Ho ba Bonngoeng le ’Mōpi oa Tlhophiso ea Bokahohleng
“Bonang, ho hotle, ho monate hakakang, ha baena ba phela hammoho ba ntse ba le bang.”—PESALEME EA 133:1.
1, 2. (a) Ke ntho efe e tšoenyang e ileng ea hlaha lilemong tse fetileng tse ka bang 6 000? (b) Bibele e bitsa mokoenehi eo eng? ’me o lekile ho iketsa ea kang Ea Holimo-limo joang?
’MŌPI oa tlhophiso ea bokahohleng o lakatsa ho e boloka e hloekile, e lokile, e kopane. Empa nakoana hoba batho ba be teng lilemong tse fetileng tse ka bang 6 000, ha etsahala ntho e tšoenyang bokahohleng. Ea etsahala ha mohanyetsi ea phahametseng motho a itokolla tlhophisong ea ’Mōpi ’me a itherela tlhophiso ea hae e ipusang.
2 Kaha mokoenehi enoa o ile a hanyetsa ’Mōpi oa hae, Bibele e mo bitsa Satane, lebitso le bolelang “Mohanyetsi.” Ke mohanyetsi e moholo oa Jehova, Morena ea tšoanelehang oa bokahohle. (Jobo 1:6, 7) Ka baka la meharo ea ho iketsa Ea Holimo-limo ka tlhophiso ea hae, Mohanyetsi enoa a ke ke a haelloa ke ho leka ho iketsa mohlophisi le molimo ea phehisang. Kahoo Satane a iketsa ea bohehang. Boikutlo ba Satane bo ile ba bontšoa lesikeng la marena le boemong bo khanyang ba lefatše bo neng bo nkiloe ke “Morena oa Babylona,” ea neng a neiloe ka tšoanelo mabitso “ea khanyang” kapa “Lusifera.” (Esaia 14:4, 12-14, NW; King James Version) Ho tla fihlela joale, empa e le ka tumello ea Jehova feela. Satane ke “molimo oa lefatše lena.”—2 Ba-Korinthe 4:4.
3. (a) Mohanyetsi eo o ile a otla karolo efe ea tlhophiso ea Molimo pele? (b) Ke liphetoho life tse hlahisitsoeng ke hore Diabolose e be morena oa bademona?
3 Mohlomong e le ka ho fokolisa tlhophiso ea Jehova, Satane a qala ka ho e hlasela tlase-tlase, ho Adama, hlooho e khethetsoeng lelapa la motho. (Genese 3:1-24; Pesaleme ea 8:3-5; Ba-Roma 5:12) Hamorao, mangeloi a mangata ka ho se utloe a lahla ‘tulo tsa ’ona,’ kapa sebaka se a loketseng hore a phele ho sona leholimong, ’me a iphetolela nameng e le hore a ka nyala le ho kopanela bophelo le basali ba batle, ba mpang ba sa phethahala. (Juda 6) Bana ba bona ba motsoako o sa ikatiseng boholo ba bona le matla e le lisele, ba ne ba bitsoa Linefilimi. Lentsoe lena, leo ho lumeloang hore le bolela “balihi,” le ne le loketse kaha ho bonahala ba ne ba liha batho feela tjee ka mabifi. Moroallong, mangeloi a sa utloeng a fetohela moeeng hape ’me a khutlela sebakeng sa moea. (Genese 6:1–7:23) Ka ho itokolla tlhophisong ea Jehova, a ne a ikentse bademona, ’me Satane Diabolose ea e-ba morena oa oona.—Deuteronoma 32:17; Pesaleme ea 106:37; Mattheu 12:24; Luka 11:15-19.
4. Baphonyohi ba batho ba Moroallo ba ile ba etsa joang, eaba Satane o futuha ho etsa joang, hona e le ka sepheo sefe?
4 Ka tsela eo. Satane a hloma tlhophiso ea hae e sa bonahaleng, ea moea e phahametseng motho. Baphonyohi ba Moroallo, Noe le lelapa la hae, ba lula ba le bonngoeng le tlhophiso e sa bonahaleng ea Jehova ea leholimo. (Genese 6:9; 8:18-21) Empa Satane a tsoa ho ea senya bonngoe ba bana ba Noe ea khabane. Sepheo sa Diabolose e ne e le sefe? E ne e le ho hlahisa karolo e bonahalang ea tlhophiso ea hae e khopo!
5. The Watch Tower ea May 1, 1921, e ile ea hlahisa joang hore Satane o na le tlhophiso?
5 Ho nkile nako hore Liithuti sa Machaba tsa Bibele li lemohe hore Satane o na le tlhophiso ea hae. Empa The Watch Tower ea May 1, 1921, ea re: “Satane a se khotso ke seo a seng a se entse, a thetsa bana ba makhotla a leholimo ’me a ba etsa hore ba thetse batho le hore ba tlatse lefatše ka pefo. A hlophisa tsamaiso e sa bonahaleng mahlong a batho, hammoho le tsamaiso e lefatšeng e bonahalang mahlong a batho, ’me o batla ho silafatsa karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea morero o senotsoeng oa Molimo.”
6. The Watch Tower ea December 1, 1922, ea re’ng ka morero oa Satane?
6 Tlas’a sehlohoana “Morero oa Satane” The Watch Tower ea December 1, 1922 ka ho hlaka e itse: “Hona joale re letsatsing le lebe. Ntoa e-ea loana pakeng tsa tlhophiso ea Satane le tlhophiso ea Molimo. Ke ntoa e sisimosang. Satane o leka ho timetsa boikutlo ba tlhophiso ea Morena ’me, haeba ho ka khoneha, ho timetsa litho tsa ntlo ea bara. Ho phetha sena o sebelisa mano ’ohle ao a ka a khonang.”
7, 8. (a) E bile thuso joang ho lemoha litlhophiso tse peli tse loantšanang? (b) Ho The Watch Tower ea March 1, 1925, ho ile ha bontšoa hore ke eng e khahlanong le “ngoana e motona” oa tšoantšetso?
7 Ho lemoha litlhophiso tse peli tse loantšanang ha thusa ho hlakisa lithuto tsa Bibele tse ngata le boprofeta. Ka mohlala, Tšenolo khaolo ea 12 e ne e sa utloisisoe ka mokhoa o nepahetseng ho fihlela ho hlaha sehlooho “Ho Tsoaloa ha Sechaba” ho The Watch Tower ea March 1, 1925. Temana ea sona ea sehlooho (Tšenolo 12:5, KJ) e re: “A tsoala ngoana e motona, ea neng a tla busa lichaba tsohle ka lere la tšepe; ’me ngoana oa hae a nkeloa ho Molimo, le teroneng ea oona.”
8 Maqepheng a 67 le 68 sehlooho sena sa re:
“Tšobotsi e ileng ea totobala tokisetsong ea Molimo ho theosa le mehla e bile efe? . . . Ho hlongoa ha ’muso oo Jesu a re rutileng ho o rapella. Hoo ho bolela ho tsoaloa ha sechaba se secha se tla busa le ho hlohonolofatsa malapa ’ohle a lefatše. . . . Ke matla afe a hanyetsang a bolokileng batho ba sa tsebe ka sechaba see se secha se khanyang le mahlohonolo ao se tlang ho ba tlisetsa oona? . . . Satane Diabolose, le tlhophiso ea hae. . . . Ntoa ea sebele e pakeng tsa Molimo le diabolose, ’muso oa ho loka o felisa mosebetsi oa ’muso oa bokhopo le lefifi, ’me bakeng sa oona o hloma ’muso oa ’nete. . . . Kamorao ho 1918 tlhophiso ea diabolose, ea khoebo, lipolotiki le ea bolumeli, haholo-holo ea bolumeli, ea hanyetsa Morena le ’muso oa hae pepeneneng; eaba hona moo bohale ba Molimo khahlanong le lichaba bo qalang ho bonahatsoa. Ho tloha ka nako eo ho ea pele ntoa e-ea loana lefatšeng. Pele ho moo ntoa e ile ea loana maholimong.”
9. Ka 1925, “mosali” oa Tšenolo khaolo ea 12 o ile a hlalosoa e le eng?
9 Ka nako eo ho ne ho nahannoe ka phoso hore Esaia 66:7 le Tšenolo 12:5 li profeta ho tsoaloa ha “ngoana e motona” ea tšoanang. Eaba Watch Tower e qotsitsoeng kaholimo e boetse e re:
“Ho bonahala ka ho hlakileng hore ‘mosali’ o tšoantšetsa karolo eo ea Sione, tlhophiso ea Molimo, e tsoetseng ’muso o mocha kapa sechaba o tlang ho busa lichaba le batho ba lefatše ka lere la tšepe le ka ho loka. . . . (Ba-Galata 4:26) Ka mantsoe a mang Sione kapa Jerusalema, tlhophiso ea Molimo, ke ’mè ea belehang sechaba se secha kapa maemo a puso. Batlotsuoa ba lefatšeng ke karolo ea ‘mosali’ ’me ruri baa mo emela. Mosali ea ‘apereng letsatsi’ o bolela Sione e leholimong le ba amohelehang ba lefatšeng ba tlhophiso ea Molimo nakong ea ha Morena a e-tla tempeleng ea hae. . . . Hona joale a le ka tempeleng ea hae e akarellelitseng sehlopha sa tempele kapa a ba apesitse ka seaparo sa hae se selelele sa ho loka, tlhophiso ea hae e hlahisang sechaba se secha, seo ka nako e ’ngoe se bitsoang Sione, o khanya joaloka letsatsi.”
10. Ho etsahetse joang ka karolo ea moea ea tlhophiso ea Satane, ’me joale e loana ntoa efe?
10 “Drakone,” eo hajoale e utloisisoang hore ke Satane Diabolose, e hlōlehile ho koenya “ngoana e motona,” ’muso oa Messia o tsoetsoeng leholimong qetellong ea Mehla ea Lichaba ka 1914. (Luka 21:24) Ntoeng e ileng ea latela maholimong, karolo ea moea ea tlhophiso ea Satane ea liheloa tlase lefatšeng, ho se mohla e tla kena leholimong ho ea sebelisa tšusumetso e arolang teng. Tlhophiso eo e theotsoeng litulong joale e khathatsa karolo e bonahalang ea tlhophiso ea Jehova ea bokahohleng, ka ho se khaotse e loana le “masala a leloko la hae, e leng ba bolokileng litaelo tsa Molimo, ba nang le bopaki ba Jesu Kreste.”—Tšenolo 12:17.
Tšebeletso e Kopaneng
11. (a) Mantsoe a Pauluse a buang ka “Jerusalema oa holimo” a ka sebelisoa ho bafe kajeno? (b) Davida o itse’ng ka Jerusalema oa lefatšeng, moo ntlo ea Jehova ea borapeli e neng e le hona teng?
11 “Mosali” oa Molimo oa tšoantšetso o tšoantšoa le motse o khethiloeng Jerusalema, oo ka ho thothokisa o bitsoang Sione. Ka hona, mantsoe a Pauluse a buang ka “Jerusalema oa holimo” ea lokolohileng joale a sebetsa ho “masala a peō ea hae” ao “drakone,” Satane Diabolose a tsoelang pele ho a “loantša.” (Ba-Galata 4:26) Jerusalema oa lefatšeng o ne a momahane le ho hahuoa ka thata mehleng ea Davida, ea ileng a re: “Ka thaba ha ba itse ho ’na: A re eeng ka tlung ea Jehova! Maoto a rōna a eme likhorong tsa hao, Jerusalema. Jerusalema, u hahiloe joale ka motse oo matlo a oona a patahaneng hammoho. Ke moo ho nyolohelang meloko, meloko ea Jehova, ka taelo e neiloeng Iseraele, ho roka lebitso la Jehova.”—Pesaleme ea 122:1-4.
12. (a) Mantsoe a Pesaleme ea 122:1-4 a sebetsa bonngoeng bofe kajeno? (b) Jerusalema le tabernakele e halalelang li ne li e-na le matla afe bonngoeng ba meloko ea Iseraele?
12 Ke setšoantšo se ratehang hakaakang sa bonngoe ba tlhophiso ea Jehova ea bokahohle! Bonngoe bo ne bo totobala haholo meketeng ea sechaba, ha meloko e 12 ea Iseraele e kopana hammoho borapeling bo kopaneng ba Jehova tabernakeleng e halalelang e Jerusalema. ’Me pusong ea morena le molisa oa bona Davida, meloko ea lula e kopane ka lebaka la borapeli bo hlophisitsoeng ba Molimo oa bona e seng haholo-holo ka baka la litlamo tsa bona tsa nama. E, Jerusalema e ne e amoheleha ho Molimo e le setsi sa borapeli bo kopaneng le bo hlophisitsoeng tlas’a boprista bo le bong bo nkiloeng lelokong la Levi le lelapeng la moprista oa pele e moholo oa Iseraele, Aarone, moholoane oa moprofeta Moshe. Ho feta moo, meloko eohle e 12 e ne e le selekaneng se le seng sa Molao se neng se ba arola lichabeng tsohle tse rapelang bademona.
13. Davida o itse’ng ka bonngoe bo neng bo thabeloa ke Baiseraele ba boholo-holo?
13 Lintlha tsee tsohle e ne e le mabaka a kopanyang hakaakang! Tsa boloka batho ba Molimo bonngoeng e le tlhophiso ea sechaba se le seng tšireletsong le tlhohonolofatsong ea sona. Davida o ho beile ka tsela ena: “Bonang, ho hotle, ho monate hakakang, ha baena ba phela hammoho ba ntse ba le bang! Ho joale ka oli e hlokoang, e tšeloang hlohong, e qhitsetsang litelung, litelung tsa Aarone, e qhitsetsang ho isa le mosehong oa seaparo sa hae. Ho joale ka phoka ea Hermone, e theohelang lithabaneng tsa Sione, hobane ke moo Jehova a laetseng hlohonolofatso le bophelo ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 133:1-3.
14. (a) Bonngoe ba sechaba sa Baiseraele bo phetoa ke bafe kajeno? (b) Baiseraele ba moea ba tšoantšetsoa ba eme hokae, ’me ba bina “sefela” sefe ka kutloano?
14 Bonngoe ba sechaba bo neng bo susumetsa lipolelo tse tlohang botebong ba pelo joalo boa phetoa kajeno. Ke bafe? Ke “Iseraele oa Molimo,” Baiseraele ba moea bao ’mè oa bona ea mong Pauluse a hopolitsoeng ka eena ha a re: “Empa Jerusalema oa holimo ha a tlangoa; ke eena e leng ’m’a rōna.” (Ba-Galata 6:16; 4:26) Ha a etse bana ba hae ba tsoetsoeng ka moea bahlanka ba selekane sa Molao. Le hoja “Iseraele oa Molimo” a tšoantšetsoa a e-na le meloko e 12, litho tsohle tsa eona tse 144 000 li tiisoa ka ‘tiiso e tšoanang ea Molimo o phelang,’ ’me kaofela li tšoantšetsoa li eme “Thabeng ea Sione” e le ’ngoe ea holimo. (Tšenolo 7:1-8; 14:1-4) Ba etsa sehlopha se sekaakang sa libini ha ka kopano ba bina “sefela sa Moshe, mohlanka oa Molimo, le sefela sa Konyana,” Jesu Kreste! (Tšenolo 15:3, 4; Johanne 1:29, 36) “Sefela” seo se thabisa Molimo ’me se bolela tlhōlo!
15. (a) Ba 144 000 ba hlophiselitsoe eng ntle ho ho bina? (b) Lentsoe “tlhophiso” le bontša bonngoe joang?
