Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 11/15 maq. 24-29
  • Iketse ea Fumanehang!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Iketse ea Fumanehang!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba Ithaopa
  • Ho Finyelloa Tlhokahalo e Khōlō
  • Litholoana tsa Sekolo sa Gileade
  • Ke Thabo hore e be ba Ikentse ba Fumanehang
  • Arabela ka Tumelo ho Jehova
  • Baromuoa ba Ntšetsa Pele Keketseho Lefatšeng ka Bophara
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • ‘Ho Batla ’Muso Pele’
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Ke Likolo Life Tse Lokiselitsoeng Bo-pula-maliboho?
    Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
  • Ho Amohela Tataiso ea Jehova ka Thabo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 11/15 maq. 24-29

Iketse ea Fumanehang!

“Sechaba sa hao se tla ithaopa . . . joaloka phōka e lalang kameso, bahlankana ba tla tla ho uena.”—PESALEME EA 110:3, Phetolelo e Ncha ea Sesotho.

1, 2. Tumellanong le Pesaleme ea 110:3, hona joale Lipaki tsa Jehova li etsa’ng?

JESU KRESTE, Morena ea beiloeng ke Jehova, hona joale o-oa busa! Ho tloha ka 1914 a itokisetsa mosebetsi, ’me o se a qalile ‘ho busa har’a lira tsa hae.’ (Pesaleme ea 110:2) Matsatsing ana a qetello a tšosang a tsamaiso ena e shoang, baithaopi bohle ba ratang a ba ke ba itlhahise bakeng sa tšebeletso ea Morena ’me ba etse joalo ntle ho tika-tiko.

2 Ke sona seo Lipaki tsa Jehova li se etsang. Li na le basebetsi ba bangata ba sebetsang ka thata, ba khanya joaloka phōka e lalang kameso. Hona joale mantsoe ana a bululetsoeng a mopesaleme a phethahala: “Sechaba sa hao se tla ithaopa, mohla u futuhelang lira tsa hao. Joaloka phōka e lalang kameso, bahlankana ba tla tla ho uena.” (Pesaleme ea 110:3, Phetolelo e Ncha ea Sesotho) Ke mehla e hlollang hakaakang ho phela ho eona!

3. Mabapi le tšebeletso, kamehla ho ’nile ha totobala moea ofe har’a bahlanka ba Jehova? Paka hona ka Mangolo.

3 Moea oa boitelo oa tšebeletso ea boithatelo o ’nile oa totobala kamehla har’a bahlanka ba tšepahalang ba Jehova. Kahoo ha moprofeta Esaia a fuoa monyetla oa ho sebeletsa e le mojari oa molaetsa oa Molimo, kapele-pele a arabela: “Ke ’na enoa, roma ’na.” (Esaia 6:8) Ha Jesu a qalisa tšebeletso ea hae Galilea, a ea ho Bajode ba bang ba tšabang Molimo ’me a ba mema: “Ntateleng.” Ba arabela ntle ho tika-tiko, ba siea mosebetsi oa liofisi tsa lekhetho le likhoebo tsa ho tšoasa lihlapi. (Mattheu 4:18-22; Luka 5:27, 28) Basali ba pelo li ratang ba fana ka nako ea bona, matla le lintho tse bonahalang ho tšehetsa litlhoko tsa Jesu le barutuoa ba hae. (Mareka 15:40, 41; Luka 8:1-3) E, ha menyetla ea tšebeletso e halalelang e hlaha, batho bana kaofela ba iketsa ba fumanehang.

Ba Ithaopa

4. Pauluse le metsoalle ea hae ba ile ba talima ‘pitso ea Macedonia’ joang?

4 Moapostola oa Mokreste Pauluse a iketsa ea fumanehang bakeng sa tšebeletso thorisong ea Jehova. Ka lekhetlo le leng a ba le pono ea monna e mong ea neng a mo rapela a re: “Tšelela Macedonia, u re thuse.” Na moapostola le metsoalle ea hae ba ile ba lumela? E, hobane rea bala: “Eare ha a bone pono eo, ra itokisetsa hang ho ea Macedonia ka ho re, Morena o re bilelitse teng, ho ea ba bolella Evangeli.” Ba iketsa ba fumanehang, ’me Jehova a putsa tšebetso ea bona ea boithatelo ka katleho.—Liketso 16:8-40.

5. Ba bang ba ’nile ba re’ng ka tšebeletso ea Bakreste ba pele?

5 Tšebeletso ea boithatelo e ne e le letšoao la Bokreste ba pele. Ho ’nile ha thoe: “Kereke ea Pele ha e-ea ka ea tšehetsa baromuoa feela; e ne e le kereke ea baromuoa. Ha e [ea ka ea ikutloa] hore karolo ea eona e phethiloe haeba e lefile melato le ho mamela ka monyebe meqoqo eo baromuoa ba e bolellang eona ka katleho ea bona. Likereke tsena tse nyenyane ka botsona e ne e le litsi tsa tšebeletso ea boromuoa. E mong le e mong o ne a ikutloa hore o bilelitsoe ho bolela Litaba tse Molemo.” (The Preaching Value of Missions, e nang le lipuo tsa Helen Barrett Montgomery) Balateli ba Jesu e ne e le baevangeli ba mafolo-folo. “Tlaleho ea kereke ea pele ho Liketso ke bopaki ba hore ba ile ba nka boevangeli ka botebo ka lipuo le ka liketso. Boevangeli bo ne bo etelletsoa pele.” (The Idea of the Laity, ea David Haney) ’Me litholoana tsa mosebetsi oo oa boitelo oa balateli ba Jesu e bile life? “Ba phakisa ba tsamaea litseleng tsa Roma ho ea metseng e hōle le literekeng tse hōle. Ka nako ea teng, ’Muso ’ohle oa fetoha setsi sa bolumeli bo bocha.” (Imperial Rome, e ngotsoeng ke Moses Hadas) E, litaba tse molemo ‘li ne li boleletsoe babopuoa bohle ba tlas’a leholimo’ hobane lipaki tseo tsa pele tsa Bakreste li ile tsa iketsa tse fumanehang!—Ba-Kolosse 1:23; Mattheu 28:19, 20; Liketso 1:6-8.

6. Lipaki tsa Jehova tsa kajeno kamehla li ikutloa joang ka mosebetsi oa ho bolela ’Muso?

6 Moea o tšoanang o ja setsi har’a Lipaki tsa Jehova tsa kajeno. Ka ho loketseng, tokollo ea Watch Tower ea July le August 1881 e boletse: “Na u-ua bolela? Re lumela hore ha ho motho ea tla fetoha setho sa mohlatsoana ntle le ho ba baboleli. . . . Re ne re sa bitsetsoa, leha e le ho tlotsetsoa ho amohela tlhompho le ho ipokellela leruo, empa ho sebetsa le ho sebelisoa, le ho bolela litaba tse molemo.” Taba ena e ile ea totobala lilemo hamorao. Nakong ea kopano e hlollang Cedar Point, Ohio, ka 1922, babuelli ba ’Muso ba bokaneng ba khothatsoa: “Khutlelang tšimong, lōna bara ba Molimo o holimo-limo! Itlhomelleng! Le falimehe, le be seli, le be mafolo-folo, le be sebete. Le be lipaki tse khabane tsa ’nete tsa Morena. Tsoelang pele ntoeng ho fihlela ha karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea Babylona e fetoha lesupi. Phahamisang molaetsa hōle le ka bophara. Lefatše le lokela ho tseba hore Jehova ke Molimo le hore Jesu Kreste ke Morena oa marena le ’Musi oa babusi! Lena ke letsatsi har’a matsatsi. Bonang, Morena o-oa busa! Le babuelli ba hae ba phatlalatsa. Kahoo, tsebahatsang, tsebahatsang, tsebahatsang, Morena le ’Muso oa hae.” Ka thabo le cheseho, Lipaki tsa Jehova li tsoela pele ho iketsa tse fumanehang bakeng sa ho boleloa ho joalo ha ’Muso.

Ho Finyelloa Tlhokahalo e Khōlō

7. Phihlelo ea baboleli ba nako e tletseng ba mehleng ea pele e ne e le efe, hona ba ile ba ikutloa joang ka tšebeletso ea bona ho Jehova?

7 Bahlanka ba bangata ba Jehova ba ikentse ba fumanehang bakeng sa tšebeletso ea ho bolela ka nako e tletseng. Lilemong tse fetileng, ba bang ba sebelelitse e le batsamaisi ba libuka tsa bolumeli (hona joale ba bitsoa bo-pula-maliboho), ’me bophelo ba bona e ne e se bo bonolo. Paki e ’ngoe e tsofetseng e itse: “E, re ne re e-na le batsamaisi ba libuka tsa bolumeli ba etelang metse le mahae mehleng eo ea pele. Ka linako tse ling ba ne ba bapatsa [libuka tsa Bibele] ka lijalo tsa masimong, likhōhō, sesepa le tse joalo, tseo ba neng ba tla li sebelisa kapa ba li rekisetse ba bang. Ka linako tse ling, sebakeng seo baahi ba qalikaneng, ba ne ba hlola bosiu bohle matlung a balemi le bo-rapolasi ’me ka linako tse ling ba robale holim’a qubu ea lehola . . . Batho bana ba khabane ba tsoela pele ka lilemo-lemo ho fihlela ba tsofala.” Ba bang ba ne ba le banyenyane ha ba qala tšebeletso e joalo ea nako e tletseng. Ke ’nete, mosebetsi oa bona o ne o le boima, empa ba ne ba ikentse ba fumanehang ’me ba ne ba thabetse ho sebeletsa. Joaloka e mong oa bona a itse: “Re ne re le banyenyane ’me re thabile tšebeletsong, re thabetse ho qeta matla a rōna ka ho sebeletsa Jah.”

8. Batho ba bangata ba Jehova ba ikentse ba fumanehang bakeng sa tšebeletso efe?

8 Ho sa tsotellehe lintoa tseo ho seng tse lekanang le tsona, litlala, litšisinyeho tsa lefatše le liphetoho tse ling tse bōpang “pontšo” ea “ho tla” ha Kreste matleng a ’Muso ho tloha ka 1914, batho ba Jehova ba ’nile ba bolela litaba tse molemo ka sebete, ka lilemo tse ngata. (Mattheu 24:3-14) Ka thabo, ba bangata ba ikentse ba fumanehang bakeng sa tšebeletso ea nako e tletseng, ’me ho hotle hakaakang hore e be ba entse joalo!

9. (a) Ka la 1 Tlhakola, 1943, ke bohato bofe ba bohlokoa bo ileng ba nkuoa paleng ea Lipaki tsa Jehova? (b) Ho ile ha khoneha joang ho thea Sekolo sa Gileade le ho finyella litlhoko tsa batho ba eketsehang ba lichaba mabapi le mosebetsi oa ’Muso?

9 Ntoa ea II ea Lefatše e ne e befile hampe ka la 1 Tlhakola, 1943. Empa letsatsing leo le batang, la mariha Polasing ea ’Muso haufi le South Lansing, New York, bohato ba bohlokoa ba nkuoa paleng ea Lipaki tsa Jehova. Banna ba mashome a mane a metso e robong le basali ba 51—kaofela e le bo-pula-maliboho—joale ba qala thupelo ea likhoeli tse hlano Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower. Ho koetlisoa hona ho ne ho tla ba etsa ba fumanehang bakeng sa mosebetsi oa boromuoa linaheng tse ling. Kaha maemo nakong ea ntoa a ne a etsa hore ho bonahale e se e ka ho tla ba thata ho romela baromuoa Europa le Asia, liithuti tsa sehlopha sa pele sa Sekolo sa Gileade li ile tsa abeloa Cuba, Mexico, Costa Rica, Puerto Rico, Canada le Alaska. Ho bile bonolo hore mosebetsi oa ho bolela o atolosetsoe lichabeng tse ling kahobane bo-pula-maliboho ba sebetsang ka thata ba ne ba ikentse ba fumanehang.

Litholoana tsa Sekolo sa Gileade

10. Ke mehlala efe ea keketseho ea ’Muso e bontšitsoeng ho tloha ha baromuoa ba koetlisitsoeng ba Gileade ba fihla ka lekhetlo la pele linaheng tse itseng?

10 Liithuti tse fetang 6 000 li fetile lihlopheng tse 76 tsa Sekolo sa Gileade, seo hona joale se leng ntlo-kholong ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova Brooklyn, New York. Molemo oa Sekolo o totobetse. Ka mohlala, ha baromuoa ba pele ba koetlisitsoeng Gileade ba fihla Brazil ka 1945, ke batho ba 394 feela ba neng ba kopanela mosebetsing oa ho bolela ’Muso naheng eo. Kajeno palo e kaholimo ho 148 000. Morao koana ka 1949 ha liithuti tsa pele tsa Gileade li fihla Japane, ke bahoeletsi ba bararo feela ba ’Muso ba neng ba tlaleha tšebeletso naheng eo ea Bochabela. Hona joale ba feta 86 000!

11. Ho tloha ha Sekolo sa Gileade se buloa ka 1943, ho etsahetse eng mabapi le keketseho ea ’Muso lefatšeng lohle?

11 Empa ho thoe’ng ka keketseho ea ’Muso lefatšeng lohle? Koana, ha sehlopha sa pele sa Sekolo sa Gileade se fumana koetliso ka 1943, ke baboleli ba ’Muso ba 126 329 feela ba neng ba le mafolo-folo linaheng tse 54 lefatšeng ka bophara. Kajeno, tlhoro ea bahoeletsi ba 2 652 323 ba litaba tse molemo ba bolela linaheng tse 205. Ka tekano e khōlō, keketseho ena e bile teng ka baka la mosebetsi o motle oa liithuti tsa Gileade.

12. Zakaria 8:23 e phethahalitsoe joang?

12 Linaheng tse ngata tseo liithuti tsena li neng li romeloa ho tsona e le baemeli le manģosa a emelang Kreste, li fumane masimo a butsoelitse kotulo. (Mattheu 9:37, 38; 2 Ba-Korinthe 5:20) Ho qala ka sehlotšoana linaheng tse ling, ba ikopantseng le balateli ba tlotsitsoeng ba Jesu kajeno ba makholo, likete esita le mashome a likete ’me ka hona ba re: “Re tla ea le lōna, hobane re utloile hoba Jehova o na le Iōna.” (Zakaria 8:23) E, “bongata bo boholo” bona bo eketsehang bo ikentse bo fumanehang hore bo hōlise boboleli ba ’Muso lefatšeng ka bophara.—Tšenolo 7:9.

Ke Thabo hore e be ba Ikentse ba Fumanehang

13. (a) Ke polelo efe e entsoeng ke moromuoa e mong ea ileng a iketsa ea fumanehang bakeng sa tšebeletso e eketsehileng ho Jehova? (b) Ke potso efe e lokelang ho hlahlobisisoa?

13 Ka sebele Jehova o hlohonolofatsa ba bontšang ho rata le moea oa boitelo, ’me ka sebele ba thabile hore ebe ba ikentse ba fumanehang bakeng sa tšebeletso e eketsehileng thorisong ea Molimo. Ka mohlala, khaitseli e mong oa moromuoa o ngotse: “Ke ile ka tlohela mosebetsi, ka etsa qeto e tiileng, ’me ka Loetse, 1930, har’a ho theoha ho hoholo ha moruo, ka hla ka qala ho matha peisong ea bophelo [ke le pula-maliboho]. Kamehla ke thabile haholo hore e be ke entse hoo . . . ho ne ho bolela ho latsoa molemo oa Jehova le ho bina lithoko tsa hae tsatsi le leng le le leng, ho felletseng ka khotso ea kelello hore ke tobane le hofe kapa hofe ho tlang.” (Pesaleme ea 34:8) Na u ka iketsa ea fumanehang bakeng sa tokelo ea tšebeletso ea bopula-maliboho kapa boromuoa?

14. Setho se seng sa Sehlopha se Busang se boletse eng mabapi le tšebeletso ea sona ea nako e tletseng?

14 Moromuoa e mong ea bileng sehlopheng sa pele sa Gileade ea ileng a romeloa Japane a ngola mantsoe ana ka 1960, kamor’a lilemo tse 21 a le tšebeletsong ea nako e tletseng. “Ke lilemo tse tletseng ka thabo le liphihlelo tseo ho seng tsela e ’ngoe ea bophelo eo li neng li ka fumaneha ka eona!” Kajeno lilemo tse ka bang 24 hamorao, thabo ea moena enoa e lula e ntse e le khōlō e le setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova.

15. (a) Kamor’a lilemo tse ngata tsa tšebeletso ea Bethele, ba bang ba itse’ng? (b) Hoo ho hlahisa potso efe e nahantšang?

15 Kamor’a lilemo tse ngata tsa tšebeletso e le lesooa ntlo-khōlō ea Watchtower Society, moena e mong o itse: “Ha ke ikoahlaele letho ka tsela eo ke e khethileng morao koo bocheng ba ka. . . . Thabo ea ho bona limakasine le libuka tse limillione tse jereng molaetsa oa Lentsoe la Molimo li jaloa ho isa lipheletsong tsa lefatše ke moputso o babatsehang.” Khaitseli e mong ea sebelelitseng Bethele ea Brooklyn ho tloha ka bo1920 o kile a re: “Ho haella mantsoe ho bolela khotsofalo le thabo tseo ke li fumaneng.” ’Me ka ho ba tšebeletsong ea Bethele ka lilemo tse ngata, moena e mong o itse: “Ka sebele ke thabetse tsela ea bophelo e thabileng, e putsang le e hlohonolofalitsoeng.” Na le uena, u ka iketsa ea fumanehang bakeng sa tšebeletso e thabisang ea Bethele?

Arabela ka Tumelo ho Jehova

16. Baena ba babeli ba hōlileng ba itse’ng ka ho amohela likabelo tse tsoang phuthehong ea Jehova?

16 Moena e mong ea hōlileng eo hona joale a sebeletsang Papua New Guinea o kile a ngola: “[Lilemo tsena tsa tšebeletso ea nako e tletseng] e bile lilemo tse molemohali, lilemo tse thabileng ho feta . . . Ho bile bohlale hakaakang ho mamela tšepiso ea Morena ho Mattheu 6:33! Ke ho utloahalang hakaakang ho latela ketello pele ea Morena joalokaha e senotsoe ka phutheho ea hae!” Moena ea tsoang Brithane eo e bileng mohlanka oa nako e tletseng India ho tloha ka bo1920, o boletse hantle a re: “Hona joale lefatše lohle ke sebaka se senyenyane haholo. Ho na le [bahlanka ba Jehova] naheng e ’ngoe le e ’ngoe’me baa rateha linaheng tsohle. Kapele motho o tloaelana le maemo a linaha lisele. Ke feela taba ea hore motho a etse qeto ho ho etsa, ’me joale a kōpe moea oa Jehova hore a tsebe ho khona ho hlōla mathata. Keletso ea ka ke ena, Kamehla amohela kabelo e tsoang phuthehong ea Jehova ’me ka thabo u etse qeto ea ho e sebelisa.”

17. (a) Ho bahoeletsi ba phutheho, ke menyetla efe e teng ka ho ntlafatsa kapa ho eketsa tšebeletso ho Jehova? (b) Pauluse o ile a arabela joang ha a hlokomela “monyako o moholo oa tšebeletso”?

17 Joaloka mohoeletsi oa phutheho ea nang le lelapa le boikarabelo bo sa tšoaneng ba Mangolo, u ka ’na ua botsa, ‘Nka etsa ho hoholo hakae?’ Ha ho e mong ea ka u bolellang. Empa u ka rapela Jehova, u kōpe hore a u sebelise kamoo ho khonehang tšebeletsong ea hae e halalelang. Mohlomong u ka eketsa nako eo u e nehelang kamehla tšebeletsong ea tšimo. Haeba ha u e-so ho khanne thuto ea lehae ea Bibele le motho ea khahlehang, lokisetsa ho ba le eona. ’Me kaofela ha rōna re ka ntlafatsa boemo ba tšebeletso ea rōna ho Jehova haeba re sebelisa keletso ea Lentsoe la hae le phutheho ea hae. Haeba u moholo ea khethiloeng, thuso ea hao ea moea e ka ’na ea hlokahala haholo phuthehong e ’ngoe. Haeba lelapa la hao le e-ea moo tlhokahalo e leng khōlō, uena, mosali oa hao le bana ba hao le ka ’na la ba le thabo e eketsehileng ka ho fumana le ho thusa batho ba kang linku. Ka nako e loketseng, u ka ’na ua ba le thabo ea ho thusa ho hloma phutheho e ncha, kapa ho ka ’na ha e-ba le mahlohonolo a mang a mangata a fetang litebello tsa lōna. Ha moapostola Pauluse a hlokomela “monyako o moholo oa tšebeletso,” a thahasella ho eketsa tšebeletso ea hae thorisong ea Jehova. (1 Ba-Korinthe 16:9; 2 Ba-Korinthe 2:12; Ba-Kolosse 4:2-4) Na u ikutloa ka tsela e tšoanang?

18. (a) Ho khothaletsoa eng haeba u buleheloa ke monyako oa tšebeletso ea Bokreste e eketsehileng? (b) Ho tla hlaha eng haeba u iketsa ea fumanehang?

18 Joale, u tla etsa’ng ha tokelo ea ho sebeletsa Jehova e beoa ka pel’a hao? Na u tla iqenehela, kapa u tla bontša moea oa boitelo? Feela, u lokela ho itekanya mojaro. (Luka 14:27-30) Empa haeba monyako oa tšebeletso e eketsehileng oa Bokreste o u bulehela, rapela Jehova. Toba taba thapelong e joalo ’me u lebelle tataiso ea hae. (Pesaleme ea 37:5; Ba-Filippi 4:6, 7) Joale, haeba moea oa hae o halalelang o u susumeletsa ho amohela tokelo e itseng, amohela tataiso eo ’me u sebetse ka tumelo ho Ntate oa hao oa leholimo. Ka sebele u tla hlohonolofaletsoa tsela ea ho itella ho ntšetsa pele lithahasello tsa ’Muso. Hape hopola, “Lehlohonolo la Jehova le entša motho, hase mokhathala oa hae o mo ekeletsang leruo.” (Liproverbia 10:22; Malakia 3:10) E, ka sebele, mahlohonolo a maholo a sa lebelloang e tla ba a hao haeba u iketsa ea fumanehang!

U Tla Arabela Joang?

◻ Tumellanong le Pesaleme ea 110:3, hona joale Lipaki tsa Jehova li etsa eng?

◻ Bahlanka ba Jehova ba kajeno ba phahamisitse mosebetsi oa ho bolela ’Muso joang?

◻ Ha e sa le Sekolo sa Gileade se buloa ka 1943, ho etsahetse’ng keketsehong ea ’Muso lefatšeng lohle?

◻ Ke menyetla efe e teng bakeng sa tšebeletso e ntlafetseng kapa e eketsehileng ho Jehova?

◻ Haeba u buleheloa ke monyako oa tšebeletso ea ’Muso e eketsehileng, u lokela ho itšoara joang?

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Ha Pauluse a amohela ‘pitso ea Macedonia,’ eena le metsoalle ea hae ba iketsa ba fumanehang bakeng sa tšebeletso thorisong ea Jehova

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Sehlopha sa pele se fetileng Sekolong sa Gileade, ka Phupu 1943. Bo-pula-maliboho bana ba sebetsang ka thata ba ne ba ikentse ba fumanehang bakeng sa tšebeletso ea ’Muso e eketsehileng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela