Lentsoe la Jehova Lea Phela
Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Jeremia
E TLAMEHA ebe batho ba habo Jeremia ba ile ba tšosoa hakaakang ke litlokotsi tseo a neng a ba bolella tsona! Tempele e ntle haholo eo e neng e bile setsi sa borapeli ba ’nete ka lilemo tse fetang makholo a mararo e ne e tla chesoa lore! Motse oa Jerusalema le naha ea Juda li ne li tla etsoa lesupi ’me baahi ba teng ba isoe botlamuoeng. Tlaleho ea ho phatlalatsoa ha likahlolo tsena le tse ling e hlaha bukeng ea Bibele, eo e leng eona ea bobeli e khōlō ka ho fetisisa, e leng buka ea Jeremia. E boetse e pheta seo Jeremia ka boeena a ileng a thulana le sona ha a ntse a phetha ka botšepehi tšebeletso ea hae eo a e entseng ka lilemo tse 67. Litaba tse bukeng ena ha lia phetoa ka tatellano ea nako ea tsona, empa li phetiloe ho ea ka lihlooho tsa tsona.
Ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella buka ea Bibele ea Jeremia? Ke hobane boprofeta ba eona bo phethahetseng bo matlafatsa tumelo ea rōna ho Jehova ea hore ke Mophethahatsi oa litšepiso tsa hae. (Esaia 55:10, 11) Mosebetsi oa Jeremia oa ho ba moprofeta le tsela eo batho ba neng ba itšoere ka eona ha ba utloa molaetsa oa hae, ke lintho tse tšoanang le tsa mehleng ena ea rōna. (1 Bakorinthe 10:11) Ho feta moo, tlaleho ea kamoo Jehova a ileng a sebetsana le batho ba hae kateng e totobatsa litšobotsi tsa hae ’me e lokela ho re ama ka ho teba.—Baheberu 4:12.
“LINTHO TSE PELI TSE MPE TSEO SECHABA SA KA SE LI ENTSENG”
Jeremia o ile a laeloa hore e be moprofeta ka selemo sa bo13 sa puso ea Josiase, morena oa Juda, e leng lilemo tse 40 pele Jerusalema e timetsoa ka 607 B.C.E. (Jeremia 1:1, 2) Liphatlalatso tseo boholo ba tsona li entsoeng lilemong tsa ho qetela tse 18 tsa puso ea Josiase li bontša kamoo Juda e neng e le mpe kateng ’me li bua ka likahlolo tsa Jehova khahlanong le Juda. Jehova o ile a phatlalatsa: “Ke tla etsa hore Jerusalema e be liqubu tsa majoe . . . ’me metse ea Juda ke tla e etsa lesupi, e hloke baahi.” (Jeremia 9:11) Hobane’ng? O re: “Hobane ho na le lintho tse peli tse mpe tseo sechaba sa ka se li entseng.”—Jeremia 2:13.
Hape molaetsa ona o bua ka ho tsosolosoa ha masala a bakileng. (Jeremia 3:14-18; 12:14, 15; 16:14-21) Leha ho le joalo, Jeremia ha a amoheloe. “Molaoli ea etellang pele ka tlung ea Jehova” o otla Jeremia ebile o mo kenya metšoasong bosiu kaofela.—Jeremia 20:1-3.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
1:11, 12—Ke hobane’ng ha ho lula ha Jehova a falimehile malebana le lentsoe la hae ho amahanngoa le “lehlōmela la sefate sa almonde”? Sefate sa almonde ke “se seng sa lifate tse thunyang pele nakong ea selemo.” (Temana ea 11, bona mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW) Ka tsela ea tšoantšetso, Jehova o ile a ’na a ‘tsoha hoseng letsatsi le leng le le leng ’me a romela baprofeta ba hae’ ho ea lemosa sechaba sa hae ka likahlolo tsa hae ’me o ne ‘a lula a falimehile’ ho fihlela li phethahala.—Jeremia 7:25.
2:10, 11—Ke eng e ileng ea etsa hore liketso tsa Baiseraele e be tse sa tloaelehang hakaale? Le hoja e ka ’na eaba lichaba tsa bohetene tse ka bophirimela ho Kitime le tse ka bochabela ho Kedare li ile tsa tlisa melimo ea lichaba tse ling ho phaella ho eo li neng li e-na le eona, khopolo ea ho nkela melimo ea tsona sebaka ka ho feletseng ka melimo ea lichaba lisele e ne e le taba e sa tsejoeng. Leha ho le joalo, Baiseraele ba ile ba lahla Jehova, ba tlotlisa litšoantšo tse rapeloang tse sa pheleng ho e-na le ho tlotlisa Molimo ea phelang.
3:11-22; 11:10-12, 17—Ke hobane’ng ha Jeremia a ile a kopanyelletsa ’muso o ka leboea oa meloko e leshome liphatlalatsong tsa hae, le hoja Samaria e ne e timelitsoe ka 740 B.C.E.? Ke hobane ho timetsoa ha Jerusalema ka 607 B.C.E. e ne e le pontšo ea kahlolo ea Jehova ho sechaba sohle sa Iseraele, eseng ho Juda feela. (Ezekiele 9:9, 10) Ho feta moo, ka mor’a hore ’muso oa meloko e leshome o timetsoe, tšepo ea hore o sa tla tsosolosoa e ile ea tsoela pele e le Jerusalema, kaha melaetsa ea baprofeta ba Molimo e ile ea tsoela pele e ntse e akarelletsa Baiseraele.
4:3, 4—Ho boleloa eng ka taelo ee? Bajuda ba sa tšepahaleng ba ne ba lokela ho lokisa, ho nolofatsa le ho hloekisa mobu oa lipelo tsa bona. Ba ne ba lokela ho tlosa “matlalo” a lipelo tsa bona, ke hore ba tlose menahano e mebe, maikutlo a mabe le sepheo se fosahetseng. (Jeremia 9:25, 26; Liketso 7:51) Ho ne ho hlokahala hore ba fetole mokhoa oo ba neng ba phela ka oona—ba khaotse ho etsa bobe ’me ba etse se neng se tla etsa hore Molimo a ba hlohonolofatse.
4:10; 15:18—Ke ka tsela efe Jehova a ileng a thetsa sechaba sa hae sa marabele? Mehleng ea Jeremia, ho ne ho e-na le baprofeta ba ‘profetang leshano.’ (Jeremia 5:31; 20:6; 23:16, 17, 25-28, 32) Jehova ha aa ka a ba thibela hore ba phatlalatse melaetsa ea thetso.
16:16—Ho fanoa ka maikutlo afe ha ho thoe Jehova o ile a “romeletsa hore ho be le batšoasi ba bangata ba litlhapi” le “litsomi tse ngata”? E ka ’na eaba sena se bolela ho romeloa ha mabotho a lira ho ea batla Bajuda ba sa tšepahaleng bao Jehova a neng a tla ba ahlola. Empa ha re nahana ka seo Jeremia 16:15 e se bolelang, e ka ’na eaba temana eo e bolela ho batla Baiseraele ba neng ba bakile.
20:7—Ke ka tsela efe Jehova a ileng a ‘sebelisa matla a hae’ khahlanong le Jeremia haesita le ho mo thetsa? Kaha Jeremia o ile a thulana le boiphapanyo, ho se amoheloe le ho hlorisoa ha a phatlalatsa likahlolo tsa Jehova, e ka ’na eaba o ile a nahana hore ha a na matla a hore a tsoele pele. Leha ho le joalo, Jehova o ile a sebelisa matla a hae khahlanong le mathata ao, ka tsela eo a matlafatsa Jeremia hore a tsoele pele. Kahoo Jehova o ile a thetsa Jeremia ka ho mo sebelisa hore a finyelle seo moprofeta a neng a nahana hore o ne a ke ke a se etsa.
Seo re Ithutang Sona:
1:8. Ka linako tse ling Jehova a ka lopolla batho ba hae mahlorisong—mohlomong ka hore a hlahise baahloli ba se nang leeme, ka hore a tlose balaoli ba tletseng bora ’me a behe ba nang le kahlolo e molemo kapa ka hore a fe barapeli ba hae matla a ho mamella.—1 Bakorinthe 10:13.
2:13, 18. Baiseraele ba sa tšepahaleng ba ile ba etsa lintho tse peli tse mpe. Ba ile ba tlohela Jehova, eena mohloli oa ’nete oa tlhohonolofatso, tataiso le tšireletso. Ba ile ba ichekela liliba tsa tšoantšetso ka hore ba batle ho etsa lilekane tsa sesole le Egepeta le Assyria. Mehleng ena ea rōna, ha batho ba lahla Molimo oa ’nete ’me ba rata lifilosofi le likhopolo tsa batho le lipolotiki tsa lefatše, ba khetha “liliba tse phatlohileng” ho e-na le ho khetha “mohloli oa metsi a phelang.”
6:16. Jehova o khothatsa batho ba hae ba marabele hore ba ke ba eme, ba itlhahlobe ’me ba khutlele ‘litseleng’ tsa baholo-holo ba bona ba tšepahalang. Na ha rea lokela hore nako le nako re itlhahlobe ho bona hore na re hlile re tsamaea tseleng eo Jehova a batlang hore re tsamaee ho eona?
