Li Ka U Thusa ho Bolela
HA JESU a ne a bolella barutuoa ba hae hore ba e’o bolela, mohlomong ba ne ba sa tsebe bohlokoa bo felletseng ba seo a neng a ba laela hore ba se etse. (Mattheu 10:7) Ka kutlo, ba ile ba latela mohlala oa hae ’me ba ea ka ‘metse le metsana, ba ntse ba ruta, ba bolela Evangeli ea ’muso oa Molimo.’ (Luka 8:1) Eo e ne e le qaleho ea boiteko ba ho bolela bo ’nileng ba hōla ho fihlela batho lefatšeng ka bophara ba hlokomelisitsoe ka litaba tse molemo tsa ’Muso.
Mehleng e qalang ea phutheho ea Bokreste, boboleli bo ne bo etsoa haholo-holo ka molaetsa o boleloang ka molomo. Barutuoa ba Kreste ba ne ba buisana le e mong le e mong ea mamelang. “Ha ba ka ba phetsa ka matsatsi ’ohle ho ruta le ho bolela tempeleng le ka matlung, hore Jesu ke Kreste.”—Liketso 5:42.
Ho ile ha totobala hore ba tšehelitsoe ke Molimo kaha ba ne ba khona ho etsa mehlolo. (Liketso 14:3) Batho ba bangata ba ile ba phekoloa ’meleng ’me ba lula bakeng sa ho mamela mantsoe a phekolang moeeng. Ka baka leo, “ba lumelang ho Morena ba ’na ba eketseha.”—Liketso 5:14-16, TLP.
Ho Hasa Litaba Tse Molemo Kajeno
Ha baapostola ba e-shoa, lineo tsa ho phekola le ho bua lipuo lisele li ile tsa lesa ho ba teng. Empa na ka tsela leha e le efe see se ile sa fetola thōmo eo Jesu a neng a fane ka eona ho barutuoa ba hae? Che! O ne a ba boleletse hore ba etse ‘batho ba lichaba tsohle barutuoa,’ ’me ha ba etsa joalo, o ne a tla ba le bona “ka mehla eohle, ho isa bofelong ba lefatše.” (Mattheu 28:19, 20) Kajeno, bopaki ba Mangolo bo hlakile hore re phela bofelong ba tsamaiso ea lintho. Na Jesu o phethahalitse tšepiso ea hae ea hore o tla ba le barutuoa ba hae mosebetsing oa ho etsa barutuoa? Bopaki bo re karabelo ke e!
Ho finyella baahi ba lefatše ba limillione tse likete ka molaetsa o boleloang ka molomo e ne e tla ba mosebetsi oo batho ba ke keng ba o khona. Kahoo, ho lokiselitsoe thuso ka libuka tsa Bibele tseo batho ba ka li balang malapeng a bona. Ka mohlala, ka 1879 ha sehlopha se seng sa liithuti tse chesehang tsa Bibele se ne se batla ho isa molaetsa oa ’Muso oa Molimo ho ba bang, se ile sa qala ho hlahisa libuka, tse kang makasine oa Bibele oo hona joale o tsejoang e le Molula-Qhooa, hammoho le lipampitšana tse buang ka litaba tsa Bibele. Qalong se ne se sebelisa bahatisi ba khoebo ho hlahisa libuka. Ka 1920 se ile sa fumana khatiso ea sona mohahong o mong o hiriloeng, ’me ka 1927 sa haha fektheri ea sona bakeng sa ho hatisa Libibele, libuka, libukana, limakasine, le lipampitšana tse neng li ka sebelisoa ke mang kapa mang ea batlang ho thusa ho phetha thōmo eo Jesu a e fileng barutuoa ba hae.
O eme o tiile khahlanong le bahanyetsi ba neng ba bolela hore boiteko bona ba ho hatisa bo tla hlōleha, Mokhatlo oa Watch Tower o tsoetse pele ho bula likhatiso linaheng tsa lefatše ka bophara. Selemong se fetileng feela, o hatisitse Libibele, libuka, le libukana tse fetang 63 000 000 le limakasine tse fetang 582 000 000 ka lipuo tse fetang 200.
Libuka tseo o li hatisitseng li bile le molemo o ke keng oa lekanngoa oa ho khotsofatsa litlhokahalo tsa moea tsa batho. Ho hatisitsoe libuka tse reretsoeng ho finyella batho ba nang le lipono tsa litaba le litumelo tse khethehileng. Bacha ba limillione ba ’nile ba ananela Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele le Bocha ba hao—ho Fumana se Molemohali ho Bona. Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng e bile le molemo o moholo oa ho matlafatsa litlamo tsa lelapa le ho ruta banna le basali hore e mong a bontše lerato le leholoanyane ho e mong. Thuso e ’ngoe bakeng sa batho ba bacha ba batlang ho etsa hore ’nete e be ea bona e bile Ho Kopana Borapeling ba Molimo o le Mong oa ’Nete. Batho ba balang buka ena ba ’nile ba fumana hore ho etsoa hore ba nahane le ho thuisa ka ho teba ho hoholoanyane ka kamano ea bona le Molimo.
Buka eo hangata e ’nileng ea bitsoa “seqhomane se seputsoa,” ’Nete a Isang Bophelong bo sa Feleng, e bile le phello e sa tloaelehang bophelong ba ba limillione. Hore na ke ba bangata hakae bao linnete tsa Bibele tseo ba ithutang tsona bukeng ena li tlang ho ba susumelletsa ho sebeletsa Molimo ho sa ntsane ho tla bonahala.
Hona joale, ba sebetsang boboleling ba litaba tse molemo tlas’a tataiso ea Jesu ba thusoa ke buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Ho tsamaisoa lithuto tsa Bibele le batho ba limillione, bao boholo ba bona ba etsang hore bophelo ba bona bo lumellane le litekanyetso tsa Bibele.
