke Eng? U ka o Fumana Joang?
  • Bibele e Re’ng ka Ntoa ea Nuclear?
    Lihlooho Tse Ling
  • Timetso e Profetiloeng ea Lefatše e Tla Tla Neng?
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 11/15 maq. 18-23

‘Nako e Setseng e Khutšoanyane’

1. Ke hobane’ng ha ba bang ba nahana hore nako e fella batho?

TSAMAISO ena ea lintho e felloa ke nako. Lebaka le leng leo ka Iona ba bangata ba fihletseng qeto ena ke hore bophelo ba batho bo kotsing. E, koluoa ea “nuclear” e bonahala e le haufi kajeno hoo ho boleloang hore “ho setse metsotso e meraro pele ho bosiu bo boholo”!

2. Sengoli se seng se itse’ng ka tšokelo ea “nuclear”?

2 Ha a ngola ka taba “Seriti sa Seqhomane,” sengoli sa Australia Nick Brash o itse: “Thutsoana ea thalemaete e boima ba halofo ea k’hilogramo e lekane ho tsekolla motho likoto. Empa pokello ea lihlomo tsa ‘nuclear’ kajeno e lekana le litone tse ’ne tsa thalamaete bakeng sa monna, mosali le ngoana e mong le e mong lefatšeng. Ho se ho sentsoe libillione tse fetang 500 tsa lidolara lihlomong tsa ‘nuclear’ ’me tse fetang libillione tse 40 tsa lidolara li tla senngoa lihlomong lefatšeng lohle selemong sena [1983]. Ke polao e pheta-phetoang e sisimosang. E lekanang le ho nyanyatsa monoang o le mong ka makoti-koti a 10 a Mortein [sebolaea likokoanyana].”—The Sun Weekend Magazine (Melbourne, Australia), la 23 ’Mesa, 1983.

3. Ho ka thoe’ng ka liphello tse ka ’nang tsa hlahisoa ke ntoa ea “nuclear”?

3 Ho thata ho nahana ka liphello tse ka bakoang ke ntoa ea “nuclear.” Ntle ho lefu la ba makholo a limillione, ho tsekoloha ha lefatše lohle, khohlano kamanong ea lintho tse phelang le tse joalo, ho ka ba le tšitiso e matla litabeng tsa lefatše lohle tsa kahisano, lipolotiki le moruo. Ha e le hantle, Dr. Brian Martin, setsebi sa bokahohle le mofuputsi Univesithing ea sechaba ea Australia, o lumela hore: “Ka bonolo feela ha ho na tsebo e feletseng ea se ka boleloang hona joale ka sebete ka liphello tsohle tsa ntoa ea lefatše ea ‘nuclear.’ ”

4. (a) Ke hobane’ng ha re ka tiisa hore batho ba ke ke ba iqeta ka koluoa ea “nuclear”? (b) Re tseba joang hore nako e fella tsamaiso ea hona joale ea lintho?

4 Ruri bokamoso bo bonahala bo tšosa. Empa barati ba Molimo, khothalang! Le hoja nako e fella tsamaiso ea hona joale ea lintho, batho ba ke ke ba itimetsa koluoeng e ferekaneng ea “nuclear.” Hoo re ka ho tiisa, hobane Jehova, “ ’Mōpi le Moetsi” oa lefatše, “ha a ka a le bōpa le ferekane, o le bōpile hore le be le baahi.” (Esaia 45:18, Byington) Bonneteng, haeba batho ba tla pholosoa timetsong, ho tlameha ho nkuoe bohato bo potlakileng bo phahametseng matla a motho ho felisa tsamaiso ena, hammoho le bohlanya ba eona ba “nuclear.” Ka thabo, ’Mōpi oa lefatše le batho o tla tloha a timetsa tsamaiso ena e khopo, e ipolaeang. Nako ea eona e khutšoaane hobane “letsatsi la Jehova le leholo” le haufi! (Sofania 1:14-18) Leha ho le joalo, ke ho tšelisang hakaakang ho tseba hore letsatsing leo le atamelang ka potlako la ho lokisa litaba, ‘Jehova o tla boloka bohle ba mo ratang, empa a felise ba babe kaofela.’—Pesaleme ea 145:20.

Ho Setse Nako e Kae?

5. Ho ea ka Tšenolo 6:9, 10, balateli ba tlotsitsoeng ba Jesu ba ne ba thahasella ho tseba eng?

5 Ha ho pelaelo hore Molimo o tla nka bohato khahlanong le lira tsa oona. Empa ho setse nako e kae pele o felisa tsamaiso ena ea lintho e khopo ’me o tlisa Tsamaiso ea oona e ncha ea khotso le ho loka? Mohlomong u paki ea Jehova e ratang ho tseba karabelo ea potso eo. Ntlheng ena, u tšoana haholo le batlotsuoa ba hlabiloeng ba Bakreste ba emeloang ho Tšenolo e le ba hooang: “Morena ea halalelang, oa ’nete, u tla lieha ho le hokae ho ahlola le ho lefetsa mali a rōna ho ba ahileng lefatšeng?” (Tšenolo 6:9, 10) E, ka tšoantšetso bao ba tlotsitsoeng ba ne ba batla ho tseba hore na ke neng Molimo o tlang ho phetetsa mali a bona. Hase feela boholo ba Lipaki tsa Jehova kajeno bo lebelletseng ka cheseho “ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle” Harmagedone!—Tšenolo 16:14-16.

6, 7. (a) Ka nako, Pauluse o itse’ng ho 1 Ba-Korinthe 7:29? (b) Ke polelo efe ea Petrose e hatisang ’nete ea hore tsamaiso ena e tla fela habohloko?

6 Lipaki tseo tse tlotsitsoeng tseo mali a tsona a neng a tšolotsoe ka lebaka la ho tšepahala ha tsona ho Jehova li ne li le moleng oa ho putsoa, hobane tlaleho ea Bibele e re: “Eaba e mong le e mong o neoa seaparo se selelele se sesoeu. ’Me ba bolelloa hore ba ke ba phomole ho se hokae, palo ea balekane ba bona ba bohlanka, le ea banab’abo bona ba sa tlang ho bolaoa joale ka bona, e tle e be e phethehe.” (Tšenolo 6:11) Re ka tiisa hore Molimo o tla nka bohato ka nako eo o e khethileng. Ha e le hantle, mantsoe a moapostola Pauluse a ho 1 Ba-Korinthe 7:29 a loketse hantle. A totobaletsa balumeli bahabo: ‘Nako e setseng e khutšoanyane.’

7 Mantsoe a Pauluse ha a khothatse bahlanka ba kajeno ba Jehova feela empa hape a bontša hore bophelo ba Bakreste bo lokela ho tobisoa mosebetsing o potlakileng oo Molimo o ba abetseng oona. Ntlheng eona ena, moapostola Petrose a ngola: “Bofelo ba ntho tsohle bo haufi.” (1 Petrose 4:7) Petrose o tsebile hore tsamaiso ena e moleng oa bofelo bo bohloko. Ke hona moo e habileng teng!

8. ’Nete ea hore bofelo ba tsamaiso ena bo haufi e lokela ho ba le phello efe ho batho ba Jehova?

8 Pauluse le Petrose ba ile ba hatisa ’nete ea hore tsamaiso ena ea lintho e ahlotsoe. Ena ke ntho eo le ka mohla Bakreste ba ’nete ba sa lokelang ho e lebala. Bofelo bo tla tla mehleng ea rōna, ’me bopaki bohle bo bontša hore bo haufi haholo. Koana, tsela eo re phelang ka eona letsatsi le leng le le leng e lokela ho bontša hore re kholisehile joalo. Ho feta moo, ’nete ea hore re tsoetse pele ho tla fihlela mona mehleng ea qetello ea tsamaiso ena e lokela ho re tlatsa ka boikemisetso ba ho etsa sohle se matleng a rōna mosebetsing o motle le o potlakileng ka ho fetisisa oa ho bolela litaba tse molemo re le Lipaki tsa Jehova tse hloekisitsoeng le tse chesehang.—Tite 2:13, 14.