7:1-15. Hore ebe Bajuda ba ne ba tšepa tempele, ba e talima e le thatho e ba sireletsang, ha hoa ka ha ba pholosa. Re lokela ho tsamaea ka tumelo, eseng ka pono.—2 Bakorinthe 5:7.
15:16, 17. Le rōna re ka loantša ho nyahama, joaloka Jeremia. Re ka ho loantša ka ho thabela thuto ea botho ea Bibele e etsoang ka tieo, ka ho phahamisa lebitso la Jehova mosebetsing oa ho bolela le ho ruta le ka ho qoba metsoalle e mebe.
17:1, 2. Libe tsa batho ba Juda li ile tsa etsa hore mahlabelo a bona e be a sa khahliseng Jehova. Ha boitšoaro ba rōna bo sa hloeka, mahlabelo a rōna a thoriso ha a amohelehe.
17:5-8. Re lokela ho tšepa batho le mekhatlo hafeela ba etsa lintho tse lumellanang le thato ea Molimo le melao-motheo ea Bibele. Empa ha e le litabeng tse kang poloko, khotso ea ’nete le tšireletseho, re lokela ho tšepa Jehova feela.—Pesaleme ea 146:3.
20:8-11. Ha rea lokela ho lumella ho se thahaselle, khanyetso kapa tlhoriso hore li fokotse cheseho ea rōna mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso.—Jakobo 5:10, 11.
“TLISANG MELALA EA LŌNA TLAS’A JOKO EA MORENA OA BABYLONA”
Jeremia o phatlalatsa likahlolo khahlanong le marena a mane a ho qetela a Juda le khahlanong le baprofeta ba bohata, balisa ba se nang boikarabelo le baprista ba tletseng bobolu. Ha Jehova a bitsa masala a tšepahalang lifeiga tse ntle, o re: “Ke tla ba beha leihlo ka tsela e ntle.” (Jeremia 24:5, 6) Likarolo tse tharo tsa boprofeta bo khaolong ea 25 li fana ka kakaretso ea likahlolo tse hlalositsoeng ka ho qaqa likhaolong tse latelang.
Baprista le baprofeta ba loha leano la ho bolaea Jeremia. Molaetsa oo a fanang ka oona ke oa hore ba sebeletse morena oa Babylona. Jeremia o re ho Morena Tsedekia: “Tlisang melala ea lōna tlas’a joko ea morena oa Babylona.” (Jeremia 27:12) Leha ho le joalo, “Ea hasanyang Iseraele o tla e bokella.” (Jeremia 31:10) Barekabe ba etsetsoa tšepiso ka lebaka le utloahalang. Jeremia o kenngoa “litlamong Lebaleng la Balebeli.” (Jeremia 37:21) Jerusalema ea timetsoa, ’me boholo ba baahi ba eona bo isoa botlamuoeng. Jeremia le mongoli oa hae, Baruke, ba har’a ba salang. Ho sa tsotellehe temoso ea Jeremia ea hore ba se ke ba ea Egepeta, batho bao ba tšohileng ba leba Egepeta. Khaolong ea 46 ho ea ho ea 51 ho phetoa molaetsa oa Jeremia mabapi le lichaba.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
22:30—Na taelo ee e ne e hlakola tokelo ea Jesu Kreste ea ho lula teroneng ea Davida? (Matheu 1:1, 11) Che, ha ho joalo. Taelo eo e ne e thibela setloholo leha e le sefe sa Jojakine hore se se ke sa ‘lula teroneng ea Davida . . . e Juda.’ Jesu o ne a lokela ho busa a le leholimong, eseng a le teroneng e Juda.
23:33—“Moroalo oa Jehova” ke eng? Mehleng ea Jeremia, seo e neng e le moroalo ho batho ba habo e ne e le liphatlalatso tsa bohlokoa tseo moprofeta a ileng a li etsa mabapi le timetso ea Jerusalema. Ka lehlakoreng le leng, batho ba neng ba sa amohele molaetsa e ne e le moroalo ho Jehova hoo a neng a tla ba lahla. Ka ho tšoanang, molaetsa oa Mangolo o buang ka timetso e tlang ea Bokreste-’mōtoana ke moroalo ho Bokreste-’mōtoana, ’me batho ba sa mameleng molaetsa oo ke moroalo o tenang Molimo.
31:33—Molao oa Molimo o ngoloa lipelong joang? Ha motho a rata molao oa Molimo hoo a nang le takatso e matla ea hore a etse thato ea Jehova, ho ka boleloa hore molao oa Molimo o ngotsoe pelong ea hae.
