Jobo—Monna ea Ileng a Mamella a ba a Tšepahala
“Na u behile pelo ea hao ho mohlanka oa ka Jobo, hore ha ho ea joaloka eena lefatšeng, monna ea sa tšoauoeng phoso le ea lokileng, ea tšabang Molimo le ea khelohang bobe?”—JOBO 1:8.
1, 2. (a) Jobo o ile a hlaheloa ke likoluoa life tseo a neng a sa li lebella? (b) Hlalosa hore na bophelo ba Jobo bo ne bo le joang pele a hlaheloa ke likoluoa.
HO KILE ha e-ba le monna e mong eo ho neng ho bonahala a e-na le ntho e ’ngoe le e ’ngoe—leruo, botumo, bophelo bo botle le lelapa le thabileng. Eaba joale o oeloa ke likoluoa tse tharo tse latellanang ka potlako. Ka ho panya ha leihlo, o ile a lahleheloa ke leruo la hae. Joale sefefo sa mohlolo se ile sa bolaea bana ba hae kaofela. Nakoana ka mor’a moo, o ile a tšoaroa ke lefu le mo fokolisang le ileng la etsa hore ’mele oohle oa hae o tlale mathopa a bohloko. Mohlomong joale ua hlokomela hore monna enoa ke Jobo, e leng motho ea ka sehloohong eo ho buuoang ka eena bukeng e bitsoang ka lebitso la hae.—Jobo, khaolo ea 1 le ea 2.
2 Jobo o ile a feheloa a re: “Hoja ke ne ke le joaloka likhoeling tsa khale.” (Jobo 3:3; 29:2) Ha tlokotsi e fihla, ke mang ea ke keng a hopola matsatsi a khale a molemo? Jobo o ne a itšoere hantle bophelong ba hae, a bonahala a sireletsehile bomalimabeng. Batho ba phahameng ba ne ba mo hlompha ba bile ba tla ho eena ha ba batla keletso. (Jobo 29:5-11) O ne a ruile, empa o ne a e-na le boikutlo bo nepahetseng ka chelete. (Jobo 31:24, 25, 28) Ha a ne a kopana le bahlolohali kapa likhutsana tse hlokang, o ne a li thusa. (Jobo 29:12-16) ’Me o ne a lula a tšepahala ho mosali oa hae.—Jobo 31:1, 9, 11.
3. Jehova o ne a talima Jobo joang?
3 Bophelo ba Jobo e ne e le bo sa tšoauoeng phoso hobane o ne a rapela Molimo. Jehova o ile a re: “Ha ho ea joaloka eena lefatšeng, monna ea sa tšoauoeng phoso le ea lokileng, ea tšabang Molimo le ea khelohang bobe.” (Jobo 1:1, 8) Empa ho sa tsotellehe ho tšepahala ha Jobo boitšoarong, litlokotsi li ile tsa senya bophelo ba hae bo mabothobotho. Lintho tsohle tseo a neng a li sebelelitse li ile tsa nyamela, ’me bohloko, masoabi le tsieleho li ile tsa bontša hore na ke motho oa mofuta ofe.
4. Ke hobane’ng ha ho le molemo hore re tšohle teko ea Jobo?
4 Ho hlakile hore, Jobo hase eena feela mohlanka oa Molimo ea kileng a hlaheloa ke litsietsi. Kajeno Bakreste ba bangata ba utloisisa hantle se ileng sa etsahalla Jobo. Ka lebaka lena, ho na le lipotso tse peli tseo ho leng molemo haholo hore re li tšohle: Ho hlahloba teko ea Jobo ho ka re thusa joang ha re hlaheloa ke tlokotsi? Hona e ka re ruta joang hore re utloele ba bang bohloko haholoanyane ha ba le mahlomoleng?
Tseko ea ho Tšepahala le Teko ea Botšepehi
5. Satane o ile a re Jobo o ne a sebeletsa Molimo ka lebaka lefe?
5 Taba ea Jobo e ne e sa tloaeleha. Diabolose o ne a ile a belaella sepheo sa Jobo sa ho sebeletsa Molimo, empa Jobo o ne a sa tsebe sena. Ha ho ne ho tšoeroe seboka leholimong, Jehova o ile a totobatsa litšobotsi tse ntle tsa Jobo, ’me Satane o ile a araba a re: “Na ha ua hloma lekhoakhoa ho mo potoloha ka hohle le ho potoloha ntlo ea hae le ho potoloha ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona?” Kahoo Satane o ne a bolela hore Jobo o ne a susumetsoa ke boithati—’me o ne a fana ka maikutlo a hore bahlanka kaofela ba bang ba Molimo le bona ba ne ba etsa se tšoanang. Satane o ile a re ho Jehova: “Ka kōpo, otlolla letsoho, u ame ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona ’me u bone hore na a ke ke a u rohaka sefahla-mahlo.”—Jobo 1:8-11.
6. Satane o ile a hlahisa tseko efe ea bohlokoa?
6 Tseko ena e ne e le ea bohlokoa. Satane o ile a belaella tsela eo Jehova a busang ka eona. Na kannete hoa khoneha hore Molimo a buse bokahohle ka lerato? Kapa, ho latela maikutlo ao Satane a ileng a fana ka ’ona, na kamehla boithati bo tla atleha? Jehova o ile a lumella Diabolose hore a sebelise Jobo nyeoeng ena e neng e tla sebelisoa e le mohlala, a kholisehile hore mohlanka oa Hae o tla tšepahala. Kahoo, ke Satane ka boeena ea ileng a etsa hore Jobo a hlaheloe ke bomalimabe bo bong ka mor’a bo bong. Eitse ha Satane a hlōleha litlhaselong tsa hae tsa pele, a sotla Jobo ka boloetse bo bohloko. Diabolose o ile a re: “Letlalo bakeng sa letlalo, ’me motho o tla nehelana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona bakeng sa moea oa hae.”—Jobo 2:4.
7. Ke ka litsela life bahlanka ba Molimo ba mehleng ea kajeno ba hlaheloang ke liteko tse tšoanang le tsa Jobo?
7 Le hoja Bakreste ba bangata kajeno ba sa fete mahlomoleng a tšoanang le a Jobo, ba ntse ba hlaheloa ke matšoenyeho a mefuta-futa. Ba bangata baa hlorisoa kapa ba na le mathata a lelapa. Mathata a moruo kapa ho kula a ka sithabetsa haholo. Ba bang ba shoetse tumelo ea bona. Ke ’nete hore, ha rea lokela ho nahana hore ke Satane ka ho toba ea bakang tlokotsi e ’ngoe le e ’ngoe e re hlahelang. Ha e le hantle, mathata a mang a rōna a ka ’na a bakoa ke liphoso tsa rōna kapa lintho tseo re li futsitseng. (Bagalata 6:7) ’Me mathata a botsofali le likoluoa tsa tlhaho li re ama kaofela. Bibele e hlalosa ka ho hlaka hore hona joale, Jehova ha a sireletse bahlanka ba hae ka mohlolo mahlomoleng ana.—Moeklesia 9:11.
8. Satane a ka ’na a sebelisa matšoenyeho a re hlahelang joang?
8 Leha ho le joalo, Satane a ka ’na a sebelisa matšoenyeho a re hlahelang e le hore a fokolise tumelo ea rōna. Moapostola Pauluse o ile a ba mahlomoleng ka lebaka la “moutloa nameng, lengeloi la Satane,” le neng le ntse le mo ‘jabela.’ (2 Bakorinthe 12:7) Ebang bothata bona e ne e le boloetse, bo kang ba ho se bone hantle mahlong, kapa bothata bo bong bo itseng, Pauluse o ile a utloisisa hore Satane o ne a ka sebelisa bothata boo hammoho le pherekano e tlisoang ke bona e le hore a mo nyahamise le ho etsa hore a se ke a tšepahala. (Liproverbia 24:10) Kajeno, Satane a ka ’na a sebelisa ba lelapa, batho bao motho a kenang sekolo le bona, kapa esita le mebuso ea bohatelli ho hlorisa batho ba Molimo ka tsela e itseng.
9. Ke hobane’ng ha mahlomola kapa mahloriso a sa lokela ho re makatsa haholo?
9 Re ka tobana joang le mathata aa ka katleho? Ka ho a talima e le monyetla oa ho bontša hore re rata Jehova le hore re ikokobeletsa bobusi ba hae re sa thekesele. (Jakobo 1:2-4) Ho sa tsotellehe hore na ke eng e re bakelang mahlomola, ho utloisisa bohlokoa ba ho tšepahala ho Molimo ho tla re thusa hore re tsitse linthong tsa moea. Moapostola Petrose o ile a ngolla Bakreste a re: “Baratuoa, le se ke la makatsoa ke ho cha ho har’a lōna, ho le etsahallang hore e be teko, joalokaha eka le hlaheloa ke ntho e sa tloaelehang.” (1 Petrose 4:12) ’Me Pauluse o ile a hlalosa a re: “Bohle ba lakatsang ho phela ka boinehelo ba bomolimo kamanong le Kreste Jesu le bona ba tla hlorisoa.” (2 Timothea 3:12) Satane o ntse a belaella botšepehi ba Lipaki Tsa Jehova, joalokaha a ile a belaella botšepehi ba Jobo. Ha e le hantle, Bibele e bontša hore matsatsing ana a ho qetela Satane o ekelitse litlhaselo tsa hae ho batho ba Molimo.—Tšenolo 12:9, 17.