Re Kene ka Botebo “Nakong ea Bofelo”

9. Batho ka kakaretso ba tšoarehile ka eng kajeno, ’me na hona ho kile ha etsahala pele?

9 Jesu Kreste o profetile hore ha a le teng a sa bonahale batho ba tla be ba tšoarehile ke litaba tsa bophelo. Mehopolo ea bona e ne e tla khelekhetha, joalokaha batho ba bile joalo mehleng ea Noe le ea Lota. “Ho tla ba joalo ka letsatsi leo Mor’a motho a tla hlaha ka lona,” ao ke mantsoe a Jesu ha a supa nakong ea ha a tla ba teng a sa bonahale, le ha tsamaiso ena e khopo e tla liheloa timetso.—Luka 17:26-30.

10, 11. Ke bopaki bofe bo fanoang mona ho bontša hore tsamaiso ee e haufi le ho fela?

10 Hape u nahane ka boprofeta bo ngotsoeng ho Mattheu 24, Mareka 13 le Luka 21. Jesu o profetile lintho tse phahametseng taolo ea motho ho hang—lintho tse kang mafu a seoa le litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše. Ho feta moo, ‘bokhopo bo ngatafetse’ ho tloha ka 1914. Litaba tsa kajeno, haholo-holo metseng e meholo, hangata hase letho ha e se feela lipalo-palo tse phahameng tsa tlōlo ea molao, hobane moea oa ho se tsotelle lithibelo tsa molao o atile, ’me lerato la ba bangata le hlile lea tapa.—Mattheu 24:12.

11 Ho feta moo, ‘tsieleho ea lichaba’ hona joale e totobetse hobane batho ha ba tsebe tsela ea ho tsoa mathateng a bona a ntseng a ngatafala. (Luka 21:25, 26) Hape, ho bile le ho theoha ha palo ea “moloko ona” oa 1914, o sa lokelang ho feta pele ho phethahatsoa sohle seo Jesu a se profetetseng nako ea rōna. (Mattheu 24:34) Ena ke pontšo e ’ngoe e hlakileng ea hore tsamaiso ena e haufi le ho fela.

12. Ntle ho pelaelo ke bopaki bofe bo boholohali ba hore re kene ka botebo “nakong ea bofelo”?

12 Ho ne ho ka ’na ha fanoa ka bopaki bo bong ho paka hore re kene ka botebo “nakong ea bofelo.” (Daniele 12:4) Empa ha ho pelaelo hore bopaki bo boholo ho bohle ba hore re haufi le bofelo ba tsamaiso ena ke mosebetsi oa ho bolela o etsoang ke Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle. Ha ho mohla ntho e kang ena e kileng ea etsoa. Ka sebele, linaheng tse 205 ho pota lefatše Lipaki tsa Jehova tse fetang 2 650 000 ka cheseho li etsa mosebetsi o motle oa ho jala molaetsa o khothatsang oa hore Kreste o qalile ho busa matleng a ’Muso ho tloha ka 1914. ’Me Jesu o boletse hore ha litaba tsena tse molemo tsa ’Muso li se li boletsoe lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona, ke hona ‘bofelo bo tla hlaha.’—Mattheu 24:14.

Phela Tumellanong le Keletso ea Bibele

13. Re lokela ho talima joang polelo ea Pauluse ea hore ‘ba nang le basali e ke ha ba na bona’?

13 Kaha nako e setseng e le khutšoaane haholo ’me bofelo bo le haufi, ho hlokahala hore batho ba Jehova ba phele tumellanong le keletso ea Bibele, e kang mantsoe a moapostola Pauluse ho 1 Ba-Korinthe 7:29-31. Hang hoba a re ‘nako e setseng e khutšoanyane,’ a ngola: “Ba nang le basali ba be joale ka hoja ba se na bona.” Mona moapostola o ne a sa bolele hore monna oa Mokreste o lokela ho hlokomoloha mosali oa hae. Che, empa ha monna ka bokhabane a ntse a hlokomela boikarabelo ba hae ba lenyalo, o lokela hore pelong ea hae le kelellong ho tle pele kamano ea hae le Molimo, a bone hore lenyalo la hae le tlatsetsa ho eona.

14. Ho ea ka 1 Ba-Korinthe 7:30, baboleli ba ’Muso ba lokela ho talima mathata a botho, le tse joalo joang?

14 Temaneng ea 1Co 7 30, Pauluse a tsoela pele: “Ba llang ba be joale ka hoja ba sa lle; ba thabileng ba be joale ka hoja ba sa thaba; ba rekang ba be joale ka hoja ba sa rua letho.” Hoo ho bolela eng? Mantsoe ana a bululetsoeng a hatisa ’nete ea hore litaba tsa botho, leha li ama matlotlo, masoabi kapa thabo, hase tsona lintho tse khōlō bakeng sa basebeletsi ba ’Muso. Bohle re “hlaheloa ke nako le sebaka sa ntho tseo” ’me li ka fetola maemo a rōna ka tšohanyetso. (Moeklesia 9:11; Jakobo 4:14) Ka hona ekaba bothoto ho tšoareha haholo ka masoabi, mathata, le maima a sa tšoaneng a botho hoo tsena li kena-kenanang ka botebo le tšebeletso ea rōna, mosebetsi oa rōna o tlotlehang oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’muso.

15. Ke hobane’ng ha e ne e ka ba booatla bo fetisisang bakeng sa Mokreste ho tšoareha haholo litabeng tsa botho tse amang matlotlo a bonahalang, le tse joalo?

15 Ho 1 Ba-Korinthe 7:31, moapostola Pauluse o itse: “Le ba itšebeletsang ka tsa lefatše lena, ba be joale ka hoja ba sa sebetse ka tsona.” Kaha batho ba lefatše ba haelloa ke tšepo e theiloeng Bibeleng, ba tšoarehile ho nahaneng ka litlhoko le litakatso tsa bona tsa letsatsi ka leng. Hangata ba batla ho makatsa ba bang ka matlotlo a bona a bonahalang. Empa, joalokaha moapostola Johanne a hlakisitse, “boikhantšo joa bophelo” ke pontšo e ’ngoe ea “tsohle tse lefatšeng” ‘tse sa tsoeng ho Ntate, empa li tsoa lefatšeng.’ ’Me Johanne o re tiisetsa hore “lefatše lea feta, le eona takatso ea Iona; empa ea etsang thato ea Molimo, o hlola ka ho sa feleng.” (1 Johanne 2:16, 17) Kahoo, ekaba booatla bo fetisisang bakeng sa Mokreste ofe kapa ofe, ea lebelletseng bokamoso ba ka ho sa feleng, hore a tšoarehe litabeng tsa botho hoo a se nang nako e saletseng lithahasello tsa ’Muso. (Mattheu 6:25-32; bapisa Ba-Filippi 2:19-22; 2 Timothea 4:10.) Le hoja ho loketse ho thabela matlotlo a molemo a bonahalang le bona boithabiso bo itseng bo hahang, le ka mohla re se lumelle lintho tsena ho fetoha pakane ea bophelo ba rōna.—Luka 12:15.

16. Hangata batho ba lefatše ba atisa ho ba le boikutlo bofe le lipakane life, empa ke eng e lokelang ho ba ea bohlokoahali ho bahlanka ba Jehova?

16 Ho tloaelehile ho batho ba lefatše, kapa ba haelloang ke bomoea ba ’nete, ho belaela ka seo ba leng sona bophelong. (Bapisa Juda 16.) Haeba ba kula, ba ka belaela kamehla ka hore ha ba phele hantle. Ka ho tšoanang, ba futsanehileng ba ka ’na ba belaela hobane ha baa rua. E, lintho tse kang bophelo bo botle ’meleng le matlotlo a maholo e ka ’na ea e-ba lipakane tse matla bophelong ba bona! Ba loana ka matla ho li finyella, ’me ho hlōleha ho tsona ho ka ba tepeletsa ka matla. Empa ho batho ba inehetseng ba Jehova ‘tšebeletso e halalelang’ ke ea bohlokoa haholo. (Ba-Roma 12:1, 2) Ke ’nete hore, le hoja re le bahlanka ba Jehova, re na le mathata ao re tobaneng le oona. Empa mathata ana ha a re etse hore re belaele ka seo re nang le sona bophelong. Re na le mosebetsi oo re o neiloeng ke Molimo hore re o etse, ’me mosebetsi ona o hlohonolofalitsoeng re o hlokomela pele ho sohle. Ka sebele, re thabile hobane re etelletsa lithahasello tsa ’Muso pele bophelong.—Mattheu 6:33.

17. Ka litšitiso tse ka ’nang tsa hlaha, batho ba Jehova ha baa lokela ho lumella eng?

17 E be joale tsela e bohlale bakeng sa bahlanka ba Jehova ke efe? Ha e le hantle, re ka ’na ra sebelisa lintho tse ling le litšebeletso tseo lefatše le fanang ka tsona, empa re se ke ra lumella litšitiso ho re khelosa tšebeletsong ea Molimo. (Luka 21:34-36) Hopola hore ha ho letho le tla lulela ruri tsamaisong ea hona joale. Hona ho feto-fetoha ha eona ekaba tšitiso. E, joalokaha Pauluse a itse, “Mokhoa oa lefatše lena oa fela [“fetoha,” NW].” (1 Ba-Korinthe 7:31) Empa ha rea tšoanela ho lumella hona ho re sitisa tšebeletsong ea Jehova.

Etsa Mosebetsi oa Morena ka Bohlale

18. (a) Joalokaha re bile “nakong ea bofelo” ho tloha ka 1914, re lokela ho tlatsa bophelo ba rōna ka mosebetsi ofe? (b) Ha re tšoarehile mosebetsing oa Morena, ho ka ’na ha etsahala joang ka mathata a bophelo?

18 Re le masene moeeng, re lumela bopaki bo matla ba hore re phetse “nakong ea bofelo” ho tloha ka 1914. Ka sebele, ha re batle ho sebelisa lefatše ka botlalo joalokaha eka re tla be re haelloa ke ho hong haeba re sa le sebelise. Ho e-na le hoo, re ke re tlatseng bophelo ba rōna ka ‘mosebetsi oa Morena.’ Re ’ne ‘re eketse kamehla ho sebeletsa Morena, re ntse re tseba hobane mosebetsi oa rōna e ke ke ea e-ba oa lefeela Moreneng.’ (1 Ba-Korinthe 15:58) Ka hona tšoareha ho boleleng le ho ruteng linnete tsa ’Muso. E be joale ho ka ’na ha etsahala joang ka mathata a bophelo? E, a tla leka ho checha ka santhao e be ha e sa ba a bohlokoa haholo, a tšoenyang haholo!

19. Ho ‘tiisetsa ho fihlela qetellong’ ho bolelang eng?

19 Ha Jesu a fana ka boprofeta ba hae bo boholo mabapi le mehla ea bofelo ea tsamaiso ena, o itse balateli ba hae ba “tla hlouoa ke bohle” ka lebaka la lebitso la hae. A eketsa: “Empa ea tiisetsang ho fihlela qetellong, ke eena ea tla bolokeha.” (Mareka 13:10-13) Ho rōna re le batho ka bomong ba inehetseng ho Jehova, ‘qetello’ e ka ’na ea e-ba “ho fela ha lefatše” kapa ho shoa ha rōna, mohlomong kamor’a ho hlomoha matsohong a bahlorisi. (Mattheu 24:3) Leha ho ka ba ka tsela efe le efe, re na le nako e khutšoaane ea ho etsa mosebetsi oa Morena. Na joale ha rea lokela ho ba masene le ho chesehela ho bolela molaetsa oa ’Muso? Ntle ho pelaelo, re lokela ho ba joalo!

Ke Nako ea ho Nka Bohato!

20. Baiseraele ba lokolotsoeng botlamuoeng Babylona ba tsebile ho bontša kameho ea bona bakeng sa borapeli ba Jehova joang?

20 Ha batlamuoa ba Bajode ba lokolloa botlamuoeng Babylona lekholong la lilemo la botšelela B.C.E., ba ne ba tlameha ho etsa qeto. Na ba ne ba tla khutlela naheng ea habo bona ’me ba tsosolose borapeli ba Jehova moo, kapa na ba ne ba tla lula Babylona? Baiseraele ba neng ba lula motseng oo hase hore ba ne ba le khopo, hobane Daniele ea hōlileng e ne e le e mong oa bona. Ba ne ba ka nea masala a khutlang thepa e bonahalang le ho a tšehetsa ’me hape ba ne ba ka a neheletsa ‘limpho tsa ho rata’ bakeng sa ntlo ea Jehova Jerusalema. (Esdrase 1:2-4) Kahoo ba ne ba ka thusa ho ntšetsa pele borapeli ba ’nete. Barapeli bohle ba Jehova ba ne ba ka thaba hakaakang ha masala a tloha ho leba naheng ea habo bona, a nkile lijana tse halalelang tse tla sebelisoa tempeleng ea Jehova! ’Me bajari ba lijana tsa sehalalelo ba ne ba tlameha ho tiisa hore ba itlhoekisitse litšila tsohle tsa bolumeli ba Babylona le litšila tsa boitšoaro ba eona.—Esaia 52:11.

21. (a) U teketsoe lipotso life ho inahanela tsona? (b) Kaha ‘nako e setseng e khutšoanyane,’ ’nete ke efe ka menyetla ea ho jala litaba tse molemo?

21 Na u amehile ka borapeli ba ’nete joaloka Baiseraele bao ba lilemong tse fetileng tse makholo a 25? Na u ho nka e le tokelo e monate ho sebeletsa Jehova ka tšebeletso e halalelang u le karolo ea phutheho e hloekisitsoeng le e chesehang, e hlomphang lebitso la hae le halalelang? Na u lemoha bopaki bo bongata ba hore re phela ka botebo “nakong ea bofelo”? Haeba u arabela lipotso tsena ka e, joale tiisa hore u nka mehato e tiileng hona joale. Nahana ka ho etelletsa pele lithahasello tsa ’Muso bophelong ba hao. Kaha ‘nako e setseng e khutšoanyane,’ menyetla ea rōna ea hona joale ea ho jala litaba tse molemo ke ea bohlokoa bo boholo ka ho eketsehang. Ho lehlohonolo bohle ba tsitsisang bophelo ba bona ’Musong e le lipaki tse tšepahalang tsa Jehova tse nang le ho hongata ho boleleng litaba tse molemo ha nako e sa le teng!

U ka Fana ka Likarabelo Life?

◻ Ke hobane’ng ha nako e fella tsamaiso ee ea lintho?

◻ Re tseba joang hore re kene ka botebo “nakong ea bofelo”?

◻ Haeba re ipoloka re tšoarehile mosebetsing oa Morena, ho ka ’na ha etsahala joang ka mathata a rōna?

◻ Kaha bofelo bo haufi, bophelo ba rōna re lokela ho bo potolohisa ho eng?

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Mathata a bophelo a se re sitise mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela