Kamoo Tebello ea Bokreste E Ileng ea Fela
JESU o boleletse barutuoa ba hae hore ba ‘lebele’ bakeng sa ho ba teng ha hae le ho tla ha ’Muso oa hae. (Mareka 13:37) Ho na le bopaki bo bongata ka Mangolong a Bakreste a Segerike ba hore Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba etsa joalo. Ha e le hantle, ba bang ba ile ba hloka mamello haholo. (2 Ba-Thessalonika 2:1, 2) Ka lehlakoreng le leng, ho thibela ho khoehlisa leha e le hofe tebellong ea Bokreste, Pauluse, Jakobo, Petrose le Johanne, bohle ba ngotse mangolo ao ka ho ’ona ba neng ba khothaletsa baena ba bona ho lula ba falimehile moeeng ha ka mamello ba ntse ba letetse ‘ho ba teng’ ha Kreste le “letsatsi la Morena.”—Ba-Heberu 10:25, 37; Jakobo 5:7, 8; 1 Petrose 4:7; 2 Petrose 3:1-15; 1 Johanne 2:18, 28.
Libuka tsa litšupiso tse phatlalalitsoeng ke bo-ralipale ba Bojakane le baruti ba thuto ea bolumeli li hlokomela ’nete ena. Supplément, ea Dictionnaire de la Bible e hlomphuoang ea Sefora ea K’hatholike e re: “Ke ho sa utloahaleng ho leka ka mekhoa eohle ho latola boemo ba tebello ea bofelo bo senotsoeng litemaneng tse ngata tsa Testamente e Ncha. . . . Bokresteng ba pele . . . tebello ea Parousia [ho ba teng] e nka karolo ea bohlokoa ’me e tsoela pele ho tloha qalong ea T[estamente] e N[cha] ho ea qetellong ea eona.”
Empa ke hobane’ng ha baruti ba bang ba thuto ea bolumeli ba Bojakane ba “leka ka mekhoa eohle ho latola taba ea ho lebella bofelo” e ileng ea senoloa har’a Bakreste ba pele? Ha ho pelaelo, ke ho lokafatsa boemo ba ho otsela ba moea bo senolehileng kajeno har’a ba bangata ba bitsoang ka hore ke Bakreste le baeta-pele ba bona ba moea. Phetoho ee e tlile joang?
Kamoo Tebello e Felileng ka Teng
Ho khoehla ha tebello ea Bokreste e ne e le le leng la mabaka a bokoenehi le neng le se le qalile ho itšenola le pele baapostola ba Kreste ba e-shoa. Moapostola Pauluse o lemositse hore bokoenehi bo ne “bo se bo ntse bo sebetsa” har’a phutheho ea Bokreste mehleng ea hae. (2 Ba-Thessalonika 2:3, 4, 7) Lilengoana hamorao, moapostola Petrose a eletsa Bakreste hammoho le eena hore ba itebele khahlanong le “baruti ba bohata” le “basomi” ba neng ba tla re: “E kae pallo ea ho tla ha hae? Hobane, ha e sa le ho e-shoa bo-ntate moholo, ntho tsohle li sa ntse li tiile, li sa le joale ka qalong, ha li hloloa.”—2 Petrose 2:1; 3:3, 4.
Ka ho thahasellisang, tebello e nepahetseng ea Bokreste e ile ea bolokoa ka nakoana ke ba neng ba lumela ’nete ea Mangolo ea hore ‘ho ba teng’ ha Jesu ho tšepisitsoeng ho ne ho tla bolela bohaufi ba Puso ea hae ea Lilemo tse Sekete holim’a lefatše. Justin Martyr (a shoa hoo e ka bang ka 165 C.E.) Irenaeus (a shoa hoo e ka bang ka 202 C.E.) le Tertullian (a shoa kamor’a 220 C.E.) bohle ba ne ba lumela Pusong ea Kreste ea Lilemo tse Sekete ’me ba buella tebello e matla ea bofelo ba tsamaiso ena ea hona joale e khopo ea lintho.
Ha nako e ntse e e-ja babeli ’me bokoenehi bo hlaha, tšepo ea lilemo tse sekete ea ho fetoleloa ha lefatše paradeiseng tlas’a ’Muso oa Kreste, butle-butle ea nkeloa sebaka ke tebello e inahaneloang e theiloeng monahanong oa bohlale ba Bagerike oa hore motho ka tlhaho ha a shoe. Tšepo ea Paradeise ea tlosoa lefatšeng ea isoa leholimong, e fumaneha lefung. Kahoo tebello ea Bokreste ea parousia ea Kreste kapa ho ba teng ha hae le ho tla ha ’Muso oa hae ea chechisoa. Ba re: ‘Ke hobane’ng ha u ka lebella ka matla pontšo ea ho ba teng ha Jesu, athe u ka tšepa ho kopana le Kreste leholimong ha u e-shoa?
Ho fela hona ha ho lebela ha Bokreste ho susumelelitse Bakreste ba koenehileng hore ba itlhophise ho ba kereke e theiloeng hantle eo mahlo a eona a seng a sa talima ho tleng ha Kreste kapa parousia, empa, ho e-na le hoo, ho hatelleng litho tsa eona ’me, haeba ho khoneha, ho hatelleng lefatše. The New Encyclopædia Britannica e-ea bolela: “Ho lieha [ho bonahalang ho le teng] ha Parousia ho felletse ka ho fokola ha tebello ea ntho e haufi kerekeng ea pele. Bohatong bona ba ho fokolisa litebello tsa liketsahalo tsa mehla ea qetello, mokhatlo ona oa kereke oa ’na oa ipha matla ho nkela ’Muso oa Molimo o lebelletsoeng sebaka. Ho theoa ha Kereke e K’hatholike e le mokhatlo oa babusi oa baruti ka ho toba ho amana le ho fokolisa tebello ea ntho e haufi.”
Ho Lebela Hoa Fela
“Ntate” oa kereke kapa “moruti e moholo,” ea felisitseng ho lebela ha Bokreste ha ho pelaelo e ne e le Augustine oa Hippo (354-430 C.E.). Bukeng ea hae e tsebisahalang The City of God, Augustine o boletse: “Hona joale kereke lefatšeng ke ’muso oa Kreste le ’Muso oa leholimo.”
The New Bible Dictionary e hlalosa phello eo pono ena e bileng le eona thutong ea bolumeli ea K’hatholike: “Thutong ea bolumeli ea Roma e K’hatholike tšobotsi e khethollehileng ke kamano ea ’muso oa Molimo le kereke tsamaisong ea litaba tsa batho lefatšeng, kamano e bakiloeng haholo ke tšusumetso ea Augustine. Ka molao oa tlhahlamano ea baruti Kreste o nkoa e le Morena oa ’Muso oa Molimo. Sebaka sa ’muso se na le meeli e tšoanang le meeli ea matla a kereke le bobusi ba kereke. ’Muso oa leholimo o atolosoa ka thomo le tsoelopele ea Kereke lefatšeng.”
Hona ho tlositse bohlokoa bohle ba ‘ho lebela’ pontšo e neng e tla bontša hore ’Muso oa Molimo o haufi. Ha a ngola ho The New Encyclopedia Britannica, Profesa E. W. Benz o tiisa sena, ka hore: “[Augustine] o hlephisitse tebello e neng e le teng ea bofelo ka ho bolela hore ’Muso oa Molimo o se o qalile lefatšeng lena ka ho hlongoa ha kereke; kereke ke moemeli oa pale oa ’Muso oa Molimo lefatšeng. Ho ea ka Augustine, tsoho ea pele e etsahala kamehla ka har’a kereke ka mokhoa oa bohato ba Kolobetso, boo ka bona ba tšepahalang ba hlahisoang ’Musong oa Molimo.”
Augustine ke eena ea boetseng a etsetsa Bojakane qeto ea ho lahla tšepo ea Mangolo ea Puso ea Jesu Kreste ea Lilemo tse Sekete nakong eo A tlang ho tsosolosa Paradeise lefatšeng. (Tšenolo 20:1-3, 6; 21:1-5) The Catholic Encyclopedia e-ea lumela: “Mohalaleli Augustine qetellong o ile a khomarela qetong ea hore ho ke ke ha e-ba le puso ea lilemo tse sekete. . . . Sabbatha ea lilemo tse sekete kamor’a lilemo tse likete tse tšeletseng tsa pale, ke kakaretso ea bophelo bo sa feleng; kapa, ka mantsoe a mang, palo sekete e reretsoe ho bolela phetheho.” Britannica Macropædia (1977) e-ea phaella: “Ho eena [Augustine] puso ea lilemo tse sekete e ne e fetohile boemo ba moea boo ho bona kereke e neng e kene ka kopano ho bona ka Pentekonta. . . . Paleng ho ne ho sa lebelloa letho le phahametseng tlhaho le ka kenang lipakeng haufi.” Kahoo, ho Mak’hatholike, thapelo “ho tle ’muso oa hao” e fetohile e se nang thuso.
Lefifi la Mehla e Hare
Rea bolelloa hore tlhaloso ea Augustine “e ile ea fetoha thuto ea molao mehleng e hare.” Ka hona, tebello ea Bokreste ea tebela tlase-tlase. Rea bala: “Mehleng e hare ea Bojakane, tebello ea liketsahalo tsa qetello” ea Testamente e Ncha ea kengoa sebakeng sa eona melaong e neng e theiloe likhopolong tsa Plato [mohlalefi oa Mogerike] tse bontšang hore lintho tsa sebele li emela tse sa bonahaleng ’me, hamorao ka bophirima ha amoheloa likhopolo tsa Aristotle [mohlalefi oa Mogerike] tse theiloeng qetong ea lintho tse bonahalang. Maikutlo a meetlo ka parousia, tsoho le tse tšoanang a ile a kopanngoa le likhopolo tsa Bagerike ka moea le ho se shoe ha oona. . . . Bokreste ba Mehla e Hare . . . bo ile ba [siea] sebaka se fokolang bakeng sa takatso ea tebello ea liketsahalo tsa qetello. Takatso ena, leha ho le joalo, e ne e sa shoa; e phetse mekhatlong e meng e itseng ea bokhelohi.”—Encyclopædia Britannica, khatiso ea 1970.
Kereke ea Roma e K’hatholike e bua hampe ka ‘mekhatlo e joalo ea bokhelohi,’ ka ho e bitsa “mekha e khelohileng ea puso ea lilemo tse sekete.” Bo-ralipale ba eona ba nyefola ka hore ke “Tšoso ea Lilemo tse 1 000.” Empa ke molato oa mang oa ho re ba bangata ba batho feela ba ne ba tšohile hore lefatše le ne le tla fela lilemong tse 1 000? “Tšoso” ena ka ho toba e bile phello ea thuto ea bolumeli ea “Mohalaleli” Augustine oa K’hatholike. O boletse hore Satane o ile a tlangoa ka lekhetlo la pele la ho tla ha Kreste. Kaha Tšenolo 20:3, 7, 8 e bolela hore Satane o ne a tla tlangoa ka lilemo tse 1 000 ’me joale a “lokolloe . . . ho ea thetsa lichaba tsohle” (The Jerusalem Bible), ha ho makatse hore batho ba bang lekholong la leshome la lilemo ba ne ba tšohile ho neng ho ka ’na ha etsahala ka selemo sa 1 000.
Ka tlhaho, babusi ba Kereke ea Roma e K’hatholike ba nyatsa ‘tšoso’ ena, joalokaha e ile ea nyatsa Moitlami Abbot Joachim oa Flora, ea ileng a profeta hore mehla ea Bokreste e tla fela ka selemo sa 1260. Qetellong, ka 1516, Lekhotleng la Bohlano la Lateran Mopapa Leo X pepenene a thibela Mok’hatholike ofe kapa ofe ho profeta hore na Anti-Kreste le Kahlolo ea ho Qetela li tla tla neng. Ho tlōloa ha molao o joalo ho ne ho tla tlisa molao oa ho khaoloa!’
Monahano oa Boprostanta
Phetoho ea Kereke ea lekholong la bo16 la lilemo, ka boipolelo ba eona ba ho khutlela Bibeleng, e lokela e be e pakile ho tsosoa ha tebello ea Bokreste. ’Me e ho entse ka nakoana. Empa ntlheng ena, joaloka ho tse ling tse ngata, Phetohelo ea Kereke ha e-ea ka ea phethahatsa litšepiso tsa eona. Ha e-ea ka ea tšoaea ho khutlela Bokresteng ba ’nete ba Bibele. Likereke tsa Boprostanta tse hlahileng ka Phetohelo ea Kereke ka pele tsa lahla ho lebela ha tsona ha Bokreste ’me tsa lumellana le lefatše la joale.
Rea bala: “Leha ho le joalo, likereke tsena tse hlahileng ka Phetohelo ea Kereke, ka pele tsa e-ba mekhatlo ea likereke tsa sebaka [sechaba], tseo hamorao li hateletseng tebello ea nako ea bofelo, ’me kahoo thuto ena ea litebello tsa liketsahalo tsa nako ea bofelo ea fetoha karolo e tlatsetsang feela.” “Bolokolohing ba bolumeli bo hlahileng, haholo-holo har’a Maprostanta le Bajode, ho ea bofelong ba lekholo la lilemo la bo18 le ho phunyeletsa la bo19, litebello tsa liketsahalo tsa nako ea bofelo li ne li se na sebaka. Li ne li nkoa e le karolo ea mekhabiso e tsofetseng ea bolumeli ba moetlo, e siiloeng ke nako e ke keng ea hlola e amoheloa mehleng ea leseli. Mabakeng a mangata, maikutlo a tebello ea liketsahalo tsa nako ea ho qetela a ile a lahloa ka ho feletseng, ’me ho se shoe ha moea kamor’a lefu ea e-ba ntho e khomaretsoeng e le bofelo ba motho. Baruti ba bang ba thuto ea bolumeli ba boetse ba hlalosa tebello ea ’Muso oa Molimo ka mantsoe a boitšoaro, mehlolo kapa mekhoa ea tulisano.”—Encyclopædia Britannica.
Kahoo, ho e-na le ho thusa Bakreste ho lula ba ‘lebeletse’ ho ba teng ha Kreste le ho tla ha ’Muso oa Molimo, baruti ba thuto ea bolumeli ba Boprostanta ba lahlehetse hōle tebello ea ’nete ea Bokreste. Ho ba bangata ba bona, “’Muso oa Molimo . . . o fetohile o emeroeng kelellong ka kutloisiso ea motho ka mong; ke borena ba thabo le ba khotso lipelong tsa batho.” Ho ba bang, “ho tla ha ’muso ho na le khato e tsoelang pele ea toka ea tulisano le ntšetso pele ea tikoloho.”—The New Bible Dictionary (ea Boprostanta).
Litebello Tsa K’hatholike
Bonyane, ka polelo, Mak’hatholike ka moea a lokela ho lebella ho ba teng ha Kreste. Ho sa tsotellehe thuto ea bolumeli ea Augustine e felisitseng tebello ea ’Muso le tšepo ea puso ea lilemo tse sekete ho Mak’hatholike, tumelo ea Kereke ea Roma e ntse e kopanyelletsa mosebetsi oa Mokreste oa ho lula a lebeletse ho khutla ha Kreste. Ka mohlala, Phutheho ea Vatican Thutong ea Tumelo e ile ea romella babishopo ba K’hatholike lefatšeng lohle lengolo, le saenetsoeng ke Mopapa John Paul II le ngotsoeng ka la 17 Motšeanong, 1979, le boletseng hore: “Tumellanong le Mangolo, Kereke e letetse ‘ho bonahala ho khanyang ha Morena oa Rōna Jesu Kreste.’”
Ka molomo Kereke e K’hatholike e ruta joalo. Empa, ka liketso, ke hangata hakae Mok’hatholike a utloang moprista oa hae a bolela ka hore hoa hlokahala ho lula a lebeletse ho tla ha Kreste le ho tla ha ’Muso oa Molimo? Ka ho thahasellisang, morero oa lengolo le qotsitsoeng kaholimo le tsoang lekhotleng la Roma e ne e le ho “matlafatsa tumelo ea Bakreste lintlheng tse ileng tsa botsoa.” Empa ke hobane’ng ha ho khutla ha Kreste ho ile ha botsoa ke ba bitsoang Bakreste? Na karabelo e ka hlahisoa mantsoeng a latelang a qotsitsoeng ho The New Encyclopædia Britannica? “Kereke ke khale e hlokomolohile lithuto tse maloka le tebello ea liketsahalo tsa nako ea ho qetela.” “Esale ho e-ba le Phetohelo ea Kereke, Kereke ea Roma e ’nile ea bonahala e sa ikamahanye le mekhatlo e buellang tebello ea liketsahalo tsa mehla ea qetello.”
Ho Lebela ha Bokreste ha Hoa Shoa
Tebello ea Bokreste e felile har’a likereke tsa Bojakane hobane li lahlile linnete tse hlakileng tsa Bibele ’me tsa ikhethela ho latela bohlale ba Bagerike le ba thuto ea bolumeli ea “Mohalaleli” Augustine. Lihlooho tse latelang li tla bontša hore bahlanka ba ’nete ba Molimo kamehla ba phetse ba ntse ba lebelletse ho ba teng ha Kreste, le hore kajeno ho teng batho ba pakileng ho lebela ha bona ha Bokreste ka lilemo le ba boetseng ba sibollotseng tšepo e babatsehang eo u ka bang le eona. Ka kōpo bala u tsoele pele, e be u kōpa e mong oa Lipaki tsa Jehova hore a u thuse ho lula u ‘lebeletse’ ho phethahala ha tšepo eo ea Bibele.
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 5]
“Ke ho sa utloahaleng ho . . . latola tebello ea liketsahalo tsa nako ea bofelo e senotsoeng litemaneng tse ngata tsa Testamente e Ncha”
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Augustine a khomarela hore kereke lefatšeng ke ’Muso oa Kreste
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Mopapa Leo X a thibela Mok’hatholike ofe kapa ofe ho profeta hore Kahlolo ea ho Qetela e tla tla neng