Ho se Utloisisane le Keletso e sa Lokang
10. Jobo o ne a tobane le boemo bofe bo thata?
10 Jobo o ne a tobane le boemo bo thata, boo rōna re sa lokelang ho tobana le bona. O ne a sa tsebe lebaka leo litlokotsi tsena li neng li mo hlahetse ka lona. Ka phoso, Jobo o ile a phetha ka hore mohlomong “Jehova o [ne a] fane, ’me Jehova o [ne a] nkile.” (Jobo 1:21) Mohlomong, Satane o ile a leka ka boomo ho fa Jobo maikutlo a hore Molimo ke eena ea neng a mo baketse mahlomola.
11. Hlalosa kamoo Jobo a ileng a itšoara kateng ha a le mahlomoleng.
11 Jobo o ile a nyahama haholo, le hoja a ile a hana ho rohaka Molimo, joalokaha mosali oa hae a ne a mo khothalletsa hore a etse joalo. (Jobo 2:9, 10) O ile a re: ‘Ba khopo ba bonahala ba atleha ho mpheta.’ (Jobo 21:7-9) E tlameha ebe o ile a ipotsa: ‘Ke hobane’ng ha Molimo a nkotla?’ Ka linako tse ling o ne a lakatsa eka a ka shoa. O ile a hooa a re: “Hoja u ka mpata Sheole, ua mpoloka sephiring ho fihlela bohale ba hao bo tloha!”—Jobo 14:13.
12, 13. Lintho tse builoeng ke metsoalle e meraro ea Jobo li ile tsa mo ama joang?
12 Jobo o ne a e-na le metsoalle e meraro e ileng ea mo etela, e neng e etsa eka e tlil’o mo “utloela bohloko le ho mo tšelisa.” (Jobo 2:11) Leha ho le joalo, e ne e le “batšelisi ba likhathatso.” (Jobo 16:2) Jobo a ka be a ile a rua molemo ho metsoalle eo a neng a ka e bolella mathata a hae, empa metsoalle ena e meraro e ile ea ferekanya Jobo ’me ea etsa hore a tsielehe le ho feta.—Jobo 19:2; 26:2.
13 Hoa utloahala hore mohlomong Jobo o ile a ipotsa a re: ‘Hobane’ng ha ke etsahalloa ke lintho tsee? Ebe ke entse’ng e etsang hore ke hlaheloe ke mahlomola aa kaofela?’ Metsoalle ea hae e ile ea bua lintho tse fosahetseng feela. E ne e lumela hore Jobo o ne a ipaketse mahlomola ka sebe se itseng se tebileng seo a se entseng. Elifaze o ile a botsa a re: “Ke mang ea hlokang molato ea kileng a timela? . . . Ho ea ka seo ke se boneng, ba rerang se kotsi le ba jalang khathatso ba tla e kotula.”—Jobo 4:7, 8.
14. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho potlakela ho nahana hore mahlomola a amana le boitšoaro bo sa lokang?
14 Ke ’nete hore, ho ka ’na ha hlaha mathata haeba re jalla nama ho e-na le ho jalla moea. (Bagalata 6:7, 8) Empa, tsamaisong ena ea lintho, mathata a ka hlaha ho sa tsotellehe hore na re itšoere joang. Ho feta moo, hase ’nete hore batho ba se nang molato ha ba hlaheloe ke mahlomola ho hang. Jesu Kreste, ‘ea neng a sa silafala, a arohile ho baetsalibe,’ o ile a shoa habohloko thupeng ea tlhokofatso, ’me moapostola Jakobo o ile a shoela tumelo. (Baheberu 7:26; Liketso 12:1, 2) Monahano o fosahetseng oa Elifaze le metsoalle ea hae e ’meli o ile oa susumetsa Jobo hore a sireletse botumo ba hae le ho tsitlella hore ha a molato. Leha ho le joalo, mohlomong ho tsitlella ha bona ka manganga hore Jobo o ne a lokela ho hlaheloa ke mahlomola ka lebaka la phoso eo a e entseng ho ile ha ama tsela eo a talimang toka ea Molimo ka eona.—Jobo 34:5; 35:2.
Ho Fumana Thuso ha re Tobane le Mahlomola
15. Ke monahano ofe o tla re thusa ha re tobane le mahlomola?
15 Na ho na le seo re ka ithutang sona tabeng ea Jobo? Litlokotsi, boloetse kapa mahloriso li ka ’na tsa bonahala e le ho hloka toka ho hoholo. Ho bonahala eka batho ba bang bona ha ba hlaheloe ke mathata ao a mangata. (Pesaleme ea 73:3-12) Ka linako tse ling, ho ka ’na ha hlokahala hore re ipotse lipotso tsena tsa bohlokoa: ‘Na lerato la ka ho Molimo le ntšusumelletsa hore ke mo sebeletse ho sa tsotellehe hore na ho hlaha eng? Na ke labalabela ho etsa hore Jehova a “arabe ea mo nyelisang?”’ (Liproverbia 27:11; Matheu 22:37) Le ka mohla ha rea lokela ho lumella hore lintho tseo batho ba bang ba li buang ka booatla li etse hore re belaele hore Ntate oa rōna oa leholimo a ka re thusa. Mokreste e mong ea tšepahalang ea ileng a mamella ho kula ho sa foleng ka lilemo tse ngata o kile a re: “Kea tseba hore ntho leha e le efe eo Jehova a e lumellang, ke tla khona ho e mamella. Kea tseba hore o tla mpha matla ao ke a hlokang. Haesale a ntse a mpha ’ona.”
16. Lentsoe la Molimo le thusa ba tobaneng le mathata joang?
16 Tabeng ea maqiti a Satane, re na le kutloisiso eo Jobo a neng a se na eona. “Re tseba merero ea hae,” kapa mano a hae. (2 Bakorinthe 2:11) Ho feta moo, re na le bohlale bo bongata bo sebetsang boo re ka bo sebelisang. Ka Bibeleng, ho na le litlaleho tsa banna le basali ba tšepahalang ba ileng ba mamella mathata a mefuta-futa. Moapostola Pauluse, ea ileng a hlaheloa ke mahlomola a fetang a Bakreste ba bang ba bangata, o ile a ngola a re: “Lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa ho re laea, e le hore ka mamello ea rōna le ka matšeliso a tsoang Mangolong re ka ba le tšepo.” (Baroma 15:4) Paki e ’ngoe ea Europe e neng e koaletsoe chankaneng ka lebaka la tumelo ea eona nakong ea ntoa ea lefatše e ile ea khetha hore e tingoe lijo ka matsatsi a mararo ’me e fuoe Bibele. E re: “Ho etsa joalo ho ile ha nthusa hakaakang! Le hoja ke ne ke lapile nameng, ke ile ka fumana lijo tsa moea tse ileng tsa matlafatsa ’na hammoho le ba bang litekong tsa rōna linakong tseo tse thata. Ke ntse ke bolokile Bibele eo ho fihlela lena le holimo.”
17. Ke litokisetso life tsa Molimo tse ka re thusang ho mamella?
17 Ntle ho matšeliso a tsoang Mangolong, re na le lingoliloeng tse ngata tse re thusang ho utloisisa Bibele tse fanang ka tataiso ea bohlokoa ea ho sebetsana le mathata. Ha u ka hlahloba Watch Tower Publications Index, mohlomong u tla fumana phihlelo ea Mokreste e mong ea ileng a feta tekong e tšoanang le ea hao. (1 Petrose 5:9) Ho bua le baholo kapa le Bakreste ba bang ba hōlileng tsebong ba nang le kutloelo-hloko ka boemo ba hao le hona ho ka thusa. Habohlokoa ka ho fetisisa, ka thapelo, u ka itšetleha ka thuso e tsoang ho Jehova le ka moea oa hae o halalelang. Pauluse o ile a mamella ‘ho jabeloa’ ke Satane joang? Ka hore a ithute ho itšetleha ka matla a Molimo. (2 Bakorinthe 12:9, 10) O ile a ngola a re: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.”—Bafilipi 4:13.