15 Ba 144 000 le Motsamaisi oa bona ea ba bintšang, “Konyana,” ba hlophisitsoe bakeng sa ho etsa ho fetang hore maholimo a lume ka pina ea bona. Ea bona ke tlhophiso ea borena e tla busa ka lilemo tse sekete ho phahamisa borena ba bokahohleng ba Jehova le ho hlohonolofatsa batho bohle ba nkang bohato. (Tšenolo 20:4-6) Lentsoe “tlhophiso,” le fapaneng le lentsoe “mofere-fere,” le bolela tokiso ea lintho moo karolo e ’ngoe le e ’ngoe e beoang sebakeng se e loketseng ’me e neoa mosebetsi oa eona e le hore tsohle li ka sebetsa hammoho ho hlahisa phello e le ’ngoe. Ka hona, tlhophiso e bula sebaka sa bonngoe, tšebelisano, taolo e ntle le kutloano—e seng khohlano.
16. Ho latela Ba-Efese 4:8, 11-16, ho beiloe pakane efe lilemong tse fetileng tse fetang makholo a 19, hona ho finyelletsoe eng har’a Lipaki tsa Jehova?
16 Pakane ea bonngoe ba Bokreste e beiloe lilemong tse fetileng tse makholo a 19, ha ‘limpho tsa banna’ li fanoa e le baapostola, baprofeta, baboleli ba evangeli, balisa le baruti. Ha makasine oa Watch Tower o hatisoa ka lekhetlo la pele ka 1879, Molimo oa boela oa fana ka “balisa le baruti” ba moea. Tokisetso ena e kopantse Lipaki tsa Jehova ‘bonngoeng ba tsona ba hona joale tumelong le tsebong ea Mora oa Molimo.’ (Ba-Efese 4:8, 11-16) Re leboha hakaakang hore Jehova o entse sena kamorao ho lilemo tse makholo-kholo tsa pherekano le moluba-lube oa bolumeli ba lefatše lohle.
17. Re tseba joang hore Molimo o ne o hopotse ho fetang bonngoe ba Bakreste ba tlotsitsoeng, hona Jesu o profetile eng ntlheng ee?
17 Ka ho hlakileng, Molimo o ne o hopotse ho fetang bonngoe ba Bakreste ba tlotsitsoeng, hobane o rerile hore “etlere nako tse beiloeng ke oona ha li se li phethehile, o tle o bokellele tsohle ho Kreste, leha e le tse leholimong, leha e le tse lefatšeng.” (Ba-Efese 1:9, 10) Ntlheng ena, Jesu a profeta: “Ke sa na le linku tse ling, tsee e seng tsa lesaka lena; le tsona e ka khona ke li tlise, ’me li tla utloa lentsoe la ka, ’me mohlape o tla ba mong, molisa le eena a be mong.”—Johanne 10:16.
18. (a) Ho balelloa bafe ‘linthong tse lefatšeng’ tse tlamehang ho bokelloa hammoho? (b) Ka 1935, tlhokomelo e khethehileng e neiloe “linku tse ling” joang?
18 “Linku tse ling” tsena li balelloa ‘linthong tse lefatšeng’ tse tlamehang ho bokelloa hammoho. Kahoo, tlas’a tšusumetso ea moea oa Molimo, hoo e ka bang lilemo tse 21 hoba Jesu Kreste a qale ho busa ka 1914 tlhokomelo e khethehileng ea qala ho lebisoa ho “linku tse ling.” Kopanong ea Lipaki tsa Jehova Washington D.C. ka 1935, mookameli oa Watch Tower Society a hlalosa hore “bongata bo boholo” ke “linku tse ling” tseo qetellong li tla bokelloa ke Molisa ea Molemo, Jesu Kreste. (Tšenolo 7:9-17) Na ho na le “linku tse ling” tseo Jesu a ileng a li bokella kopanong eo e tšoaileng mehla? E, hobane ka nako eo ba tlileng kopanong ba 840 joale ba ile ba hlokomela hore ke ba bokelloang ke Molisa ea Molemo ’me ba kolobetsoa tšoantšetsong ea boinehelo ba bona ho Jehova Molimo.
19. (a) Ho fihlela joale, “bongata bo boholo” bo bokae? (b) Ka ho ikopanya le tlhophiso e bonahalang ea Jehova, “bongata bo boholo” bo bonngoeng le mang, hona bo ikemiselitse ho etsa joang?
