Matšeliso a Tsoang ho “Molimo oa Matšeliso ’Ohle”
“Ho bokoe Molimo, e leng Ntat’a Morena oa rōna Jesu Kreste, Ntat’a mehauhelo, Molimo oa matšeliso ’ohle, o re tšelisang mahlomoleng ’ohle a rōna.”—2 BA-KORINTHE 1:3, 4.
1, 2. Batho ba saretsoeng ba hloka matšeliso a mofuta ofe?
BATHO ba saretsoeng ba hloka matšeliso a sebele—eseng lipolelo feela tjee tse tloaelehileng le tse pheta-phetoang. Kaofela ha rōna re kile ra utloa polelo e reng ‘ha nako e ntse e feta bohloko boa fokotseha,’ empa qalong ea nako ea ho shoeloa, ke motho ofe ea saretsoeng ea ka tšelisoang ke mohopolo oo? Bakreste baa tseba hore Molimo o tšepisitse tsoho, empa seo ha se thibele ho utloa bohloko le ho sithabela tse tebileng tse bakoang ke tahlehelo ea tšohanyetso. ’Me ruri haeba u lahlehetsoe ke ngoana ka lefu, bana ba bang ba ntseng ba phela ha ba nkele ngoana eo oa bohlokoa sebaka.
2 Linakong tsa ho lahleheloa, re thusoa haholo ke matšeliso a sebele, matšeliso a thehiloeng ka ho tiea litšepisong tsa Molimo. Hape re hloka qenehelo. Ka sebele ho bile joalo ho batho ba Rwanda, ’me haholo-holo malapeng a makholo a Lipaki tsa Jehova sebakeng seo a ileng a lahleheloa ke baratuoa polaong eo e sehlōhō ea morabe e neng e susumetsoa ke Diabolose. Bohle ba saretsoeng ba ka fumana matšeliso ho mang?
Jehova—Molimo oa Matšeliso
3. Jehova o behile mohlala joang tabeng ea ho fana ka matšeliso?
3 Jehova o behile mohlala tabeng ea ho re tšelisa kaofela ha rōna. O rometse Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, Kreste Jesu, lefatšeng ho re fa matšeliso le tšepo tse sa feleng. Jesu o ile a ruta: “Molimo o ratile lefatše hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši, hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) O ile a boela a bolella balateli ba hae: “Ha ho motho ea nang le lerato le fetang la ea tellang metsoalle ea hae bophelo ba hae.” (Johanne 15:13) Ka nako e ’ngoe o ile a re: ‘Mor’a motho, ha a ka ba a tlela ho sebeletsoa, empa e le ho sebeletsa le ho neela bophelo ba hae ho ba topollo ea ba bangata.’ (Mattheu 20:28) ’Me Pauluse o itse: “Moo Molimo o totisitseng lerato la oona ho rōna teng, ke ka hore, re sa le baetsalibe, Kreste o bile a shoa sebakeng sa rōna.” (Ba-Roma 5:8) Ka litemana tsena le tse ling tse ngata, re lemoha lerato la Molimo le la Kreste Jesu.
4. Ke hobane’ng ha moapostola Pauluse a ne a kolota Jehova teboho?
4 Moapostola Pauluse ke eena eo haholo-holo a ileng a lemoha mosa o sa tšoanelang oa Jehova. O ile a lokolloa boemong ba ho shoa moeeng, ba ho hlorisa balateli ba Kreste ka mabifi a fetisisang ’me a fetoha Mokreste ea hlorisoang. (Ba-Efese 2:1-5) O pheta phihlelo ea hae: “Ke e monyenyane ho baapostola, ’me ha kea lokela ho bitsoa moapostola, kahobane ke hlorisitse kereke ea Molimo. Empa ke ka mohau oa Molimo ke leng seo ke leng sona; ’me mohau oa oona ho ’na ha oa ka oa e-ba lefeela; empa, ke ba fetisitse bohle hole ka ho sebetsa; empa e seng ’na, e leng mohau oa Molimo o ho ’na.”—1 Ba-Korinthe 15:9, 10.
