Lebaka Leo Lipaki tsa Jehova li Lulang li Falimehile
“Le ipoloke le falimehile . . . hobane ha le tsebe hore na Morena oa lōna o tla ka letsatsi lefe.”—MATTHEU 24:42, NW.
1. Keletso ena “le ipoloke le falimehile” e sebetsa ho bo-mang?
HO MOHLANKA e mong le e mong oa Molimo—ebang o mocha kapa o tsofetse, ebang o sa tsoa inehela kapa o na le tlaleho ea tšebeletso ea nako e telele—keletso ena ea Bibele ea sebetsa: “Le ipoloke le falimehile”! (Mattheu 24:42, NW) Ke hobane’ng ha sena e le sa bohlokoa?
2, 3. (a) Jesu o ile a hlalosa pontšo efe ka ho hlaka, hona ho phethahala ha boprofeta ho bontšitse eng? (b) Ke maemo afe a boletsoeng ho Mattheu 24:42 a lekang bonnete ba tumelo ea rōna, hona joang?
2 Ho ea qetellong ea tšebeletso ea hae lefatšeng, Jesu o ile a bolela esale pele pontšo ea ho ba teng ha hae ho sa bonahaleng matleng a ’Muso. (Mattheu, likhaolo 24 le 25) Ka ho hlakileng o ile a hlalosa nako eo ea ho ba teng ha hae ha borena—le liketsahalo phethahatsong ea boprofeta li bontša hore o ile a behoa teroneng e le Morena maholimong ka 1914. O boetse a supa maemo ao ka nako eo a neng a tla leka bonnete ba tumelo ea rōna. Mona e ne e le ha a supa nako ea ha a tla nka bohato e le Mophethahatsi oa kahlolo ho felisa tsamaiso ea hona joale e khopo nakong ea matšoenyeho a maholo ao Jesu a itseng ka ’ona: “Ha e le letsatsi leo le hora eo, ha ho ea tsebang; esita le mangeloi a leholimo ha a tsebe, leha e le Mora; empa ho tseba Ntate a ’notši.” A hopotse seo o ile a re: “Le ipoloke le falimehile, hobane ha le tsebe hore na Morena oa lōna o tla ka letsatsi lefe.”—Mattheu 24:36, 42, NW.
3 Ho se tsebe ha rōna letsatsi le hora eo matšoenyeho a maholo a tla qala ka eona ho hloka hore haeba re ipolela hore re Bakreste, re lokela ho phela joaloka Bakreste ba ’nete letsatsi le leng le le leng. Na tsela eo u sebelisang bophelo ba hao ka eona e tla fella ka ho amoheloa ke Morena ha matšoenyeho a maholo a fihla? Kapa haeba lefu le fihla pele, na o tla u hopola u le e mong ea neng a sebeletsa Jehova ka botšepehi ho fihlela qetellong ea bophelo ba hao ba hona joale?—Mattheu 24:13; Tšenolo 2:10.
Barutuoa ba Pele ba Ile ba Ikemisetsa ho Falimeha
4. Re ka ithuta eng mohlaleng oa Jesu oa ho falimeha moeeng?
4 Jesu Kreste ka boeena o ile a beha mohlala o motle oa ho falimeha moeeng. O ile a rapela Ntate oa hae khafetsa le ka tieo. (Luka 6:12; 22:42-44) Ha a ne a tobane le liteko, o ne a itšetleha haholo ka tataiso e fuperoeng ke Mangolo. (Mattheu 4:3-10; 26:52-54) Ha a ka a itumella ho khelosoa mosebetsing oo Jehova a neng a mo abetse oona. (Luka 4:40-44; Johanne 6:15) Na ba neng ba italima e le balateli ba Jesu ba ne ba tla falimeha joaloka eena?
5. (a) Ke hobane’ng ha baapostola ba Jesu ba bile le bothata ba ho boloka botsitso ba moea? (b) Jesu o ile a fa baapostola ba hae thuso efe ka mor’a tsoho ea hae?
5 Ka linako tse ling, esita le baapostola ba Jesu ba ile ba thekesela. Ka lebaka la cheseho e feteletseng le likhopolo tse fosahetseng, ba ile ba tlameha ho tobana le ho soetseha. (Luka 19:11; Liketso 1:6) Pele ba ithuta ho itšetleha ka Jehova ka ho feletseng, liteko tsa tšohanyetso li ile tsa ba lahlisa botsitso. Kahoo, ha Jesu a tšoaroa, baapostola ba hae ba ile ba baleha. Hamorao bosiung boo, Petrose, ka lebaka la tšabo, o ile a latola ka makhetlo hore o tseba Kreste. Baapostola ba ne ba e-s’o nkele keletso ea Jesu pelong: “Le ipoloke le falimehile ’me le rapele le sa khaotse.” (Mattheu 26:41, 55, 56, 69-75, NW) Ka mor’a tsoho ea hae Jesu o ile a sebelisa Mangolo ho matlafatsa tumelo ea bona. (Luka 24:44-48) ’Me ha ho bonahala hore ba bang ba ne ba ka ’na ba beha tšebeletso eo ba e tšepetsoeng sebakeng sa bobeli, Jesu o ile a matlafatsa matla a bona a hore ba tsepamise mehopolo ea bona mosebetsing oa bohlokoa haholoanyane.—Johanne 21:15-17.
6. Pejana Jesu o ile a lemosa barutuoa ba hae ka maraba afe a mabeli?
6 Pejana, Jesu o ne a ile a lemosa barutuoa ba hae hore ha ea lokela ho ba karolo ea lefatše. (Johanne 15:19) O ne a boetse a ba elelitse hore ba se ke ba hatella ba bang empa ba sebetse hammoho e le baena. (Mattheu 20:25-27; 23:8-12) Na ba ile ba mamela keletso ea hae? Na ba ile ba lula ba behile mosebetsi oo a neng a ba file oona ka pele?
7, 8. (a) Tlaleho e entsoeng ke Bakreste ba lekholo la pele la lilemo e bontša joang hore ba ile ba nka keletso ea Jesu ka ho teba? (b) Ke hobane’ng ha ho tsoela pele ho falimeha moeeng e ne e le ntho ea bohlokoa?
7 Hafeela baapostola ba ne ba ntse ba phela, ba ile ba sireletsa phutheho. Histori e paka hore Bakreste ba pele ba ne ba sa itšunya-tšunye litabeng tsa lipolotiki tsa ’Muso oa Roma le hore ba ne ba se na sehlopha se phahamisitsoeng sa baruti. Ka lehlakoreng le leng, e ne e le baboleli ba mafolo-folo ba ’Muso oa Molimo. Ho ea qetellong ea lekholo la pele la lilemo, ba ne ba fane ka bopaki ho pholletsa le ’Muso oa Roma, ba etsa barutuoa Asia, Europe, le Afrika e ka Leboea.—Ba-Kolosse 1:23.
8 Leha ho le joalo, se finyeletsoeng boboleling se ne se sa bolele hore ho ne ho se ho sa hlokahale hore ba lule ba falimehile moeeng. Ho tla ha Jesu ho boletsoeng esale pele ho ne ho sa ntse ho le hōle. ’Me ha phutheho e kena lekholong la bobeli la lilemo C.E., ho ile ha hlaha boemo bo ileng ba beha bomoea ba Bakreste kotsing. Joang?
Ba Ileng ba Khaotsa ho Falimeha
9, 10. (a) Ka mor’a lefu la baapostola, ke liphetoho life tse bontšitseng hore ba bangata ba ipolelang hore ke Bakreste ba ne ba sa ipoloka ba falimehile? (b) Ke mangolo afe a boletsoeng serapeng sena a ka beng a thusitse ba ipolelang hore ke Bakreste hore ba lule ba le matla moeeng?
9 Ba bang ba ileng ba tla ka phuthehong ba ile ba qala ho hlalosa litumelo tsa bona ka filosofi ea Magerike, e le hore seo ba se rutang se amohelehe haholoanyane ho batho ba lefatše. Butle-butle, lithuto tsa bohetene, tse kang Boraro-bo-bong le ho se shoe ha sephefumolohi tseo ba li futsitseng, li ile tsa fetoha karolo ea Bokreste bo silafetseng. Sena se ile sa etsa hore ho lahloe tšepo ea lilemo tse sekete. Hobane’ng? Ba ileng ba amohela tumelo ea ho se shoe ha sephefumolohi ba ile ba fihlela qeto ea hore sephefumolohi se pholohileng ’mele oa motho se tla fumana litlhohonolofatso tsa puso ea Kreste ka ho feletseng sebakeng sa moea. Kahoo ba bone ho sa hlokahale ho falimehela ho ba teng ha Kreste matleng a ’Muso.—Bapisa le Ba-Galata 5:7-9; Ba-Kolosse 2:8; 1 Ba-Thessalonika 5:21.
10 Boemo bona bo ile ba mpefatsoa ke liphetoho tse ling. Ba bang ba ipolelang hore ke balebeli ba Bakreste ba ile ba qala ho sebelisa liphutheho tsa bona e le tsela ea ho ipatlela bophahamo. Ka bolotsana ba ile ba hatella maikutlo a bona le lithuto tsa bona e le tsona tse nang le bohlokoa bo lekanang le ba Mangolo kapa ebile bo feta le ba Mangolo. Ha monyetla o itlhahisa, kereke ena ea bokoenehi e bile ea iketsa e fumanehang bakeng sa ho sebeletsa lithahasello tsa naha ea bopolotiki.—Liketso 20:30; 2 Petrose 2:1, 3.
Liphello tsa ho Falimeha ho Eketsehileng
11, 12. Ke hobane’ng ha Nchafatso ea Prostanta e sa ka ea tšoaea ho khutlela borapeling ba ’nete?
11 Ka mor’a lilemo tse makholo tsa ho hlekefetsoa ke Kereke ea Roma e K’hatholike, Banchafatsi ba bang ba lekholong la bo16 la lilemo ba ile ba bua ka ho toba. Empa sena se ne se sa tšoaee ho khutlela borapeling ba ’nete. Hobane’ng ho se joalo?
12 Le hoja lihlotšoana tse fapa-fapaneng tsa Prostanta li ile tsa itokolla matleng a Roma, li ile tsa tsamaea le lithuto tse ngata tsa motheo le mekhoa ea bokoenehi—khopolo ea moruti le phutheho, le tumelo ho Boraro-bo-bong, ho se shoe ha sephefumolohi le tlhokofatso ea ka ho sa feleng ka mor’a lefu. ’Me, joaloka Kereke ea Roma e K’hatholike, li ile tsa tsoela pele ho ba karolo ea lefatše, ka ho amana haufi-ufi le mebuso ea lipolotiki. Kahoo, li ile tsa lahla tebello leha e le efe ea ho tla ha Kreste joaloka Morena.
13. (a) Ke eng e bontšang hore batho ba bang ba ne ba nka Lentsoe la Molimo e le la bohlokoa e le kannete? (b) Lekholong la bo19 la lilemo, ke ketsahalo efe ka ho khetheha e ileng ea thahasellisa ba bang ba ipolelang hore ke Bakreste? (c) Ke hobane’ng ha ba bangata ba ile ba nyahama?
13 Leha ho le joalo, Jesu o ne a boletse esale pele hore ka mor’a lefu la baapostola, majalefa a sebele a ’Muso (ao a a tšoantšitseng le koro) a ne a tla tsoela pele ho hōla hammoho le Bakreste ka lebitso (kapa, mofoka) ho fihlela nakong ea kotulo. (Mattheu 13:29, 30) Kajeno re ke ke ra bolela ka kholiseho leha e le bafe bao Monghali a ba talimang joaloka koro. Empa ke habohlokoa hore lekholong la lilemo la bo14, la bo15, le la bo16, ho bile le banna ba ileng ba beha bophelo ba bona le tokoloho ea bona kotsing ka ho fetolela Bibele lipuong tsa batho ba tloaelehileng. Ba bang ha ba ka ba amohela Bibele feela joaloka Lentsoe la Molimo empa ba ile ba boela ba hana Boraro-bo-bong ka hore hase thuto ea Mangolo. Ba bang ba ile ba hana tumelo ea ho se shoe ha sephefumolohi le tlhokofatso mollong oa lihele e le tse sa lumellaneng le Lentsoe la Molimo ka ho feletseng. Hape, lekholong la bo19 la lilemo, ka lebaka la ho ithuta Bibele ka ho eketsehileng, lihlopha United States, Jeremane, Engelane le Russia li ile tsa qala ho bolela ka kholiseho hore nako ea ho khutla ha Kreste e ne e atametse haholo. Empa boholo ba litebello tsa bona bo ile ba lebisa masoabing. Hobane’ng? Ho isa bohōleng bo itseng, e ne e le hobane ba ne ba itšetlehile ka batho haholo eseng hakaalo ka Mangolo.
Kamoo Bana ba Ileng ba Ipaka ba Falimehile
14. Hlalosa mokhoa oa ho ithuta Bibele o ileng oa sebelisoa ke C. T. Russell le metsoalle ea hae.
14 Joale, ka 1870, Charles Taze Russell le metsoalle e meng ea hae ba ile ba theha sehlopha sa ho ithuta Bibele Allegheny, Pennsylvania. Hase bona ba pele ba ho hlokomela linnete tse ngata tsa Bibele tseo ba ileng ba li amohela, empa ha ba ntse ba ithuta, ba ile ba ho etsa tloaelo ho hlahlobisisa mangolo ’ohle ka hloko potsong e botsitsoeng.a Sepheo sa bona e ne e se ho fumana bopaki ba mangolo a tšehetsang khopolo eo, empa e ne e le ho tiisa hore ba fihlela liqeto tse leng tumellanong le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Bibele e e bolelang tabeng eo.
15. (a) Ba bang ntle ho Moena Russell ba ile ba hlokomela eng? (b) Ke eng e ileng ea tšoaea Liithuti tsa Bibele e le tse fapaneng le baa?
15 Ba bang ba seng bakae pele ho bona ba ne ba ile ba hlokomela hore Kreste o ne a tla khutla a sa bonahale e le moea. Ba bang ba ile ba hlokomela hore morero oa ho khutla ha Kreste e ne e se ho tla chesa lefatše le ho felisa bophelo bohle ba batho, empa, ho e-na le hoo, e ne e le ho tla hlohonolofatsa malapa ’ohle a lefatše. Ho ne ho boetse ho le teng ba ’maloa ba neng ba hlokometse hore selemo sa 1914 se ne se tla tšoaea ho fela ha Linako tsa Balichaba. Empa ho Liithuti tsa Bibele tse neng li kopanela le Moena Russell, tsena e ne e se feela lintlha tsa puisano ea thuto ea bolumeli. Li ile tsa haha bophelo ba tsona ho likoloha linnete tsena ’me sena se ile sa li phatlalatsa machabeng ka tekanyo eo li neng li e-s’o phatlalatsoe ka eona pele.
16. Ka selemo sa 1914, ke hobane’ng ha Moena Russell a ile a ngola: “Re nakong ea teko”?
16 Ho ntse ho le joalo, ho ne ho hlokahala hore li lule li falimehile. Hobane’ng? Ka mohlala, le hoja li ne li tseba hore selemo sa 1914 se ne se tšoailoe ke boprofeta ba Bibele, li ne li sa tsebe hantle se neng se tla etsahala selemong seo. Sena se ile sa li beha tekong. Ho The Watch Tower ea November 1, 1914, Moena Russell o ile a ngola: “A re hopoleng hore re nakong ea teko. . . . Haeba ho na le lebaka leha e le lefe le ka susumelletsang ofe kapa ofe ho nyahlatsa Morena le ’Nete ea Hae le ho khaotsa ho itela molemong oa Lithahasello tsa Morena, joale hase lerato la Molimo le ka pelong le susumellelitseng thahasello ho Morena, empa ke ho hong ho itseng; mohlomong ke tšepo ea hore nako e ne e le khutšoanyane; boinehelo e ne e le ba nako e itseng feela.”
17. A. H. Macmillan, le ba bang ba tšoanang le eena, ba ile ba boloka botsitso ba moea joang?
17 Ba bang ba ile ba nyahlatsa tšebeletso ea Jehova nakong eo. Empa A. H. Macmillan ke e mong oa ba sa kang ba etsa joalo. Lilemo hamorao, ka botšepehi o ile a lumela: “Ka linako tse ling litebello tsa rōna bakeng sa nako e itseng li ne li feta seo Mangolo a ileng a se tiisa.” Ke eng se ileng sa mo thusa ho boloka botsitso ba moea? Joalokaha a ile a hlokomela, o ile a re “ha litebello tseo li sa phethahale, seo ha sea ka sa fetola merero ea Molimo.” O ile a phaella: “Ke ithutile hore re lokela ho amohela liphoso tsa rōna ’me re tsoele pele ho etsa liphuputso Lentsoeng la Molimo bakeng sa ho khantšetsoa ka ho eketsehileng.”b Ka boikokobetso, Liithuti tseo tsa pele tsa Bibele li ile tsa lumella Lentsoe la Molimo hore le lokise pono ea tsona.—2 Timothea 3:16, 17.