19 Eaba ho qaleha ho bokelloa ha “bongata bo boholo” ba “linku tse ling,” tseo joale li fetang 2 800 000. Ka ho ikopanya le karolo e bonahalang ea tlhophiso ea Jehova—ke hore, masala a “mohlatsoana” o ka ‘lesakeng lena’ la Molisa ea Molemo—ba bonngoeng le ’Mōpi e Moholo oa tlhophiso ea bokahohleng. ’Me ba ikemiselitse ho boloka bonngoe boo bophelong ba bona ba ka ho sa feleng lefatšeng la Paradeise leo Molisa e Moholo, Jehova, a tla ba nea lona.—Luka 12:32; 23:43.
20. Ha masala a batlotsuoa le “bongata bo boholo” bo nahana ka seo Molisa e Moholo a se entseng ho tloha ka 1914, ba susumeletseha ho re’ng?
20 Ha masala a tlotsitsoeng le “bongata bo boholo” bo ntseng bo eketseha ba nahana ka sohle seo Molisa e Moholo a se entseng bokahohleng ho tloha ho feleng ha Mehla ea Balichaba ka 1914, teboho e tlohang botebong ba lipelo e ba susumeletsa ho bina hammoho pesaleme e khōlō ea Halleluja: “Bokang Jehova! Rorisang Molimo sehalalelong sa oona, o roriseng leholimong le entsoeng ke matla a oona! O rorisetseng liketso tsa oona tse phahameng. O roriseng ka ho ea ka boholo ba oona bo fetisisang! O roriseng ka molumo oa terompeta! O roriseng ka pesalterine le harepa! O roriseng ka meropa le ka mehobelo! O roriseng ka molumo oa thōmo e likhole le ka phala! O roriseng ka cymbala e molumo o hlakang; o roriseng ka cymbala e molumo o hlakang! Tse phefumolohang kaofela a li ke li rorise Jehova! Bokang Jehova!”—Pesaleme ea 150:1-6.
21. (a) Ke neng “tse phefumolohang kaofela” li tla rorisa Jehova? (b) Joale litho tsohle tsa tlhophiso ea bokahohle li tla sebetsa le mang hona ka morero ofe?
21 Haufi “maholimo” a joale le “lefatše” la joale li tla senngoa ‘ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle,’ ’me “maholimo a macha le lefatše le lecha” tseo e leng khale li letetsoe li tla theoa ka ho sa sisinyeheng. (2 Petrose 3:7-13; Tšenolo 16:14, 16) Joale, ka sebele, “tse phefumolohang kaofela” tse pholohelang lefatšeng lena le hloekisitsoeng li tla roka Jah, ’Mōpi e Moholo oa tlhophiso ea bokahohle ea ho loka. Litho tsohle tsa tlhophiso eo tse leholimong le tse lefatšeng ka thabo li tla roka Jehova ’me ka botšepehi le ka lerato li sebetse le eena bakeng sa ho phahamisoa ha ka ho sa feleng ha borena ba bokahohleng ba hae le ho halaletsoa ha lebitso la hae le tšoanelehang ka ho fetisisa. Hona hohle ho bolela bonngoe bo boholo hakaakang!
U ka Arabela Joang?
◻ Ke liphetoho life tse entseng hore Satane e be morena oa bademona?
◻ E bile thuso joang ho lemoha phapang pakeng tsa litlhophiso tse peli tse khōlō?
◻ Pesaleme ea 122:1-4 e sebetsa bonngoeng bofe kajeno?
◻ Ho ka boleloa joang hore Jehova o ne a hopotse ho fetang bonngoe ba balateli ba tlotsitsoeng ba Jesu?
◻ Ke neng “tse phefumolohang kaofela” li tlang ho rorisa Jehova Molimo?
[Litšoantšo tse leqepheng la 14, 15]
Batho ba Jehova kamehla ba bonngoeng bona ka bobona le ’Mōpi oa tlhophiso ea bokahohle