Ba Hlorisetsoa ho Bua ’Nete
LIPAKI TSA JEHOVA ha li tšehetse litumelo le meetlo ea Kimbilikiti, hobane li hanana le metheo ea Mangolo. Lipaki li lokollotsoe ke ’nete e fumanoang Lentsoeng la Molimo Bibele. (Johanne 8:31, 32) Kahoo, ha li lumelle hore bara ba tsona ba bolotsoe ka litšebeletso tsa lebollo tsa Kimbilikiti. Lipaki li boetse li hana ho fana ka lijo, chelete, kapa liphahlo tse batloang nakong ea ha ba le mophatong, ’me le basali ba tsona ha ba kopanele likarolong tse tlamang tsa ho tšoasa lihlapi tse hlophisoang ka morero o tšoanang.
Ka ho thahasellisang, mabapi le polao ea Lipaki tse boletsoeng pejana, leqoetha la naha le chochisang le buile sena puellong ea Iona ka lekhotleng: ‘Bo-Warenga ba itseng bao nakong e fetileng ba nkileng karolo litšebeletsong tsa Kimbilikiti ’me ba tseba koma, hona joale ba kopanela le Lipaki tsa Jehova. Ba pepesitse koma, haholo-holo e amanang le ho se be teng ha moea o bitsoang Kimbilikiti. Ka baka leo, ba pepesitse bohata ba linyehelo tse neoang moea oo, Lipaki tsa Jehova li talima ketso ena e le thetso e khōlō e hlophisitsoeng ke banna ba tsofetseng ba tsamaisang litšebeletso.’
Ha batho ba morabe oa Rega ka bomong ba amohela lithuto tsa ’nete tsa Bibele, tumelakhoela le ho tšaba bafu li nkeloa sebaka ke ’nete le tšepo ea tsoho. (Johanne 5:28, 29) Ho rohaka bo-’mè, basali, le likhaitseli ho nkeloa sebaka ke ho hlompha basali.—Ba-Efese 5:21–6:4; 1 Timothea 5:1, 2.
Ha ho bapisoa, likereke tse ngata tsa Bojakane li lumella litho tsa tsona ho kenella bolumeling ba morabe ba Bokreste ’motoana. Ha e le hantle, baprista ba bangata le baprista ba phahameng ba Kimbilikiti ba nkoa e le litho tse tšepahalang, tse hlomphuoang tsa likereke tse fapaneng. Ho fapane hakaakang le boikutlo ba moapostola Pauluse. O ngotse: “Se sikareng joko e le ’ngoe le ba sa lumelang; hobane kopano ke efe ea ho loka le bokhopo? Kapa leseli le na le kopano efe le lefifi? . . . Tempele ea Molimo e na le tumellano efe le litšoantšo tse rapeloang?”—2 Ba-Korinthe 6:14-16.
Hangata haholo, ba nang le maqhama a tiileng le Kimbilikiti le likereke tsa bophirima ba tsoselitse Lipaki tsa Jehova khathatso. Bahanyetsi bana ba ’nile ba tšoana haholo le baetsi ba litšoantšo ba Efese ea boholo-holo. Ba bona khoebo ea bona e sentsoe ke Pauluse, ea pakileng hore “melimo e etsoang ka matsoho hase melimo.” (Liketso 19:23-28) Motheo o tšoanang o-oa sebetsa ’neteng e reng ha ho moea oo ho thoeng ke Kimbilikiti.
Lipaki tsa Jehova li ikutloa li tlamehile ho tsebahatsa linnete tse kang tsena. Ha e le hantle, ka linako tse ling li hlorisitsoe habohloko ka baka la ho bua ’nete. Empa ho ka ithutoa’ng ka ho mamella ha tsona ka botšepehi?