18. Ho falimeha ha Bokreste ho ruisa melemo e tsoelang pele joang tabeng ea ho se be karolo ea lefatše?
18 Lilemong tse ileng tsa latela, hore ho hlokahala hore ba ipoloke ba falimehile ha hoa ka ha fokotseha. Ha e le hantle, ba ne ba tseba hore Bakreste ha baa lokela ho ba karolo ea lefatše. (Johanne 17:14; Jakobo 4:4) Tumellanong le seo, ha baa ka ba kopanela le Bokreste-’mōtoana ka ho lumela hore Selekane sa Lichaba e ne e le pontšo ea lipolotiki ea ’Muso oa Molimo. Empa ha ea ka ea e-ba ho fihlela ka 1939 ha ba bona ka ho hlakileng bohlokoa ba ho se nke lehlakore ha Bokreste.—Bona The Watchtower ea November 1, 1939.
19. Ke melemo efe e bileng teng bolebeling ba phutheho ka hobane mokhatlo o hlophisitsoeng o ipolokile o falimehile?
19 Ha ho mohla ba kileng ba e-ba le sehlopha sa baruti, le hoja baholo ba bang ba khethiloeng ka ho vouta ba ile ba ikutloa hore ho ruta ka phuthehong e ne e le sohle seo ba lebeletsoeng ho se etsa. Leha ho le joalo, ka lebaka la takatso e matla ea ho lumellana le Mangolo, mokhatlo o hlophisitsoeng o ile oa hlahloba karolo e phethoang ke baholo leseling la Mangolo, oa etsa joalo nako le nako ka Molula-Qhooa. Liphetoho tsa tlhophiso li ile tsa etsoa tumellanong le se bontšitsoeng ke Mangolo.
20-22. Mokhatlo oohle o hlophisitsoeng o ’nile oa ikemisetsa ka ho tsoelang pele joang ho phetha mosebetsi o boletsoeng esale pele oa boboleli ba ’Muso lefatšeng lohle?
20 Mokhatlo oohle o hlophisitsoeng o ne o itokisetsa ho phetha ka botlalo mosebetsi oo Lentsoe la Molimo le o boletseng bakeng sa mehla ea rōna. (Esaia 61:1, 2) Litaba tsee tse molemo li ne li tla boleloa ho isa bohōleng bofe mehleng ea rōna? Jesu o itse: “Lichabeng tsohle litaba tse molemo li lokela ho boleloa pele.” (Mareka 13:10, NW) Ho ea ka pono ea batho, hangata mosebetsi oo o ne o bonahala o ke ke oa etsoa.
21 Leha ho le joalo, ka ho tšepa Kreste joaloka Hlooho ea phutheho, sehlopha sa mohlanka ea khabane ea bohlale se hatetse pele. (Mattheu 24:45) Ka botšepehi le ka tieo se bontšitse batho ba Jehova mosebetsi o lokelang ho etsoa. Ho tloha ka 1919 ho ea pele, ho ile ha hatisoa haholo tšebeletso ea tšimo. Ho ba bangata ho ne ho se bonolo ho ea ka ntlo le ntlo le ho buisana le batho basele. (Liketso 20:20) Empa lihlooho tse ithutoang tse kang “Ho Hlohonolofalitsoe ba Hlokang Tšabo” (ka 1919) le “Le be Sebete” (ka 1921) li ile tsa thusa ba bang ho qalisa mosebetsi, ba e-na le tšepo ho Jehova.