5. Pauluse o ile a ngola eng ka matšeliso a tsoang ho Molimo?
5 Joale ke ka nepo Pauluse a ileng a ngola: “Ho bokoe Molimo, e leng Ntat’a Morena oa rōna Jesu Kreste, Ntat’a mehauhelo, Molimo oa matšeliso ’ohle, o re tšelisang mahlomoleng ’ohle a rōna, hore ba leng mahlomoleng, leha e le afe le afe, re tle re tsebe ho ba tšelisa ka matšeliso ao le rōna re tšelisoang ka ’ona ke Molimo. Hobane joalo ka ha mahlomola a Kreste a re atetse, le ’ona matšeliso a re atetse ka Kreste. ’Me leha re le mahlomoleng, ke hore e be tšeliso ea lōna le poloko ea lōna, e ntseng e etsahala ha le mamella bohloko boo re bo utloisoang le rōna; ’me hape, ha re tšelisoa, ke hore e be tšeliso ea lōna le poloko ea lōna. ’Me tšepo ea rōna holim’a lōna e tiile, ka ho tseba hore, joalo ka ha le e-na le kabelo bohlokong, hape, le na le eona le tšelisong.”—2 Ba-Korinthe 1:3-7.
6. Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “matšeliso” le bolela’ng?
6 Ke mantsoe a hlasimollang hakaakang! Lentsoe la Segerike leo mona le fetoletsoeng e le “matšeliso” le amana le “memo ea ho ba lehlakoreng la motho.” Ka hona, “ke ho ema lehlakoreng la motho ho mo khothatsa ha a le tlas’a teko e mabifi.” (A Linguistic Key to the Greek New Testament) Setsebi se seng sa Bibele se ile sa ngola: “Lentsoe lena . . . kamehla le bolela ho fetang hōle qenehelo e thobang. . . . Matšeliso a Bokreste ke matšeliso a fanang ka sebete, matšeliso a nolofaletsang motho ho sebetsana ka katleho le sohle se ka mo hlahelang bophelong.” Hape a akarelletsa mantsoe a tšelisang a theiloeng tšepisong le tšepong e tiileng—e leng ea tsoho ea bafu.
Jesu le Pauluse—Batšelisi ba Nang le Qenehelo
7. Pauluse o ne a tšelisa baena ba hae ba Bakreste joang?
7 Pauluse e ne e le mohlala o tsotehang hakaakang tabeng ea ho tšelisa! O ile a ngolla baena ba Thessalonika: ‘Re bile mosa har’a lōna, joalo ka moanyesi ha a hlokomela bana ba hae ka lerato. Ka mokhoa o joalo, ka baka la ho le rata, re elelitse hore re tla le nea e seng Evangeli ea Molimo feela, empa le eona meea ea rōna, kahobane le le baratuoa ba rōna ruri. ’Me lea tseba hoba re khothalitse, ra ba ra tšelisa e mong le e mong ho lōna, joale ka ntat’a motho ha a etsa bana ba hae.’ Joaloka batsoali ba lerato ba hlokomelang bana ba bona, kaofela ha rōna re ka bontša ba bang mofuthu le kutloisiso ha ba le matšoenyehong.—1 Ba-Thessalonika 2:7, 8, 11.
8. Ke hobane’ng ha thuto ea Jesu e le matšeliso ho ba saretsoeng?
8 Ka ho fana ka tlhokomelo e joalo le ho bontša mosa, Pauluse o ne a mpa a etsisa ’Mehi-Mohlala oa hae e moholo, Jesu. Hopola memo e bontšang qenehelo eo Jesu a e atolosetsang ho bohle joalokaha e tlalehiloe ho Mattheu 11:28-30: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba khathetseng, ba imeloang, ’me ke tla le imolla! Inkeleng joko ea ka, ’me le ithute ho ’na; hobane ke mosa le pelo e nolo, ’me le tla fumanela meea ea lōna phomolo. Hobane joko ea ka e chatsi, le phahlo ea ka ha e na boima.” E, thuto ea Jesu ea khatholla hobane e na le tšepo le tšepiso—tšepiso ea tsoho. Ka mohlala, ena ke tšepo le tšepiso eo re e nehang batho ha re ba siela bukana e lekanang le makasine Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. Tšepo ena e ka thusa e mong le e mong oa rōna, esita le haeba re ’nile ra sareloa ka nako e telele.