18. Bakreste-’moho le rōna ba ka re fa khothatso ea bohlokoa joang?
18 Kahoo, thuso e teng, ’me le ka mohla u se ke ua tsilatsila ho e batla. Maele a re: “Na u iponahalitse u nyahame letsatsing la mahlomola? Matla a hao a tla fokola.” (Liproverbia 24:10) Feela joalokaha mafome a ka ja tšepe, ho nyahama ho ka senya botšepehi ba Mokreste. E le hore re thibele kotsi ena, Jehova o re tšehetsa ka bahlanka-’moho le rōna ba Molimo. Bosiung boo Jesu a ileng a tšoaroa ka bona lengeloi le ile la bonahala ho eena ’me la mo matlafatsa. (Luka 22:43) Ha Pauluse a ne a e-ea Roma e le motšoaruoa, o ile “a leboha Molimo ’me a ba sebete” ha a ne a kopana le barab’abo ’Marakeng oa Apiase le Matlong a Phapohelo a Baeti a Mararo. (Liketso 28:15) Paki e ’ngoe ea Jeremane e ntse e hopola thuso eo e ileng ea e fumana ha e ne e fihla kampong ea mahloriso ea Ravensbrück e le mocha ea tšohileng. E re: “Mokreste-’moho le ’na o ile a mphumana hang-hang eaba o nkamohela ka mofuthu. Morali e mong oabo rōna ea tšepahalang o ile a ntlhokomela, ’me a ba joaloka ’Mè oa ka oa moea.”
“U Tšepahale”
19. Ke eng e ileng ea thusa Jobo hore a hanele Satane?
19 Jehova o ile a hlalosa Jobo e le monna ea neng a “tšoareletse ka tieo botšepehing ba hae.” (Jobo 2:3) Le hoja Jobo a ne a nyahame a bile a sa utloisise hore na ke hobane’ng ha a le mahlomoleng, ha ho mohla a ileng a thekesela tsekong ea bohlokoa ea botšepehi. Jobo o ile a hana ho latola ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e pheletse. O ile a tiisa a re: “Nke ke ka tlosa botšepehi ba ka ho ’na ho fihlela ke shoa!”—Jobo 27:5.
20. Ke hobane’ng ha mamello e le ntho ea bohlokoa?
20 Ho ba le boikemisetso bo tšoanang ho tla re thusa hore re lule re tšepahala maemong leha e le afe—ha re tobane le liteko, khanyetso kapa tsietsi. Jesu o ile a re ho phutheho ea Smyrna: “U se ke ua tšaba lintho tseo u leng haufi le ho utloisoa bohloko ke tsona. Bona! Diabolose o tla ’ne a lahlele ba bang ba lōna chankaneng e le hore le ka lekoa ka ho feletseng, le hore le ka ba le matšoenyeho [mathata, mahlomola, kapa ho imeloa] ka matsatsi a leshome. U tšepahale esita le ho isa lefung, ’me ke tla u fa moqhaka oa bophelo.”—Tšenolo 2:10.
21, 22. Ha re ntse re mamelletse matšoenyeho, re ka tšeliseha haeba re tseba eng?
21 Tsamaisong ena e busoang ke Satane, mamello ea rōna le botšepehi ba rōna li tla lekoa. Leha ho le joalo, Jesu o re tiisetsa hore ha re ntse re lebeletse se tla etsahala nakong e tlang, ha re na lebaka la ho tšoha. Ntho ea bohlokoa ke hore re lule re tšepahala. Pauluse o itse: ‘Matšoenyeho ke a motsotsoana,’ athe “khanya,” kapa moputso oo Jehova a re tšepisang oona, “ke ea boima bo fetisisang bo ntseng bo eketseha ’me ke ea ka ho sa feleng.” (2 Bakorinthe 4:17, 18) Matšoenyeho a Jobo le ’ona e ne e le a motsotsoana ha a bapisoa le lilemo tse ngata tsa thabo tseo a ileng a li thabela pele le ka mor’a teko ea hae.—Jobo 42:16.
22 Leha ho le joalo, ha re ntse re phela, ho na le linako tseo ka tsona ho ka ’nang ha bonahala eka liteko tsa rōna ha li fele le mahlomola a rōna a boima hoo ho bonahalang re sitoa ho a jara. Sehloohong se latelang, re tla tšohla kamoo phihlelo ea Jobo e ka re rutang lithuto tse eketsehileng tabeng ea ho mamella. Hape re tla hlahloba le litsela tseo ka tsona re ka matlafatsang ba bang ha ba tobane le tsietsi.
Araba Joang?
• Ke taba efe ea bohlokoa eo Satane a ileng a e hlahisa mabapi le botšepehi ba Jobo?
• Ke hobane’ng ha tsietsi e sa lokela ho re makatsa haholo?
• Jehova o re thusa joang hore re mamelle?
[Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Ho etsa lipatlisiso, ho bua le Bakreste ba hōlileng tsebong le ho rapela ho tsoa botebong ba pelo ho ka re thusa ho mamella