Ka mohlala, monna e mong ea lilemo li 68 Naheng ea New York o ile a fumanoa ke ngoan’abo Colorado, ea ileng a mo romella libuka tsa Watch Tower hore a li bale. Ka potlako monna eo o ile a bala libuka tsohle tse rometsoeng ’me a thabela ho qalloa thuto ka buka Phela ka ho sa Feleng ha Paki e ’ngoe e fihla ha hae. Bophelong bohle ba hae, monna enoa o ne a ’nile a bokella lithunya tsa bohlokoa tsa histori, empa ha a bala hore ba sebeletsang Jehova ba ke ke ba hlola ba ithuta ho loana, ka potlako o ile a rekisa lithunya tsa hae ka tahlehelo e khōlō ea chelete. (Esaia 2:4) Ho feta moo, ka mor’a ho tsuba ka matla ka lilemo tse 53, o ile a khaotsa sena hang ha a bala ka hore sena ha se khahlise Jehova. (2 Ba-Korinthe 7:1) Ha ka mor’a ho ithuta a tseba hore o lokela ho abelana litaba tse molemo le ba bang, ka ho tšoha ho hoholo o ile a lokisetsa ho etela mora oa hae le ngoetsi ho ea buisana le bona le litloholo tsa hae. Ha a kena ka kamoreng ea baeti, o ile a thabela ho bona buka Phela ka ho sa Feleng tafoleng. Ngoetsi ea hae e ne e ithuta eona ’me e ne e sa tsebe hore na e ka buisana le eena joang ka taba ena. Ka bobeli ba entse tsoelo-pele e babatsehang moeeng.
Spain, Lipaki tsa Jehova li ile tsa haha sebaka seo li kopanelang ho sona pel’a kereke ea K’hatholike. Moprista o ile a halefa haholo. O ile a bolela hore hoja o tsebile hore Lipaki li ne li tlil’o haha sebaka seo li kopanelang ho sona moo, a ka be a rekile setša seo ho li thibela ho se sebelisa. Holo ena ea ’Muso e na le fensetere eo buka ea Phela ka ho sa Feleng e manehiloeng ho eona. Letsatsi le leng le le leng setho se seng sa phutheho se phetla leqephe le leng. Batho ba motse ba ne ba atisa ho ema e be ba bala leqephe le lecha. Ka baka leo, batho ba bangata ba ile ba bontša thahasello, ’me lithuto tsa Bibele tsa qalisoa. E, buka eo e ipakile e le paki e khutsitseng empa e le e behang litholoana.
Karolo e Phethiloeng ke Limakasine ho Haseng Litaba Tse Molemo
Ha tokollo ea pele ea Molula-Qhooa e hatisoa ka Phupu 1879, ho ile ha hatisoa likopi tse 6 000 feela. Ho ntse ho le joalo, sehlotšoana se ileng sa li bala se ile sa bolella ba bang ka litaba tse ka har’a tsona. Kajeno, Lipaki tsa Jehova tse fetang 3 500 000 li sebelisa likopi tse 13 000 000 tse hatisoang tokollong ka ’ngoe ho phatlalatsa ’Muso oa Molimo e le oona tšepo feela bakeng sa batho.
Makasine oo e bile thuso e khōlō bakeng sa ho hlalosa litaba tsa Mangolo tse fapaneng. Letoto le tsoelang pele ho Molula-Qhooa le ’nile la bua ka bophelo ba Jesu le tšebeletso ea hae. Letoto lena le thusitse ba limillione ho bona ka mahlo a kelello le ho utloisisa hamolemo litaba tsa bohlokoa tsa Litlaleho tsa Melaetsa.
Matoto a lihlooho tse khethehileng ho Molula-Qhooa le Tsoha! a reretsoe ho finyella lipelo tsa bacha. Letoto la lihlooho “Lentsoe la Molimo lea Phela” le ile la ruta melao-motheo e mengata ’me la hlakisa likhang tse ngata likelellong tsa batho. Letoto la lihlooho “Bacha ba Botsa . . . ” le ’nile la tšohla lipotso tsa sebele bophelong, ’me la fana ka likarabelo tse sebetsang tse tšehetsoang ke mangolo ho tataisa monahano le liketso tsa bacha mehleng ena e tletseng likhathatso. Ha Lipaki tsa Jehova li buella lihlooho tsena ha li nehelana ka limakasine, karabelo e bile e khothatsang ka ho fetisisa.
Empa ho phaella lihloohong tse buang ka litaba tse khethehileng, moko oa sebele oa Molula-Qhooa o bile lihloohong tse khōlō, tse matlafatsang tumelo le kholiseho ea Bakreste ba ’nete kaofela. Lihlooho tsena tse theiloeng Mangolong li fana ka bopaki bo kholisang ba hore bofelo ba tsamaiso ena ea lintho bo haufi, li bua ka phethahatso ea boprofeta ba Bibele, ’me li fana ka keletso e batlisisang lipelo mabapi le hore na Bakreste ba lokela ho phela joang ha ba talima mehla ena. Ba tletse tsebo ena, Bakreste ba ikemiselitse ho sebelisa lintho tseo ba ithutileng tsona mosebetsing oa boboleli.
Hore na mosebetsi ona oa boboleli o tla tsoela pele halelele hakae pele bofelo ba tsamaiso ena ea lintho bo fihla, ha re tsebe. Leha ho le joalo, re ka kholiseha hore likhatiso tse hatisitsoeng le tse abiloeng ke Lipaki tsa Jehova li tla tsoela pele e le thuso e khōlō ho Bakreste ha ba ntse ba phetha thomo ea Moeta-pele oa bona, Jesu.