32:10-15—Morero oa ho ba le mangolo a mabeli a tiisitsoeng a tumellano e tšoanang e ne e le ofe? Morero oa lengolo le tiisitsoeng le neng le sa koaloa e ne e le hore le tle le hlahlojoe ha ho batloa bopaki. Athe morero oa le koetsoeng e ne e le hore le emele lane le butsoeng ho tiisa hore le nepahetse haeba ho hlokahala. Ka hore Jeremia a latele mehato e utloahalang ea molao esita leha a sebetsana le mong ka eena eo e neng e bile e le molumeli-’moho le eena, o re behetse mohlala.
33:23, 24—“Malapa a mabeli” ao ho buuoang ka ’ona moo ke afe? Le leng ke lelapa la borena la lesika la Morena Davida, ’me le leng ke lelapa la baprista bao e neng e le litloholo tsa Arone. Ha ho ne ho timetsoa Jerusalema le tempele ea Jehova, ho ile ha bonahala eka Jehova o ne a lahlile malapa ana a mabeli ’me o ne a ke ke a hlola a e-ba le ’muso lefatšeng kapa hore a tsosolose borapeli ba hae.
46:22—Ke hobane’ng ha ho thoe lentsoe la Egepeta le tšoana le la noha? E ka ’na eaba le bolela molumo o sheshang oa noha ha e chechela morao kapa le bolela ho tlotloloha ha sechaba sa Egepeta ka lebaka la ho hlaheloa ke tlokotsi. Tšoantšetso eo e boetse e bontša kamoo ho neng ho se na thuso kateng hore Bo-faro ba Egepeta ba roale setšoantšo sa noha e halalelang hloohong e le ha ba nahana hore molimotsana o bitsoang Uatchit o ne o tla ba sireletsa.
Seo re Ithutang Sona:
21:8, 9; 38:19. Esita le motsotsong oa ho qetela, Jehova o ile a fa baahi ba Jerusalema ba sa bontšeng pako monyetla oa ho ikhethela, le hoja ba ne ba lokela ho shoa. Ka sebele, “mehauhelo ea hae e mengata.”—2 Samuele 24:14; Pesaleme ea 119:156.
31:34. Ho tšelisa haholo ho tseba hore Jehova ha a hopole libe tsa bao a ba tšoarelang, ebile a ke ke a nka bohato khahlanong le bona nakong e tlang!
38:7-13; 39:15-18. Jehova ha a lebale tšebeletso eo re e etsang ka botšepehi, e akarelletsang ho ‘sebeletsa bahalaleli.’—Baheberu 6:10.
45:4, 5. Joaloka matsatsing a ho qetela a Juda, ka ho tšoanang, “matsatsing a ho qetela” a tsamaiso ea kajeno ea lintho hase nako ea ho “ipatlela lintho tse khōlō,” tse kang leruo, ho hlahella kapa tšireletseho linthong tse bonahalang.—2 Timothea 3:1; 1 Johanne 2:17.
JERUSALEMA EA CHA
E ne e le ka selemo sa 607 B.C.E. Tsedekia o ne a le selemong sa bo11 sa borena ba hae. Morena Nebukadnezare oa Babylona o ne a thibeletse Jerusalema ka likhoeli tse 18. Ka letsatsi la bosupa khoeling ea bohlano ea selemo sa bo19 sa puso ea Nebukadnezare, Nebuzaradane, mookameli oa balebeli, o ile ‘a tla’ Jerusalema, kapa a fihla teng. (2 Marena 25:8) Mohlomong a le liahelong tsa hae tse neng li le ka ntle ho marako a motse, Nebuzaradane o ile a hlahloba boemo ’me a rera hore na a nke bohato bofe. Matsatsi a mararo hamorao, ka la leshome la khoeli, o ile a ‘kena’ Jerusalema, ’me a qala ho chesa motse.—Jeremia 52:12, 13.
Jeremia o fana ka tlaleho e qaqileng ka ho timetsoa ha Jerusalema. Kahoo tlhaloso ea hae e fana ka mabaka a utloahalang a lillo kapa koli-ea-malla. Lipina tsena tseo a li qapileng li hlaha bukeng ea Bibele ea Lillo Tsa Jeremia.
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Liphatlalatso tsa Jeremia li ne li kopanyelletsa kahlolo ea Jehova khahlanong le Jerusalema
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Jehova o ile a ‘sebelisa matla a hae’ khahlanong le Jeremia joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
“Joaloka lifeiga tsena tse ntle, ke tla talima joalo ba isitsoeng kholehong ba Juda.”—Jeremia 24:5