Kamoo re ka Tšelisang ba Saretsoeng
9. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho hlokela batho ba saretsoeng mamello?
9 Nako ea ho sareloa ha ea lekanyetsoa hang-hang ka mor’a lefu la moratuoa. Batho ba bang ba hatelloa ke ho sareloa bophelo ba bona bohle, haholo-holo ba lahlehetsoeng ke bana. Banyalani ba Bakreste ba tšepahalang Spain ba ile ba shoeloa ke mora oa bona ea lilemo li 11 ka 1963 ka lebaka la meningitis. Ho fihlela kajeno, ba ntse ba ntša meokho ha ba bua ka Paquito. Meketjana ea ho ikhopotsa liketsahalo tse itseng, lifoto, likhopotso, li ka ’na tsa tsosa mehopolo e bakang masoabi. Ka hona, le ka mohla re se ke ra hloka mamello ’me ra nahana hore e tlameha ebe hona joale ba bang ba lebetse tahlehelo ea bona. Mohloli oa boitsebiso ba bongaka oa lumela: “Ho tepella maikutlo le ho se tsitse ha maikutlo ho ka ’na ha tsoela pele ka lilemo tse ngata.” Ka hona, hopola hore joalokaha mengoapo e ’meleng e ka ’na ea lula e le teng bophelo bohle ba rōna, ho joalo le ka maqeba a mangata a maikutlo.
10. Re tlameha ho etsa eng ho thusa ba saretsoeng?
10 Re ka etsa lintho life tse molemo bakeng sa ho tšelisa ba saretsoeng ka phuthehong ea Bokreste? Ka tieo eohle re ka ’na ra re ho moena kapa khaitseli ea hlokang matšeliso, “Haeba ho na le seo nka se etsang ho thusa, u mpolelle.” Empa ke hangata hakae motho ea shoetsoeng a eeng a hle a re bitse a re, “Ke nahanne ka ho hong hoo u ka nthusang ka hona”? Ho totobetse hore ho hlokahala hore re nke bohato ba pele bo loketseng e le hore re ka tšelisa ea shoetsoeng. Ka hona, re ka etsa eng e molemo? Litlhahiso tse seng kae tse sebetsang ke tsena.
11. Ho mamela ha rōna e ka ba khothatso joang ho ba bang?
11 Mamela: E ’ngoe ea lintho tse molemohali eo u ka e etsang ke ho kopanela bohlokong ba ea shoetsoeng ka ho mamela. U ka ’na ua botsa, “Na ua rata ho bua ka hona?” Lumella motho eo hore a etse qeto. Mokreste e mong o hopola ha ntate oa hae a shoele: “Ha ba bang ba ne ba botsa hore na ho etsahetse eng ebe ba hlile baa mamela ho ne ho hlile ho nthusa.” Joalokaha Jakobo a elelitse, potlakela ho mamela. (Jakobo 1:19, NW) Mamela ka mamello le ka qenehelo. Ho Ba-Roma 12:15 Bibele e buella hore: “Le lle le ba llang.” Hopola hore Jesu o ile a lla le Maretha le Maria.—Johanne 11:35.
12. Re ka fa ba siameng kholiseho ea mofuta ofe?
12 Fana ka kholiseho: Hopola hore qalong motho ea shoetsoeng a ka ’na a ikutloa a le molato, a nahana hore mohlomong ho na le ho eketsehileng hoo a ka beng a ho entse. Kholisa motho enoa hore ho bonahala hore sohle se neng se khoneha se ile sa etsoa (kapa eng le eng eo u tsebang e le ’nete ebile e nepahetse). Mo kholise hore maikutlo ao a nang le ’ona kaofela ke a tloaelehileng. Mo bolelle ka ba bang bao u ba tsebang bao ka katleho ba ileng ba hlaphoheloa tahlehelong e tšoanang. Ka mantsoe a mang, e-ba ea hlokolosi le ea utloelang bohloko. Thuso ea rōna e mosa e ka bolela ho hongata! Salomone o ile a ngola: “Polelo e builoeng ka motsotso o tšoanelehang, e joalo ka liapole tsa khauta pitsaneng ea silefera.”—Liproverbia 16:24; 25:11; 1 Ba-Thessalonika 5:11, 14.
13. Haeba re iketsa ba fumanehang, seo se ka thusa joang?
13 E-ba ea fumanehang: Iketse ea fumanehang eseng feela matsatsing a seng makae a qalang ha metsoalle e mengata le beng ka motho eo ba sa ntse ba le teng empa likhoeling tse itseng hamorao haeba ho hlokahala, ha ba bang ba khutletse kemisong ea letsatsi le letsatsi. Nako ea ho sareloa e ka fapana haholo, ho itšetlehile ka motho ka mong. Thahasello ea rōna ea Bokreste le kutloelo-bohloko li ka bolela ho hongata haholo neng le neng ha ho e-na le tlhokahalo. Bibele e re “motsoalle e mong o’a khomarele motho ho fetisa ngoan’abo motho.” Kahoo, polelo e reng, “Eo eleng motsoalle neng le neng ha ho e-na le tlhokahalo ke eena motsoalle oa sebele,” ke ’nete e totobetseng eo re lokelang ho e phelela.—Liproverbia 18:24; bapisa le Liketso 28:15.
14. Re ka bua ka eng ho tšelisa ba shoetsoeng?
14 Bua ka litšoaneleho tse molemo tsa motho ea shoeleng: Ena ke thuso e ’ngoe e khōlō ha e fanoa ka nako e nepahetseng. Bua ka lintho tse molemo tse qabolang tseo u li hopolang ka motho eo. U se ke ua tšaba ho bitsa lebitso la motho eo. U se ka ua etsa joalokaha eka moratuoa ea shoeleng ha a ka ba a phela kapa ke motho ea inahaneloang. Ho tseba seo buka e tsoang Sekolong sa Bongaka sa Harvard e se buang hoa tšelisa: “Ho hlaphoheloa ho itseng hoa finyelloa ha motho ea shoetsoeng qetellong a khona ho nahana ka motho ea shoeleng ntle le hore a hlomohe ka tsela e sithabetsang . . . Ha ketsahalo ena e ncha le ea sebele e amoheloa le ho utloisisoa ka ho feletseng, ho sareloa ho fetoha mehopolo ea bohlokoa.” “Mehopolo ea bohlokoa”—ho khothatsa hakaakang ho hopola linako tseo tsa bohlokoa tse ileng tsa qetoa le moratuoa! Paki e ileng ea lahleheloa ke ntate oa eona lilemong tse itseng tse fetileng e ile ea re: “Seo ke se hopolang ka ho khetheha ke ha ke bala Bibele le Ntate nakoana ka mor’a hore a qale ho ithuta ’nete. ’Me se seng hape ke ha re paqame lebōpong la nōka re tšohla a mang a mathata a ka. Ke ne ke mo bona feela hang ka mor’a lilemo tse ling le tse ling tse tharo kapa tse ’nè, ka hona linako tseo e ne e le tsa bohlokoa.”
15. Motho a ka nka bohato ba pele joang hore a thuse?
15 Nka bohato ba pele ha ho lokela: Batho ba bang ba saretsoeng ba ka sebetsana le boemo ba bona ka katleho ho feta ba bang. Ka hona, ho itšetlehile ka maemo, nka mehato e sebetsang bakeng sa ho thusa. Mosali e mong oa Mokreste ea saretsoeng o ile a hopola: “Ba bangata ba ile ba re, ‘Haeba ho na le seo nka se etsang, u ntsebise.’ Empa khaitseli e mong oa Mokreste haa ka a botsa. O ile a ea ka kamoreng, a tlosa ntho e ’ngoe le e ’ngoe betheng, ’me a hlatsoa lilakane tse litšila. E mong o ile a nka nkho, metsi, le lintho tse hloekisang ’me a hlatsoa k’hapete moo monna oa ka a neng a e hlatselitse. Ena e ne e le metsoalle ea ’nete, ’me nke ke ka hlola ke e lebala.” Moo ho totobetseng hore thuso ea hlokahala, nka bohato ba pele—mohlomong ka ho pheha lijo, ho thusa ka ho hloekisa, kapa ho ea libakeng tse sa tšoaneng ho etsa litšebeletso tse itseng. Ho hlakile hore re lokela ho ba hlokolosi hore re se be ba itšunya-tšunyang ha motho ea saretsoeng a batla ho ba boinotšing. Kahoo, re lokela hore ka tieo re loanele ho nka bohato tumellanong le mantsoe a Pauluse: “Le apare ke hona, ka ha le le bakhethoa ba Molimo, ba halalelang, ba ratoang, maikutlo a mohau, a molemo, a boikokobetso, a bonolo, a mamello.” Mosa, mamello, le lerato li ke ke tsa hlōleha le ka mohla.—Ba-Kolosse 3:12; 1 Ba-Korinthe 13:4-8, NW.
16. Ke hobane’ng ha lengolo kapa karete li ka fana ka matšeliso?
16 Ngola lengolo kapa u romele karete e tšelisang: Bohlokoa ba lengolo la matšeliso kapa karete e ntle ea kutloelo-bohloko bo atisa ho hlokomolohuoa. E na le molemo ofe? E ka baloa khafetsa. Ha ho hlokahale hore lengolo le joalo le be lelelele, empa le lokela ho bontša kutloelo-bohloko ea hao. Hape le lokela ho ba le litaba tsa moea empa e se be la boboleli. Molaetsa o bonolo feela “Re boemong ba ho u tšehetsa ka hohle-hohle” o ka tšelisa.
17. Thapelo e ka tlisa matšeliso joang?
17 Rapela le bona: U se eise bohlokoa ba ho rapela le Mokreste-’moho le uena ea shoetsoeng kapa ba ho mo rapella. Ho Jakobo 5:16 Bibele e re: “Thapelo ea ea lokileng e na le matla a maholo.” Ka mohlala, ha ba saretsoeng ba utloa re ba rapella, ho ba thusa hore ba sebetsane ka katleho le maikutlo a fosahetseng a kang boikutlo ba ho ba molato. Linakong tseo ka tsona re fokolang, re nyahamang, Satane o leka ho re fokolisa ka “maqiti,” kapa “liketso tsa bolotsana” tsa hae. Ena ke nako eo ka eona re hlokang matšeliso le tšehetso ea thapelo, joalokaha Pauluse a bontšitse: ‘Ka mofuta o mong le o mong oa thapelo le thapeli tsoelang pele ho rapela ka linako tsohle ka moea. ’Me ho finyella seo falimehang ka ho tsitsa hohle le ka thapeli bakeng sa bahalaleli bohle.’—Ba-Efese 6:11, 18, Kingdom Interlinear; bapisa le Jakobo 5:13-15.
Se Lokelang ho Qojoa
18, 19. Re ka bontša masene joang meqoqong ea rōna?
18 Ha motho a saretsoe, ho boetse ho na le lintho tse sa lokelang ho etsoa kapa ho buuoa. Liproverbia 12:18 ea hlokomelisa: “E mong ha a bebera, puo tsa hae li hlaba joalo ka tsenene; empa molomo oa ea bohlale oa thoba.” Ka linako tse ling, re sa hlokomele, re hlōleha ho bontša masene. Ka mohlala, re ka ’na ra re, “Kea tseba hore na u ikutloa joang.” Empa na ho hlile ho joalo? Na u kile ua hlaheloa ke se mo hlahetseng hantle? Joale hape, batho ba itšoara ka litsela tse sa tšoaneng. Tsela eo u ileng ua itšoara ka eona e ka ’na ea se ke ea tšoana hantle le eo motho ea saretsoeng a itšoarang ka eona. E ka ’na ea ba ho halefisang haholoanyane ho re, “Ruri ke u utloela bohloko hobane ke fetile tahlehelong e tšoanang ha . . . oa ka a e-shoa nakong e itseng e fetileng.”