22 Boipiletso ba 1922 ba “phatlalatsang, phatlalatsang, phatlalatsang, Morena le ’muso oa hae” bo ile ba fana ka tšusumetso e hlokahalang ho neha mosebetsi ona botumo bo o tšoanetseng. Ho tloha ka 1927 ho ea pele, baholo ba neng ba sa amohele boikarabelo boo ba Mangolo ba ne ba tlosoa. Hoo e ka bang ka nako eo, baemeli ba Mokhatlo ba tsamaeang, batsamai, ba ile ba abeloa ho ba batsamaisi ba tšebeletso, ba fana ka taeo ea botho ho bahoeletsi tšebeletsong ea tšimo. Hase bohle ba neng ba ka khona ho bula maliboho, empa ka mafelo-beke ba bangata ba ne ba qeta letsatsi lohle tšebeletsong, ba qalisa hoseng haholo ’me ba khefutsa ka nakoana bakeng sa lijo tse bobebe, ebe joale ba tsoela pele tšebeletsong ho fihlela motšehare oa mantsiboea. Tseo e bile linako tsa bohlokoa tsoelo peleng ea puso ea Molimo, ’me re rua molemo o moholo ka ho hlahloba tsela eo Jehova a neng a tataisa batho ba hae ka eona. O tsoela pele ho etsa joalo. Ka tlhohonolofatso ea hae, mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso o hlomiloeng o tla phethoa ka katleho.
Na U Ipoloka U Falimehile?
23. Mabapi le lerato la Bokreste le ho ikarola lefatšeng, rōna ka bomong re ka bontša joang hore re ipoloka re falimehile?
23 Ka lebaka la ho arabela tataisong ea Jehova, mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o tsoela pele ho re hlokomelisa ka litloaelo le maikutlo tse tla re khetholla re le karolo ea lefatše, kahoo re be kotsing ea ho feta le lona. (1 Johanne 2:17) Ka lehlakoreng le leng, le rōna ka bomong ho hlokahala hore re falimehe ka ho arabela tataisong ea Jehova. Jehova o boetse o re neha taelo ea ho phela le ho sebetsa hammoho. Mokhatlo oa Hae o hlophisitsoeng o re thusitse ho tsoela pele ho ananela se hlileng se boleloang ke lerato la Bokreste. (1 Petrose 4:7, 8) Ho ipoloka ha rōna re falimehile ho re hloka hore ka tieo re ikemisetse ho sebelisa keletso ena, ho sa tsotellehe ho se phethahale ha botho.
24, 25. Ke lintlheng life tsa bohlokoa tseo re lokelang ho ipoloka re falimehile, ka tebello efe?
24 Mohlanka ea khabane le ea bohlale ha a phetse ho re hopotsa: “U tšepe Jehova ka pelo ea hao eohle, u se ke ua itšepa hlalefo ea hao.” (Liproverbia 3:5) “Se phetseng ho rapela.” (1 Ba-Thessalonika 5:17) Re ’nile ra eletsoa ho ithuta ho theha liqeto tsa rōna Lentsoeng la Molimo, ho lumella hore lentsoe lena e be ‘lebone la maoto a rōna le leseli tseleng ea rōna.’ (Pesaleme ea 119:105) Ka lerato, re ’nile ra khothaletsoa ho boloka ho boleloa ha litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo e le ntho e ka pele bophelong ba rōna, e leng mosebetsi oo Jesu a o boletseng esale pele bakeng sa mehla ea rōna.—Mattheu 24:14.
25 E, ka sebele mohlanka ea khabane ea bohlale o falimehile. Le rōna ka bomong ho hlokahala hore re lule re falimehile. Ka lebaka la ho etsa joalo, e se eka re ka fumanoa har’a ba tla ema ba amoheleha ka pel’a Mor’a motho ha a e-tla ho tla liha kahlolo.—Mattheu 24:30; Luka 21:34-36.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Faith on the March, ea A. H. Macmillan, Prentice-Hall, Inc., 1957, maqephe 19-22.
b Bona The Watchtower ea August 15, 1966, maqephe 504-10.
Tlhahlobo
◻ Joalokaha ho bontšitsoe ho Mattheu 24:42, ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re ipoloke re falimehile?
◻ Jesu le balateli ba hae ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba boloka ho falimeha moeeng joang?
◻ Ho tloha ka 1870, ke liphetoho life tse ’nileng tsa e-ba teng ka hobane bahlanka ba Jehova ba ipolokile ba falimehile?
◻ Ke eng e tla fana ka bopaki ba hore rōna ka bomong re ipoloka re falimehile?
[Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Jesu o ile a ipoloka a tšoarehile mosebetsing oo a o abetsoeng ke Ntate oa hae. O boetse a rapela ka tieo
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Charles Taze Russell lilemong tsa hae tsa ho qetela
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Baboleli ba ’Muso ba ka holimo ho 4 700 000 ba mafolo-folo lefatšeng lohle