19 E ka ba ho bontša ho nahanela ho qoba ho bua ka taba ea hore na motho ea shoeleng o tla tsoha kapa che. Baena ba bang le bo-khaitseli ba ile ba khopisoa haholo ke lipolelo tse bontšang ho ahlola tse buuoang mabapi le seo e ka ’nang eaba se tla etsahalla balekane ba bona ba sa lumelang ba shoeleng. Ha re baahloli ba hore na ke mang ea tla tsoha kapa ke mang ea ke keng a tsoha. Bohloko ba rōna bo ka kokobetsoa ke hore Jehova, ea bonang pelo, o tla ba mohau haholo ho feta kamoo bongata ba rōna re ka bang kateng ka nako leha e le efe.—Pesaleme ea 86:15; Luka 6:35-37.
Litemana Tse Tšelisang
20, 21. Ba shoetsoeng ba ka tšelisoa ke litemana life?
20 O mong oa mehloli e meholo ka ho fetisisa ea thuso, ha e fanoa ka nako e nepahetseng, ke ho nahana ka litšepiso tsa Jehova bakeng sa bafu. Mehopolo ena ea Bibele e tla ba molemo ho sa tsotellehe hore na motho ea shoetsoeng ke Paki kapa ke motho eo re kopanang le eena tšebeletsong. Tse ling tsa litemana tsee ke life? Rea tseba hore Jehova ke Molimo oa matšeliso ’ohle, hobane o itse: “Ke ’na, ke ’na ke le tšelisang.” A boela a re: “Joalo ka motho ea tšelisoang ke ’m’ae, ke tla le tšelisa joalo.”—Esaia 51:12; 66:13.
21 Mopesaleme o ile a ngola: “Tšeliso ea ka bomalimabeng ba ka, ke hobane se boletsoeng ke uena se mphelisitse. Jehova, ke elelloa likahlolo tsa hao tsa khale, kea itšelisa. Mohau oa hao a o be tšeliso ea ka, kamoo u baletseng mohlanka oa hao kateng!” Hlokomela hore lentsoe “tšeliso” le sebelisitsoe khafetsa likarolong tseo. E, re ka iphumanela matšeliso a sebele ra ba ra a fumanela ba bang ka ho lebisa tlhokomelo Lentsoeng la Jehova ha re le mahlomoleng. Sena, se kopane le lerato le kutloelo-bohloko ea baena, se ka re thusa ho mamella bohloko bo bakoang ke tahlehelo sa ba sa tlatsa bophelo ba rōna hape ka mosebetsi o thabisang tšebeletsong ea Bokreste.—Pesaleme ea 119:50, 52, 76.
22. Ke tebello efe e ka pel’a rōna?
22 Hape re ka hlōla ho sareloa ha rōna ho isa bohōleng bo itseng ka ho tšoareha ho thuseng ba bang matšoenyehong a bona. Ha re lebisa tlhokomelo ea rōna ho ba bang bao ho hlokahalang hore ba tšelisoe, le rōna re fumana thabo ea sebele ea ho fana ka tsela ea moea. (Liketso 20:35) A re arolelaneng le bona pono ea letsatsi la tsoho ha batho ba lichaba tsohle, meloko e latellanang, ba tla be ba amohela baratuoa ba bona ba shoeleng ha ba tsoha bafung ba kena lefatšeng le lecha. Ke tebello e babatsehang hakaakang! Ho tla ba le meokho ea thabo e mekaakang e tla ntšoa ka nako eo ha re hopola hore ruri Jehova ke Molimo “o tšelisang ba kokobetseng”!—2 Ba-Korinthe 7:6.
Na U sa Hopola?
◻ Jehova ke “Molimo oa matšeliso ’ohle” joang?
◻ Jesu le Pauluse ba ile ba tšelisa ba saretsoeng joang?
◻ Re ka etsa lintho life bakeng sa ho tšelisa ba saretsoeng?
◻ Re lokela ho qoba eng ha re sebetsana le ba shoetsoeng?
◻ Mangolo ao u a ratang ke afe bakeng sa ho tšelisa nakong ea tahlehelo?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Ka masene nka bohato ba pele ho thusa ba saretsoeng